Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 3

U Motho oa Bohlokoa ho Jehova

U Motho oa Bohlokoa ho Jehova

“Ea ileng a re hopola ha re e-na le matšoenyeho.”​—PES. 136:​23NWT

PINA EA 33 Lahlela Moroalo oa Hao ho Jehova

SELELEKELA *

1-2. Ke mathata afe ao bahlanka ba Jehova ba tobanang le ’ona, hona a ba ama joang?

AK’U nahane ka mehlala ena e meraro, mor’abo rona o na le lefu leo ngaka e mo boleletseng hore le tla ’ne le mo qete matla hanyane ka hanyane. Mor’abo rona ea lilemo tse ka holimo ho 50 o felloa ke mosebetsi ’me ho sa tsotellehe hore na o leka ka matla hakae, ha a khone ho fumana o mong. Morali’abo rona ea holileng o se a sa khone ho sebeletsa Jehova joaloka pele.

2 Haeba u na le bothata bo tšoanang le bo hlalositsoeng mehlaleng e ka holimo, u ka ’na oa ikutloa u se na thuso. Maemo ao a ka etsa hore u se ke oa thaba, u ikhalale ’me a etsa hore likamano tsa hao le batho ba bang li senyehe.

3. Na Satane le batho bao a ba susumetsang ba nka bophelo bo le bohlokoa?

3 Tsela eo batho ba phelang ka eona e bontša hantle hore na Satane o ikutloa joang ka bophelo. Haesale a tšoara batho joaloka lintho tse se nang thuso. Ka bokhopo bohle o ile a re Eva o tla lokoloha haeba a sa mamele Molimo le hoja a ne a tseba hantle hore phello ea ho se mamele Molimo ke lefu. Haesale e le eena ea laolang khoebo, lipolotiki le bolumeli ba bohata. Kahoo, ha ho makatse hore ebe bo-rakhoebo, bo-ralipolotiki le baeta-pele ba bolumeli ha ba nke bophelo e le ba bohlokoa ebile ha ba tsotelle hore na batho ba bang ba ikutloa joang.

4. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

4 Empa ho fapana le Satane, Jehova eena o batla hore re ikutloe re le batho ba bohlokoa, ebile oa re tšehetsa ha re thulana le mathata a ka etsang hore re ikutloe re se na thuso. (Pes. 136:23; Bar. 12:3) Sehloohong se na re tl’o hlahloba hore na Jehova a ka re thusa joang maemong a latelang, (1) ha re kula, (2) ha re e-na le mathata a lichelete, le (3) ha re tsofala ’me re ikutloa eka ha ho na letho le molemo leo re ka le etsang tšebeletsong ea Jehova. Empa pele ho moo, a re ke re hlahlobeng hore na ke hobane’ng ha kaofela ha rona re ka kholiseha hore re ba bohlokoa ho Jehova.

JEHOVA O RE NKA RE LE BA BOHLOKOA

5. U tiisetsoa ke’ng hore batho ba bohlokoa ho Jehova?

5 Le hoja re bopiloe ka lerole, taba eo ha e bolele hore ha re na thuso ho Jehova. (Gen. 2:7) Ak’u nahane ka a mang a mabaka a re kholisang hore re fela re le batho ba bohlokoa ho Jehova. O bopile batho ba e-na le bokhoni ba ho etsisa makhabane a hae. (Gen. 1:​27) Ka ho etsa joalo, o entse hore batho ba be bohlokoa ho feta ntho le ha e le efe eo a e bopileng lefatšeng ’me o re file boikarabelo ba hore re hlokomele lefatše le liphoofolo.​—Pes. 8:​4-8.

6. Re na le bopaki bofe bo bong bo bontšang hore Jehova o nka batho ba sa phethahalang e le ba bohlokoa?

6 Esita le ka mor’a hore Adama a etse sebe, Jehova o ile a ’na a tsoela pele ho nka batho ba le bohlokoa. O re nka re le ba bohlokoa hoo a ileng a ba a tela Mora oa hae a le mong hore a tl’o shoela libe tsa rona. (1 Joh. 4:​9, 10) A sebelisa sehlabelo sa Jesu sa thekollo Jehova o tla tsosa bafu ba ileng ba shoa ka lebaka la sebe sa Adama. ’Me o ‘tla tsosa ba lokileng le ba sa lokang.’ (Lik. 24:​15) Lentsoe la hae le ea bontša hore re ba bohlokoa ho eena ho sa tsotellehe hore na rea kula, re kolla ntsi hanong kapa re tsofetse.​—Lik. 10:​34, 35.

