Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 6

Jehova Ntate wa Rona o re Rata Haholo

Jehova Ntate wa Rona o re Rata Haholo

“Jwale, le rapele ka tsela ena: ‘Ntata rona ya mahodimong.’”​—MAT. 6:9.

PINA YA 135 Jehova o Ipiletsa ka Mofuthu: “Mora wa ka, Hlalefa”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Motho o ne a lokela ho etsang haeba a ne a batla ho bua le morena wa Persia?

A RE nke hore o ne o dula Persia dilemo tse ngata tse fetileng, mme o batla ho bua le morena ka ntho e nngwe e itseng. Ka hoo, o ya Shushane e leng moo morena a dulang teng. Empa pele o bua le morena, o lokela ho fumana tumello ya hae. Haeba o ne o ka leka ho bua le yena o sa fumana tumello ya hae, o ne o ka bolawa.​—Esth. 4:11.

2. Jehova o batla hore re ikutlwe jwang ka ho bua le yena?

2 Ke ho thabisang haholo hore ebe Jehova ha a tshwane le morena yane wa Persia. Jehova o matla ho feta Mmusi le ha e le o fe empa re ka bua le yena nako le ha e le efe ha re batla. O batla hore re ikutlwe re lokolohile ha re batla ho bua le yena. Ka mohlala, le hoja Jehova a ena le ditlotla tse ikgethang tse kang Mmopi e Moholo, ya Matla Ohle le Mmusi Morena, empa o batla hore ha re bua le yena re sebedise lentswe le tlwaelehileng “Ntate.” (Mat. 6:9) Ke ho thabisang ho tseba hore Jehova o batla re ikutlwe re le haufi le yena.

3. Ke hobaneng ha re ka re Jehova ke “Ntate,” hona re tlo ithutang sehloohong sena?

3 Ke ho utlwahalang hore re bitse Jehova “Ntate,” hobane ke yena ya re bopileng. (Pes. 36:9) Ka ha ke Ntate wa rona, re tlameha ho mo mamela. Haeba re etsa seo a reng re se etse re tla thabela ditlhohonolofatso tse ngata. (Baheb. 12:9) Ditlhohonolofatso tseo di akarelletsa bophelo bo sa feleng ebang ke lehodimong kapa lefatsheng. Re boetse re thabela tse ding hona jwale. Sehlooho sena se tla re bontsha bopaki ba hore Jehova ke Ntate wa rona ya lerato hona jwale le hore a ke ke a re lahla. Empa pele, a re hlahlobeng hore na ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore Ntate wa rona ya lehodimong o a re rata le hore o batla ho re thusa.

JEHOVA KE NTATE YA LERATO LE YA RE KGATHALLANG

Jehova o batla re be haufi le yena, jwalo ka ntate a batla hore bana ba hae ba be haufi le yena (Sheba serapa sa 4)

4. Ke hobaneng ha hole thata hore batho ba bang ba nke Jehova e le Ntate wa bona?

4 Na o utlwa ho le thata ho nka Modimo e le Ntate wa hao? Ha batho ba bang ba ipapisa le Jehova, ba nka a ba phahametse hoo ba ikutlwang e se batho ba bohlokwa. Ha ba dumele hore Modimo ya Matla Ohle o ba nka e le ba bohlokwa. Le ha ho le jwalo, Ntate wa rona ya lerato ha a batle hore re ikutlwe ka tsela eo. O re file bophelo mme o batla hore re be metswalle ya hae. Moapostola Pauluse o ile a hlakisa nnete ena, ha a ne a hlalosetsa bamamedi ba hae ba Athene hore Jehova ha a “hole le e mong le e mong wa rona.” (Lik. 17:24-29) Modimo o batla hore e mong le e mong wa rona a bue le yena jwalo ka ha ngwana a bua le batswadi ba hae ba lerato.

5. Re ithutang ho se ileng sa etsahalla moradiwabo rona e mong?

Batho ba bang ba ka nna ba utlwa ho le thata hore ba nke Jehova e le Ntate wa bona hobane bontate ba bona, ha ba a ka ba ba bontsha lerato. Nahana ka seo moradiwabo rona e mong a ileng a se bua, o re: “Ntate wa ka o ne a ntlhekefetsa. Ha ke ne ke qala ho ithuta Bibele ho ne ho le thata hore ke ikutlwe ke le haufi le Ntate wa rona ya lehodimong. Empa ka mora hore ke ithute ka Jehova, seo se ile sa fetoha.” Na le wena o ikutlwa jwalo? Haeba ho jwalo, kgodiseha hore le wena o ka nka Jehova e le Ntate wa hao ya molemo.

