Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 3

Jehova o o Nka o le Motho wa Bohlokwa

Jehova o o Nka o le Motho wa Bohlokwa

“Ya ileng a re hopola boemong ba rona bo tlaase [ha re nyahame.]”​—PES. 136:23.

PINA YA 33 Lahlela Morwalo wa Hao ho Jehova

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Ke maemo afe ao bahlanka ba Jehova ba kopanang le ona, hona a ba ama jwang?

NAHANA ka mehlala ena e latelang: Ngaka e bolella morabo rona ya motjha hore o na le bolwetse bo tla etsa hore a fokole hanyane hanyane. Morabo rona ya sebetsang ka thata ya dilemo tse ka hodimo ho 50, o lahlehelwa ke mosebetsi mme le hoja a etsa boiteko ba ho batla o mong, ha a o fumane. Moradiwabo rona ya tshepahalang ya hodileng, a ha a sa kgona ho sebeletsa Jehova jwalo ka pele.

2 Haeba o na le bothata bo tshwanang le ba batho bao re seng re buile ka bona, o ka nna wa ikutlwa eka ha o motho o wa bohlokwa. Maemo ana a ka etsa hore o se ke wa thaba, o inyatse hape o se ke wa ba le ditshebedisano tse ntle le batho ba bang.

3. Satane le batho ba mo etsisang ba ikutlwa jwang ka bophelo?

3 Jwalo ka Satane, lefatshe lena ha le nke bophelo e le ba bohlokwa. Haesale Satane a tshwara batho jwalo ka ha eka ha se ba bohlokwa. Ka ho hloka kutlwelobohloko, o ile a bolella Eva hore o ne a tla ba le bolokolohi haeba a sa mamele Modimo le hoja a ne a tseba hore sena se ne se tla fella ka lefu. Ho tloha kgale Satane a laola dipolotiki, kgwebo le bodumedi ba lefatshe lena. Ka hoo, ha ho makatse hore borakgwebo, boradipolotiki le baetapele ba bodumedi ha ba nke bophelo e le ba bohlokwa, ebile ha ba kgathalle hore na batho ba ikutlwa jwang.

4. Re tlo hlahlobang sehloohong sena?

4 Ho fapana le Satane, Jehova o batla hore re tsebe hore o re nka re le batho ba bohlokwa, ebile o a re thusa ha re kopana le maemo a etsang hore re ikutlwe re sena thuso. (Pes. 136:23; Bar. 12:3) Sehlooho sena se tla bontsha ka moo Jehova a re thusang ka teng maemong ana a latelang: (1) Ha re kula, (2) ha moruo o putlama (3) le ha botsofadi bo etsa re ikutlwe e ka ha ho letho leo re ka le etsang tshebeletsong ya Jehova. Empa ntlha ya pele, a re hlahlobeng hore na ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore e mong le e mong wa rona o bohlokwa ho Jehova.

JEHOVA O RE NKA RE LE BATHO BA BOHLOKWA

5. O na le bopaki bofe ba hore Jehova o nka batho e le ba bohlokwa?

5 Le hoja re entswe ka lerole la lefatshe, Jehova o re nka re le batho ba bohlokwa ka ho fetisisa. (Gen. 2:7) Hlokomela a mang a mabaka a etsang hore re dumele hore Jehova o re nka re le batho ba bohlokwa. O bopelletse batho le bokgoni ba ho etsisa makgabane a hae. (Gen. 1:27) Ka ho etsa jwalo, o entse hore batho ba phahamele popo yohle e lefatsheng mme ba laole lefatshe le diphoofolo.

6. Re na le bopaki bofe bo bong ba hore Jehova o nka batho ba sa phethahalang e le ba bohlokwa?

6 Jehova o ile a tswela pele a nka batho e le ba bohlokwa esita le ka mora hore Adama a etse sebe. O re nka re le ba bohlokwa haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae ya ratwang Jesu, hore e be thekollo bakeng sa dibe tsa rona. (1 Joh. 4:​9, 10) Ka lebaka la sehlabelo seo, Jehova o tla tsosa batho “ba lokileng le ba sa lokang,” ba ileng ba shwa ka lebaka la sebe sa Adama. (Lik. 24:​15) Lentswe la hae le bontsha hore re ba bohlokwa ho yena ho sa tsotellehe hore na re a kula, re futsanehile kapa re tsofetse.​—Lik. 10:34, 35.