7. Ke mabaka afe a mang ao bahlanka ba Jehova ba nang le ’ona a etsang hore ba lumele hore Jehova o ba nka e le ba bohlokoa?

7 Re na le mabaka a eketsehileng a etsang hore re lumele hore Jehova o re nka re le batho ba bohlokoa. O re thusitse hore re mo tsebe hape o ile a ela hloko hore na re ile ra itšoara joang ha re ne re rutoa ka eena. (Joh. 6:​44) Ha re ntse re matlafatsa kamano ea rona le eena o ile a atamela haufi le rona le ho feta. (Jak. 4:8) O boetse o qeta nako le matla a hae ho re ruta e leng ntho e re tiisetsang hore re ba bohlokoa ho eena. Oa tseba hore na re batho ba mofuta ofe le hore na re ka etsa’ng e le hore re ntlafatse. Hape oa re khalemela hobane oa re rata. (Liprov. 3:​11, 12) Kannete bona ke bopaki bo totobetseng ba hore Jehova o re nka re le batho ba bohlokoa!

8. Pesaleme ea 18:​27-29 e ka ama tsela eo re nkang mathata a rona ka eona joang?

Batho ba bang ba ne ba nka Morena Davida e le motho ea se nang thuso empa o ne a tseba hore Jehova oa mo rata ebile o mo tšehelitse. Kaha Davida o ne a tseba taba ena, e ile ea mo thusa hore a mamelle mathata a hae a e-na le maikutlo a nepahetseng. (2 Sam. 16:​5-7) Nakong eo re ikutloang re tšoenyehile kapa re tobane le mathata, Jehova a ka re thusa hore re bone lintho ka tsela e fapaneng. Hape a ka re thusa hore re hlole mathata ’ohle ao re tobanang le ’ona. (Bala Pesaleme ea 18:​27-29.) Ha Jehova a e-na le rona, ha ho na letho le ka re thibelang ho tsoela pele ho mo sebeletsa re thabile. (Bar. 8:​31) Hona joale, a re ke re hlahlobeng maemo a mararo ao ka ho khetheha a tla re thusa ho hopola hore Jehova oa re rata ebile hape o re nka re le ba bohlokoa.

HA RE KULA

Ho bala Lentsoe la Jehova le bululetsoeng ho ka re thusa hore re be le maikutlo a nepahetseng le ha re kula (Sheba serapa sa 9 ho ea ho sa 12)

9. Ho kula ho ka etsa hore re inke joang?

9 Ho kula ho ka ama maikutlo a rona ’me ha etsa hore re ikutloe re se na thuso ho mang kapa mang. Re ka ’na ra ikutloa re le lihlong ha batho ba bang ba hlokomela hore ho na le ho phoso ka rona kapa ha re se re tlameha ho itšetleha ka batho ba bang e le hore ba re thuse. Esita le haeba batho ba bang ba sa tsebe hore rea kula, re ka ’na ra ikutloa re se na thuso hobane ho se ho e na le lintho tse ngata tseo re seng re sa khone ho li etsa. Le maemong ao a nyahamisang Jehova oa re khothatsa. Joang?

10. Ho ea ka Liproverbia 12:​25, ke’ng e ka re thusang ha re kula?

10 Ha re kula mantsoe a khothatsang a ka re tsosa molota. (Bala Liproverbia 12:​25.) Ka Bibeleng, Jehova o re boleletse lintho tse ngata tse ntle tse re hopotsang hore re batho ba bohlokoa ho eena esita le haeba re kula. (Pes. 31:​19; 41:3) Haeba re bala Lentsoe la Molimo ka ho pheta-phetha, Jehova o tla re thusa hore re be le maikutlo a nepahetseng ha re kula.

11. Jehova o ile a thusa mor’abo rona e mong joang?

11 Ak’u nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Jorge. Ha a sa le mocha, o ile a tšoaroa ke lefu le ileng la tota ka ho panya ha leihlo ’me la etsa hore a ikutloe a se na thuso. O re: “Ke ne ke sa lebella hore bokuli ba ka bo tla etsa hore ke ikutloe ka tsela eo ke neng ke ikutloa ka eona kapa hore ke be lihlong hobane batho ba ne ba lula ba ncheba. Ha boemo ba ka bo ntse bo mpefala, ke ile ka nahana hore na bophelo ba ka bo tl’o fetoha joang. Ke ne ke selebaletsoe ’me ke ile ka kopa Jehova a nthuse.” Jehova o ile a mo thusa joang? Mor’abo rona Jorge o re: “Kaha maikutlo a ka a ne a farasa, ke ile ka khothalletsoa hore ke bale litemana tse seng kae feela tse hlahang bukeng ea Lipesaleme tse bontšang hore Jehova o tsotella batho ba hae. Ke ne ke lula ke bala litemana tseo ka makhetlo-khetlo letsatsi ka leng ’me ke ile ka khothala le ho ba le matla. Ha nako e ntse e ea, batho ba bangata ba ile ba hlokomela hore ke se ke le motho ea lulang a thabile. Ba ile ba boela ba re taba eo ea ba khothatsa. Ke ile ka bona hore Jehova o arabetse lithapelo tsa ka. O ile a nthusa hore ke fetole tsela eo ke neng ke inka ka eona. Ke ile ka qala ho nahana haholo ka hore na Lentsoe la hae le re o ntalima joang ho sa tsotellehe bokuli ba ka.”

