Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 2

U ka ba “Thuso e Matlafatsang”

U ka ba “Thuso e Matlafatsang”

“Bana ke bona feela basebetsi-’moho le ’na bakeng sa ’muso oa Molimo, ’me ba fetohile thuso e matlafatsang ho ’na.”​—BAKOL. 4:11.

PINA EA 90 Le Khothatsane

SELELEKELA *

1. Bahlanka ba bangata ba Jehova ba thulana le maemo afe a ba tšoenyang?

LEFATŠENG lohle, bahlanka ba bangata ba Jehova ba thulana le maemo a mangata a bohloko le a ba tšoenyang. E ka ’na eaba phuthehong ea heno ho na le Bakreste ba nang le mathata a latelang. Bakreste ba bang ba na le bokuli bo sa eeng moriting, ha ba bang bona ba oele ka phatla. Ba bang bona ba utloile bohloko hobane setho se seng sa lelapa se khaolitse ho sebeletsa Jehova. Athe ba bang bona ba mamelletse mathata ao ba bileng le ’ona ka lebaka la likoluoa tsa tlhaho. Bara le barali bana babo rona ba hloka ho tšelisoa. Re ka ba thusa joang?

2. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling moapostola Pauluse a ne a hloka ho tšelisoa?

2 Bophelo ba moapostola Pauluse bo ile ba e-ba kotsing ka makhetlo a mangata. (2 Bakor. 11:​23-28) O ile a tlameha le ho mamella “moutloa nameng” ’me mohlomong e ne e le bothata ba bokuli bo itseng. (2 Bakor. 12:7) Hape o ile a utloa bohloko ha Demase eo e neng e le mosebetsi-’moho le eena a mo tlohela hobane ‘Demase a ile a rata tsamaiso ena ea lintho.’ (2 Tim. 4:​10) Ke ’nete hore Pauluse e ne e le motlotsuoa ea sebete, ea neng a rata ho thusa batho ba bang kahohle-hohle, empa le eena ka linako tse ling o ne a nyahama.​—Bar. 9:​1, 2.

3. Pauluse o ile a khothatsoa le ho tšehetsoa ke mang?

3 Pauluse o ile a fumana matšeliso le tšehetso tseo a neng a li hloka. Joang? Jehova o ile a sebelisa moea o halalelang ho mo matlafatsa. (2 Bakor. 4:7; Bafil. 4:​13) O ile a boela a sebelisa Bakreste-’moho le Pauluse ho mo tšelisa. Pauluse o ile a re basebetsi-’moho le eena ba bang ke “thuso e matlafatsang ho eena.” (Bakol. 4:​11) Ba bang bao a ileng a ba bitsa ka mabitso ke Aristakase, Tykikase le Mareka. Ba ile ba matlafatsa Pauluse ’me ba mo thusa hore a mamelle. Ke makhabane afe a ileng a thusa Bakreste baa ba bararo hore ba khone ho tšelisa batho ba bang? Re ka etsisa mohlala oa bona joang ha re leka ho tšelisana le ho khothatsana?

E-BA MOTSOALLE OA ’NETE JOALOKA ARISTAKASE

Re ka ba metsoalle ea ’nete joaloka Aristakase ho Bakreste-’moho le rona ka hore re ba khomarele “ha ho e-na le mahlomola” (Sheba serapa sa 4 le 5) *

4. Aristakase o ile a bontša joang hore ke motsoalle oa ’nete oa Pauluse?

4 Aristakase oa Thesalonika e Macedonia o ile a bontša hore ke motsoalle oa ’nete oa Pauluse. Re bala ka Aristakase ka lekhetlo la pele tlalehong ea ha Pauluse a ne a etetse Efese leetong la hae la boraro la boromuoa. Aristakase o ile a tšoaroa ke mokhopi ha a ne a felehelitse Pauluse. (Lik. 19:​29) Ka mor’a hore a lokolloe ha a ka a batla hore a itšireletse empa o ile a lula e e-na le Pauluse. Likhoeli hamorao ha ba le Greece, Aristakase o ile a lula a ntse a tšehelitse Pauluse le ha lira tsa Pauluse li ne li ntse li batla ho mo bolaea. (Lik. 20:​2-4) Hoo e ka bang ka selemo sa 58, ha Pauluse a ne a isoa Roma e le motšoaruoa, Aristakase o ne a e-na le eena leetong leo le letelele. Hape ka bobeli ba ile ba mamella mathata a ho robeheloa ke sekepe tseleng. (Lik. 27:​1, 2, 41) Ka mor’a hore ba fihle Roma, ho ka etsahala hore ebe Aristakase o ile a qeta nako e itseng a e-na le Pauluse teronkong. (Bakol. 4:​10) Ha ho makatsa hore ebe Pauluse o ile a ikutloa a khothetse a bile a fumane matšeliso ho motsoalle eo oa hae ea tšepahalang.

