Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 7

Re Rata Ntate oa Rona Haholo

Re Rata Ntate oa Rona Haholo

“Rea rata, hobane o ile a re rata pele.”​—1 JOH. 4:19.

PINA EA 3 Jehova o re fa Matla le Tšepo

SELELEKELA *

1-2. Ke hobane’ng ha Jehova a entse hore re be har’a lelapa la hae, hona o entse joalo joang?

JEHOVA o re memme hore re be karolo ea lelapa la batho ba mo sebeletsang. Kannete ena ke memo e babatsehang! Lelapa lena ke la batho ba inehetseng ho Jehova le ba bontšang tumelo sehlabelong sa Mora oa hae. Re lelapa le thabileng. Re thabisoa ke ho tseba hore na re phelela’ng hona joale le hore nakong e tlang re tla thabela ho phela ka ho sa feleng e bang ke leholimong kapa Paradeiseng mona lefatšeng.

2 Jehova o entse hore re be karolo ea lelapa la hae hobane a re rata haholo ’me e le hore a etse joalo, o ile a tlameha ho tela ntho ea bohlokoa haholo. (Joh. 3:​16) O ile a re reka. (1 Bakor. 6:​20) Ka lebaka la thekollo, Jehova o entse hore re be metsoalle ea hae e haufi. Ho bitsa Motho e moholo ka ho fetisisa bokahohleng Ntate, ke tlotla e kholo. Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, Jehova ke Ntate eo motho e mong le e mong a ka batlang ho ba le eena.

3. Re ka ipotsa lipotso life? (Sheba lebokose le reng, “ Na Jehova o Nkela Hloko?”)

Joaloka mongoli e mong oa Bibele, le rona re ka ipotsa, “Ke tla buseletsa eng ho Jehova bakeng sa melemo eohle ea hae ho ’na?” (Ps. 116:​12) Karabo ea potso eo ke hore, ha ho na letho leo re ka le busetsang ho Ntate oa rona. Empa lerato leo a re ratang ka lona le etsa hore re mo rate le ho feta. Moapostola Johanne o ile a re: “Rea [mo] rata hobane o ile a re rata pele.” (1 Joh. 4:​19) Joale, re ka bontša joang hore re rata Ntate oa rona?

ATAMELA HO JEHOVA

Re bontša hore re rata Ntate oa rona Jehova ka hore kamehla re bue le eena ka thapelo, re mo mamele hape re thuse batho ba bang ho mo tseba (Sheba serapa sa 4 ho ea ho sa 14)

4. Ho ea ka Jakobo 4:​8, ke hobane’ng ha re lokela ho etsa boiteko ba ho atamela ho Jehova?

4 Jehova o batla hore re atamele haufi le eena le hore re buisane le eena. (Bala Jakobo 4:8.) O re khothaletsa hore re ‘phehelle thapelong’ hape oa re mamela kamehla ha re bua le eena. (Rom. 12:​12) Ha ho le ka mohla a khathalang kapa a phathahanang hoo a ke keng a re mamela. Rona re mo mamela ka hore re bale Lentsoe la hae e leng Bibele le ka ho bala lingoliloeng tse re thusang ho le utloisisa. Re boetse re mo mamela ka hore re mamele ka hloko ha re le libokeng. Feela joalokaha batsoali ba buisana le bana ba bona kamehla hore ba atamele haufi le bona, le rona ha re buisana le Jehova kamehla ho ba bonolo hore re atamele haufi le eena.

Sheba serapa 5

5. Re ka etsa’ng e le hore Jehova a amohele lithapelo tsa rona?

5 Nahana ka hore na u bua le Jehova joang. Jehova o batla hore ha re mo rapela, re mo bolelle hore na re ikutloa joang le hore na re nahana’ng. (Pes. 62:8) Re lokela ho ipotsa potso ena: ‘Na ha ke etsa thapelo ho tšoana leha eka ke bua ntho e ngotsoeng fatše kapa ho tšoana le ha ke ngolla motsoalle oa ka lengolo ke mo hlalosetsa hore na ke ikutloa joang?’ Re kholisehile hore u rata Jehova haholo le hore hape u batla hore e be motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo. E le hore u atlehe ho etsa joalo, u lokela ho buisana le eena letsatsi le letsatsi. Mo bolelle makunutu a hao. Mo bolelle lintho tse u thabisang le tse u utloisang bohloko. U se ke oa tšaba ho kopa thuso ho eena.

