Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 6

Ntate oa Rona Jehova o re Rata Haholo

Ntate oa Rona Jehova o re Rata Haholo

“Le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rona.’ ”​—MAT. 6:9.

PINA EA 135 Jehova o re Kopa Hore re Hlalefe

SELELEKELA *

1. Motho o ne a lokela ho etsa’ng pele a ka bua le morena oa Persia?

A RE RE u phetse Persia lilemo tse ka bang 2 500 tse fetileng. Joale u lokela ho bua le morena ka taba e itseng ’me u nka leeto ho ea moo a lulang teng motseng oa Shushane. Empa pele u ka bua le eena, u lokela ho fumana tumello ea hae. Ha u ka leka ho bua le eena kantle ho tumello, u tla tjameloa ke lefu.​—Esth. 4:11.

2. Jehova o batla hore re ikutloe joang ha re bua le eena?

2 Rea thaba hore ebe Jehova ha a tšoane le morena oa Persia. Ke ’nete hore Jehova o matla ebile o bohlokoa ho feta ’musi le ha e le ofe, leha ho le joalo re ka khona ho bua le eena nako leha e le efe. O batla hore re bue le eena ka bolokolohi. Ka mohlala, le hoja Jehova a na le li tlotla tse phahameng joaloka ’Mopi e Moholo, Ea Matla ’Ohle le ’Musi Morena, o batla hore re mo bitse ka tsela e tloaelehileng feela e leng, Ntate. (Mat. 6:9) Rea thaba hore ebe Jehova o batla re ikutloe re le haufi le eena.

3. Ke hobane’ng ha re ka bitsa Jehova Ntate, hona re tl’o hlahloba’ng sehloohong see?

3 Ho loketse ho bitsa Jehova Ntate kaha ke eena ea re fileng bophelo. (Pes. 36:9) Kaha ke ntate oa rona, re tlameha ho mo mamela. O tla re hlohonolofatsa haholo haeba re etsa lintho tseo a reng re li etse. (Baheb. 12:9) Litlhohonolofatso tseo li akarelletsa ho fumana bophelo bo sa feleng, e bang ke leholimong kapa lefatšeng. Hape re se re ntse re fumana litlhohonolofatso tse ling hona joale. Sehloohong sena re tl’o hlahloba hore na ke joang Jehova a re bontšang lerato hona joale le hore na ke’ng e re kholisang hore a ke ke a re lahla le nakong e tlang. Empa pele, a re hlahlobeng hore na ke eng e re kholisang hore Ntate oa rona o re rata haholo le hore o batla ho re thusa.

JEHOVA KE NTATE EA LERATO LE EA TSOTELLANG

Jehova o batla ho ba haufi le rona joalokaha ntate ea tsotellang bana ba hae a batla ho ba haufi le bona (Sheba serapa sa 4)

4. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba thatafalloa ke ho nka Jehova e le Ntate oa bona?

4 Na u thatafalloa ke ho nka Jehova e le Ntate oa hao? Batho ba bang ba ka ’na ba nka Jehova a phahame haholo hoo re seng bohlokoa ho eena. Ha ba lumele hore Molimo ea matla ’ohle oa ba tsotella e le batho ka bomong. Empa ntate oa rona ea lerato ha a batle ho re re ikutloe ka tsela eo. O re file bophelo ’me o re thusa hore re atamele haufi le eena le hore mo tsebe. Ka mor’a ho tiisa taba ena, moapostola Pauluse o ile a hlalosetsa batho ba neng ba mo mametse ha a le Athene hore Jehova ha a “hole le e mong le e mong oa rona.” (Lik. 17:​24-29) Molimo o batla hore e mong le e mong oa rona a bue le eena feela joalokaha ngoana a ka bua le motsoali oa hae ea lerato le ea mo tsotellang.

5. Re ithuta’ng mohlaleng oa morali’abo rona e mong?

Batho ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ke ho nka Jehova e le ntate oa bona hobane bo-ntate ba bona ba sa ka ba ba bontša hore baa ba rata. Nahana ka mohlala ona oa morali’abo rona. O re: “Ntate oa ka o ne a ntlhekefetsa ka mantsoe. Kahoo, ha ke qala ho ithuta Bibele, ke ne ke utloa ke thatafalloa ke ho atamela haufi le Jehova. Empa ka mor’a hore ke mo tsebe, ke ile ka ikutloa ka tsela e fapaneng.” Na le uena u ikutloa ka tsela e tšoanang? Haeba ho joalo, u se ke oa nyahama, ha nako e ntse e-ea u tla bona hore Jehova ke Ntate ea molemo ka ho fetisisa.