5. Ho ea ka Liproverbia 17:​17, re ka ba metsoalle ea ’nete joang?

Joaloka Aristakase, re lokela ho ba metsoalle ea ’nete ka hore re tšehetse bara le barali babo rona, e seng feela ha ho le monate empa le ha ho e-na le mahlomola. (Bala Liproverbia 17:​17.) Esita le ha ho ka feta nako e telele bara le barali babo rona ba hlahetsoe ke mathata, ho ka ’na ha etsahala hore ba hloke ho tšelisoa. Mor’abo rona Frances  * eo batsoali ba hae ba ileng ba hlokahala ba sieana ka likhoeli tse tharo ka lebaka la lefu la kankere o re: “Ke nahana hore mathata a boima a re utloisa bohloko nako e telele. Ke ananela hore ebe ke na le metsoalle ea ’nete e utloisisang hore le hoja batsoali ba ka ba hlokahetse khale, ke ntse ke utloisoa bohloko ke lefu la bona.”

6. Haeba re tšepahala, re tla etsa’ng?

6 Metsoalle ea ’nete e tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe hore e thuse Bakreste-’moho le eona. Mohlala, ngaka e ile ea bolella Mor’abo rona Peter hore o tšoeroe ke lefu le tl’o mpefala kapele le be le mo bolaee. Mohats’ae Kathryn o re: “Banyalani ba bang bao re kopanelang le bona ba ne ba ile le rona ngakeng ha re tla fumana hore na mohatsa’ka o tšoeroe ke eng. Ba ile ba etsa qeto ea hore ba tla lula ba re tšehelitse nako eohle ’me ho ile ha fela ha e-ba joalo.” Hoa tšelisa ho ba le metsoalle ea ’nete e ka re thusang ho mamella mathata a rona.

E-BA MOTSOALLE EA TŠEPAHALANG JOALOKA TYKIKASE

Joaloka Tykikase, re ka ba metsoalle e ka tšeptjoang ha batho ba bang ba tobane le mathata (Sheba serapa sa 7 ho ea ho sa 9) *

7-8. Ho ea ka Bakolose 4:​7-9, Tykikase o ile a bontša joang hore ke motsoalle ea tšepahalang?

7 Mokreste ea bitsoang Tykikase, ea neng a lula Asia e Roma e ne e le motsoalle ea tšepahalang oa Pauluse. (Lik. 20:4) Hoo e ka bang ka selemo sa 55, Pauluse o ile a lokisetsa hore ho bokelloe chelete e neng e tl’o thusa Bakreste ba Judea ’me ho ka etsahala hore ebe Tykikase o ile a thusana ka mosebetsi ona oa bohlokoa. (2 Bakor. 8:​18-20) Hamorao ha Pauluse a ne a le teronkong Roma ka lekhetlo la pele, Tykikase o ile a sebetsa joaloka lenģosa la hae. O ile a isa melaetsa le mangolo a Pauluse a khothatsang liphuthehong tse Asia.​—Bakol. 4:​7-9.

8 Tykikase o ile a lula e le motsoalle ea tšepahalang ho Pauluse. (Tite 3:​12) Mehleng eo, ha se Bakreste bohle ba neng ba ka tšeptjoa joaloka Tykikase. Hoo e ka bang ka selemo sa 65, nakong eo Pauluse a neng a tšoeroe ka lekhetlo la bobeli, o ile a re Bakreste ba bangata ba Asia ba ne ba qoba ho itsoakanya le eena, mohlomong hobane ba ne ba tšaba bahanyetsi. (2 Tim. 1:​15) Empa Tykikase o ne a ntse a ka tšeptjoa ’me Pauluse o ile a mo roma hape. (2 Tim. 4:​12) E tlameha ebe Pauluse o ile a ananela haholo hore ebe o na le motsoalle ea kang Tykikase.