7. Ke mabaka afe a mang a etsang hore bahlanka ba Modimo ba dumele hore o ba nka e le ba bohlokwa?

7 Re na le mabaka a mang a ho dumela hore Jehova o re nka re le ba bohlokwa. Jehova o bone ka moo re ikutlwang ka teng ka ditaba tse molemo mme a re hulela ho yena. (Joh. 6:44) Ka hoo, ha re ntse re atamela haufi le Jehova le yena o atamela haufi le rona. (Jak. 4:8) Jehova o boetse o sebedisa matla le nako ya hae ho re ruta, e leng se bontshang hore re ba bohlokwa ho yena. O a tseba hore na re batho ba jwang le hore re lokela ho ntlafatsa hokae. Hape o a re kgalemela hobane o a re rata. (Liprov. 3:11, 12) Ka nnete bona ke bopaki ba hore Jehova o re nka re le ba bohlokwa.

8. Mantswe a ho Pesaleme ya 18:27-29, a ama tsela eo re tadimang mathata a rona ka yona jwang?

8 Morena Davida o ne a tseba hore Jehova o a mo rata ebile o a mo tshehetsa le hoja batho ba bang ba ne ba mo nka e se motho wa bohlokwa. Ka ha o ne a tseba sena, o ile a kgona ho mamella boemo boo a neng a le ho bona. (2 Sam. 16:5-7) Ha re ena le mathata kapa re ikutlwa re nyahame, Jehova a ka re thusa hore re bone dintho ka tsela e fapaneng le hore re hlole bothata le ha e le bofe. (Bala Pesaleme ya 18:27-29.) Haeba Jehova a re tsheheditse, ha hona ntho e ka re thibelang ho mo sebeletsa re thabile. (Bar. 8:31) Ka hoo, a re hlahlobeng maemo a mararo, ao ho ona re lokelang ho hopola hore Jehova o a re rata ebile o re nka re le batho ba bohlokwa.

HA RE KULA

Ho bala Bibele ho tla re thusa hore re be le maikutlo a nepahetseng ka ho kula ha rona (Sheba serapa sa 9-12)

9. Ho kula ho ka ama tsela eo re ikutlwang ka yona jwang?

9 Ho kula ho ka etsa hore re ikutlwe eka ha re sa le batho ba bohlokwa. Re ka nna re swaba ha re hlokomela hore batho ba bang ba a bona hore ho na le dintho tseo re sa kgoneng ho di etsa, kapa ha re tlameha ho dula re kopa hore ba re thuse. Le hoja batho ba bang ba sa tsebe hore re a kula, re ka nna ra nyahama hobane ho ena le dintho tseo re sa kgoneng ho di etsa. Empa boemong bo kang bona, Jehova o a re kgothatsa. Ebe o re kgothatsa jwang?

10. Liproverbia 12:25 e re re tla thuswa keng ha re kula?

10 Ha re kula, “lentswe le molemo” le ka re kgothatsa. (Bala Liproverbia 12:25.) Ka Bibeleng, Jehova o re bolelletse mantswe a molemo, a re hopotsang hore re ba bohlokwa ho yena le hoja re kula. (Pes. 31:19; 41:3) Ha re dula re bala temana e le nngwe hangata ka Bibeleng, Jehova o tla re thusa hore re hlole maikutlo a fosahetseng ao re ka bang le ona ka lebaka la ho kula.

11. Jehova o ile a thusa morabo rona e mong jwang?

11 Nahana ka se ileng sa etsahalla Jorge. O ile a tshwarwa ke bolwetse bo neng bo etsa hore a fokole hanyane hanyane mme sena se ile sa etsa hore a ikutlwe a sena thuso. O re: “Ke ne ke sa lebella hore ho kula ha ka ho tla etsa hore batho ba dule ba ntjhebile mme sena se ne se nswabisa. Ha boemo ba ka bo ntse bo mpefala, ke ne ke ipotsa hore na bophelo ba ka bo ne bo tla ba jwang. Ke ne ke utlwile bohloko haholo mme ka kopa Jehova ka tiyo hore a nthuse.” Jwale Jehova o ile a mo thusa jwang? O re: “Ka ha ke ne ke sa kgone ho tsepamisa mohopolo ho seo ke se balang, ke ne ke bala ditemana tse kgutshwane tsa Dipesaleme tse buang ka hore, Jehova o kgathalla bahlanka ba hae. Ke ne ke phetapheta ditemana tseo mme seo se ne se nkgothatsa. Ha nako e ntse e ya, batho ba bangata ba ne ba hlokomela hore ke se ke dula ke thabile. Ba ile ba re ha ba mpona ke thabile ba a kgothala. Ke ile ka hlokomela hore Jehova o arabetse dithapelo tsa ka. O ile a nthusa hore ke fetole tsela eo ke neng ke ikutlwa ka yona. Ke ile ka qala ho nahana haholo ka hore na Lentswe la hae le re o ikutlwa jwang ka nna, ho sa tsotellehe bolwetse ba ka.”

