Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 2

O ka Kgothatsa ba Bang Jwang?

O ka Kgothatsa ba Bang Jwang?

“Bana ke bona feela basebetsimmoho le nna bakeng sa Mmuso wa Modimo, mme ba fetohile thuso e matlafatsang ho nna.”​—BAKOL. 4:11.

PINA YA 90 Le Kgothatsane

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke mathata afe ao bahlanka ba bangata ba tshepahalang ba Jehova ba kopanang le ona?

LEFATSHENG lohle, bahlanka ba bangata ba Jehova ba kopana le maemo a ba utlwisang bohloko. Na ke sona seo o se hlokometseng phuthehong ya heno? Bakreste ba bang ba utlwiswa bohloko ke ho kula kapa ho hlokahallwa ke motho eo ba mo ratang. Ba bang ba mamelletse bohloko ba ho bona ha e mong wa leloko kapa motswalle a tlohella ho sebeletsa Jehova. Ha ba bang bona ba hlahetswe ke dikoduwa tsa tlhaho. Ka hoo, bara le baradi bana babo rona ba hloka ho kgothatswa. Jwale re ka ba thusa jwang?

2. Ke hobaneng ha ka dinako tse ding moapostola Pauluse a ne a hloka ho kgothatswa?

2 Bophelo ba moapostola Pauluse bo ne bo eba kotsing ka makgetlo a mangata. (2 Bakor. 11:23-28) O ne a boetse a lokela ho mamella “moutlwa nameng,” mme ho ka etsahala hore e ne e le ho kula. (2 Bakor. 12:7) Hape o ile a swetseha ha Demase eo a neng a sebetsa le yena a mo tlohela, ka ha “o ile a rata tsamaiso ya dintho ya hona jwale.” (2 Tim. 4:10) Pauluse e ne e le motlotsuwa ya neng a rata ho fana ebile a thusa batho ba bang, empa ka dinako tse ding o ne a ikutlwa a nyahame.​—Bar. 9:1, 2.

3. Jehova o ile a kgothatsa Pauluse jwang?

3 Pauluse o ile a fumana kgothatso eo a neng a e hloka. Jwang? Jehova o ile a sebedisa moya o halalelang ho mo matlafatsa. (2 Bakor. 4:7; Bafil. 4:13) O ile a boela a sebedisa Bakrestemmoho ho mo kgothatsa. Pauluse o ile a re ba bang ba Bakrestemmoho, ke ‘thuso e matlafatsang ho yena.’ (Bakol. 4:11) Ba bang bao a ileng a bua ka bona ke Aristakase, Tykikase le Mareka. Ba ile ba matlafatsa Pauluse ka ho mo thusa hore a mamelle. Ke makgabane afe a ileng a thusa Bakreste bana ba bararo hore e be batho ba kgothatsang? Re ka etsisa mohlala wa bona jwang ha re leka ho kgothatsana?

TSHEPAHALA JWALO KA ARISTAKASE

Jwalo ka Aristakase, re ka ba metswalle e tshepahalang ka hore re dule re ena le bara le baradibabo rona ‘ha ba ena le mahlomola’ (Sheba serapa sa 4 le 5) *

