Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Tšepa Jehova ha ho E-na le Motho ea U Hlorisang

Tšepa Jehova ha ho E-na le Motho ea U Hlorisang

Batho ba re hlorisang ba re utloisa bohloko. Ba ka ba ba senya kamano ea rona le Jehova haeba re tšoha ha ba bua hampe ka borapeli ba rona. Ke’ng e ka u thusang haeba ho e-na le motho ea u hlorisang?

Barapeli ba bangata ba Jehova ba ile ba khona ho mamella ha ba ne ba hlorisoa hobane ba ne ba tšepile Jehova. (Ps 18:17) Ka mohlala, Esthere o ile a bolella morena ka merero ea Hamane ea khopo ea neng a hlorisa batho ba Molimo. (Est 7:​1-6) Pele a bolella morena, o ile a bontša hore o tšepa Jehova ka hore a itime lijo. (Est 4:​14-16) Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka hore a sireletse eena le batho ba habo.

Le uena u ka etsisa Esthere haeba ho e-na le motho ea u hlorisang. Kopa Jehova hore a u thuse ’me u bolelle motho e moholo joaloka motsoali oa hao. Jehova o tla u thusa joalokaha a ile a thusa Esthere. Ke’ng hape e ka u thusang ha ho e-na le motho ea u hlorisang?

SHEBELLANG VIDEO EA BOCHA BA KA—NKA ETSA’NG HA KE HLORISOA KE BANA BA BANG? EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Bacha ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Charlie le Ferin?

  • Lintho tseo Charlie le Ferin ba li buileng li ka thusa batsoali joang hore ba thuse bana ba bona ha ba hlorisoa?