Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ho Rata Molimo le Moahelani​—⁠Kamoo re ka ho Etsang ka Teng

Ho Rata Molimo le Moahelani​—⁠Kamoo re ka ho Etsang ka Teng

Le hoja Bakreste ba sa tlameha ho boloka Molao oa Moshe, melao e ’meli e meholo ea ’ona e leng ea ho rata Molimo le moahelani, e akaretsa sohle seo Jehova a batlang hore re se etse. (Mat 22:37-39) Re lokela ho sebeletsa ho ba le lerato le joalo hobane ha re hlahe re e-na le lona. Re ka etsa’ng hore re be le lona? Tsela e ’ngoe ea bohlokoa ke ka ho bala Bibele kamehla. Ha re ithuta ka makhabane a Molimo a boletsoeng ka Mangolong, re ka “bona thabo ea Jehova.” (Pes 27:4) Re tla mo rata le ho feta re be re nahane lintho ka tsela eo a li nahanang ka eona. Sena se tla re thusa ho mamela litaelo tsa Molimo tse akarelletsang ea hore re rate batho hoo re ka itellang bona. (Joh 13:34, 35; 1Jo 5:3) Ka tlaase mona ho na le litlhahiso tse tharo tsa kamoo re ka etsang hore re natefeloe ke ho bala Bibele:

  • Nahanisisa ka seo u se balang ’me u sebelise litho tsa kutlo. Nahana u le moo. U ne u tla bona’ng, u utloe’ng le ho fofonela monko o joang? E be maikutlo a ba amehang ke afe?

  • Sebelisa litsela tse sa tšoaneng tsa ho ithuta. Litlhahiso tse ling ke tsena: Bala ka lentsoe le phahameng kapa u tsamaisane le ’malo o hatisitsoeng. Bala ka motho e mong ka Bibeleng kapa ka taba e ’ngoe ho fapana le ho bala likhaolo ka ho latellana. Ka mohlala, u ka sebelisa lihlomathiso tsa A7 kapa B12 tse hlahang ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mongolo a Halalelang (ea Senyesemane) ho ithuta ka Jesu. Bala khaolo eohle eo temana ea letsatsi e nkiloeng ho eona. Bala Mangolo a Bibele ho latela tatellano eo a ngotsoeng ka eona.

  • Balla ho utloisisa. Ho molemo ho bala esita le khaolo e le ’ngoe feela ka letsatsi hore u e utloisise ebile u thuisa ka seo u se balileng ho e-na le ho bala likhaolo tse ngata hore feela u li qete. Lemoha kamoo litaba li behiloeng ka teng le lintlha tse amehang. Sebelisa limmapa le litšupiso tse hlahang bohareng ba maqephe a Bibele. Etsa lipatlisiso bonyane ka ntho e le ’ngoe ho tseo u sa li utloisiseng. Haeba ho khoneha, sebelisa nako e lekanang ho thuisa ka seo u ithutileng sona.