Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tšehetsa Bobusi ba Molimo Hona Joale.

Tšehetsa Bobusi ba Molimo Hona Joale.

Nahana feela u bona maru a koahela, ’me u bona hantle hore sefako se tlang ke se linaka. Ebe u utloa phatlalatso ea ’muso e re: BALEHELANG MOO HO SIRELETSEHILENG! U ne u tla etsa’ng? Joang kapa joang u ne u tla mathela sebakeng se sireletsehileng.

Haufinyane kaofela ha rona re tla tobana le maemo a joaloka sefako se linaka, ’me ha Jesu a hlalosa nako eo o re ke ea “matšoenyeho a maholo.” (Matheu 24:​21) Ha ho moo re ka balehelang teng ho ipatela matšoenyeho ana a tlang. Empa ho na le seo re ka se etsang e le hore re itšireletse. Re ka etsa’ng?

Thutong ea Thabeng Jesu o fane ka keletso e reng: “Joale, le ’ne le batle ’Muso pele le ho loka ha hae.” (Matheu 6:​33) Re ka etsa seo joang?

Batla ’Muso oa Molimo pele. Sena se bolela hore re lokela ho nka ’Muso oa Molimo e le oona o tlang pele bophelong ba rona. (Matheu 6:​25, 32, 33) Ke hobane’ng ha re lokela ho o nka ka tsela eo? Ke hobane batho ba ke ke ba khona ho rarolla mathata a bona. Ke ’Muso oa Molimo feela o ka khonang ho etsa mosebetsi oo o boima.

Batla ho loka ha hae. Re lokela ho etsa sohle se matleng a rona hore re phele ka melao ea Molimo le melao motheo ea hae. Hobane’ng? Hobane haeba re iketsetsa qeto ea hore na ke’ng e nepahetseng le hore na ke’ng e fosahetseng, kamehla litholoana e ba tse bosula. (Liproverbia 16:​25) Ka lehlakoreng le leng haeba re phela ka melao motheo ea Molimo, ha se feela hore re thabisa Molimo empa le rona re itsoela molemo.​—Esaia 48:​17, 18.

Tsoelang pele ho batla Muso oa Molimo le ho loka ha hae. Jesu o ile a re eletsa hore re se ke ra ea le khongoana holimo ra nahana hore chelete kapa lintho tseo re nang le tsona li ka re sireletsa. Ba bang ba patisoa ka mathata a bophelo hoo ba se nang nako ea ho batla ’Muso oa Molimo.​—Matheu 6:​19-21, 25-32.

Leha ho le joalo, Jesu o re tšepisitse hore haeba re tšehetsa ’Muso oa Molimo hona joale re tla ba le lintho tsohle tseo re li hlokang hona joale esita le litlhohonolofatso tse sa feleng ka moso.​—Matheu 6:33.

Le hoja balateli ba Jesu ba pele ba ne ba batla ’Muso oa Molimo pele le ho loka ha hae, ha baa ka ba bona ha mathata le lintho tse bohloko li fela ha ba ntse ba phela. Empa ba ile ba sireletsoa. Joang?

Ba ile ba phela ka melao-motheo ea Molimo me seo se ile sa ba sireletsa mathateng ao batho ba sa mameleng Molimo ba neng ba thulana le oona. Kaha ba ne ba e-na le tumelo e matla ea hore ’Muso oa Molimo o tla tla, ba ile ba khona ho hlola mathata a boima ao ba neng ba tobane le ’ona ’me Molimo o ile a ba fa “matla a fetang se tloaelehileng” e le hore ba ka khona ho mamella.​—2 Bakorinthe 4:​7-9.

NA U TLA BATLA ’MUSO OA MOLIMO PELE?

Bakreste ba mehleng ea pele ba ile ba mamela keletso ea Jesu ea hore ba batle ’Muso pele. Ba ile ba ruta batho ka ’Muso oa Molimo hohle moo ba neng ba phela teng. (Bakolose 1:​23) Na ho na le batho ba etsang se tšoanang mehleng ee?

Ho joalo! Lipaki tsa Jehova lia hlokomela hore nako e se e lekane motinyane ’me ’Muso oa Molimo o se o le haufi le ho felisa mebuso ea batho. Kahoo ba etsa sohle se matleng a bona hore ba etse mosebetsi oo Jesu a buileng ka ona ha a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle, joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”​—Matheu 24:14.

Na u tla mamela molaetsa oa Bibele? Re u eletsa hore u etsise Bakreste ba mehleng ea pele ba neng ba lula toropong ea Berea e Macedonia. Ha ba utloa litaba tse monate tse neng li boleloa ke moapostola Pauluse, ba ile ba li amohela “ka tabatabelo e kholo ea kelello.” Eaba ba “hlahloba Mangolo ka hloko” ho ikholisa hore na lintho tseo ba ithutileng tsona ke ’nete, ’me qetellong ba phela ka lintho tseo ba ithutileng tsona.​—Liketso 17:​11, 12.

Le uena u ka etsa se tšoanang. Haeba u batla ’Muso oa Molimo pele le ho loka ha hae, u tla fumana tšireletso hona joale ’me u thabele khotso le tšireletseho ka ho sa feleng nakong e tlang.