4. Aristakase o ile a bontsha jwang hore ke motswalle ya tshepahalang wa Pauluse?

4 Aristakase e leng Mokreste ya tswang Thesalonika e Macedonia, o ile a bontsha hore ke motswalle ya tshepahalang wa Pauluse. Lekgetlo la pele moo re balang ka Aristakase ka Bibeleng, ke ha Pauluse a ne a etetse Efese “leetong la hae la boraro la boromuwa.” Ha Aristakase a ntse a tsamaya le Pauluse, o ile a tshwarwa ke sehlopha sa batho. (Lik. 19:29) Le ha ho le jwalo ka mora hore a lokollwe, ha a ka a tlohela Pauluse e le hore a itshireletse empa ka botshepehi o ile a dula a ena le yena. Dikgwedi tse mmalwa ka mora moo ha ba le Greece, dira tsa Pauluse di ne di ntse di leka ho mo bolaya, empa Aristakase o ile a tswela pele a le ka lehlakoreng la hae. (Lik. 20:2-4) Hoo e ka bang ka selemo sa 58 ha Pauluse a ne a ya teronkong Roma, ka bobedi ba ile ba mamella mathata ha sekepe sa bona se ne se senyeha leetong le yang Roma. (Lik. 27:1, 2, 41) Ho bonahala ha ba fihla moo, Aristakase o ile a dula le Pauluse teronkong ka nakwana. (Bakol. 4:​10) Ha ho makatse hore ebe Pauluse o ile a kgothatswa ke ho ba le motswalle ya tshepahalang jwalo.

5. Ho ya ka Liproverbia 17:17, re ka ba metswalle e tshepahalang jwang?

5 Jwalo ka Aristakase, re ka ba metswalle e tshepahalang ka hore re dule re ena le bara le baradibabo rona ‘ha ba ena le mahlomola.’ (Bala Liproverbia 17:17.) Esita le ka mora hore bothata ba bona bo fete, ba ntse ba hloka ho kgothatswa. Frances * ya ileng a hlokahallwa ke ntate ka lebaka le kankere mme dikgwedi tse tharo ka mora moo, a hlokahallwa ke Mme ka lebaka la yona, o re: “Ke nahana hore maemo a thata ao re kopanang le ona a re utlwisa bohloko ka nako e telele. Ka hoo, ke ananela metswalle e tshepahalang e hopolang hore ke ntse ke utlwile bohloko le hoja ho se ho fetile nako batswadi ba ka ba hlokahetse.”

6. Ho tshepahala ho ka re susumelletsa hore re etseng?

6 Metswalle e tshepahalang e fana ka nako le matla a bona ho thusa Bakrestemmoho. Ka mohlala, ngaka e ile ya bolella morabo rona Peter hore o na le bolwetse bo ka nnang ba mo bolaya. Mosadi wa hae Kathryn o re: “Banyalani ba bang phuthehong ba ile ba tsamaya le rona ha re ne re ilo utlwa ka bolwetse ba Peter. Ka mora hore ba utlwe ka bolwetse bona, ba ile ba etsa qeto ya hore ba tla dula ba ena le rona ha re ba hloka le ho re thusa ho mamella boemo bona.” Ka nnete ke ho kgothatsang ho ba le metswalle ya nnete, e tla re thusa ho mamella mathata.

EBA MOTSWALLE WA NNETE JWALO KA TYKIKASE

Re ka etsisa Tykikase ka hore re be metswalle ya nnete ha ba bang ba hlahelwa ke mathata (Sheba serapa sa 7-9) *

7, 8. Ho ya ka Bakolose 4:7-9, Tykikase o ile a bontsha jwang hore ke motswalle wa nnete?

7 Tykikase e leng Mokreste ya tswang Seterekeng sa Roma se bitswang Asia, o ile a bontsha hore ke motswalle wa nnete wa Pauluse. (Lik. 20:4) Hoo e ka bang ka selemo sa 55, Pauluse o ile a hlophisa hore ho ntshwe monehelo o tla thusa Bakreste ba Juda mme ho ka etsahala hore o ile a kopa Tykikase hore a o bokelle. (2 Bakor. 8:18-20) Ha morao ha Pauluse a ne a le teronkong Roma ka lekgetlo la pele, Tykikase e ne e le yena ya neng a isa mangolo a kgothatsang a Pauluse diphuthehong tse Asia.​—Bakol. 4:7-9.