9. Re ka etsisa Tykikase joang?

9 Re ka etsisa Tykikase ka hore re be metsoalle e tšepahalang. Ka mohlala, ha re tšepise Bakreste-’moho le rona feela hore re tla ba thusa ha ba hloka thuso empa ehlile re ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. (Mat. 5:​37; Luka 16:​10) Haeba batho ba hlokang thuso ba kholisehile hore re tla ba thusa, seo se tla ba khothatsa haholo. Morali’abo rona e mong o hlalosa lebaka, o re: “Ho bonolo ho lula u khobile matšoafo ha u tseba hore motho ea tšepisitseng ho u thusa o tla fela a fihle ka nako ho tla etsa ntho eo a u tšepisitseng eona.”

10. Ho ea ka Liproverbia 18:​24 batho ba nang le mathata ba ka fumana matšeliso hokae?

10 Batho ba nang le mathata kapa ba soetsehileng ba ka fumana matšeliso haeba ba bua le metsoalle ea bona e tšepahalang. (Bala Liproverbia 18:​24.) Mor’abo rona Bijay o ile a utloa bohloko haholo ka mor’a hore mora oa hae a khaoloe o re: “Ke ne ke ikutloa ke hloka ho bolella motho eo ke mo tšepang maikutlo a ka.” Mor’abo rona Carlos eena ha a ka tsoela pele a sebeletsa ka phuthehong joaloka ka pele ka mor’a hore a etse phoso. O re: “Ke ne ke batla motho eo nka mo bolellang mabina-bine a pelo ea ka kantle le hore a nkahlole.” Mor’abo rona Carlos o ile a bolella baholo mabina-bine ao a pelo ea hae ’me ba ile ba mo thusa hore a hlole bothata boo ba hae. O ne a boetse a tšelisoa ke hore baholo ba tseba ho boloka makunutu, ba ke ke ba joetsa motho leha e le ofe.

11. Re ka ba metsoalle e ka tšepeloang makunutu joang?

11 Re lokela ho ba le mamello e le hore re be metsoalle e ka tšepeloang makunutu. Ka mor’a hore monna oa Morali’abo rona Zhanna a mo siee, o ile a thusoa ke ho bolella metsoalle ea hae e haufi-ufi hore na o ikutloa joang. O re: “Ka mamello eohle ba ile ba ’mamela le hoja nako le nako ke ne ke lula ke pheta ntho e tšoanang.” Le rona re ka bontša hore re metsoalle ea bohlokoa ka hore re mamele ha batho ba bang ba bua le rona.

IKEMISETSE HO SEBELETSA JOALOKA MAREKA

Ka mosa Mareka o ile a thusa Pauluse hore a khone ho mamella, le rona re ka thusa Bakreste-’moho le rona linakong tseo ba nang le tlokotsi (Sheba serapa sa 12 ea ho sa 14) *

12. Mareka e ne e le mang, hona o ile a bontša joang hore o ikemiselitse ho sebeletsa batho ba bang?

12 Mareka e ne e le Mokreste oa Mojuda ea lulang Jerusalema. Motsoala oa hae Barnabase e ne e le moromuoa ea tsebahalang. (Bakol. 4:​10) Ho bonahala eka lelapa labo Mareka le ne le eme hantle licheleteng empa chelete le maruo e ne e se ntho tsa bohlokoa haholo ho Mareka. Mareka o ne a rata ho sebeletsa batho ba bang ’me ho etsa joalo ho ne ho mo thabisa haholo. Mohlala, ka linako tse ling o ne a sebetsa le moapostola Pauluse le moapostola Petrose ha ba ntse ba etsa mesebetsi ea bona. Ho ka etsahala hore ebe o ne a ba rekela lijo, a ba batlela moo ba ka lulang teng ’me a ba etsetsa le lintho tse ling tse joalo. (Lik. 13:​2-5; 1 Pet. 5:​13) Pauluse o ile a hlalosa Mareka e le e mong oa “basebetsi-’moho le eena bakeng sa ’Muso oa Molimo” le “thuso e matlafatsang ho eena.”​—Bakol. 4:​10, 11.

13. 2 Timothea 4:​11 e bontša joang hore Pauluse o ile a ananela mosebetsi oo Mareka a neng a o etsa ka botšepehi?