12. Keng seo o ka se etsang e le hore Jehova a o thuse ha o kula?

12 Haeba o a kula, kgodiseha hore Jehova o utlwisisa ka moo o ikutlwang ka teng. Mo kope ho re a o thuse hore o shebe boemo ba hao ka tsela e nepahetseng. Bala mantswe a kgothatsang ao Jehova a o ngolletseng ona ka Bibeleng. Nahana haholo ka ditemana tse bontshang hore Jehova o nka bahlanka ba hae e le ba bohlokwa. Ka hoo ha o ntse o etsa jwalo, o tla bona hore Jehova o mosa ho bahlanka ba hae ba mo sebeletsang ka botshepehi.​—Pes. 84:11.

HA MORUO O PUTLAMA

Ho hopola hore Jehova o tshepisitse hore o tla re fa dintho tseo re di hlokang, ho tla re thusa ha ho le thata hore re fumane mosebetsi (Sheba serapa sa 13-15)

13. Monna wa Mokreste a ka ikutlwa jwang ha a lahlehelwa ke mosebetsi?

13 Monna e mong le e mong wa Mokreste o batla ho fa lelapa la hae dintho tseo ba di hlokang, e le hore ba phele. Empa a re re morabo rona o lahlehelwa ke mosebetsi le hoja ho sena phoso eo a e entseng. O etsa boiteko ba ho batla o mong empa ha a o fumane. Ka lebaka la boemo bona, a ka nna a ikutlwa a sena thuso. Empa ho nahana ka ditshepiso tsa Modimo ho ka mo thusa jwang?

14. Ke hobaneng ha Jehova a phethahatsa ditshepiso tsa hae?

14 Jehova o dula a phethahatsa ditshepiso tsa hae. (Josh. 21:45; 23:14) O na le mabaka a mangata a ho etsa sena. Lebaka ke hore ha a sa di phethahatse, sena se tla ama lebitso la hae. Jehova o tshepisitse hore o tla hlokomela bahlanka ba hae ba tshepahalang mme o ikemiseditse ho etsa seo. (Pes. 31:1-3) Ho feta moo, jwalo ka ha re le karolo ya lelapa la hae, o a tseba hore re tla utlwa bohloko ebile re tla nyahama ha a sa re hlokomele. O re tshepisa ho re fa dintho tseo re di hlokang e le hore re phele, le tseo re di hlokang e le hore re tswele pele re mo sebeletsa ka botshepehi. Ka hoo, ha ho letho le ka mo thibelang ho phethahatsa tshepiso eo.​—Mat. 6:30-33; 24:45.

15. (a) Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba kopana le bothata bofe? (b) Pesaleme ya 37:18, 19 e re thusa hore re kgodisehe kang?

15 Ha re hopola hore na ke hobaneng ha Jehova a phethahatsa ditshepiso tsa hae, re ka kgodiseha hore o tla re thusa ha re sena tjhelete e lekaneng. Nahana ka mohlala wa Bakreste ba mehleng ya baapostola. Ha mahloriso a qala phuthehong e Jerusalema, “bohle ntle ho baapostola ba [ile ba] hasana.” (Lik. 8:1) Sena se ne se bolela hore ba tlaba le mathata a ditjhelete. Ho ka etsahala hore ebe Bakreste ba ile ba lahlehelwa ke dikgwebo le mahae a bona. Ho ntse ho le jwalo, Jehova ha a ka a ba lahla mme le bona ba ile ba dula ba thabile. (Lik. 8:4; Baheb. 13:5, 6; Jak. 1:2, 3) Jwalo ka ha Jehova a ile a tshehetsa Bakreste bao ba tshepahalang, le rona o tla re tshehetsa.​—Bala Pesaleme ya 37:18, 19.