8 Tykikase o ile a dula e le motswalle wa nnete wa Pauluse. (Tite 3:12) Ha se Bakreste bohle mehleng eo, bao e neng e eba metswalle ya nnete jwalo ka Tykikase. Hoo e ka bang ka selemo sa 65 ka lekgetlo la bobedi Pauluse a le teronkong, o ile a ngola a re banna ba bangata ba Bakreste ba Asia ha ba a ka ba qeta nako le yena hobane ba ne ba tshaba bahanyetsi. (2 Tim. 1:15) Ho ntse ho le jwalo, Pauluse o ne a tshepa Tykikase mme o ile a mo fa mosebetsi o mong. (2 Tim. 4:12) E tlameha e be Pauluse o ne a ananela ho ba le motswalle ya tshwanang le Tykikase.

9. Re ka etsisa Tykikase jwang?

9 Re ka etsisa Tykikase ka hore re be metswalle ya nnete. Ka mohlala, ha re bue feela hore re tla thusa bara le baradibabo rona empa re etsa ho itseng ho ba thusa. (Mat. 5:37; Luka 16:10) Bakrestemmoho ba ka kgothala haholo ha ba tseba hore re tla ba thusa. Moradiwabo rona e mong o dumellana le sena ka hore: “Ha ho hlokahale hore o tshwenyehe, ka ha o a tseba hore motho ya itseng o tla o thusa o tla phethahatsa tshepiso ya hae.”

10. Ho ya ka Liproverbia 18:24, batho ba nang le mathata ba ka fumana kgothatso hokae?

10 Hangata batho ba nang le mathata ba kgothatswa ke ho buisana le motswalle eo ba mo tshepang. (Bala Liproverbia 18:24.) Bijay o ile a utlwa bohloko haholo ha mora wa hae a ne a kgaolwa, o re: “Ke ne ke hloka ho bolella motho eo ke mo tshepang ka moo ke ikutlwang ka teng.” Carlos ya ileng a lahlehelwa ke ditokelo tseo a neng a ena le tsona ka phuthehong ka lebaka la phoso eo a ileng a e etsa, o re: “Ke ne ke hloka motho eo nka buang le yena ntle le hore a nkahlole.” Carlos o ile a fumana hore a ka bua le baholo mme ba ile ba mo thusa ho sebetsana le bothata ba hae. O ne a boetse a kgothatswa ke ho tseba hore baholo ba ke ke ba bolella batho ba bang dintho tseo a ba bolelletseng tsona.

11. Ke jwang re ka bang metswalle e ka tsheptjwang?

11 E le hore re be metswalle e ka tsheptjwang, re hloka ho ba le mamello. Zhanna o ile a kgothatswa ke metswalle ya hae e haufi ka mora hore monna wa hae a mo tlohele. O re: “Ba ile ba mmamela le hoja ke ne ke ba bolella ntho e le nngwe hangata, ba ne ba ena le mamello.” Ka hoo, le wena o ka ba motswalle wa nnete ka hore o mamele ha batho ba bang ba o bolella maikutlo a bona.

THUSA BATHO BA BANG JWALO KA MAREKA

Mosa wa Mareka o ile wa thusa Pauluse hore a mamelle, ka hoo le rona re ka thusa Bakrestemmoho hore ba mamelle dinakong tse thata (Sheba serapa sa 12 le 14) *

12. Mareka ke mang, hona o ile a bontsha jwang hore o ikemiseditse ho thusa batho ba bang?

12 Mareka e ne e le Mokreste wa Mojuda ya neng a tswa Jerusalema. Motswalae Barnabase e ne e le moromuwa ya tsebahalang. (Bakol. 4:10) Lelapa labo Mareka le ne le ruile, empa yena ha a ka a nka maruo e le ntho e tlang pele bophelong ba hae. Ntho e neng e mo thabisa bophelong, e ne e le ho thusa batho ba bang. Ka mohlala, hangata o ne a sebetsa le moapostola Pauluse le Petrose ha ba ntse ba phetha dikabelo tsa bona. Ho ka etsahala hore o ne a ba thusa ka ho ba rekela dijo, ho ba batlela bodulo kapa dintho tse kang tsena. (Lik. 13:2-5; 1 Pet. 5:13) Pauluse o ile a re Mareka ke e mong wa ‘basebetsimmoho le yena bakeng sa Mmuso wa Modimo’ le hore ke “thuso e matlafatsang.”​—Bakol. 4:10, 11.

