Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 5

Re Tla Tsamaea le Lona

Re Tla Tsamaea le Lona

“Re tla tsamaea le lona, etsoe re utloile hore Molimo o na le lona.”​—ZAK. 8:23.

PINA 26 Le Thusitse ’Na

SELELEKELA *

Linku tse ling e leng “banna ba leshome” ba nka e le tlotla ho rapela Jehova hammoho le batlotsuoa e leng “monna oa Mojuda” (Sheba serapa sa 1 le 2)

1. Jehova o ile a re ho tla etsahala’ng mehleng ee?

JEHOVA o ile a re mehleng ena “banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla tšoara, e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaea le lona, etsoe re utloile hore Molimo o na le lona.’ ” (Zak. 8:​23) “Monna oa Mojuda” o emela batho bao Molimo a ba tlotsitseng ka moea o halalelang. Ba boetse ba bitsoa “Iseraele ea Molimo.” (Bagal. 6:​16) “Banna ba leshome” ba emela batho ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Baa tseba hore Jehova o khethile sehlopha sena sa batlotsuoa ’me ba nka e le tlotla ho sebeletsa Jehova hammoho le bona.

2. “Banna ba leshome” ba “tsamaea le” batlotsuoa joang?

2 Le hoja ho ke ke ha khoneha ho tseba lebitso la motlotsuoa e mong le e mong ea phelang lefatšeng kajeno, * ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba ka khona ho “tsamaea le” batlotsuoa. Joang? Bibele e re “banna ba leshome” “ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: “Re tla tsamaea le lona, etsoe re utloile hore Molimo o na le lona.’ ” Temana ena e bua ka Mojuda a le mong. Empa seemeli “lona” ha se bue ka motho a le mong. Sena se bolela hore Mojuda enoa, ha se motho a le mong empa o emela sehlopha sohle sa batlotsuoa. Bakreste bao e seng batlotsuoa ba sebeletsa Jehova hammoho le Bakreste ba tlotsitsoeng. Leha ho le joalo, ha ba nke batlotsuoa e le baeta-pele ba bona kaha baa utloisisa hore Jesu ke eena moeta-pele oa bona.​—Mat. 23:10.

3. Ke lipotso life tse tla arajoa sehloohong see?

3 Kaha ho ntse ho e-na le Bakreste ba tlotsitsoeng har’a batho ba Molimo mehleng ena, re ka ’na ra ipotsa: (1) Batlotsuoa ba lokela ho itšoara joang? (2) Re lokela ho tšoara batho ba jang bohobe le veine Sehopotsong joang? (3) Na re lokela ho tšoenyeha ha palo ea ba jang litšoantšetso e ntse e eketseha? Sehlooho sena se tl’o araba lipotso tsena.

BATLOTSUOA BA LOKELA HO INKA JOANG?

4. Ke keletso efe e fumanoang ho 1 Bakorinthe 11:​27-29 eo batlotsuoa ba lokelang ho e nahana ka ho teba, hona hobane’ng?

4 Batlotsuoa ba lokela ho nahana ka hloko ka keletso e hlahang ho 1 Bakorinthe 11:​27-29. (E bale.) Motlotsuoa a ka ja litšoantšetso ka ho sa “tšoaneleheng” joang? A ka etsa joalo haeba a ja litšoantšetso empa a sa mamele melao ea Jehova. (Baheb. 6:​4-6; 10:​26-29) Batlotsuoa baa tseba hore ba tlameha ho lula ba tšepahala e le hore ba fumane “moputso oa pitso ea holimo ea Molimo ka Kreste Jesu.”​—Bafil. 3:​13-16.

5. Bakreste ba tlotsitsoeng ba lokela ho inka joang?

5 Moea o halalelang o thusa bahlanka ba Jehova hore ba ikokobetse e seng hore ba ikhohomose. (Baef. 4:​1-3; Bakol. 3:​10, 12) Kahoo, batlotsuoa ha ba inke ba phahametse batho ba bang. Baa tseba hore Jehova ha a ba fe moea o halalelang ho feta bahlanka ba bang ba hae. Ha ba nke hore ba utloisisa Bibele ho feta batho ba bang kaofela. Hape ba ke ke ba bolella motho e mong hore le eena o tlotsitsoe ’me o lokela ho ja litšoantšetso. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso ba lumela hore ke Jehova feela ea ka memelang batho ho ea phela leholimong.