HO MAMELLA MATHATA A TLISWANG KE BOTSOFADI

Ho nahana ka seo re kgonang ho se etsa le hoja re tsofetse, ho tla re kgodisa hore Jehova o re nka re le ba bohlokwa ha mmoho le tshebeletso eo re mo etsetsang yona ka botshepehi (Sheba serapa sa 16-18)

16. Ke maemo afe a ka etsang hore re nahane hore Jehova ha a nke borapedi ba rona e le ba bohlokwa?

16 Ha re ntse re tsofala, re ka nna ra utlwa eka ha re sebeletse Jehova ka ho lekaneng. E ka nna ya ba Morena Davida le yena o ile a ikutlwa jwalo ha a ntse a tsofala. (Pes. 71:9) Jwale Jehova a ka re thusa jwang?

17. Re ka ithutang ho se ileng sa etsahalla moradiwabo rona Jheri?

17 Nahana ka se ileng sa etsahalla moradiwabo rona Jheri. O ne a menngwe sebokeng se tlo ba kwetlisetsa ho hlokomela meaho e sebedisetswang borapedi ba Jehova, empa o ne a sa batle ho ya. O ile a re: “Ke tsofetse, ke mohlolohadi ebile ha ke tsebe ho etsa letho. Ha ke na thuso.” Bosiung ba pele ho kwetliso eo, o ile a bolella Jehova ka moo a ikutlwang ka teng. Ka letsatsi le latelang ha a fihla Holong ya Mmuso, o ne a ntse a ipotsa hore na ebe o tshwanelwa ke ho ba kwetlisong eo. Ha lenaneo le ntse le tswela pele, sebui se ile sa hatisa hore ntho ya bohlokwa ke ho ikemisetsa ho rutwa ke Jehova. Jheri o re: “Ke ile ka re, ‘ka nnete ke ikemiseditse.’ Ke ile ka lla ha ke hlokomela hore Jehova o ne a arabela thapelo ya ka. O ne a nkgodisa hore ho na le ntho ya bohlokwa eo nka fanang ka yona, le hore o ikemiseditse ho nthuta ho etsa mosebetsi.” Ha Jheri a hopola letsatsi leo o re: “Ke kene sebokeng seo ke tshohile ebile ke nyahame. Empa ke tswile moo ke kgothetse ebile ke ikutlwa ke le motho wa bohlokwa.”

18. Bibele e bontsha jwang hore Jehova o tswela pele ho nka borapedi ba rona e le ba bohlokwa le ha re tsofala?

18 Le ha re ntse re tsofala, re ka kgodiseha hore ho ntse ho ena le mosebetsi oo Jehova a ka re fang wona. (Pes. 92:12-15) Jesu o ile a re le hoja re ka bona eka dintho tseo re di etsang ha se tsa bohlokwa, empa Jehova o nka ntho e nngwe le e nngwe eo re mo etsetsang yona e le ya bohlokwa. (Luka 21:2-4) Ka hoo, ameha ka dintho tseo o kgonang ho di etsa. Ka mohlala, o kgona ho bua ka Jehova, ho rapella Bakrestemmoho le ho kgothatsa batho ba bang e le hore ba dule ba tshepahala. Jehova o o nka o le mosebetsimmoho, e seng hobane o ena le bokgoni empa hobane o ikemiseditse ho mo mamela.​—1 Bakor. 3:5-9.

19. Baroma 8:38, 39 e re re lokela ho kgodiseha kang?

19 Ka nnete ke ho thabisang hore ebe re sebeletsa Jehova, e leng Modimo ya nkang bahlanka ba hae e le ba bohlokwa. O re bopetse hore re etse thato ya hae, e leng se re thabisang. (Tšen. 4:11) Jehova o re nka re le batho ba bohlokwa le hoja lefatshe le re nka re sena thuso. (Baheb. 11:16, 38) Ka hoo, haeba re nyahamisitswe ke ho kula, ho se be le tjhelete e lekaneng kapa botsofadi, re lokela ho hopola hore ha ho na letho le ka re arohanyang le lerato la Ntate wa rona ya lehodimong.​—Bala Baroma 8:38, 39.

^ par. 5 Na o kile wa hlahelwa ke ntho e ileng ya etsa hore o ikutlwe e ka ha o motho wa bohlokwa? Sehlooho sena se tla o hopotsa ka moo Jehova a o nkang o le motho wa bohlokwa ka teng. Se tla bontsha hore ha o a lokela ho inyatsa le ha o kopana le mathata bophelong.

PINA YA 30 Ntate wa ka, Modimo wa ka le Motswalle