Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 1

“Ka Hona E-eang ’Me le Etse . . . Barutuoa”

“Ka Hona E-eang ’Me le Etse . . . Barutuoa”

TEMANA EA RONA EA SELEMO EA 2020: “Ka hona e-eang ’me le etse . . . barutuoa, le ba kolobetse.”​—MAT. 28:19.

PINA EA 79 Ba Thuse ho Lula ba le Matla

SELELEKELA *

1-2. Lengeloi le bolella basali ba lebitleng la Jesu eng ’me Jesu eena o ba laela ho etsa’ng?

KE HOSENG ho hong ka la 16 Nisane selemong sa 33. Basali ba bang ba utloileng bohloko haholo ba bile ba rata Molimo, ba ea lebitleng la Jesu eo ho neng ho se ho fetile matsatsi a ka bang mabeli a patiloe. Ba tl’o tlotsa setopo sa Jesu ka linoko le ka litlolo tse nkhang hamonate empa ha ba fihla ba fumana lebitla le ntse le re na u ne u ’nehile eng. Lengeloi le bolella basali bao hore Jesu o tsositsoe bafung ’me le phaella ka ho re: “O le etella pele ho kena Galilea; le tla mo bona moo.”​—Mat. 28:​1-7; Luka 23:​56; 24:10.

2 Ka mor’a hore basali bao ba tlohe lebitleng, Jesu oa ba atamela ’me o ba fa taelo ena: “E-eang, le tlalehele barab’eso, e le hore ba ka tloha ho ea kena Galilea; ’me ba tla mpona moo.” (Mat. 28:​10) Ntho ea pele eo Jesu a e etsang ka mor’a hore a tsosoe, ke ho bokella barutuoa ba hae ’me sebokeng sena o ba fa litaelo tsa bohlokoa.

KE BO-MANG BAO JESU A ITSENG BA ETSE BARUTUOA?

Nakong eo Jesu a neng a e-na le seboka le baapostola ba hae le batho ba bang Galilea ka mor’a hore a tsosoe bafung, o ile a ba laela a re, “E-eang ’me le etse . . . barutuoa” (Sheba serapa sa 3 le 4)

3-4. Ke hobane’ng ha re ka re taelo e ho Matheu 28:​19, 20, e ne e sa fuoa baapostola feela? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

3 Bala Matheu 28:​19, 20. Sebokeng seo, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae ka mosebetsi oa bohlokoa o neng o tla etsoa ka nako eo, o tšoanang hantle le oo re o etsang hona joale. Jesu o ile a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”

4 Jesu o batla hore balateli bohle ba hae ba bolele. O ne a sa fa baapostola ba hae ba 11 feela taelo eo. Re tseba joang? Ha a ne a fana ka taelo ena ea ho etsa barutuoa, e ne e se baapostola feela ba neng ba le teng thabeng ea Galilea. Re tseba joang? Hopola hore lengeloi le ile la re ho basali: Le  tla mo bona [Galilea].” Ho ka etsahala hore ebe basali ba tšepahalang le bona ba ne ba le teng sebokeng seo. Hape, moapostola Pauluse o ile a re Jesu o ile a “bonahala ho barab’abo rona ba ka holimo ho makholo a mahlano ka nako e le ’ngoe.” (1 Bakor. 15:6) Ba ne ba le hokae?

5. Re ithuta’ng ho 1 Bakorinthe 15:6?

5 Re na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore seboka seo Pauluse a neng a bua ka sona ho 1 Bakorinthe 15:6 e ne e le seboka se tšoanang le seo ho buuoang ka sona ho Matheu khaolo ea 28. Mabaka ao ke afe? Lebaka la pele ke hore boholo ba barutuoa ba Jesu e ne e le Bagalilea. Kahoo, ho ne ho tla ba bonolo hore batho ba bangata ba be teng ha seboka seo se tšoareloa thabeng ea Galilea ho e-na le hore se be ha motho e mong Jerusalema. Lebaka la bobeli, ka mor’a hore Jesu a tsosoe, o ne a se a kopane le barutuoa ba hae ba 11 ntlong e ’ngoe Jerusalema. Haeba Jesu a ne a batla ho laela baapostola ba hae feela hore e be bona ba etsang barutuoa, a ka be a ile a ba bolella taba eo a le Jerusalema ho e-na le hore a ba kope hammoho le basali bao le batho ba bang hore ba kopane le eena Galilea.​—Luka 24:​33, 36.