6. Re lokela ho etsa’ng e le hore re lule re le metsoalle ea Ntate oa rona?

6 E le hore Jehova a re nke re le batho ba bohlokoa, re lokela ho mo leboha. Re ikutloa hantle joaloka mopesaleme ea ileng a re: “U entse lintho tse ngata, Jehova Molimo oa ka, esita le mesebetsi ea hao e hlollang le menahano ea hao ho rona, ha ho le ea mong ea ka bapisoang le uena. Ha ke ne nka batla ho e bolela le ho bua ka eona, e mengata ho feta kamoo nka e phetang.” (Pes. 40:5) Ha re be le boikutlo feela ba teboho empa re bontša ka mantsoe le liketso hore re leboha Jehova. Taba ena e etsa hore re fapane le batho ba mehleng ena. Batho ba bangata ha ba lebohe Jehova ka lintho tseo a ba etsetsang tsona. Letšoao le leng le bontšang hore re phela “matsatsing a ho qetela” ke la hore batho ha ba na teboho. (2 Tim. 3:​1, 2) Ha re batle ho ba le mekhoa eo e mebe!

7. Jehova o batla hore re etse’ng, hona hobane’ng?

7 Batsoali ha ba batle ha bana ba bona ba loana empa ba batla hore ba utloane. Ka tsela e tšoanang, Jehova le eena o batla hore bana bohle ba hae ba momahane. Ha e le hantle, haeba re ratana, taba eo e bontša hore re Bakreste ba ’nete. (Joh. 13:​35) Re lumellana le mopesaleme ea ileng a re: “Bonang! Kamoo ho leng hotle le kamoo ho khahlisang kateng ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!” (Pes. 133:1) Ha re rata Bakreste-’moho le rona, re bontša hore re rata Jehova. (1 Joh. 4:​20) Ke ntho e thabisang ho ba har’a bara le barali babo rona ba mosa le ba nang le qenehelo.​—Baef. 4:32.

BONTŠA LERATO KA HO MAMELA

Sheba serapa 8

8. 1 Johanne 5:3 e re lebaka le ka sehloohong la ho mamela Jehova ke lefe?

8 Jehova o lebeletse hore bana ba mamele batsoali ba bona ’me le rona o batla hore re mo mamele. (Baef. 6:1) Re lokela ho mamela Jehova hobane ke ’Mopi oa rona, o re file bophelo hape ke motsoali ea bohlale ka ho fetisisa. Lebaka le ka sehloohong leo re mamelang Jehova ka lona ke hobane rea mo rata. (Bala 1 Johanne 5:3.) Le hoja re e-na le mabaka a mangata a ho mamela Jehova, ha a re qobelle ho etsa joalo. Jehova o re file bolokolohi ba ho ikhethela, kahoo oa thaba ha re khetha ho mo mamela hobane re mo rata.

9-10. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho tseba melao ea Jehova le ho e phetha?

9 Batsoali ba batla hore bana ba bona ba sireletsehe. Ke ka lebaka leo ba ba behelang melao e ba tsoelang molemo. Ha bana ba mamela melao eo, ba bontša hore ba mamela batsoali ba bona hape baa ba hlompha. Kahoo, ke habohlokoa le ho feta hore re tsebe melao ea Ntate oa rona re be re e mamele. Ha re etsa joalo, re bontša hore re rata Jehova le ho mo hlompha hape re itsoela molemo. (Esa. 48:​17, 18) Empa batho ba sa mameleng Jehova ba khola litholoana tse bosula.​—Bagal. 6:​7, 8.

10 Ha re phela ka tsela e khahlisang Jehova, o re sireletsa linthong tse ka re utloisang bohloko ’meleng, maikutlong le tse ka etsang hore kamano ea rona le eena e senyehe. Jehova o tseba se molemo bakeng sa rona. Morali’abo rona Aurora ea lulang Amerika o re: “Kea tseba hore ho mamela Jehova hoa putsa kamehla.” Taba ena ke ’nete. Ke melemo efe eo u e fumaneng ka ho mamela Jehova?

11. Thapelo e re thusa joang?

11 Thapelo e re thusa ho ba batho ba mamelang le haeba ho le thata ho etsa joalo. Kaha re baetsalibe, ka linako tse ling ho ba thata ho mamela Jehova empa re lokela hore kamehla re loanele ho mo mamela. Mopesaleme o ile a kopa Molimo a re: “E se eka u ka ntšehetsa esita le ka moea o ratang.” (Pes. 51:​12) Morali’abo rona Denise oa pula-maliboho o re: “Haeba ke fumana ho le thata hore ke mamele o mong oa melao ea Jehova, ke mo kopa hore a mphe matla e le hore ke khone ho mo khahlisa.” Re ka kholiseha hore Jehova o tla re arabela ha re etsa kopo e joalo.​—Luka 11:​9-13.

