Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Sebelisa Leqephe le Qalang la JW.ORG ha U Bua le Batho ka Bibele

Sebelisa Leqephe le Qalang la JW.ORG ha U Bua le Batho ka Bibele

Leqephe le qalang la websaete ea rona le na le lihlooho le livideo tse reretsoeng ho thusa batho ba lipelo li ntle bao eseng Lipaki Tsa Jehova. (Lik 13:48) Hangata lihlooho le livideo tsena li bua haholo ka lintho tse hlahang litabeng kapa tseo batho ba bangata ba li nahanang le ho bua ka tsona.

U ka sebelisa leqephe le qalang la websaete ea jw.org joang ha u bua le batho ka Bibele?

  • Lula u kena websaeteng hangata. Sheba lintho tse hlahang tlas’a “Tse Hlaheletseng” ’me u bone hore na u ka li sebelisa joang ho thusa motho ea thahasellang. Ho lula u kena websaeteng hangata ho tla u thusa ho fumana litsela tse ncha tsa ho ntlafatsa mekhoa ea hao ea ho ruta.

  • Sebelisa lihlooho le livideo tse hlahang leqepheng le qalang la websaete ho qala moqoqo. Lintho tsena li ka re thusa ho utloisisa hore na ke se fe se likelellong tsa batho tšimong ea rona.

  • Bontša batho leqephe le qalang la websaete. Khetha lihlooho tse itseng ’me u thuse batho hore na ba ka fumana lintlha tse eketsehileng joang websaeteng.

  • Romela link. Batho ba bang ha ba rate ho buisana le rona ka ho toba empa ba thabela ho kena websaeteng ea rona. Kahoo ikutloe u phutholohile ho romella batho ba thahasellang link ea leqephe le qalang la websaete, ea sehlooho kapa video e itseng e hlahang moo.