13 Mareka e ile ea e-ba e mong ea metsoalle ea Pauluse e haufi-ufi. Ka mohlala, hoo e ka bang ka selemo sa 65 ha Pauluse a ne a le teronkong ka lekhetlo la ho qetela Roma, o ile a ngola lengolo la bobeli le eang ho Timothea. Lengolong leo, Pauluse o ile a kopa Timothea hore a tle Roma ’me a tle le Mareka. (2 Tim. 4:​11) Ha ho potang hore Pauluse o ile a ananela mosebetsi oo Mareka a ileng a o etsa nakong e fetileng hoo a ileng a kopa Mareka hore a tl’o ba le eena nakong eo e thata. Mohlomong Mareka o ile a thusa Pauluse ka hore a mo fe lijo kapa a mo thuse ka lintho tseo a neng a li sebelisa ha a ne a ngola. Tšehetso le khothatso tseo Pauluse a ileng a li fumana ho bonahala e le tsona tse ileng tsa mo thusa hore a khone ho mamella matsatsing a ho qetela pele a bolaoa.

14-15. Matheu 7:​12 e ka re thusa joang hore re thuse batho ba bang ka lintho tseo ba li hlokang?

14 Bala Matheu 7:​12. Ha re e-na le mathata, re ananela batho ba re thusang ka lintho tseo re li hlokang. Mor’abo rona Ryan eo ntate oa hae a ileng a hlokahalla kotsing e sehlooho ea tšohanyetso o re: “Ha re e-na le mathata ha ho bonolo hore re etse lintho tseo re neng re tloaetse ho li etsa letsatsi le letsatsi. Ho tšelisa haholo ha motho a ka u thusa ka ntho e ’ngoe e itseng le hoja ho ka bonahala eka ntho eo ke ntho e nyenyane.

15 Haeba re le hlokolosi re bile re le seli, re ka khona ho thusa batho ka lintho tseo ba hlileng ba li hlokang. Mohlala, Morali’abo rona e mong o ile a etsa qeto ea hore a thuse Mor’abo rona Peter le mohats’ae bao re buileng ka bona pejana hore ba khone ho bona ngaka ka matsatsi ’ohle ao ngaka e itseng ba ee ka ’ona. Kaha Mor’abo rona Peter le mohats’ae ba ne ba se ba sa khone ho khanna, morali enoa oa bo rona o ile a etsa tlhophiso ea hore Bakreste-’moho le eena ba thusane ka ho felehetsa banyalani bana ka matsatsi ka ho fapana. Na tlhophiso ee ile ea ba thusa? Morali’abo rona Kathryn o re: “Ho ile ha ba ha re kokololo, ra utloa eka ho na le moroalo o tlositsoeng mahetleng a rona.” Kamehla lula u hopola hore le ha u etsetsa batho lintho tse nyenyane feela, li ka ba tšelisa haholo.

16. Ke thuto efe ea bohlokoa eo re ithutileng eona mohlaleng oa Mareka oa ho tšelisa batho ba bang?

16 Morutuoa Mareka ea phetseng mehleng ea Jesu o ne a lula a phathahane. O ne a e-na le lintho tsa bohlokoa tseo a neng a lokela ho li etsa bakeng sa Jehova tse akarelletsang ho ngola Kosepele e rehelletsoeng ka lebitso la hae. Leha ho le joalo, Mareka o ile a ipha nako e le hore a tšelise Pauluse ’me le Pauluse o ne a ikutloa a lokolohile hore a kope thuso ho Mareka. Morali’abo rona Angela ea ileng a utloa bohloko haholo ha mong ka eena a bolaoa o ile a ananela haholo hore ebe ho ile ha e-ba le batho ba neng ba mo tšelisa. O re: “Ha u bona hore ehlile batho ba batla ho u thusa ho ba bonolo hore u buisane le bona. Kannete oa hlokomela hore ba batla ho u thusa ebile ha ba tšabe ho u thusa ka eng kapa eng.” Re ka ’na ra ipotsa, ‘Na ke tsebahala ke le motho ea ikemiselitseng ho tšelisa Bakreste-’moho le ’na ka lintho tseo ba li hlokang?’

