Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 4

“Moea o Paka le Moea oa Rona”

“Moea o Paka le Moea oa Rona”

“Moea o paka le moea oa rona hore re bana ba Molimo.”​—BAR. 8:16.

PINA EA 25 Letlotlo le Khethehileng

SELELEKELA *

Jehova o ile a fa sehlopha sa batho ba ka bang 120 moea o halalelang ka tsela e sa tloaelehang ka Pentekonta (Sheba serapa sa 1 le 2)

1-2. Ke ketsahalo efe e sa tloaelehang e ileng ea etsahala ka Pentekonta ea 33?

KE SONTAHA hoseng motseng oa Jerusalema. Selemo ke sa 33 ’me ke letsatsi la Pentekonta. Barutuoa ba Jesu ba ka bang 120 ba bokane hammoho ka kamoreng e ka holimo. (Lik. 1:​13-15; 2:1) Matsatsi a seng makae pejana, Jesu o ile a ba laela hore ba lule Jerusalema hobane ba ne ba tl’o fuoa mpho e ikhethang. (Lik. 1:​4, 5) Ho ile ha etsahala’ng?

2 “Ka tšohanyetso ho ba le lerata le tsoang leholimong le joaloka la moea o fokang ka sekhahla.” Lerata leo la tlala ntlo kaofela. Joale, “maleme a kang a mollo” a lula holim’a lihlooho tsa barutuoa ’me “kaofela ba tlala moea o halalelang.” (Lik. 2:​2-4) Ketsahalong ena e hlollang, Jehova o fa sehlopha sena moea o halalelang. (Lik. 1:8) E ba batho ba pele ba ho tlotsoa ka moea o halalelang * le ho fuoa tšepo ea ho ea busa le Jesu leholimong.

HO ETSAHALA’NG HA MOTHO A TLOTSOA?

3. Ke hobane’ng ha batho ba ileng ba tlotsoa ka Pentekonta ba ne ba kholisehile hore ba tlotsitsoe ka moea o halalelang?

3 Haeba u ne u le e mong oa barutuoa ba neng ba le ka kamoreng eo, ruri u ne u ke ke oa lebala letsatsi leo. Ntho e kang lelakabe la mollo e lula holim’a hlooho ea hao, joale u qala ho bua lipuo tse fapaneng. (Lik. 2:​5-12) U ne u tla be u tseba hantle hore u tlotsitsoe ka moea o halalelang. Empa na batho bohle ba tlotsoang ka moea o halalelang ba tlotsoa ka tsela ea mohlolo le ka nako e tšoanang? Che. Re tseba joang?

4. Na batho bohle ba ileng ba tlotsoa ka moea o halalelang mehleng ea Baapostola ba ile ba tlotsoa ka nako e tšoanang? Hlalosa.

4 A re hlahlobeng hore na motho a ka tlotsoa neng. Ha se sehlopha seo sa barutuoa ba ka bang 120 feela se ileng sa tlotsoa ka moea o halalelang ka Pentekonta ea 33. Hamorao hona letsatsing leo, batho ba ka bang 3 000 ba ile ba amohela moea o halalelang oo Jesu a neng a o tšepisitse. Ba ile ba tlotsoa ka moea o halalelang ha ba ne ba kolobetsoa. (Lik. 2:​37, 38, 41) Empa lilemo hamorao, ha se Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba ileng ba tlotsoa ha ba kolobetsoa. Ho ile ha feta nako pele Basamaria ba tlotsoa ka mor’a hore ba kolobetsoe. (Lik. 8:​14-17) Athe Korneliase le lelapa la hae bona ba tlotsitsoe ka mokhoa o sa tloaelehang, ba ile ba tlotsoa le pele ba ka kolobetsoa.​—Lik. 10:​44-48.

5. Ho ea ka 2 Bakorinthe 1:​21, 22, ho etsahala’ng ha motho a tlotsoa ka moea o halalelang?

5 A re boneng hore na ho etsahala’ng ha motho a tlotsoa ka moea o halalelang. Qalong, batho ba bang ba tlotsitsoeng ba ka ’na ba thatafalloa ho lumela hore Jehova o ba khethile. Ba ka ’na ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jehova a ba khethile. Empa ba bang ha ba ikutloe joalo. Ho sa tsotellehe hore na motho o ikutloa joang, moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore na ho etsahala’ng ho batho ba tlotsitsoeng, o ile a re: “Ka eena hape, ka mor’a hore le lumele, le ile la tiisoa * ka moea o halalelang o tšepisitsoeng, oo e leng pontšo esale pele ea lefa la rona.” (Baef. 1:​13, 14) Jehova o sebelisa moea o halalelang ho hlakisetsa Bakreste bana hore ehlile o ba khethile. Kahoo, moea o halalelang ke “pontšo” e ba tiisetsang hore ba na le tšepo ea ho ea phela leholimong ka ho sa feleng eseng lefatšeng.​—Bala 2 Bakorinthe 1:​21, 22.