13. 2 Timothea 4:11 e bontsha jwang hore Pauluse o ne a ananela thuso eo Mareka a neng a mo fa yona?

13 Mareka e ile ya eba motswalle ya haufi wa Pauluse. Ka mohlala, hoo e ka bang ka selemo sa 65 ha Pauluse a ne a le teronkong Roma ka lekgetlo la ho qetela, o ile a ngolla Timothea lengolo la bobedi. Lengolong leo, Pauluse o ile a kopa Timothea hore a tle le Mareka Roma. (2 Tim. 4:11) Ha ho pelaelo hore Pauluse o ne a ananela thuso eo Mareka a neng a mo fa yona, ke ka hoo a ileng a mo kopa hore a tle ho yena nakong eo ya bohlokwa. E ka nna ya ba Mareka o ile a thusa Pauluse ka ho mo fa dijo le dintho tseo a neng a tla di sebedisa ho ngola. Tshehetso le kgothatso eo Pauluse a ileng a e fumana, e ile ya mo thusa hore a mamelle matsatsi a ho qetela pele a bolawa.

14, 15. Ho ya ka Matheu 7:12, ke jwang re ka thusang batho ba bang ka dintho tseo ba di hlokang?

14 Bala Matheu 7:12. Ha re kopana le mathata, re a thaba ha batho ba bang ba re thusa ka dintho tseo re di hlokang. Ryan eo Ntate wa hae a ileng a hlokahala ka tshohanyetso, o re: “Ho na le dintho tse ngata tseo o ka kgonang ho di etsa letsatsi le letsatsi, tseo ho ka bonahalang ho le thata ho di etsa ha o ena le mathata. Ka hoo, ke ho kgothatsang ha motho a o thusa ka ntho eo o e hlokang ho sa tsotellehe hore na e kae.”

15 Haeba re ela hloko dintho tseo batho ba bang ba di hlokang, ho tla ba bonolo hore re ba thuse. Ka mohlala, moradiwabo rona o ile a nka qeto ya ho thusa Peter le Kathryn bao re buileng ka bona qalong ha ba ntse ba ya ngakeng. Ka ha Peter le Kathryn ba ne ba se ba sa kgone ho kganna, moradiwabo rona o ile a hlophisa le bara le baradibabo rona hore ba thusane ka ho ba isa ngakeng. Na tlhophiso eo e ile ya thusa? Kathryn o re: “Re ile ra ikutlwa re imolohile.” Ka hoo, o lokela ho hopola hore thuso eo o e fang batho ba bang ke ya bohlokwa ho sa tsotellehe hore na e kae.

16. Re ithuta thuto e fe ya bohlokwa mohlaleng wa Mareka mabapi le ho kgothatsa?

16 Mareka e leng morutuwa ya phetseng mehleng ya Jesu, o ne a amehile ka ho etsa mosebetsi wa Modimo. O ne a ena le mosebetsi wa bohlokwa o akarelletsang ho ngola Kosepele e ileng ya bitswa ka lebitso la hae. Le ha ho le jwalo, o ne a ipha nako ya ho kgothatsa Pauluse, e leng se neng se etsa hore a se ke a tshaba ho kopa thuso ya hae. Angela eo nkgono wa hae a ileng a bolawa ka sehlooho, o ne a ananela batho ba neng ba mo kgothatsa. O re: “Ha metswalle e ithaopela ho o thusa, ho ba bonolo ho bua le bona.” Ka hoo ke ha bohlokwa hore re ipotse, ‘Na ke tsebahala ke le motho ya ikemiseditseng ho thusa Bakrestemmoho ka dintho tseo ba di hlokang?’

