Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Baholo ba Sebetsa ka Thata ho Thusa Batho ba Jehova

Baholo ba Sebetsa ka Thata ho Thusa Batho ba Jehova

Batho ba bangata ha ba tshepe batho ba nang le matla a bolaodi. Re a utlwisisa hore na ke hobaneng. Batho ba bangata ba nang le matla a bolaodi ba tsebahala ka ho sebedisa matla ao hampe. (Mik 7:3) Re a thaba hore ebe baholo ka phuthehong ba kwetliseditswe ho phetha boikarabelo ba bona ka tsela e tla tswela batho ba Jehova molemo.—Est 10:3; Mat 20:​25, 26.

Baholo ha ba sebedise boikarabelo boo ba bo fuweng hampe jwalo ka batho ba lefatshe lena. Empa ba sebetsa ka thata hobane ba rata Jehova le batho ba hae. (Joh 21:16; 1Pe 5:​1-3) Ba latela tataiso ya Jesu ka hore ba thuse mohweletsi e mong le e mong hore a ikutlwe a amohelehile ka lapeng la Jehova ebile ba ba thusa hore ba be le kamano e ntle le Jehova. Ba potlakela ho ba kgothatsa le ho ba thusa ha ho hlaha maemo a tshohanyetso a kang ho kula kapa ha ho hlahile koduwa. Haeba o hloka thuso, o se ke wa tshaba ho bua le moholo phuthehong ya heno.—Jak 5:14.

SHEBELLANG VIDEO YA BADISA BA HLOKOMELA MOHLAPE EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Tsela eo baholo ba thusitseng Mariana ka yona e mo tswetse molemo jwang?

  • Tsela eo baholo ba thusitseng ntate Elias ka yona e mo tswetse molemo jwang?

  • Ka mora ho shebella video ee, o ikutlwa jwang ka mosebetsi oo baholo ba o etsang?