Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Batsoali Thusang Bana ba Lona ho Sebelisa Lintho Tseo ba Ithutang Tsona ka Jehova

Batsoali Thusang Bana ba Lona ho Sebelisa Lintho Tseo ba Ithutang Tsona ka Jehova

E ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo batsoali ba ka li etsang ho thusa bana ba bona ho sebelisa lintho tseo ba ithutang tsona ka Jehova, ke ho ba thusa hore ba rue molemo libokeng tsa Bokreste. Seo bana ba se bonang, ba se utloang le likarabo tseo ba fanang ka tsona libokeng li ka ba thusa ho ithuta ka Jehova le ho ba metsoalle ea hae. (De 31:​12, 13) Haeba u motsoali, u ka thusa ngoana oa hao joang hore a rue molemo o moholo libokeng?

  • Etsa sohle hore u ee libokeng Holong ea ’Muso.—Ps 22:22

  • Iphe nako ea ho qoqa le bara le barali beno pele liboka li qala le ka mor’a tsona.—Heb 10:25

  • Etsa bonnete ba hore setho se seng le se seng sa lelapa se na le sengoloa se ithutoang libokeng, ebang ke se hatisitsoeng kapa sa elektronike

  • Thusa ngoana oa hao ho araba ka mantsoe a hae.—Mat 21:​15, 16

  • Bua hantle ka liboka le ka lintho tseo re ithutang tsona ha re le ho tsona

  • Thusa bana ba hao ho kenya letsoho ha ho hloekisoa Holo ea ’Muso ’me u ba thuse hore ba phutholohe ho buisana le ba holileng ka phuthehong

Ho hlokahala boiteko bo matla ho thusa bana ba hao hore e be metsoalle ea Jehova. Ka linako tse ling ho etsa sena ho ka bonahala ho le boima empa u ka kholiseha hore Jehova o tla u thusa.—Esa 40:29.

SHEBELLANG VIDEO EA BATSOALI, TŠEPANG JEHOVA ’ME LE ITŠETLEHE KA EENA EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ho khathala ho ile ha ama Zack le Leah ho isa boholeng bofe?

  • Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho kopa hore Jehova a ba fe matla?

  • Zack le Leah ba bontšitse joang hore ba ne ba itšetlehile ka Jehova hore a ba thuse?