6. Matheu 11:​27 e bua ka tsela efe eo Jehova a re thusitseng ho bona hore ke Ntate ea lerato?

6 Tsela e ’ngoe eo Jehova a re thusitseng ho bona hore ke Ntate ea lerato ka eona, ke ka hore ebe ka Bibeleng ho tlalehiloe lintho tsohle tseo Mora oa hae Jesu a neng a li bua le ho li etsa. (Bala Matheu 11:​27.) Jesu o ile a etsisa ntate oa hae ka botlalo, ke kahoo a ileng a re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Joh. 14:9) Hangata Jesu o ile hlalosa Jehova e le Ntate. Likosepeleng tse ’ne, Jesu o ile a bitsa Jehova “ntate” ka makhetlo a ka bang 165. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua ka Jehova ka makhetlo a mangata tjee? Lebaka le leng e ne e le ho kholisa batho hore Jehova ke Ntate ea lerato.​—Joh. 17:​25, 26.

7. Re ithuta’ng tseleng eo Jehova a neng a tšoara Mora oa hae ka eona?

7 A re hlahlobeng hore na re ithuta’ng tseleng eo Jehova a neng a tšoara Mora oa hae ka eona. Jehova o ne a lula a mamela lithapelo tsa Jesu. Ha a ka a mamela lithapelo tsa Jesu feela empa o ile a li araba. (Joh. 11:​41, 42) Ho sa tsotellehe mathata ao Jesu a ileng a tobana le ’ona, o ile a lula a bona hore Jehova oa mo rata le hore o mo tšehelitse.​—Luka 22:​42, 43.

8. Jehova o ile a thusa Jesu joang ka lintho tseo a li hlokang?

8 Jesu o ile a lumela hore Ntate oa hae ke eena mohloli oa bophelo ba hae le hore ke eena ea mo fang matla ha a re: “Ke phela ka lebaka la Ntate.” (Joh. 6:​57) Jesu o ne a tšepa Ntate oa hae hona hoo ’me Jehova o ne a mo fa lintho tseo a li hlokang hore a phele. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore Jehova o ile a thusa Jesu hore a lule a tšepahala.​—Mat. 4:4.

9. Jehova o ile a bontša joang hore o ne a rata Jesu haholo?

9 Kaha Jehova ke Ntate ea lerato, o ile a etsa bonnete ba hore Jesu a tseba hore o mo tšehelitse. (Mat. 26:​53; Joh. 8:​16) Le hoja Jehova a sa ka a sireletsa Jesu nthong e ’ngoe le e ’ngoe e neng e mo utloisa bohloko, o ile a mo thusa hore a mamelle. Jesu o ne a tseba hore lintho tse mo hlahelang ke tsa nakoana. (Baheb. 12:2) Jehova o ile a bontša hore o rata Jesu ka hore a mo mamele, a mo fe lintho tseo a li hlokang, a mo koetlise le hore a mo tšehetse. (Joh. 5:​20; 8:​28) A re hlahlobeng hore na Ntate oa rona o re thusa joang ka litsela tse tšoanang.

KAMOO NTATE OA RONA A RE TSOTELLANG KATENG

Ntate ea lerato (1) o mamela, (2) o hlokomela, (3) o koetlisa, le (4) ho sireletsa bana ba hae. Ntate oa rona o re tsotella ka litsela tse tšoanang (Sheba serapa sa 10 ho ea ho sa 15) *

10. Ho ea ka Pesaleme ea 66:​19, 20, Jehova o bontša joang hore oa re rata?

10 Jehova o mamela lithapelo tsa rona. (Bala Pesaleme ea 66:​19, 20.) Ha a re fe meeli ea hore na re mo rapele hakae, re rapelle eng le hore na lithapelo tsa rona li be telele hakae empa o re re mo rapele hangata kamoo re ka khonang. (1 Bathes. 5:​17) Re ka bua le Jehova ka thapelo neng le neng ha re hloka, ho sa tsotellehe hore na re hokae. Ha a phathahane hoo a sa khoneng ho re mamela empa o lula a le malala-a-laotsoe ho mamela lithapelo tsa rona. Ha re hlokomela hore Jehova o mamela lithapelo tsa rona, re tla mo rata le ho feta. Mopesaleme o ile a re: “Kea rata, hobane Jehova o utloa Lentsoe la ka, likopo tsa ka tse tiileng.”​—Pes. 116:1.

