Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 20-21

“Mang Kapa Mang ya Batlang ho ba Moholo Hara Lona e Lokela ho ba Mosebeletsi wa Lona”

“Mang Kapa Mang ya Batlang ho ba Moholo Hara Lona e Lokela ho ba Mosebeletsi wa Lona”

20:28

Bangodi le Bafarisi ba ikgohomosang ba ne ba rata ho bonwa le ho dumediswa mmarakeng

Bangodi le Bafarisi ba ikgohomosang ba ne ba batla ho kgahlisa ba bang ebile ba batla bophahamo. (Mat 23:5-7) Jesu o ne a sa tshwane le bona. ‘Mora motho ha a ka a tlela ho sebeletswa, empa ho sebeletsa.’ (Mat 20:28) Na boiteko boo re bo etsang tshebeletsong ya Modimo re bo etsetsa ho bonwa le ho roriswa ke batho? Haeba re batla ho ba batho ba bohlokwa mahlong a Jehova, re lokela ho etsisa Jesu ka hore re sebeletse batho ba bang. Jehova ke yena ya bonang dintho tseo re di etsetsang batho ba bang hobane hangata mesebetsi e jwalo e etswa moo ba bang ba sa boneng. (Mat 6:1-4) Mosebeletsi ya ikokobeditseng o tla . .

  • kenya letsoho ha ho hlwekiswa Holo ya Mmuso le ho e boloka e le maemong a matle

  • ithaopela ho thusa ba hodileng le ba bang

  • tshehetsa dintho tse amanang le Mmuso ka tjhelete