Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Sebedisa Leqephe le Qalang la JW.ORG ha o bua le batho ka Bibele

Sebedisa Leqephe le Qalang la JW.ORG ha o bua le batho ka Bibele

Leqephe le qalang la websaete ya rona le na le dihlooho le divideo tse reretsweng ho thusa batho ba dipelo di ntle bao eseng Dipaki Tsa Jehova. (Dik 13:48) Hangata dihlooho le divideo tsena di bua haholo ka dintho tse hlahang ditabeng kapa tseo batho ba bangata ba di nahanang le ho bua ka tsona.

O ka sebedisa leqephe le qalang la websaete ya jw.org jwang ha o bua le batho ka Bibele?

  • Dula o kena websaeteng hangata. Sheba dintho tse hlahang tlasa “Tse Hlaheletseng” mme o bone hore na o ka di sebedisa jwang ho thusa motho ya thahasellang. Ho dula o kena websaeteng hangata ho tla o thusa ho fumana ditsela tse ntjha tsa ho ntlafatsa mekgwa ya hao ya ho ruta.

  • Sebedisa dihlooho le divideo tse hlahang leqepheng le qalang la websaete ho qala moqoqo. Dintho tsena di ka re thusa ho utlwisisa hore na ke sefe se dikelellong tsa batho tshimong ya rona.

  • Bontsha batho leqephe le qalang la websaete. Kgetha dihlooho tse itseng mme o thuse batho hore na ba ka fumana dintlha tse eketsehileng jwang websaeteng.

  • Romela link. Batho ba bang ha ba rate ho buisana le rona ka ho toba empa ba thabela ho kena websaeteng ya rona. Ka hoo ikutlwe o phutholohile ho romella batho ba thahasellang link ya leqephe le qalang la websaete, ya sehlooho kapa video e itseng e hlahang moo.