11. Jehova o arabela lithapelo tsa rona joang?

11 Ntate oa rona ha a mamele lithapelo tsa rona feela empa o boetse oa li araba. Moapostola Johanne o ile a re: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kopang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.” (1 Joh. 5:​14, 15) Ke ’nete hore Jehova a ka ’na a se ke a arabela lithapelo tsa rona ka tsela eo re e lebeletseng. O tseba se molemo bakeng sa rona, kahoo ka linako tse ling o batla hore re eme ho se hokae kapa karabo ea hae e be che.​—2 Bakor. 12:​7-9.

12-13. Jehova o re arabela ka litsela life?

12 Jehova oa re hlokomela. O etsa lintho tsohle tseo a lebeletseng hore bo-ntate ba li etse. (1 Tim. 5:8) O fa bana ba hae lintho tsohle tseo ba li hlokang e le hore ba phele. Ha a batle hore re tšoenyehe ka lijo, liaparo le bolulo. (Mat. 6:​32, 33; 7:​11) ’Me kaha Jehova ke ntate ea lerato, o entse bonnete ba hore re tla ba le lintho tsohle tseo re li hlokang nakong e tlang.

13 Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore Jehova o re fa lintho tsohle tseo re li hlokang e le hore re be le kamano e ntle le eena. Ka Bibeleng, o re boleletse hore na ke mang, mabaka ao a entseng lintho ka ’ona, hobane’ng ha a re bopile le hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang. O ile a sebelisa batsoali ba rona kapa batho ba bang ho re thusa ho mo tseba. ’Me o tsoela pele ho re thusa hore re be metsoalle ea hae ka hore a sebelise baholo ba mosa le Bakreste-’moho le rona ba matla tumelong. Ho ekelletsa moo, Jehova o boetse o sebelisa liboka ho re koetlisa e leng moo re ithutang le Bakreste-’moho. Ka litsela tsena le tse ling, Jehova oa re bontša hore oa re tsotella joaloka Ntate.​—Pes. 32:8.

14. Ke hobane’ng ha Jehova a re koetlisa, ’me o etsa joalo joang?

14 Jehova oa re koetlisa. Ho fapana le Jesu, rona ha rea phethahala. Kahoo, Jehova o re koetlisa ka ho re laea ha ho hlokahala. Lentsoe la hae le re: “Jehova o laea eo a mo ratang.” (Baheb. 12:​6, 7) Jehova o re laea ka litsela tse ngata tse fapaneng. Ka mohlala, re ka ’na ra bala tlaleho e itseng ea Bibele kapa ha ba le ntho eo re ithutang eona libokeng e re thusang hore re fetole tsela eo re nahanang kapa re etsang lintho ka eona. Hape re ka fumana thuso ho baholo. Ho sa tsotellehe hore na Jehova o re khalemela joang, ntho eo re e tsebang ke hore o re khalemela hobane a re rata.​—Jer. 30:11.

15. Jehova o re sireletsa ka litsela life?

15 Jehova oa re tšehetsa ha re e-na le mathata. Feela joalokaha ntate ea lerato a tšehetsa bana ba hae ha ba e-na le mathata, ntate oa rona Jehova oa re tšehetsa ha re e-na le mathata hape o re fa le matla. O sebelisa moea oa hae o halalelang ho re sireletsa ho ntho leha e le efe e ka senyang setsoalle sa rona le eena. (Luka 11:​13) Jehova o boetse oa re thusa ha re nyahame. Ka mohlala, o re fa tšepo e tiileng ka bokamoso. Tšepo eo e re thusa ho mamella mathata. Ak’u nahane feela, ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke lintho life tse bohloko, ntate oa rona ea lerato o tla li felisa. Mathata ’ohle a re hlahelang hona joale ke a nakoana empa litlhohonolofatso tsohle tseo Jehova a re fang tsona ke tsa ho ea ho ile.​—2 Bakor. 4:​16-18.

NTATE OA RONA A KE KE A RE LAHLA LEKHALE

16. Ho ile ha etsahala’ng ha Adama a sa mamele ntate oa hae?

16 Re bona bopaki ba hore Jehova oa re rata ha re nahana ka hore na o ile a etsa’ng ha Adama a sa mo mamele. Ho se mamele ha Adama ho ile ha etsa hore eena le bana ba hae ba lahleheloe ke monyetla oa ho ba karolo ea lelapa le thabileng la Jehova. (Bar. 5:​12; 7:​14) Jehova ha a ka a phutha matsoho eaba o tlohela bana ba Adama feela.