6. Ho latela 1 Bakorinthe 4:​7, 8, Bakreste ba tlotsitsoeng ba lokela ho itšoara joang?

6 Le hoja Bakreste ba tlotsitsoeng ba nka ho memeloa ho ea phela leholimong e le tlotla, ha baa lebella ho tšoaroa ka tsela e fapaneng le batho ba bang. (Bafil. 2:​2, 3) Hape baa tseba hore ha Jehova a ne a ba tlotsa, ha a ka a etsa hore batho ba bang ba tsebe. Kahoo, Mokreste ea tlotsitsoeng ha a makale ha batho ba bang ba sa lumele hang-hang hore o tlotsitsoe. Oa tseba hore Bibele e re ruta hore re se ke ra potlakela ho lumela motho ea reng Molimo o mo file boikarabelo bo khethehileng. (Tšen. 2:2) Mokreste ea tlotsitsoeng ha a batle ho ikhulela mahlo a batho kahoo, ha a tsamaee a ntse a joetsa batho hore o tlotsitsoe. ’Me ho hang a ke ke a ithorisa ka taba eo ho batho ba bang.​—Bala 1 Bakorinthe 4:​7, 8.

7. Batlotsuoa ba lokela ho qoba eng, hona hobane’ng?

7 Bakreste ba tlotsitsoeng ha ba nahane hore ba lokela ho qeta nako ba le bang joalokaha eka ke litho tsa mokhatlo o itseng. Ha ba batlane le batlotsuoa ba bang e le hore ba ka bua ka ho tlotsoa ha bona kapa hona ho kopana bakeng sa ho ithuta Bibele hammoho. (Bagal. 1:​15-17) Ha ba ne ba ka etsa joalo, phutheho e ne e ke ke ea momahana. Ba ne ba tla be ba etsa lintho khahlanong le moea o halalelang o thusang batho ba Molimo hore ba lule ba e-na le khotso hape ba momahane.​—Bar. 16:​17, 18.

BATLOTSUOA BA LOKELA HO TŠOAROA JOANG?

Ha rea lokela ho tšoara batlotsuoa kapa batho le ha e le bafe ba etellang pele joaloka likhalala (Sheba serapa sa 8) *

8. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi ka tsela eo re tšoarang batho ba jang litšoantšetso ka eona? (Sheba le naletsana.)

8 Re lokela ho tšoara bara le barali babo rona ba tlotsitsoeng joang? Ke phoso ho nkela motho e mong holimo haholo, esita le haeba e le Mokreste ea tlotsitsoeng. (Mat. 23:​8-12) Bibele e re khothalletsa ho etsisa tumelo ea baholo empa ha e re re etse motho le ha e le ofe moeta-pele oa rona. (Baheb. 13:7) Ke ’nete hore Bibele e re baholo ba bang ba tšoaneloa ke “tlhompho e habeli.” Lebaka ke hobane ba “okamela ka tsela e ntle” hape ba “sebetsa ka thata ho bueng le ho ruteng” e seng hobane e le batlotsuoa. (1 Tim. 5:​17) Haeba re rorisa batlotsuoa ho tlola, re ka etsa hore ba ikutloe ba le basesaane. * Ho hobe le ho feta ke hore re ka etsa hore ba qetelle ba se ba ikhohomosa. (Bar. 12:3) Ho hang ha re batle ho etsa letho le ka etsang hore barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ba etse phoso e kholo hakaalo!​—Luka 17:2.

9. Re ka bontša joang hore re hlompha Bakreste ba tlotsitsoeng?

9 Re ka bontša joang hore re hlompha Bakreste ba tlotsitsoeng ke Jehova? Re ke ke ra ba botsa hore na ho tlile joang hore ba tlotsoe. Ke taba ea motho ka mong eo re se nang tokelo ea ho e tseba. (1 Bathes. 4:​11; 2 Bathes. 3:​11) ’Me ha rea lokela ho etsa qeto ea hore monna kapa mosali oa hae, batsoali ba hae kapa litho tse ling tsa lelapa le tsona li tlotsitsoe. Motho ha e be motlotsuoa ka tsoalo. O tlotsoa ke Molimo. (1 Bathes. 2:​12) Re boetse re lokela ho qoba ho botsa lipotso tse ka utloisang batho ba bang bohloko. Ka mohlala, re lokela ho qoba ho botsa mosali oa mor’abo rona ea tlotsitsoeng hore na o ikutloa joang ka ho tla phela lefatšeng ka ho sa feleng monna oa hae a le sieo. Re kholisehile hore lefatšeng le lecha Jehova o tla “khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.”​—Pes. 145:16.