THUSA BA BANG HO RATA NTATE OA RONA

12. Re lokela ho etsa’ng ho ea ka Baefese 5:1?

12 Bala Baefese 5:1. Kaha re “bana ba ratoang” ba Jehova, re leka kahohle hore re mo etsise. Re mo etsisa ka hore re rate batho ba bang, re be mosa re be re tšoarelane. Haeba batho ba sa sebeletseng Molimo ba bona hore re itšoere hantle, ba ka ’na ba batla ho ithuta ka eena. (1 Pet. 2:​12) Batsoali ba Bakreste ba lokela ho leka ho tšoara bana ba bona ka tsela eo Jehova a re tšoarang ka eona. Haeba ba etsa joalo, bana ba bona ba ka ’na ba batla ho ba metsoalle ea Jehova.

Sheba serapa 13

13. Re lokela ho etsa’ng e le hore re be sebete?

13 Bana ba banyenyane ba motlotlo ka bo-ntate ba bona hape ba rata ho bua ka bona. Ka tsela e tšoanang, le rona re motlotlo ka Ntate oa rona Jehova ’me re batla hore batho ba bang ba mo tsebe. Re ikutloa hantle joaloka Morena Davida ha a re: “[Ke] tla ithorisa ka Jehova.” (Pes. 34:2) Empa re ka etsa’ng haeba re le lihlong ho bua ka Jehova? Re ka bontša sebete joang? Re tla ba sebete ha re nahana ka hore na Jehova o tla thaba hakaakang ha re bua ka eena. Re tla boela re be sebete ha re nahana ka hore na batho ba bang ba tla rua molemo hakaakang ha ba ithuta ka Jehova. Hape Jehova o tla re fa sebete. Joalokaha a ile a thusa Bakreste ba mehleng ea ho ne ho ngoloa Bibele hore ba be sebete, le rona o tla re thusa.​—1 Bathes. 2:2.

14. Re na le mabaka afe a ho nka mosebetsi oa ho etsa barutuoa e le oa bohlokoa?

14 Jehova ha a leeme, kahoo oa thaba ha re bontša batho ba bang hore rea ba rata ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe. (Lik. 10:​34, 35) Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ka e etsang ho bontša hore re rata batho ke ka ho ba ruta ka Molimo. (Mat. 28:​19, 20) Mosebetsi oo o ba le liphello life? Batho ba re mamelang ba fetola bophelo ba bona hona joale hape ba tla ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng.​—1 Tim. 4:16.

RATA NTATE OA RONA ’ME U TLA THABA

15-16. Re na le mabaka afe a ho thaba?

15 Jehova ke motsoali ea lerato, kahoo u batla hore lelapa la hae le thabe. (Esa. 65:​14) Re na le mabaka a mangata a hore re thabe hona joale esita le haeba re e-na le mathata. Mohlala, rea tseba hore Ntate oa rona Jehova o re rata haholo. Re tseba Lentsoe la Molimo Bibele ka tsela e nepahetseng. (Jer. 15:​16) Re karolo ea lelapa le ikhethang la batho ba ratang Jehova, ba ratang melao ea hae ea boitšoaro le ba ratanang.​—Pes. 106:​4, 5.

16 Re tla lula re thabile kamehla hobane rea tseba hore bophelo bo tla ntlafala nakong e tlang. Rea tseba hore haufinyane Jehova o tla felisa bokhopo bohle bo teng lefatšeng ’me a sebelise ’Muso oa hae ho etsa lefatše Paradeise. Re boetse re na le tšepo ea hore bafu ba tla tsoha ebe ba kopana le baratuoa ba bona. (Joh. 5:​28, 29) Ruri e tla ba ntho e hlollang! Empa ntho e ka sehloohong eo re kholisehileng ka eona ke hore, haufinyane batho bohle e bang ke ba il’o phela leholimong kapa mona lefatšeng, ba tla hlompha Ntate oa rona, ba mo rorise ba be ba mo sebeletse ka tsela eo a e batlang.

PINA EA 12 Jehova ke Molimo e Moholo

^ ser. 5 Rea tseba hore Ntate oa rona Jehova o re rata haholo hape o entse hore re be har’a lelapa la batho ba mo sebeletsang. Ka lebaka leo, rea mo rata. Empa re ka bontša joang hore ehlile rea mo rata? Sehloohong sena re tl’o bua ka lintho tseo ka ho khetheha re ka li etsang ho bontša hore rea mo rata.