6. Taelo e hlahang ho Matheu 28:​20 e ntse e sebetsa joang le kajeno, hona batho ba e mamela joang?

6 Nahana ka lebaka la boraro la bohlokoa. Taelo ena ea Jesu ea hore batho ba etse barutuoa e ne e sa fuoa Bakreste ba phelang mehleng eo feela. Re tseba joang? Jesu o ile a qetella ka hore ho bona: “Ke na le lona ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 28:​20) Feela joalokaha Jesu a ile a bolela, batho ba bangata mehleng ena ba etsa batho barutuoa. Nahana feela, selemo le selemo batho ba ka bang 300 000 e ba barutuoa ba Jesu, baa kolobetsoa ’me e ba Lipaki Tsa Jehova.

7. Re tl’o hlahloba eng hona hobane’ng?

Batho ba bangata ba ithutang Bibele ba tsoela pele hantle ebe baa kolobetsoa. Leha ho le joalo, ho ntse ho e-na le batho ba bang ba ithutang Bibele le rona ba tšabang ho ba barutuoa. Ba thabela ho ithuta empa ha ba tsoele pele hantle e le hore ba kolobetsoe. Haeba ho na le motho eo u ntseng u ithuta Bibele le eena, re kholisehile hore u batla ho mo thusa hore a phelele lintho tseo a ithutileng tsona le hore e be morutuoa oa Kreste. Sehloohong sena re tl’o hlahloba hore na re ka thusa liithuti tsa rona ho rata Jehova le ho tsoela pele hantle joang. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba taba ee? Ke hobane ka linako tse ling re ka ’na ra lokela ho etsa qeto ea hore na re tsoela pele re ithuta le motho kapa re khaotsa thuto.

LEKA HO THUSA THUTO EA HAO HO RATA JEHOVA

8. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ho le thata ho thusa lithuto tsa rona ho rata Jehova?

8 Jehova o batla hore batho ba mo sebeletse hobane ba mo rata. Kahoo, ntho e ka sehloohong eo re batlang ho e etsa ke ho thusa batho bao re ithutang le bona ho utloisisa hore Jehova o tsotella e mong le e mong oa bona le hore o ba rata haholo. Re batla ho ba thusa ho bona hore Jehova “ke ntat’a bashanyana ba se nang bo-ntate ’me ke moahloli oa bahlolohali.” (Pes. 68:5) Ha lithuto tsa hao li hlokomela kamoo Jehova a li ratang kateng le tsona li tla qala ho mo rata. Batho ba bang bao re ithutang le bona ba ka ’na ba thatafalloa ke ho nka Jehova e le Ntate ea lerato hobane bo-ntate ba bona ba sa ka ba ba bontša lerato. (2 Tim. 3:​1, 3) Kahoo, ha u ntse u ithuta Bibele le motho, bua haholo ka makhabane a Jehova. Thusa lithuto tsa hao ho utloisisa hore Molimo oa rona ea lerato o batla hore li fumane bophelo bo sa feleng le hore o ikemiselitse ho li thusa hore li atlehe. Re ka etsa eng hape?

9-10. Ke libuka life tseo re lokelang ho li sebelisa ha re khanna lithuto, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa libuka tsee?

9 Sebelisa buka ea “Re Ithuta’ng Bibeleng?” le ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo.” Libuka tsena li ngolletsoe ho re thusa hore re atlehe ho thusa lithuto tsa rona ho rata Jehova. Ka mohlala, khaolo ea pele ea buka ea Re Ithuta’ng Bibeleng? e araba lipotso tse kang tsena: Na Molimo oa re tsotella? Molimo o ikutloa joang ha batho ba utloa bohloko? le Na u ka khona ho ba motsoalle oa Jehova? Buka ea Le Ipoloke Leratong la Molimo eona e re thusa joang? Buka ena e tla thusa motho eo u ithutang le eena ho utloisisa hantle hore na melao-motheo ea Bibele e ka mo thusa joang ho ntlafatsa bophelo ba hae hape e mo thuse ho atamela haufi le Jehova. Le haeba u kile oa sebelisa libuka tsena le liithuti tse ling, u lokela ho lokisetsa hantle e le hore u ka atleha ho thusa seithuti ka seng.

