Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Jehova o Pholosa ba Imetsoeng Maikutlong

Jehova o Pholosa ba Imetsoeng Maikutlong

Motho e mong le e mong o na le ho utloa bohloko. Ho utloa bohloko ha ho bontše hore tumelo ea rona e ea fokola. Etsoe le Jehova o na le ho utloa bohloko ka linako tse ling. (Ge 6:​5, 6) Ho thoe’ng teng haeba ka linako tse ling kapa ka linako tsohle re lula re utloile bohloko haholo?

Rapela Jehova u mo kope thuso. Jehova o amehile ka hore na re ikutloa joang. Oa tseba ha re thabile le ha re utloile bohloko. O utloisisa hantle hore na ke hobane’ng ha re nahana le ho ikutloa ka tsela eo re ikutloang ka eona. (Ps 7:9b) Ha bohlokoa le ho feta ke hore Jehova oa re tsotella ebile a ka re thusa ho sebetsana le ho utloa bohloko kapa ho tepella maikutlong.—Ps 34:18.

Sireletsa kelello ea hao. Ho nyahama ha ho etse feela hore re se ke ra thaba empa ho ka boetse ha ama setsoalle sa rona le Jehova. Ka lebaka lena re tla be re etsa hantle ha re sireletsa lipelo tsa rona kaha li senola seo re hlileng re leng sona.—Pr 4:23.

SHEBELLANG VIDEO EA BALUMELI-’MOHO LE RONA BA NTSE BA E-NA LE KHOTSO HO SA TSOTELLEHE KHATELLO EA MAIKUTLO EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Morali oa bo rona Nikki o ile a etsa’ng ho sebetsana le khatello ea maikutlo?

  • Ke hobane’ng ha Morali oa bo rona Nikki a ile a utloa hore o lokela ho ea ngakeng?—Mat 9:12

  • Morali oa bo rona Nikki o ile a etsa’ng ho bontša hore o tšepile Jehova hore a mo thuse?