6. Motlotsuoa o lokela ho etsa’ng e le hore a tle a fumane moputso oa hae oa ho ea leholimong?

6 Haeba Mokreste a tlotsitsoe na taba eo e bolela hore joang kapa joang o ea leholimong? Che! Ntho eo a kholisehileng ka eona ke hore o khethetsoe ho ea leholimong. Leha ho le joalo, o lokela ho hopola temoso ena: “Barab’eso, le etse haholoanyane sohle se matleng a lona ho itiisetsa ho bitsoa le ho khethoa ha lona; etsoe haeba le tsoela pele ho etsa lintho tsena ho hang le ke ke la hloleha le ka mohla.” (2 Pet. 1:​10) Kahoo, le haeba Mokreste ea tlotsitsoeng a khethiloe kapa a bitselitsoe ho ea leholimong, o tla fumana moputso hafeela a lula a tšepahala.​—Bafil. 3:​12-14; Baheb. 3:1; Tšen. 2:10.

MOTHO O TSEBA JOANG HAEBA A TLOTSITSOE?

7. Batlotsuoa ba tseba joang hore ba bitselitsoe ho ea phela leholimong?

7 Motho a ka tseba joang hore o bitselitsoe ho ea phela leholimong? Karabo e hlaha mantsoeng ao Pauluse a ileng a a bua ho batho “ba bitselitsoeng ho ba bahalaleli” ba neng ba lula Roma. O ile a re: “Ha lea ka la amohela moea oa bokhoba o bakang tšabo hape, empa le ile la amohela moea oa ho nkeloa ka lapeng le le bara, e leng moea oo ka oona re hoeletsang: “Abba, Ntate!” Moea o paka le moea oa rona hore re bana ba Molimo.” (Bar. 1:7; 8:​15, 16) A sebelisa moea o halalelang, Molimo o etsa hore ho hlake hore batlotsuoa ba bitselitsoe ho ea phela leholimong.​—1 Bathes. 2:12.

8. 1 Johanne 2:​20, 27 e bontša joang hore batlotsuoa ha ba hloke ho bolelloa ke mang kapa mang hore ba tlotsitsoe?

8 Jehova o etsa hore batlotsuoa ba utloe hantle ho tloha pelong le kelellong hore ba memetsoe ho ea phela leholimong. (Bala 1 Johanne 2:​20, 27.) Ke ’nete hore le bona ba lokela ho rutoa ke Jehova joalokaha a ruta mohlanka e mong le e mong oa hae. Empa ha ba hloke ho tiisetsoa ke motho e mong hore ba tlotsitsoe. Jehova o sebelisa moea o halalelang ho ba hlakisetsa hantle hore ke batlotsuoa.

BA ‘TSOALOA HAPE’

9. Ho ea ka Baefese 1:​18, ke’ng e fetohang ha motho a tlotsoa?

9 Bahlanka ba bangata ba Jehova mehleng ena, ba ka ’na ba thatafalloa ke hore ba utloisise hore na ho etsahala’ng ha motho a tlotsoa. Ke ntho e utloahalang hobane bona ha baa tlotsoa. Ho tloha qalong, Jehova o ne a bopetse batho hore ba phele lefatšeng e seng leholimong. (Gen. 1:​28; Pes. 37:​29) Empa o boetse o khethile ba seng bakae hore ba il’o phela leholimong. Joale ha a ba tlotsa, o fetola tšepo ea bona le monahano oa bona haholo e le hore ba ka ba le tabatabelo ea ho ea phela leholimong.​—Bala Baefese 1:18.

10. Ho ‘tsoaloa hape’ ho bolela’ng? (Sheba le naletsana.)

10 Ha Mokreste a tlotsoa ka moea o halalelang o ‘tsoaloa hape.’ * Jesu o ile a re ho thata ho hlalosetsa motho ea sa tlotsoang hore na ho joang ho ‘tsoaloa hape’ kapa ho ‘tsoaloa ka moea.’​—Joh. 3:​3-8.