10 U lokela ho etsa’ng haeba seithuti sa hao se batla hore le bue ka taba e ’ngoe e ho lingoliloeng tse sa hlaheng ka har’a Teaching Toolbox? Mohlomong u ka mo khothalletsa hore a bale sengoliloeng seo a le mong e le hore le tsoele pele le bala libuka tseo re khothalelitsoeng hore re ithute tsona tseo re sa tsoa bua ka tsona.

Qala ka thapelo ha u khanna thuto (Sheba serapa sa 11)

11. Re lokela ho qala ho rapela neng ha re khanna thuto ea Bibele, hona re ka thusa seithuti joang hore se utloisise bohlokoa ba see?

11 Qala thuto ka thapelo. Hangata, u hloka hore u qale thuto ka thapelo kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a ho lumellana hore le tl’o ithuta. Re lokela ho thusa batho bao re ithutang le bona ho hlokomela hore re ka utloisisa Lentsoe la Molimo ka thuso ea moea o halalelang feela. Batho ba bang ba hlalosetsa lithuto tsa bona hore na ke hobane’ng ha ba rapela ka hore ba bale Lengolo la Jakobo 1:5 le reng: “Haeba mang kapa mang oa lona a haelloa ke bohlale, a ’ne a kope Molimo.” Ka mor’a moo ba botsa lithuto tsa bona hore na li nahana hore li ka kopa Molimo hore a li fe bohlale joang. Ka mor’a moo, seithuti se ka ’na sa lumela hore le rapele.

12. U ka sebelisa Pesaleme ea 139:​2-4 joang ho thusa seithuti sa hao hore se bue ka bolokolohi le Jehova?

12 Ruta seithuti sa hao hore na se lokela ho rapela joang. Se hlalosetse hore Jehova o batla ho utloa lithapelo tsa sona tse tsoang botebong ba pelo. Hape se bolelle hore ha re rapela boinotšing, re ka bolella Jehova hore na re ikutloa joang ’me re mo bolella le lintho tseo re ke keng ra khona ho li bolella batho ba bang. Hopola hore Jehova o se a ntse a tseba hore na re nahana’ng le hore na re ikutloa joang. (Bala Pesaleme ea 139:​2-4.) Re boetse re ka khothalletsa seithuti sa rona ho kopa Jehova a se thuse ho fetola menahano e fosahetseng le ho tlohela ho etsa lintho tseo Molimo a sa li rateng. Mohlala, a re re seithuti sa Bibele se rata ho keteka matsatsi ao Bakreste ba sa lokelang ho a keteka. Se ea tseba hore ho fosahetse ho etsa joalo empa ’nete ke hore ho na le lintho tseo se li ratang tse etsoang ka letsatsi leo. Se khothalletse hore se bolelle Jehova hore na se ikutloa joang le hore a se thuse ho rata lintho tseo Jehova a li ratang.​—Pes. 97:10.

Memela thuto ea hao hore e tle libokeng (Sheba serapa sa 13)

13. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho memela lithuto tsa rona libokeng kapele kamoo re ka khonang? (b) Re ka etsa hore lithuto tsa rona li utloe li phutholohile joang ha li le libokeng?

13 Memela lithuto tsa hao libokeng kapele kamoo u ka khonang. Lintho tseo motho eo u ithutang le eena a ka li bonang le tseo a ka li utloang ha a le libokeng li ka mo susumetsa hore a sebeletse Jehova le hore a etse liphetoho. Mo bontše video ea Ho Etsahala’ng Holong ea ’Muso? ’me u mo memele hore a tle le uena libokeng. Haeba ho khoneha, u ka ba oa mo bolella hore u tla mo thusa ho tla libokeng. E ka ba hantle hore u meme batho ba fapa-fapaneng hore ba ee le uena lithutong. Ho etsa joalo ho tla thusa motho eo u ithutang le eena hore a tloaelane le batho ba fapaneng ka phuthehong ’me sena se tla mo thusa hore ha a le libokeng a phutholohe.

