Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobaneng ha re Lokela ho Tshehetsa Mmuso wa Modimo?

Ke Hobaneng ha re Lokela ho Tshehetsa Mmuso wa Modimo?

A ko nahane ho tla lehodiotswana sebakeng seo o dulang ho sona. Jwale makgotla a Mmuso a etsa phatlalatso ena: “TSWANG! E YANG SEBAKENG SE SIRELETSEHILENG!” O ne o tla etsang? Ha ho pelaelo hore o ne o tla balehela sebakeng se sireletsehileng.

Ka tsela e tshwanang, le rona re phela nakong e thata haholo. Ha Jesu a ne a hlalosa nako ena, o ile a re ke “matshwenyeho a maholo.” (Matheu 24:21) Re ke ke ra kgona ho baleha dinako tseo empa ho na le seo re ka se etsang e le hore re sireletsehe. Re ka etsa eng?

Jesu Kreste o ile a fana ka keletso ena Thutong ya hae ya Thabeng: “Jwale, le nne le batle mmuso pele le ho loka ha hae.” (Matheu 6:33) Re ka etsa seo jwang?

O batle Mmuso pele. Sena se bolela hore re lokela ho nka Mmuso wa Modimo e le ntho ya bohlokwa ho feta ntho le ha e le efe. (Matheu 6:25, 32, 33) Ke hobaneng ha re lokela ho nka Mmuso wa Modimo e le ntho ya bohlokwa? Ke hobane mebuso ya batho ha e kgone ho fedisa mathata a hlahelang batho. Ke Mmuso wa Modimo feela o ka kgonang ho etsa seo.

O batle ho loka ha hae. Re lokela ho leka ka matla ho phela ka melao le melaomotheo ya Modimo. Hobaneng? Hobane haeba re iketsetsa diqeto tsa hore ke sefe se nepahetseng le se fosahetseng, ditlamorao tsa seo di ka ba bohloko haholo. (Liproverbia 16:25) Ka le hlakoreng le leng, haeba re phela ka melao ya Modimo, ha re thabise yena feela empa le rona re tla thaba.​—Esaia 48:17, 18.

O nne o batle mmuso pele le ho loka ha hae. Jesu o ile a re batho ba tla nahana hore ba tla sireletseha haeba ba e na le tjhelete e ngata. Ba bang bona, ba ne ba tla ba maphatephate hoo ba hlokang nako ya ho batla Mmuso wa Modimo.​—Matheu 6:19-21, 25-32.

Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a tshepisa hore bohle ba tshehetsang Mmuso wa Modimo, ba tla ba le seo ba se hlokang hona jwale mme ba tla thabela di tlhohonolofatso tseo ba tla di fumana nakong e tlang.​—Matheu 6:33.

Le hoja balatedi ba Jesu ba mehleng ya baapostola ba ne ba batla Mmuso wa Modimo pele le ho loka ha hae, ha ba a ka ba bona qetello ya mathata ohle a bophelo ba bona. Empa ba ile ba fumana tshireletseho. Jwang?

Ba ile ba phela ka melao ya Modimo mme seo se ile sa ba sireletsa dinthong tse mpe tse neng di hlahela batho ba sa mameleng Modimo. Tshepo ya bona e matla ya hore Mmuso wa Modimo o tla tla, e ile ya ba thusa hore ba mamelle mathata a mangata ao ba neng ba kopana le ona. Ka hoo, Modimo o ile a ba fa “matla a fetang se tlwaelehileng” e le hore ba ka mamella mathata ao.​—2 Bakorinthe 4:7-9.

NA O TLA BATLA MMUSO WA MODIMO PELE?

Bakreste ba ba mehleng ya baapostola ba ile ba mamela keletso ya Jesu ka hore ba batle Mmuso pele. Ba ile ba bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso lefatsheng lohle. (Bakolose 1:23) Na ho na le batho ba etsang se tshwanang le kajeno?

E! Dipaki Tsa Jehova di a hlokomela hore nako e setseng ya hore Mmuso wa Modimo o tle mme o fedise dintho tse mpe tse etsahalang lefatsheng e kgutshwanyane. Ka hona, ba ile ba etsa sohle seo ba ka se kgonang hore ba mamele taelo ya Jesu e reng: “Ditaba tsena tse molemo tsa mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona hore e be bopaki ho ditjhaba tsohle, jwale e ntano ba hona bofelo bo tla tla.”​—Matheu 24:14.

O tla etsang ha o utlwa ditaba tse molemo? Re o kgothalletsa hore o etsise baahi ba mehleng ya baapostola ba neng ba dula Macedonia motseng wa Berea. Ha moapostola Pauluse a ne a ba bolella ditaba tse molemo tsa Mmuso, ba ile ba di amohela “ka tabatabelo e kgolo ya kelello.” Ka hoo, ba ile ba hlahlobisisa mangolo hantle ho etsa bo nnete ba hore seo ba se utlwang ke nnete yaba ka mora moo ba sebedisa seo ba ithutileng sona.​—Liketso 17:11, 12.

Le wena o ka etsa se tshwanang. Haeba o batla Mmuso wa Modimo pele le ho loka ha hae, o tla fumana tshireletseho hona jwale mme o tla thabela ho phela ka kgotso nakong e tlang.