6. Ho ya ka Matheu 11:27, ke ka tsela efe eo Jehova a re thusitseng ho bona hore ke Ntate wa rona ya lerato?

6 Tsela e nngwe eo Jehova a re thusitseng ho bona hore ke Ntate wa rona ya lerato ke ka ho re ngolla dintho tseo Jesu a di entseng le tseo a di buileng ka Bibeleng. (Bala Matheu 11:27.) Jesu o ne a etsisa makgabane a Ntate wa hae, hoo a ileng a re: “Ya mponang o bone le Ntate.” (Joh. 14:9) Hangata Jesu o ne a re Jehova ke Ntate wa hae. Dikosepeleng tse nne, Jesu o ile a sebedisa lentswe “Ntate” ka makgetlo a ka bang 165. Ke hobaneng ha Jesu a ile a bua ka makgetlo a mangata hakana ka Jehova? Lebaka le leng ke hore o ne a batla ho kgodisa batho hore Jehova ke Ntate ya lerato.​—Joh. 17:25, 26.

7. Re ithutang tseleng eo Jehova a neng a tshwara Mora wa hae ka yona?

7 Hlokomela seo re ithutang sona tseleng eo Jehova a neng a tshwara Mora wa hae ka yona. Jehova o ne a dula a mamela dithapelo tsa Jesu, ebile a di araba. (Joh. 11:41, 42) Ho sa tsotellehe mathata oa Jesu a neng a kopana le ona, o ne a dula a bona lerato le tshehetso ya Ntate wa hae.​—Luka 22:42, 43.

8. Ke ka ditsela dife Jehova a ileng a fa Jesu seo a neng a se hloka?

8 Jesu o ne a dumela hore ke Ntate wa hae ya mo fileng bophelo ha ne a re: “Ke phela ka lebaka la Ntate.” (Joh. 6:57) Jesu o ne a tshepa Ntate wa hae ka ho felletseng mme Jehova o ile a mo fa dintho tseo a di hlokang hore a phele. Ha bohlokwa le ho feta ke hore Jehova o ne a thusa Jesu hore a dule a tshepahala ho yena.​—Mat. 4:4.

9. Jehova o ile a bontsha jwang hore o rata Jesu haholo?

9 Ka ha Jehova ke Ntate ya lerato, o ile a etsa bonnete ba hore Jesu o a tseba hore o tla mo tshehetsa. (Mat. 26:53; Joh. 8:16) Le hoja Jehova a sa sireletsa Jesu nthong e nngwe le e nngwe e neng e tla mo utlwisa bohloko, empa o ile a mo thusa ho mamella mathata. Jesu o ne a tseba hore ntho le ha e le efe e neng e tla mo utlwisa bohloko, e ne e le ya nakwana. (Baheb. 12:2) Jehova o ile a bontsha hore o rata Jesu ka hore a mo mamele, a mo fe dintho tseo a di hlokang, a mo kwetlise le ho mo tshehetsa. (Joh. 5:20; 8:28) Ka hoo a re boneng ka moo Ntate wa rona ya lehodimong a re thusang ka tsela e tshwanang.

NTATE WA RONA YA LERATO O RE THUSA JWANG?

Ntate ya lerato (1) o mamela, (2) o fa, (3) o kwetlisa hape (4) o hlokomela bana ba hae. Ntate wa rona ya lehodimong o re thusa ka ditsela tse tshwanang (Sheba serapa sa 10-15) *

10. Ho ya ka Pesaleme ya 66:​19, 20, Jehova o re bontsha jwang hore o a re rata?

10 Jehova o mamela dithapelo tsa rona. (Bala Pesaleme ya 66:​19, 20.) O re kgothalletsa hore re mo rapele ka mehla le ho mo bolella ntho e nngwe le e nngwe. (1 Bathes. 5:17) Re ka rapela Modimo wa rona ka nako e nngwe le e nngwe ho sa tsotellehe hore re ho kae, ka ha o dula a mametse dithapelo tsa rona. Ka hoo ha re hlokomela hore Jehova o mamela dithapelo tsa rona, seo se tla etsa hore re mo rate le ho feta. mongodi e mong wa Pesaleme o ile a re: ‘Ke rata Jehova, hobane o utlwile lentswe la ka.’​—Pes. 116:1.