THUSA THUTO EA HAO HORE E ETSE LIPHETOHO

14. Ke eng e ka thusang thuto ea hao hore e tsoele pele hantle?

14 Ntho e ka sehloohong eo re batlang ho e etsa ke ho thusa lithuto tsa rona hore li rate Molimo. (Baef. 4:​13) Ka linako tse ling, batho ba bang ba lumela ho ithuta Bibele le rona hobane ba amehile ka hore na thuto eo e tla ba tsoela molemo joang. Empa ha lerato la hae ho Jehova le ntse le hola, a ka ’na a nahana ka hore na a ka thusa batho ba bang joang ho akarelletsa le bao e seng e ntse e le karolo ea phutheho. (Mat. 22:​37-39) Haeba maemo a lumela, u se ke oa ba lesisitheho ho bolella thuto ea hao hore re na le monyetla oa ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli ka chelete.

Ruta thuto ea hao hore na e lokela ho etsa’ng ha e e-na le mathata (Sheba serapa sa 15)

15. U ka thusa thuto ea hao joang hore e lule e etsa lintho tse nepahetseng leha e e-na le mathata?

15 Ruta thuto ea hao hore na e lokela ho etsa’ng ha e e-na le mathata. Mohlala, a re re thuto ea hao e sa kolobetsoang ea u bolella hore ho na le motho ea e utloisitseng bohloko ka phuthehong. Ho e-na le hore u nke lehlakore, e hlalosetse hore na Bibele e re e lokela ho etsa’ng. E ka tšoarela mor’abo rona eo ea e utloisitseng bohloko kapa e ka khetha ho bua le eena ka tsela e lerato le e mosa e le hore e mo rue. (Bapisa Matheu 18:​15.) U ka thusa thuto ea hao ka hore na e tla re’ng. E bontše hore na e ka sebelisa JW Library® app joang le buka ea Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova le ho kena websaeteng ea rona ea jw.org® e le hore e fumane mekhoa e fapaneng e ka e thusang hore e rarolle bothata boo. Haeba e ithuta ho rarolla mathata le batho ba bang pele e ka kolobetsoa, ho ka etsahala hore e be le likamano tse ntle le batho ba bang ka phuthehong ka mor’a hore e kolobetsoe.

16. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore u meme mohoeletsi e mong hore a ee le uena thutong?

16 Mema batho ba bang hore ba ee le uena lithutong ’me u meme le mopotolohi ha a le teng. Ke hobane’ng ha u lokela ho etsa joalo? Ho phaella mabakeng ao re seng re buile ka ’ona pejana, bahoeletsi ba ka ’na ba khona ho thusa thuto ea hao ka litsela tse fapaneng mohlomong tseo u sa khoneng ho e thusa ka tsona. Mohlala, a re nke hore thuto ea hao e lekile ho tlohela ho tsuba empa ebe ea hloleha ka makhetlo a mangata. U ka mema Paki e ileng ea hlola bothata boo mohlomong e ileng ea leka ka makhetlo ho bo hlola empa e hloleha. Mokreste-’moho le uena eo, a ka ’na a khona ho fana ka lintlha tsa bohlokoa tse ka thusang thuto ea hao. Haeba u utloa u sa phutholoha hore u ka khanna thuto mor’abo rona ea nang le boiphihlelo a le teng, u ka mo kopa hore ebe eena ea khannang thuto lekhetlong leo. Haeba u mema batho ba bang hore ba ee le uena lithutong, seithuti sa hao se ka rua molemo haholo ho bona. Hopola hore ntho e ka sehloohong eo u batlang ho e etsa ke hore se be le kamano e ntle le Jehova.

NA U LOKELA HO KHAOTSA THUTO?

17-18. U lokela ho nahana ka lintho life pele u etsa qeto ea ho khaotsa thuto?

17 Haeba thuto ea hao e sa etse liphetoho, u lokela ho ipotsa potso ena, ‘Na ke lokela ho khaotsa thuto?’ Pele u etsa qeto eo, u lokela ho nahana ka hore na seithuti sa hao se na le bokhoni bo bokae. Batho ba bang ba nka nako e telele ho etsa liphetoho ho feta ba bang. Kahoo, ipotse: ‘Na seithuti sa ka se etsa liphetoho ho latela bokhoni ba sona?’ ‘Na se etsa lintho tseo se ithutileng tsona le ho li “boloka”?’ (Mat. 28:​20) Ho ka ’na ha nka seithuti nako e telele hore ebe morutuoa. Empa se lokela hore butle-butle se etse liphetoho bophelong ba sona.