17. Jehova o ile a etsa’ng hang ka mor’a hore Adama a se ke a mo mamela?

17 Jehova o ile a fa Adama kotlo empa a fa bana ba hae tšepo feela joalokaha a ne a tšepisitse. O ile a fana ka tšepiso ea hore batho ba mo mamelang e tla ba karolo ea lelapa la hae hape. (Gen. 3:​15; Bar. 8:​20, 21) Jehova o entse hore taba ena e khonehe ka sehlabelo sa Mora oa hae ea ratoang Jesu. Jehova o ile a bontša hore o re rata haholo ka hore a re fe Mora oa hae.​—Joh. 3:16.

Haeba re ile ra khaotsa ho sebeletsa Jehova empa ra baka, Ntate oa rona Jehova o ikemiselitse ho re amohela (Sheba serapa sa 18)

18. Re ka kholisoa ke eng hore Jehova o batla hore re be bana ba hae le haeba re ile ra khaotsa ho mo sebeletsa?

18 Le hoja re sa phethahala, Jehova o batla hore re be karolo ea lelapa la hae ’me ha a re nke re le moroalo. Re ka ’na ra utloisa Jehova bohloko ka hore re khaotse ho mo sebeletsa kapa re khoptjoe empa Jehova a ke ke a re lahla. Jesu o ile a bontša kamoo Jehova e leng ntate ea ratang bana ba hae kateng ha a ne a pheta pale ea mora ea lehlasoa. (Luka 15:​11-32) Ha ho mohla ntate oa mora ea lehlasoa a ileng a felloa ke tšepo ea hore mora oa hae o tla khutla. O ile a amohela mora oa hae ka liatla tse peli ha a khutlela hae. Haeba re kile ra khaotsa ho sebeletsa Jehova empa ra baka, re ka kholiseha hore Ntate oa rona o ikemiselitse ho re amohela.

19. Jehova o tla lokisa tšenyo e bakiloeng ke Adama joang?

19 Ntate oa rona o tla lokisa tšenyo eohle e bakiloeng ke Adama. Ka mor’a hore Adama a fetohele Jehova, Jehova o ile a khetha ba 144 000 ho moloko oa batho hore ba il’o busa le Mora oa hae e le marena le baprista leholimong. Lefatšeng le lecha, Jesu le babusi-’moho le eena ba tla thusa batho ba mamelang Jehova hore ba phethahale. Ka mor’a teko ea ho qetela ea ho mamela, Molimo o tla ba fa bophelo bo sa feleng. Ntate oa rona o tla thabela ho bona lefatše le tletse ka bara le barali ba hae ba phethahetseng. Nako eo e tla ba e monate ka ho fetisisa!

20. Jehova o re bontšitse ka litsela life hore o re rata haholo, ’me re tla hlahloba eng sehloohong se latelang?

20 Jehova o re bontšitse hore o re rata haholo. Jehova ke ntate eo motho e mong le e mong a ka batlang ho ba le eena. O utloa lithapelo ’me o re fa lintho tsohle tseo re li hlokang hore re phele le hore re mo sebeletse. Oa re koetlisa le ho re tšehetsa. O tla boela a re etsetse lintho tse ntle le nakong e tlang. Rea thaba ho tseba hore ntate oa rona oa re rata le hore oa re tsotella. Sehloohong se latelang, re tl’o bua ka litsela tseo ka tsona re ka bontšang hore rea mo rata joaloka bana ba hae.

PINA EA 108 Molimo oa re Rata

^ ser. 5 Hangata re nka Jehova e le ’Mopi oa rona le ’Musi oa rona. Empa re boetse re na le mabaka a ho mo nka e le ntate oa rona ea lerato le ea re tsotellang. Re tl’o hlahloba mabaka ao sehloohong sena. Re tl’o boela re ithuta hore na ke’ng e ka re kholisang hore a ke ke a re lahla.

^ ser. 59 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Setšoantšo ka seng se bontša ntate le ngoana oa hae: ntate o mametse mora oa hae ka hloko, ntate o fa morali oa hae lintho tseo a li hlokang, ntate o koetlisa mora oa hae, hape ntate o tšelisa mora oa hae. Letsoho la Jehova le hlahang setšoantšong sena le re hopotsa hore Jehova o re hlokomela ka litsela tse tšoanang.