11. Jehova o araba dithapelo tsa rona jwang?

11 Ntate wa rona o mamela dithapelo tsa rona ebile o a di araba. Moapostola Johanne o re kgodisa hore: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kopang ho ya ka thato ya [Modimo] o a re utlwa.” (1 Joh. 5:14, 15) Ke nnete hore Jehova ha a arabele dithapelo tsa rona ka tsela eo re e lebelletseng. O tseba se molemo bakeng sa rona, ka hoo o batla hore re eme hanyane kapa karabo ya hae ke tjhe.​—2 Bakor. 12:7-9.

12, 13. Ke ka ditsela dife Ntate wa rona ya lehodimong a re fang dintho tseo re di hlokang?

12 Jehova o re fa dintho tseo re di hlokang. O etsa seo a batlang hore bontate kaofela ba se etse. (1 Tim. 5:8) O fa bana ba hae dintho tseo ba di hlokang hore ba phele. Ha a batle hore re tshwenyehe ka hore na re tla aparang, re tla jang le hore na re tla dula hokae. (Mat. 6:32, 33; 7:11) Ka ha Jehova ke Ntate ya lerato, o entse bonnete ba hore re tla ba le seo re se hlokang nakong e tlang.

13 Ntho ya bohlokwa le ho feta, Jehova o re fa dintho tseo re di hlokang e le hore re be le kamano e ntle le yena. Ka Bibeleng, o re bolelletse hore na ke mang, o batla hore dintho tsohle tseo a di bopileng di be jwang, ke hobaneng ha a re bopile le hore na ho tla etsahalang nakong e tlang. O re thusitse ka hore a sebedise batswadi ba rona le batho ba bang ho re ruta ka yena. Hape o sebedisa baholo ka phuthehong le bara le baradibabo rona ba nang le tsebo hore thusa ho re re tswele pele re le metswalle ya hae. Ho ekelletsa moo, Jehova o sebedisa diboka ho re ruta re ena le Bakrestemmoho. Ka ditsela tsena le tse ding, Jehova jwalo ka Ntate wa rona o bontsha hore o rata e mong le e mong wa rona.​—Pes. 32:8.

14. Ke hobaneng ha Jehova a re kwetlisa, hona o etsa sena jwang?

14 Jehova o a re kwetlisa. Ho fapana le Jesu, ha re a phethahala. Ka hoo e le hore a re kwetlise, Ntate wa rona ya lerato o a re kgalemela ha ho hlokahala. Lentswe la hae le re hopotsa hore: ‘Jehova o laya eo a mo ratang.’ (Baheb. 12:6, 7) Jehova o re kgalemela ka ditsela tse ngata. Ka mohlala, re ka bala Bibele kapa ra ithuta ho itseng dibokeng mme ra hlokomela hore re lokela ho fetola tsela eo re nahanang le ho etsa dintho ka yona. Kapa ka dinako tse ding thuso eo re e hlokang e tswa ho baholo. Ho sa tsotellehe hore Jehova o re kgalemela jwang, o dula a etsa seo hobane a re rata.​—Jer. 30:11.

15. Jehova o re thusa ka ditsela dife?

15 Jehova o re thusa hore re mamelle mathata. Jwalo ka ha ntate ya lerato a tshehetsa bana ba hae ha ba kopana le mathata, ka ho tshwanang Ntate wa rona ya lehodimong o re thusa ho mamella mathata. O re fa moya wa hae o halalelang hore sireletsa ho ntho le ha e le efe e ka senyang kamano ya rona le yena. (Luka 11:13) Jehova o boetse o a re thusa ha re nyahame. Ka mohlala, o re fa tshepo ka bokamoso, e re thusang hore re mamelle mathata. Ka hoo ho sa tsotellehe hore re hlahelwa keng e mpe, Ntate wa rona ya lerato o tla fedisa ntho le ha e le efe e re utlwisang bohloko. Re ke ke ra dula re ena le mathata, empa seo Jehova a re fang sona ke sa ka ho sa feleng.​—2 Bakor. 4:16-18.

NTATE WA RONA A KE KE A RE TLOHELA

16. Ho ile ha etsahalang ha Adama a ne a sa mamele Ntate wa hae ya lerato?

16 Re bona bopaki ba hore Jehova o a re rata ha re nahana ka seo a ileng a se etsa ha Adama a sa mo mamele. Ha Adama a ne a sa mamele Ntate wa hae ya lehodimong, yena le bana ba hae ha ba a ka ba hlola e eba karolo ya lelapa la Jehova. (Bar. 5:12; 7:14) Empa Jehova o ile a etsa ho hong hore a thuse bana ba Adama.