18 Re lokela ho etsa’ng haeba re ithutile le motho nako e telele empa a sa bontše hore seo a ithutang sona ke sa bohlokoa ho eena? Nahana ka boemo ke bona. A re re le qetile ho ithuta buka ea Re Ithuta’ng Bibeleng? le seithuti sa hao, mohlomong ebile le qalile ea Le Ipoloke Leratong la Molimo empa seithuti sa hao ha se e-s’o ee libokeng ho hang le Sehopotsong. Hape ka linako tse ling se na le hore ha se fumanehe ka mabaka a sa utloahaleng kapa ao e seng a bohlokoa. Haeba se etsa joalo, u lokela ho se bolella hore le tlameha ho khaotsa thuto. *

19. U ka bolella motho ea bonahalang a sa nke thuto e le ea bohlokoa eng, hona u lokela ho nahana ka lintlha life?

19 U ka ’na oa qala ka ho mo botsa potso ena, ‘U nahana hore ke ntho efe e thata ka ho fetisisa e u sitisang ho ba Paki ea Jehova?’ A ka ’na a u bolella hore o rata ho ithuta Bibele empa e ke ke ea e-ba Paki ea Jehova. Haeba a ikutloa joalo le ka mor’a hore le bale nako e telele, na ho na le thuso ea hore le tsoele pele le ithuta? Mohlomong, seithuti sa hao se ka ’na sa u bolella hore na ke eng e se sitisang hore se etse liphetoho. Ka mohlala, mohlomong se ka ’na sa utloa eka se ke ke sa khona ho bolela ka ntlo le ntlo. Ha u utloisisa hore na se ikutloa joang, u tla khona ho se thusa.

U se ke oa senya nako ka ho ithuta le motho ea sa batleng ho etsa liphetoho (Sheba serapa sa 20)

20. Liketso 13:​48 e re thusa joang ho etsa qeto ea hore na re tsoele pele re ithuta le motho kapa che?

20 Ka bomalimabe, ho na le liithuti tse ling tse tšoanang le Baiseraele ba mehleng ea Ezekiele. Hlokomela hore na Jehova o ile a reng ka bona ho Ezekiele ha a re: “Bona! Ho bona u joaloka pina e tsosang maikutlo a lerato, joaloka motho ea nang le lentsoe le letle ’me a letsa seletsa se likhoele hantle. Ka sebele ba tla utloa mantsoe a hao, empa ha ho le ea mong ea a phethang.” (Ezek. 33:​32) Re ka ’na ra thatafalloa ho bolella motho hore re khaotsa thuto. Leha ho le joalo, “nako e setseng e fokotsehile.” (1 Bakor. 7:​29) Ho e-na le ho senya nako re ithuta le motho ea sa etseng liphetoho, re lokela ho leka ho fumana batho ba bontšang hore ba na le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.”​—Bala Liketso 13:48.

Ho ka ’na ha e-ba le batho ba bang ba ntseng ba rapella ho fumana thuso tšimong ea heno (Sheba serapa sa 20)

21. Temana ea rona ea selemo ea 2020 e re’ng, hona ke hobaneng ha e loketse?

21 Temana ea rona ea selemo ea 2020 e tla re thusa ho ntlafatsa mokhoa oa rona oa ho etsa barutuoa. E na le mantsoe a mang ao Jesu a ileng a a bua ha a le sebokeng sa bohlokoa thabeng ea Galilea a reng: “Ka hona e-eang ’me le etse batho . . .  barutuoa, le ba kolobetse.”​Mat. 28:19.

Re batla ho ntlafatsa bokhoni ba rona ba ho etsa batho barutuoa le ho thusa liithuti tsa rona hore li kolobetsoe (Sheba serapa sa 21)

PINA EA 70 Le Batle ba Lipelo li Ntle

^ ser. 5 Temana ea rona ea selemo ea 2020 e re khothaletsa ho ‘etsa barutuoa.’ Bahlanka bohle ba Jehova ba lokela ho mamela taelo ena. Re ka susumetsa batho bao re ithutang Bibele le bona joang hore ebe barutuoa ba Kreste? Sehlooho sena se tl’o re thusa ho bona hore na re ka thusa lithuto tsa rona joang ho atamela haufi le Jehova. Re tla boela re bone hore na ke eng e ka re thusang ho etsa qeto ea hore na re khaotsa thuto kapa che.