Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nnete ka Mmuso wa Modimo

Nnete ka Mmuso wa Modimo

Jesu o ile a ruta balatedi ba hae ho rapela ka tsela ena: “Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le ke le halaletswe. Mmuso wa hao o ke o tle. Thato ya hao e ke e etsahale lefatsheng, jwalo ka ha e etsahala lehodimong.” (Matheu 6:​9, 10) Mmuso wa Modimo ke eng? Mmuso wa Modimo o etsang hona jwale? Hona ke hobaneng ha re lokela ho o rapella?

Jesu ke Morena wa Mmuso wa Modimo.

Luka 1:31-33: “O tla mo reha lebitso la Jesu. O tla ba moholo mme o tla bitswa Mora wa Ya Phahameng ka ho Fetisisa, Jehova Modimo o tla mo fa terone ya ntatae Davida, mme o tla busa e le morena wa ntlo ya Jakobo ka ho sa feleng, mme Mmuso wa hae o ke ke wa eba le bofelo.”

Ntho e ka sehloohong eo Jesu a neng a bua ka yona ke Mmuso wa Modimo.

Matheu 9:35: “Jesu a qala ho etela metse le metsana yohle, a ruta ka disynagogeng tsa yona le ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso mme a phekola lefu la mofuta o mong le o mong le mefokolo ya mofuta o mong le o mong.”

Jesu o ile a bolella balatedi ba hae hore na ba ne ba tla bona kang ha Mmuso wa hae o tla.

Matheu 24:7: “Etswe setjhaba se tla tsohela setjhaba matla le mmuso o tla tsohela mmuso matla, mme ho tla ba le dikgaello tsa dijo le ditshisinyeho tsa lefatshe sebakeng se seng ka mora se seng.”

Balatedi ba Jesu kajeno ba bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo lefatsheng lohle.

Matheu 24:14: “Ditaba tsena tse molemo tsa Mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona hore e be bopaki ho ditjhaba tsohle, jwale e ntano ba hona bofelo bo tla tla.”