17. Jehova o ile a etsang ka mora hore Adama a mo fetohele?

17 Jehova o ile a ahlola Adama, empa a tshepisa hore o tla thusa bana ba hae. Hanghang o ile a tshepisa hore batho ba mamelang ba tla boela e be lelapa la hae. (Gen. 3:15; Bar. 8:20, 21) Jehova o ile a phethahatsa sena ka hore a fane ka mora wa hae Jesu hore e be thekollo. Ka hoo ka hore a fana ka mora wa hae, Jehova o ile a bontsha hore o re rata haholo.​—Joh. 3:16.

Haeba re ne re ikarotse ho Jehova mme re se re bakile, re ka kgodiseha hore Ntate wa rona ya lerato o ikemiseditse ho re amohela (Sheba serapa sa 18)

18. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore Jehova o batla hore re be bana ba hae le hoja re ikarotse ho yena?

18 Le hoja re sa phethahala, Jehova ha a re nke re le morwalo, empa o batla hore re be lelapa la hae. Le hoja re ka ikarola ho Jehova, o na le tshepo ya hore re tla kgutlela ho yena. Jesu o ile a bontsha ka moo Jehova a ratang bana ba hae ka teng mohlaleng wa hae wa mora ya lahlehileng. (Luka 15:​11-32) Ntate ya hlahang mohlaleng oo, ha a ka a fellwa ke tshepo ya hore mora wa hae o tla kgutla. Ha mora a kgutlela hae, ntate wa hae o ile a mo amohela ka mofuthu. Ka tsela e tshwanang, haeba re ne re ikarotse ho Jehova mme re se re bakile, re ka kgodiseha hore Ntate wa rona ya lerato o ikemiseditse hore amohela.

19. Jehova o tla etsolla tshenyo eo Adama a e bakileng jwang ?

19 Ntate wa rona o tla etsolla tshenyo yohle e bakilweng ke Adama. Ka mora hore Adama a mo fetohele, Jehova o ile a kgetha batho ba 144 000 hore ba ilo busa le Mora wa hae lehodimong. Lefatsheng le letjha, Jesu le ba busang le yena ba tla thusa batho ba mamelang hore ba phethahale. Ka hoo ka mora hore ba hlole teko ya ho qetela ya hore batho ba mamele, Modimo o tla ba fa bophelo bo sa feleng. Ntate wa rona o tla thaba haholo ha a bona lefatshe le tletse ka bara le baradi ba hae ba phethahetseng. Ka nnete eo e tla be e le nako e thabisang!

20. Jehova o bontshitse ka ditsela dife hore o a re rata, hona re tla hlahlobang sehloohong se latelang?

20 Jehova o bontshitse hore o re rata haholo. Ke Ntate ya molemo ka ha o utlwa dithapelo tsa rona, o re fa dintho tseo re di hlokang e le hore re phele le ho re re tswele pele re mo sebeletsa. O a re kwetlisa ebile o a re tshehetsa. O boetse o tla re etsetsa dintho tse molemo nakong e tlang. Ka nnete re thabela ho tseba hore Ntate wa rona o a re rata ebile o a re thusa. Sehlooho se latelang se tla tshohla ka moo re ka bontshang hore re ananela lerato leo Modimo a re bontshang lona.

PINA YA 108 Lerato la Nnete la Modimo

^ par. 5 Hangata re tseba Jehova e le Mmusi le Mmopi wa rona. Hape re na le mabaka a utlwahalang a ho mo nka e le Ntate ya re ratang haholo. Sehlooho sena se tla re bontsha mabaka ao, re tla boela re ithute hore na ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore Jehova a ke ke a re tlohela.

^ par. 59 SETSHWANTSHO SE A HLALOSWA: Setshwantsho se seng le se seng ho tsena tse nne se bontsha ntate le ngwana wa hae: Ntate o mametse mora wa hae ka hloko, ntate o fa moradi wa hae dintho tseo a di hlokang, ntate o kwetlisa mora wa hae le ntate ya kgothatsang mora wa hae. Setshwantsho sa letsoho la Jehova se hlahang ka mora dinepe tsena tse nne, se re hopotsa hore Jehova o tla re thusa ka ditsela tse tshwanang.