Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Tshepa Jehova ha ho Ena le Motho ya o Hlorisang

Tshepa Jehova ha ho Ena le Motho ya o Hlorisang

Batho ba re hlorisang ba re utlwisa bohloko. Ba ka ba ba senya kamano ya rona le Jehova haeba re tshoha ha ba bua hampe ka borapedi ba rona. Keng e ka o thusang haeba ho ena le motho ya o hlorisang?

Barapedi ba bangata ba Jehova ba ile ba kgona ho mamella ha ba ne ba hloriswa hobane ba ne ba tshepile Jehova. (Ps 18:17) Ka mohlala, Esthere o ile a bolella morena ka merero ya Hamane ya kgopo ya neng a hlorisa batho ba Modimo. (Est 7:​1-6) Pele a bolella morena, o ile a bontsha hore o tshepa Jehova ka hore a itime dijo. (Est 4:​14-16) Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka hore a sireletse yena le batho ba habo.

Le wena o ka etsisa Esthere haeba ho ena le motho ya o hlorisang. Kopa Jehova hore a o thuse mme o bolelle motho e moholo jwalo ka motswadi wa hao. Jehova o tla o thusa jwalo ka ha a ile a thusa Esthere. Keng hape e ka o thusang ha ho ena le motho ya o hlorisang?

SHEBELLANG VIDEO YA BOTJHA BA KA—NKA ETSANG HA KE HLORISWA KE BANA BA BANG? EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Batjha ba ka ithutang mohlaleng wa Charlie le Ferin?

  • Dintho tseo Charlie le Ferin ba di buileng di ka thusa batswadi jwang hore ba thuse bana ba bona ha ba hloriswa?