IKEMISETSE HO TŠELISA BATHO BA BANG

17. Ho nahanisisa ka 2 Bakorinthe 1:​3, 4, ho ka re susumetsa joang ho tšelisa batho ba bang?

17 Ho bonolo ho fumana bara le barali babo rona ba hlokang ho tšelisoa. Re ka ’na ra sebelisa matšeliso ao re ileng ra tšelisoa ka ’ona nakong e fetileng ho tšelisa batho ba bang. Morali’abo rona Nino ea ileng a hlokahalloa ke nkhono oa hae o re: “Jehova a ka khona ho re sebelisa hore re tšelise batho ba bang haeba re mo lumella hore a re sebelise.” (Bala 2 Bakorinthe 1:​3, 4.) Mor’abo rona Frances eo re buileng ka eena pejana o re: “Mantsoe a hlahang ho 2 Bakorinthe 1:​3, 4, ke ’nete. Re ka khona ho fetisetsa matšeliso ao re ileng ra tšelisoa ka ’ona ho batho ba bang.”

18. (a) Ke hobane’ng ha batho ba bang ba tšaba ho tšelisa batho ba bang? (b) Re ka thusoa ke eng hore re khone ho tšelisa batho ba bang? Fana ka mohlala.

18 Re lokela ho batlana le mekhoa e fapa-fapaneng e le hore re tšelise batho ba bang, le haeba re tšaba ho etsa joalo. Ka mohlala, haeba motho e mong a hloka ho tšelisoa, re ka ’na tšaba ho mo tšelisa hobane re sa tsebe hore na re re’ng kapa re etsa’ng. Moholo e mong ea bitsoang Paul o hopola hantle lintho tseo Bakreste-’moho le eena ba neng ba li etsa ho leka ho mo tšelisa ka mor’a hore ntate oa hae a hlokahale. O re: “Ke ne ke bona hore ho ne ho se bonolo hore ba nkatamele ba buisane le ’na. Ba ne ba sa tsebe hore na ba ka re’ng. Empa ke ile ka ananela boiteko bohle boo ba bo entseng ba ho ntšelisa le ho ntšehetsa.” Mor’abo rona Tajon ea ileng a angoa ke tšisinyeho ea lefatše o re: “Ha ke hopole molaetsa o mong le o mong oo ba ileng ba nthomella oona ka mor’a ketsahalo ena empa ntho eo ke e hopolang ke hore ba ne ba ntsotella haholo hoo ba neng ba batla ho utloa hore na ke sireletsehile.” Re ka khona ho atleha ho tšelisa batho ba bang haeba feela re hlile re le batho ba tsotellang.

19. Ke eng e ka u susumetsang hore u be “thuso e matlafatsang” ho batho ba bang?

19 Kaha bofelo bo ntse bo atamela, bophelo bo tla ba boima ’me le lefatše le tla senyeha le ho feta. (2 Tim. 3:​13) ’Me re tla lula re hloka ho tšelisoa hobane ha re ea phethahala ebile re lula re etsa liphoso. Moapostola Pauluse o ile a khona ho lula a mamella bophelo bohle ba hae a tšepahala, ka lebaka la matšeliso ao a ileng a fumana ho Bakreste-’moho le eena. E se eka re ka ikemisetsa ho ba metsoalle ea ’nete joaloka Aristakase, re be metsoalle e ka tšeptjoang joaloka Tykikase le hore re ikemisetse ho sebeletsa joaloka Mareka. Ha re etsa joalo, re tla khona ho thusa bara le barali babo rona hore ba tiee tumelong.​—1 Bathes. 3:​2, 3.

^ ser. 5 Moapostola Pauluse o ile a thulana le mathata a mangata bophelong ba hae. Linakong tse thata, basebetsi-’moho le eena ba itseng e ile ea e-ba thuso e matlafatsang haholo ho eena. Re tl’o bua ka makhabane a mararo a ileng a etsa hore basebetsi-’moho le eena bao ba ipabole ka ho tšelisa batho ba bang. Re tla boela re bone hore na re ka etsisa mehlala ea bona joang ha re tšelisa batho ba bang ka ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang.

^ ser. 5 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

PINA EA 111 Mabaka a Rona a ho Thaba

^ ser. 56 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Aristakase le Pauluse ba ile ba mamella mathata ’moho ha sekepe se robeha.

^ ser. 58 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Pauluse o ne a tšepa Tykikase haholo hoo a neng a mo fa mangolo a eang liphuthehong.

^ ser. 60 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mareka o ile a thusa Pauluse ka lintho tseo a neng a li hloka.