11. Hlalosa hore na tsela eo motho a nahanang ka eona e fetoha joang ha e se e le motlotsuoa.

11 Tsela eo Mokreste a nahanang ka eona e fetoha joang a ha e se e le motlotsuoa? Pele Jehova a tlotsa Bakreste bao, ba ne ba nka tšepo ea ho phela lefatšeng ka ho sa feleng e le letlotlo ho bona. Ba ne ba lebeletse ka tjantjello nako eo ka eona Jehova a tla etsa lefatše paradeise, a be a felise bokhopo bohle bo teng lefatšeng. E ka ’na eaba ba ne ba nahana ka nako eo ba tla amohela baratuoa ba bona ba ba siileng ka lefu. Empa ka mor’a hore ba tlotsoe, ba ile ba qala ho nahana ka tsela e fapaneng. Hobane’ng? Ha baa ka ba utloa ba se ba sa khotsofalle ho tla phela lefatšeng. Ha baa ka ba fetola maikutlo hobane ba ne ba e-na le khatello ea maikutlo kapa ba e-na le mathata a mangata. Hape ha e-ea ka ea re ha ba tloha feela ba utloa eka ho tla ba bolutu ho phela lefatšeng ka ho sa feleng. Ho e-na le hoo, Jehova o ile a sebelisa moea o halalelang ho fetola tsela eo ba ikutloang ka eona le tšepo eo ba nang le eona.

12. Ho ea ka1 Petrose 1:​3, 4, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ikutloa joang ka tšepo ea bona?

12 Motlotsuoa a ka ’na a ikutloa eka ha a tšoanelehe ho fumana tlotla eo empa ha a na khoao ea hore Jehova o mo khethile. Oa thaba ebile oa ananela ha a nahana ka tšepo ea ho ea phela leholimong.​—Bala 1 Petrose 1:​3, 4.

13. Bakreste ba tlotsitsoeng ba ikutloa joang ka ho phela lefatšeng hona joale?

13 Na see se bolela hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba batla ho shoa? Moapostola Pauluse o araba potso eo. O ile a tšoantša ’mele ea bona le tente a re: “Ha e le hantle, rona ba leng tenteng ena rea bobola, kaha re imetsoe; hobane ha re batle ho e hlobola, empa re batla ho apara e ’ngoe, e le hore se shoang se ka metsoa ke bophelo.” (2 Bakor. 5:4) Ha se hore Bakreste bana ha ba batle ho phela lefatšeng hoo ba ka batlang ho shoa kapele. Empa ba thabela bophelo ’me ba batla ho sebeletsa Jehova letsatsi le letsatsi le beng ka bona le metsoalle ea bona. Ho sa tsotellehe hore na ba etsa’ng, ba lula ba hopola tšepo e khanyang eo ba nang le eona ea bokamoso.​—1 Bakor. 15:​53; 2 Pet. 1:4; 1 Joh. 3:​2, 3; Tšen. 20:6.

NA JEHOVA U O TLOTSITSE?

14. Ke lintho life tse sa faneng ka bopaki ba hore motho o tlotsitsoe ka moea o halalelang?

14 Mohlomong o ntse o nahana ka hore na u tlotsitsoe ka moea o halalelang. Haeba ho joalo, nahana ka lipotso tsena tsa bohlokoa: Na u na le takatso e matla ea ho etsa thato ea Jehova? Na u chesehela mosebetsi oa boboleli? Na u thabela ho ithuta Bibele le ho ithuta “lintho tse tebileng tsa Molimo”? (1 Bakor. 2:​10) Na u bona Jehova a u hlohonolofalitse haholo mosebetsing oa boboleli? Na u utloa u tlameha ho etsa eng kapa eng e le hore u thuse batho hore ba ithute ka Molimo? Na u bona bopaki ba hore Jehova o u thusitse ka litsela tse ngata bophelong ba hao? Haeba u arabetse lipotso tsena ka phatla e phahameng, na taba ee e bolela hore u motlotsuoa? Che, ha e bolele joalo. Hobane’ng? Hobane bahlanka bohle ba Jehova ho sa tsotellehe hore na ba tlotsitsoe kapa che ba ka ikutloa joalo. Hape, Jehova a ka sebelisa moea oa hae o halalelang ho mohlanka e mong le e mong oa hae ho mo thusa hore a khone ho etsa lintho tseo, ebang o na le tšepo ea ho ea phela leholimong kapa lefatšeng. Ha e le hantle, haeba u ntse u ipotsa hore na u tlotsitsoe ka moea o halalelang, ho se kholisehe hoo ke hona ho bontšang hore ha oa tlotsoa. Batlotsuoa ha ba ipotse hore na ebe ba tlotsitsoe kapa che, baa tseba.

