Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | MATHEU 20-21

“Mang Kapa Mang ea Batlang ho ba Moholo Har’a Lōna e Lokela ho ba Mosebeletsi oa Lōna”

“Mang Kapa Mang ea Batlang ho ba Moholo Har’a Lōna e Lokela ho ba Mosebeletsi oa Lōna”

20:28

Bangoli le Bafarisi ba ikhohomosang ba ne ba rata maemo le ho lumelisoa ke batho limmarakeng

Bangoli le Bafarisi ba ikhohomosang ba ne ba etsa lintho hore ba bonoe ke batho ebile ba rata maemo. (Mat 23:5-7) Empa Jesu eena o ne a se joalo kaha Bibele e re ka eena: ‘Mor’a motho ha a ka a tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa.’ (Mat 20:28) Na ka phuthehong re rata ho etsa likabelo tse hlaheletseng e le hore re bonoe ke batho le ho rorisoa? Haeba re batla hore Jehova a re nke re le batho ba bohlokoa re tla sebetsa ka thata ho tšoana le Jesu ka ho rata ho sebeletsa kapa ho thusa ba bang. Hangata ha re etsa joalo ha re hlokomeloe ke batho empa ke Jehova ea re bonang. (Mat 6:1-4) Mohlanka oa Jehova ea ikokobelitseng o . . . 

  • hloekisa Holo ea ’Muso le ho e boloka e le boemong bo botle

  • li hula pele ho thuseng ba holileng le batho ba bang bohle

  • fana ka monehelo ho tšehetsa mesebetsi e mabapi le ’Muso oa Molimo