12. Haeba oa kula u ka etsa’ng e le hore Jehova a u thuse?

12 Haeba oa kula, kholiseha hore Jehova o tseba hantle hore na u ikutloa joang. Mo kope hore a u thuse e le hore u ka ba le maikutlo a nepahetseng ka boemo ba hao. Ka mor’a moo, u bale Bibele e le hore u fumane molaetsa o khothatsang o tsoang ho Jehova. Nahanisisa ka litemana tse bontšang hore na Jehova o nka bahlanka ba hae e le ba bohlokoa hakaakang ho eena. Ha u etsa joalo, u tla bona hore Jehova o mosa ho bohle ba mo sebeletsang ka botšepehi.​—Pes. 84:11.

HA RE E-NA LE MATHATA A LICHELETE

Ho lula re hopola hore Jehova o re tšepisitse hore o tla re hlokomela ho tla re thusa le nakong eo ho leng thata ho fumana mosebetsi (Sheba serapa sa 13 ho ea ho sa 15)

13. Hlooho ea lelapa ha e felloa ke mosebetsi e ka ikutloa joang?

13 Hlooho e ’ngoe le e ’ngoe ea lelapa e batla ho re e khone ho hlokomela lelapa la eona ka litlhoko tseo le li hlokang. Empa a re re mohlomong Mor’abo rona o felloa ke mosebetsi le hoja ho se letho le phoso leo a le entseng. O leka ka matla hore a batle mosebetsi o mong empa mofufutso oa hae o tsoela boeeng joaloka oa ntja. Ha lintho tsena li ntse li etsahala a ka na a ikutloa a se na thuso. Ho nahana ka litšepiso tsa Jehova ho ka mo thusa joang?

14. Ke hobane’ng ha Jehova a phethahatsa litšepiso tsa hae?

14 Ka linako tsohle Jehova o phethahatsa litšepiso tsa hae. (Josh. 21:​45; 23:​14) O na le mabaka a ’maloa a ho etsa joalo. Lebaka la pele ke hore lebitso la hae le botumo ba hae lia ameha. Jehova o tšepisitse bahlanka ba hae hore o tla ba hlokomela ’me o ikutloa a tlamehile hore a phethahatse tšepiso eo. (Pes. 31:​1-3) O boetse oa tseba hore re tla utloa bohloko ha a ke ke a re hlokomela. Hape o tšepisitse ho re hlokomela ka lintho tseo re li hlokang le ho re thusa ho ba le kamano e ntle le eena ’me ha ho na letho le ka mo sitisang hore a phethahatse tšepiso eo.​—Mat. 6:​30-33; 24:45.

15. (a) Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ile ba thulana le bothata bofe? (b) Pesaleme ea 37:​18, 19 e re thusa hore re kholisehe ka’ng?

15 Hopola hore Jehova o phethahatsa litšepiso tsa hae. Re ka kholiseha hore o tla re thusa ha re e-na le mathata a lichelete. A re ke re hlahlobeng mohlala oa Bakreste ba mehleng ea Baapostola. Nakong eo phutheho e Jerusalema e hlorisoang batho ‘bohle ntle ho baapostola ba ile ba hasana.’ (Lik. 8:1) U nahana ka mor’a moo ho ile ha etsahala’ng? Ba ile ba e-ba le mathata a lichelete. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe Bakreste ba ile ba lahleheloa ke matlo a bona le likhoebo tsa bona. Ho ntse ho le joalo, Jehova ha a ka a ba lahla kapa ho na hore ebe ba ile ba felloa ke thabo. (Lik. 8:4; Baheb. 13:​5, 6; Jak. 1:​2, 3) Jehova o ile a tšehetsa Bakreste bao ba tšepahalang ’me le rona o tla re tšehetsa.​—Bala Pesaleme ea 37:​18, 19.

