Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Ho Rata Jehova ka Pelo Eohle ho re Sireletsa Mashanong a Satane

Ho Rata Jehova ka Pelo Eohle ho re Sireletsa Mashanong a Satane

Satane o batla hore batho ba lumele hore ke Jehova ea re bakelang mathata (Job 8:4)

O batla hore re lumele hore Jehova haa tsotelle hore na rea mo tšepahalla kapa ha re mo tšepahalle (Job 9:​20-22; w15 7/1 12 ¶3)

Ho rata Jehova ka pelo eohle ho re thusa hore re lule re mo tšepahalla le hore re se ke ra khelosoa ke mashano a Satane (Job 10:12; Ps 32:​7, 10; w21.11 6 ¶14)

LEKA SENA: Ho matlafatsa tumelo ea hao ha u e-na le mathata, ngola fatše lintho tseo Jehova a u etselitseng tsona ho u bontša hore o u rata e le kannete ’me u li hlahlobe khafetsa.