Jehova o ile a sebelisa moea o halalelang ho fa Abrahama, Sara, Davida le Johanne Mokolobetsi matla a ho etsa lintho tse hlollang empa ha a ka a sebelisa moea o halalelang ho ba fa tšepo ea ho ea phela leholimong (Sheba serapa 15 le 16) *

15. Re tseba joang hore ha se batho bohle ba ileng ba fuoa moea o halalelang ba ileng ba khethoa hore ba ee leholimong?

15 Ka Bibeleng, ho na le mehlala e mengata ea banna le basali ba tumelo, ba ileng ba fuoa moea o halalelang empa ba ne ba se na tšepo ea ho ea phela leholimong. Davida o ne a tataisoa ke moea o halalelang. (1 Sam. 16:​13) Moea o halalelang o ile oa mo thusa hore a utloisise lintho tse tebileng ka Jehova hape o ile oa mo tataisa ha a ntse a ngola likarolo tse itseng tsa Bibele. (Mar. 12:​36) Ho ntse ho le joalo, moapostola Petrose o ile a re Davida “ha aa ka a nyolohela maholimong.” (Lik. 2:​34) Johanne Mokolobetsi o ile a “tlala moea o halalelang.” (Luka 1:​13-16) Jesu o ile a re ho ne ho se na motho e moholo ho Johanne empa a boela a re Johanne ha a kenyelletsoa har’a batho ba tla ea phela leholimong. (Mat. 11:​10, 11) Jehova o ile a sebelisa moea o halalelang ho thusa batho bana hore ba etse lintho tse hlollang empa ha a ka a sebelisa moea oo hore a ba khethele ho ea phela leholimong. Na taba ee e bolela hore ba ne ba sa tšepahale joaloka ba khethetsoeng ho ea phela leholimong? Che. Empa Jehova o tla ba tsosa hore ba tl’o thabela ho phela paradeiseng mona lefatšeng.​—Joh. 5:​28, 29; Lik. 24:15.

16. Bahlanka ba bangata ba Jehova mehleng ee ba lebeletse moputso ofe?

16 Bahlanka ba bangata ba Jehova lefatšeng kajeno ha ba na tšepo ea ho ea phela leholimong. Joaloka Abrahama, Sara, Davida, Johanne Mokolobetsi le banna le basali ba bangata ba mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, ba na le tšepo ea ho phela lefatšeng ka ho sa feleng moo ’Muso oa Molimo o tlang ho busa teng.​—Baheb. 11:10.

17. Re tl’o araba lipotso life sehloohong se latelang?

17 Kaha ho ntse ho e-na le batlotsuoa lefatšeng kajeno, re ka ’na ra ba le lipotso tse itseng. (Tšen. 12:​17) Mohlala, batlotsuoa ba lokela ho inka joang? Haeba motho e mong phuthehong ea heno a qala ho ja litšoantšetso Sehopotsong, u lokela ho mo tšoara joang? Hape ho thoeng haeba palo ea batlotsuoa e ntse e eketseha? Na u lokela ho tšoenyeha ka taba eo? Re tl’o araba lipotso tsena sehloohong se latelang.

^ ser. 5 Ho tloha ka Pentekonta ea selemo sa 33 ho tla fihlela lena le holimo, Jehova o ’nile a tšepisa Bakreste ba bang hore ba tla ea busa le Jesu leholimong. Bakreste baa ba khethiloeng ba tseba joang hore ba na le tokelo ee e babatsehang? Ho etsahala’ng ha motho a fumana memo ea ho ea phela leholimong? Sehlooho sena se thehiloe sehloohong se ileng sa hlaha ho Molula-Qhooa oa January 2016. Se tl’o araba lipotso tseo tse thahasellisang.

^ ser. 2 TLHALOSO: Ba tlotsoa ka moea o halalelang: Jehova o sebelisa moea o halalelang ho khetha motho hore a il’o busa le Jesu leholimong. A sebelisa moea oa hae, o fa motho eo tšepo ea ka moso kapa “pontšo esale pele.” (Baef. 1:​13, 14) Bakreste bana ba ka re moea o halalelang oa ba pakela kapa o ba hlakisetsa hantle hore ba na le moputso oa ho ea phela leholimong.​—Bar. 8:16.

^ ser. 5 TLHALOSO: Tiiso. Tiiso ena ha se ea moshoelella pele motho a shoa kapa pele matšoenyeho a maholo a fihla a ntse a tšepahala.​—Baef. 4:​30; Tšen. 7:​2-4; sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa April 2016.

^ ser. 10 Ho fumana lintlha tse eketsehileng ka hore na ho ‘tsoaloa hape’ ho bolela’ng, sheba Molula-Qhooa oa, April 1, 2009, maq. 3-12.

PINA EA 27 Ho Senoloa ha Bara ba Molimo

^ ser. 57 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ebang re teronkong ka lebaka la tumelo ea rona kapa re na le bolokolohi ba ho ruta le ho bolela molaetsa oa Bibele, re ka ba le tabatabelo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ha ’Muso oa Molimo o se o busa.