IKEMISETSE HO KGOTHATSA BATHO BA BANG

17. Ho nahanisisa ka 2 Bakorinthe 1:3, 4, ho ka re susumelletsa jwang hore re kgothatse batho ba bang?

17 Ho bonolo ho bona bara le baradibabo rona ba hlokang ho kgothatswa. Re ka nna ra ba kgothatsa ka ditsela tseo ba bang ba ileng ba re kgothatsa ka tsona. Moradiwabo rona Nino ya ileng a hlokahallwa ke nkgono o re: “Jehova a ka re sebedisa hore re kgothatse batho ba bang haeba re mo dumella.” (Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.) Frances eo re seng re buile ka yena qalong yena o re: “Mantswe a hlahang ho 2 Bakorinthe 1:4 ke nnete. Re ka kgothatsa batho ba bang ka tsela eo re ileng ra kgothatswa ka yona.”

18. (a) Ke hobaneng ha batho ba bang ba ka nna ba tshaba ho kgothatsa ba bang? (b) Ke jwang re ka atlehang ho kgothatsa ba bang? Fana ka mohlala.

18 Re lokela ho batla ditsela tsa ka moo re ka kgothatsang ba bang le ha re ka utlwa re tshoha. Ka mohlala, re ka nna ra tshoswa ke ho se tsebe hore re etseng kapa re reng ho motho ya nang le mathata. Moholo e mong ya bitswang Paul, o hopola boiteko boo batho ba bang ba ileng ba bo etsa ho mo tshedisa ka mora hore Ntate wa hae a hlokahale. O re: “Ke ne ke bona hore ho ne ho se bonolo hore ba tlo ntshedisa hobane ba ne ba sa tsebe hore na ba ka reng. Empa ke ananela hore ba ile ba ntshedisa.” Ka tsela e tshwanang, ka mora hore morabo rona Tajon a angwe ke tshisinyeho ya lefatshe o ile a re: “Ka nnete ha ke hopole melaetsa eo batho ba ileng ba nthomella yona, empa ke hopola ka moo ba neng ba nkgathalla hoo ba ileng ba etsa bonnete ba hore ke sireletsehile.” Re ka atleha ho thusa batho ba bang haeba re ba kgathalla.

19. Ke hobaneng ha o ikemiseditse ho kgothatsa batho ba bang?

19 Ka ha re phela matsatsing a ho qetela, boemo ba lefatshe bo tla mpefala le ho feta. (2 Tim. 3:​13) Ka hoo, re tla hloka ho kgothatswa ka ha ha re a phethahala ebile re tswela pele re etsa diphoso. A mang a mabaka a ileng a etsa hore Pauluse a mamelle ka botshepehi ho fihlela a bolawa, ke hobane o ile a kgothatswa ke Bakrestemmoho. E se eka re ka tshepahala jwalo ka Aristakase, ra ba metswalle ya nnete jwalo ka Tykikase le ho ithaopela ho thusa batho ba bang jwalo ka Mareka. Haeba re etsa jwalo, re tla thusa bara le baradibabo rona hore ba tswele pele ba sebeletsa Jehova ka botshepehi.​—1 Bathes. 3:2, 3.

^ par. 5 Moapostola Pauluse o ile a kopana le mathata a mangata bophelong ba hae. Nakong eo e thata, ba bang ba Bakrestemmoho ba ile ba mo kgothatsa. Ka hoo, re tlo hlahloba tse ding tsa dintho tse ileng tsa ba thusa hore ba kgone ho kgothatsa batho ba bang. Re tla boela re hlahlobe ka moo re ka latelang mohlala wa bona ka hore re thuse batho ka dintho tseo ba di hlokang.

^ par. 5 Mabitso a mang a fetotswe sehloohong sena.

PINA YA 111 Mabaka a ho Thaba

^ par. 56 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Aristakase le Pauluse ba ne ba le ha mmoho ha sekepe sa bona se senyeha.

^ par. 58 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Pauluse o ne a tshepa Tykikase hoo a ileng a mo roma hore a ise mangolo diphuthehong.

^ par. 60 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Mareka o ile a thusa Pauluse ka dintho tseo a neng a di hloka.