10. Ke hobane’ng ha re ka re rea itšireletsa ha re qoba ho nkela batho ba bang holimo?

10 Rea itšireletsa ha re sa nke batlotsuoa ba le bohlokoa ho feta batho ba bang. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? Bibele e re batlotsuoa ba bang ba ka ’na ba se ke ba lula ba tšepahala. (Mat. 25:​10-12; 2 Pet. 2:​20, 21) Ha re qoba ho nkela batho ba itseng holimo, re ke ke ra ba latela esita le ha e le batlotsuoa, batho ba tsebahalang kapa batho ba sebelelitseng Jehova ka nako e telele. (Juda 16) Joale, e tla re ha ba sa tšepahale kapa ba tlohela phutheho, re ke ke ra felloa ke tumelo kapa ra khaotsa ho sebeletsa Jehova.

NA RE LOKELA HO TŠOENYEHA KA PALO EA BA JANG LITŠOANTŠETSO?

11. Ho ’nile ha etsahala’ng ka palo ea ba jang litšoantšetso tsa Sehopotso?

11 Ka lilemo tse ngata, palo ea batho ba jang litšoantšetso e ’nile ea fokotseha. Empa morao tjena palo ena e ’nile ea eketseha selemo le selemo. Na see se lokela ho re tšoenya? Che. A re hlahlobeng hore na hobane’ng.

12. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoenyeha ka palo ea ba jang litšoantšetso tsa Sehopotso?

12 “Jehova o tseba ba hae.” (2 Tim. 2:​19) Barab’abo rona ba balang palo ea batho ba jang litšoantšetso tsa Sehopotso, ha ba tsebe hore na ke bo-mang bao ehlileng ba tlotsitsoeng empa Jehova eena oa ba tseba. Ka lebaka leo, palo eo e kenyelelitse le ea batho ba nahanang hore ba tlotsitsoe empa ba sa tlotsoa. Ka mohlala, batho ba bang ba neng ba ja litšoantšetso, hamorao ba ile ba khaotsa ho li ja. Ba bang e ka ’na eaba ba na le mathata a kelello a etsang hore ba nahane hore ba tla busa le Kreste leholimong. Ho hlakile hore ha re tsebe hantle hore na ke batlotsuoa ba bakae ba setseng lefatšeng.

13. Na Bibele ea bolela hore na ke batlotsuoa ba bakae ba tla be ba setse lefatšeng ha matšoenyeho a maholo a qala?

13 Ho tla be ho na le batlotsuoa likarolong tse ngata tsa lefatše ha Jesu a tl’o ba nkela leholimong. (Mat. 24:​31) Bibele e re matsatsing a ho qetela ho tla be ho na le palo e fokolang ea batlotsuoa ba setseng lefatšeng. (Tšen. 12:​17) Empa ha e hlalose hore na e tla be e le ba bakae ba tla be ba setse lefatšeng ha matšoenyeho a maholo a qala.

Re lokela ho itšoara joang ha motho e mong a ja litšoantšetso tsa Sehopotso? (Sheba serapa sa 14)