HO MAMELLA MATHATA A BOTSOFALI

Ho nahana ka lintho tseo re ka li etsang esita le ha re tsofetse, ho ka re kholisa hore Jehova o re nka re le ba bohlokoa le mosebetsi oo re o etsang (Sheba serapa sa 16 ho ea ho sa 18)

16. Ke maemo afe a ka etsang hore re nahane hore Jehova ha a sa nka borapeli ba rona e le ba bohlokoa?

16 Ha re ntse re tsofala, re ka ’na ra qala ho utloa eka ha re sa khona ho sebeletsa Jehova ka matla joaloka pele. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe Morena Davida o ne a ikutloa ka tsela e tšoanang ha a ntse a tsofala. (Pes. 71:9) Empa Jehova a ka re thusa joang?

17. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Morali’abo rona Jheri?

17 Ak’u nahane ka mohlala oa Morali’abo rona Jheri. O ile a memeloa hore a ee koetlisong ea ho hlokomela mehaho ea mokhatlo Holong ea ’Muso eo a neng a kopanela ho eona empa o ne a sa batle ho ea. O ile a re: “Ke tsofetse, ke mohlolohali hape ha ho na letho leo ke le tsebang ka mosebetsi ona, ha ke na thuso.” Bosiu ba pele a ea koetlisong eo o ile a bolella Jehova kamoo a ikutloang kateng. Ha a fihla Holong letsatsi le hlahlamang o ile a ’na a ipotsa hore na ha e le hantle ehlile o ne a tlameha ho ba teng moo. Ha e mong oa barab’abo rona a ntse a fana ka puo o ile a hatisa hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo batho bao ba e entseng ke ho ithaopela ho sebelisoa ke Jehova. Morali’abo rona Jheri o re: “Ke ile ka hlokomela hore ke entse ntho ea bohlokoa ka ho ba teng Holong. Ke ile ka qala ho lla ha ke hlokomela hore Jehova o arabetse thapelo ea ka. O ile a ntiisetsa hore ho na le ntho ea bohlokoa eo nka khonang ho e etsa ’me o ne a ikemiselitse ho nthusa hore ke khone ho sebetsa. Ha a hetla morao, Morali’abo rona Jheri o re: “Ke ile ka ea Holong ke tšohile, ke nyahame ke bile ke tšoenyehile empa ha ke tsoa moo ke khutlile ke khothetse, ke kholisehile hape ke ikutloa ke le motho oa bohlokoa.”

18. Bibele e bontša joang hore Jehova o lula a ntse a nka borapeli ba rona e le ba bohlokoa ho eena esita le ha re ntse re tsofala?

18 Ha re ntse re tsofala, re ka kholiseha hore ho ntse ho e-na le mosebetsi oo Jehova a ka re fang oona. (Pes. 92:​12-15) Jesu o ile a bontša hore ho sa tsotellehe hore na re bona lintho tseo re li etsetsang Jehova li se na thuso hakae, o ananela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re mo etsetsang eona tšebeletsong ea hae. (Luka 21:​2-4) Kahoo, etsa sohle seo u ka khonang ho se etsa. Mohlala, u ka bua le batho ka Jehova, oa rapella Bakreste-’moho le uena oa ba oa khothatsa batho ba bang hore ba lule ba tšepahala. Jehova o u nka u le mosebetsi-’moho le eena e seng hobane ho na le lintho tseo u khonang ho li etsa empa hobane u ithaopela ho mo sebeletsa.​—1 Bakor. 3:​5-9.

19. Baroma 8:​38, 39 e re thusa hore re lumele eng?

19 Kannete re ananela taba ea hore ebe re sebeletsa Jehova Molimo ea nkang batho ba mo sebeletsang e le ba bohlokoa ka ho fetisisa! O re bopetse hore re etse thato ea hae ’me borapeli bo hloekileng ke bona bo khonang ho re thusa hore re ikutloe re thabela bophelo. (Tšen. 4:​11) Le hoja batho ba lefatše lena ba ka re nka re se na thuso Jehova eena o motlotlo ka rona. (Baheb. 11:​16, 38) Ha re nyahame ka lebaka la ho kula, mathata a lichelete kapa botsofali, re lule re hopola hore ha ho letho le ka re arohanyang le lerato la ntate oa rona Jehova.​—Bala Baroma 8:​38, 39.

^ ser. 5 Na u se u kile oa thulana le mathata a etsang hore u ikutloe eka ha u na thuso? Sehlooho sena se tl’o u hopotsa kamoo Jehova a u nkang u le oa bohlokoa kateng. Se boetse se tl’o u thusa hore u inke u le motho oa bohlokoa ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng bophelong ba hao.

PINA EA 30 Jehova ke Molimo, Ntate le Motsoalle oa ka