14. Re ithuta’ng ho Baroma 9:​11, 16 ka ho khethoa ha batlotsuoa?

14 Jehova ke eena ea etsang qeto ea hore na o tla khetha batlotsuoa neng. (Bar. 8:​28-30) Jehova o ile a qala ho khetha batlotsuoa ka mor’a hore Jesu a tsosoe. Ho bonahala eka mehleng ea baapostola, Bakreste bohle ba ’nete e ne e le batlotsuoa. Lilemo tse ngata ka mor’a moo, boholo ba batho ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba ne ba hlile ba sa latele Kreste. Ho ntse ho le joalo, ka nako eo Jehova o ile a tlotsa ba fokolang bao e neng e le Bakreste ba ’nete. Ba ne ba tšoana le koro eo Jesu a ileng a re e tla hola le mofoka. (Mat. 13:​24-30) Matsatsing a ho qetela, Jehova o ’nile a tsoela pele ho khetha batho bao e neng e tla ba karolo ea ba 144,000. * Kahoo, haeba a etsa qeto ea ho khetha ba bang nakoana feela pele ho bofelo, ha rea lokela ho belaella qeto eo. (Bala Baroma 9:​11, 16.) * Re lokela ho ela hloko hore re se ke ra itšoara joaloka basebetsi bao Jesu a ileng a bua ka bona ho e ’ngoe ea lipapiso tsa hae. Ba ile ba korotlela mong’a bona ka lebaka la tsela eo a ileng a tšoara basebetsi ba qalileng mosebetsi ha nako e se e ntse e tl’o chaea.​—Mat. 20:​8-15.

15. Na batlotsuoa bohle ke karolo ea lekhoba le tšepahalang le le masene leo ho buuoang ka lona ho Matheu 24:​45-47? Hlalosa.

15 Ha se bohle ba nang le tšepo ea ho ea phela leholimong bao e leng karolo ea “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Bala Matheu 24:​45-47.) Joaloka mehleng ea baapostola, mehleng ena Jehova le Jesu ba sebelisa barab’abo rona ba fokolang ka palo ho fepa kapa ho ruta batho ba bangata. Ke Bakreste ba tlotsitsoeng ba seng bakae feela ba ileng ba sebelisoa ho ngola Mangolo a Segerike a Bakreste. Mehleng ena, ke Bakreste ba tlotsitsoeng ba fokolang ka palo ba nang le boikarabelo ba ho fa batho ba Molimo “lijo ka nako e tšoanetseng.”

16. U ithutile’ng sehloohong see?

16 Re ithutile’ng sehloohong see? Jehova o entse qeto ea ho fa boholo ba bahlanka ba hae bophelo bo sa feleng lefatšeng le ho khetha ba seng bakae feela hore ba il’o busa le Jesu leholimong. Jehova o fa bahlanka bohle ba hae moputso, ebang ke “monna oa Mojuda” kapa “banna ba leshome” ’me o lebelletse hore ba mamele melao e tšoanang ’me ba lule ba tšepahala. Ba lokela ho ikokobetsa. ’Me ba lokela ho mo sebeletsa hammoho ba momahane. Hape ba lokela ho bopa khotso ka phuthehong. Ha bofelo bo ntse bo atamela, kaofela ha re tsoeleng pele re sebeletsa Jehova ’me re latela Kreste re le “mohlape o le mong.”​—Joh. 10:16.

^ ser. 5 Selemong sena, Sehopotso sa lefu la Kreste se tla ba ka Labobeli la la 7 April. Re lokela ho nka batho ba jang bohobe le veine tsa Sehopotso joang? Na re lokela ho tšoenyeha ha palo ea batho ba jang Sehopotsong e ntse e eketseha? Re tla fumana likarabo tsa lipotso tsena sehloohong sena se thehiloeng sehloohong sa Molula-Qhooa oa January 2016.

^ ser. 2 Ho latela Pesaleme ea 87:​5, 6, ho ka etsahala hore nako e tlang Molimo a senole mabitso a batho bohle ba tla busa le Jesu leholimong.​—Bar. 8:19.

^ ser. 8 Sheba lebokose le reng “Lerato ‘ha le Itšoare ka Mokhoa o sa Hlompheheng’ ” le hlahang ho Molula-Qhooa oa January 2016.

^ ser. 14 Le hoja Liketso 2:​33 e bontša hore moea o halalelang o fanoa ka Jesu, ke Jehova ea memang motho ka mong.

^ ser. 14 E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng, sheba Lipotso tse Tsoang ho Babali ho Molula-Qhooa oa May 1, 2007.

PINA EA 34 Re Sebeletsa Jehova ka Botšepehi

^ ser. 56 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ak’u nahane hore na ke ntho e joang ha moemeli oa ntlo-kholo le mohats’ae ba pota-potiloe ke batho ba inkang lifoto le bona kopanong! Ke ho hloka tlhompho ho ho kaakang!