Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 9

Lumella Jehova Hore a U Tšelise

Lumella Jehova Hore a U Tšelise

“Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.”​—PES. 94:19.

PINA EA 44 Thapelo ea Motho ea Nyahameng

SELELEKELA *

1. Ke ntho efe e ka etsa’ng hore re tšoenyehe, hona re ka ikutloa joang?

NA U kile oa hlaheloa ke ntho e ileng ea etsa hore u tšoenyehe haholo? * Mohlomong u ile oa tšoenngoa ke ntho eo motho e mong a ileng a e bua kapa a e etsa. Kapa mohlomong u tšoentsoe ke ntho eo u ileng oa e bua kapa oa e etsa. Mohlala, mohlomong u entse phoso e itseng joale u ngongorehile ka hore na Jehova o tla u tšoarela. Hape ho lula u tšoenyehile ka ntho e itseng, ho etsa hore u nahane hore mohlomong u motho ea mobe kapa ha u na tumelo e matla. Empa na taba eo ke ’nete?

2. Ke mehlala efe e hlahang ka Bibeleng e bontšang hore ho tšoenyeha ha ho bolele hore ha re na tumelo?

2 Nahana ka mehlala e seng mekae e hlahang ka Bibeleng. Anna e ne e le ’mè oa moprofeta Samuele ’me o ne a e-na le tumelo e matla. Empa o ile a tšoenyeha haholo ha e mong oa lelapa la hae a mo tšoara hampe. (1 Sam. 1:7) Moapostola Pauluse o ne a e-na le tumelo e matla empa o ile a ngongoreha le ho “tšoenyeha ka liphutheho tsohle.” (2 Bakor. 11:​28) Morena Davida le eena o ne a e-na le tumelo e matla hoo Jehova a neng a mo rata haholo. (Lik. 13:​22) Ho ntse ho le joalo, o ile a etsa liphoso tse ileng tsa mo utloisa bohloko le ho mo tšoenya haholo. (Pes. 38:4) Jehova o ile a khothatsa le ho tšelisa e mong le e mong oa bona. A re ke re hlahlobeng hore na re ka ithuta’ng mehlaleng ea bona.

RE ITHUTA’NG HO ANNA EA NANG LE TUMELO?

3. Lintho tseo batho ba bang ba li buang li ka re tšoenya joang?

3 Ha batho ba bang ba re buela mantsoe a hlabang kapa a re utloisang bohloko, re ka ’na ra sithabela. Taba eo ke ’nete haholo haeba motho ea re utloisitseng bohloko e le motsoalle kapa mong ka rona ea haufi. Re ka ’na ra nahana hore maqhama a neng a le teng lipakeng tsa rona le motho eo a senyehile. Ka linako tse ling, motho e mong a ka bua ntho e ka re utloisang bohloko a sa nahana ’me ntho eo e ka re tšoara habohloko. (Liprov. 12:​18) Kapa mohlomong motho e mong eena a ka re hlaba ka mantsoe ka boomo. Morali’abo rona e mong o ile a hlaheloa ke ntho e joalo. O re: “Lilemong tse seng kae tse fetileng, motho e mong eo ke neng ke nahana hore ke motsoalle oa ka eo ke mo tšepang, o ile a qala ho bua mashano ka ’na. Ke ne ke utloile bohloko hape ke ne khathatsehile haholo. Ke ne ke sa nahana hore motsoalle oa ka e ka ba nta ea selomela kobong.” Mohlala oa Anna o ka u thusa haeba u kile oa utloisoa bohloko ke motsoalle kapa mong ka uena.

4. Anna o ile a thulana le mathata afe?

4 Anna o ile a tlameha ho sebetsana le mathata a boima haholo. O ne a e-na le bothata ba hore ebe ha a khone ho ba le bana ka lilemo tse ngata. (1 Sam. 1:2) Ho Baiseraele, mosali eo e neng e le nyopa o ne a nkoa a rohakiloe. Ntho ena e ne e hlabisa Anna lihlong haholo. (Gen. 30:​1, 2) Anna o ile a sulafalloa ke bophelo le ho feta ha monna oa hae a nyala mosali e mong ea bitsoang Penina, ea neng a khona ho ba le bana. Penina o ne a monela Anna, kahoo “o ne a mo tšoenya haholo ka morero oa ho etsa hore a ikutloe a ferekane [kapa a mo utloise bohloko].” (1 Sam. 1:6) Qalong, lintho tsena li ne li utloisa Anna bohloko haholo. O ne a utloile bohloko “hoo a neng a lla ’me a sa je.” Ruri “moea oa hae o ne o utloile bohloko.” (1 Sam. 1:​7, 10) Mosali eo oa batho o ile a tšelisoa ke’ng?

5. Thapelo e ile ea thusa Anna joang?

5 Anna o ile a rapela Jehova eaba u mo hlalosetsa hore pelo ea hae e lutla mali. Ka mor’a hore a bue le Jehova, o ile a bolella Moprista ea Phahameng Eli mathata a hae. Eli o ile a re: “Tsamaea ka khotso, ’me e se eka Molimo oa Iseraele a ka phethahatsa kopo ea hao.” Phello e ile ea e-ba efe? Anna o ile “a tsamaea ’me a ja, ’me sefahleho sa hae ha sea ka sa hlola se tšoenyeha.” (1 Sam. 1:​17, 18) Thapelo e ile ea thusa Anna hore a lule a e-na le khotso.

Joaloka Anna, re ka etsa’ng e le hore re lule re e-na le khotso? (Sheba serapa sa 6 ho ea ho sa 10)

6. Mohlala oa Anna le lengolo la Bafilipi 4:​6, 7 li re ruta’ng ka thapelo?

6 Re tla lula re e-na le khotso ha re phehella thapelong. Anna o ile a qeta nako e ngata a bua le Ntate oa hae. (1 Sam. 1:​12) Le rona re ka qeta nako e ngata eo re e batlang re bua le Ntate oa rona ka matšoenyeho a rona, lintho tse re tšosang le mefokolo ea rona. Lithapelo tsa rona ha lia lokela hore ebe lithothokiso kapa re batle hore ebe tse phethahetseng. Ka linako tse ling, re ka ba ra lla ha re bolella Jehova lintho tse re tšoenyang. Ho ntse ho le joalo, Jehova a ke ke a ikutloa a khathetse ke ho re mamela. Ho phaella tabeng ea ho rapela ka mathata a rona, re boetse re lokela ho hopola keletso ea Pauluse e hlahang ho Bafilipi 4:​6, 7. (E bale.) Ka ho khetheha, Pauluse o re bolella hore re lebohe Jehova lithapelong tsa rona. Re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova. Mohlala, re ka mo leboha ka mpho ea bophelo eo a re fileng eona, mesebetsi ea hae e hlollang, lerato la hae le tšepo e babatsehang eo a re fileng eona. Re ka ithuta eng hape mohlaleng oa Anna?

7. Anna le monna oa hae ba ne ba tloaetse ho etsa’ng?

7 Le hoja Anna a ne a e-na le mathata, o ne a lula a e-ea ntlong ea Jehova e Shilo le monna oa hae. (1 Sam. 1:​1-5) Ha Anna a le tabernakeleng, ke hona moo Moprista ea Phahameng Eli a ileng a mo khothatsa ka hore o na le tšepo ea hore Jehova o tla arabela thapelo ea hae.​—1 Sam. 1:​9, 17.

8. Liboka li ka re thusa joang? Hlalosa.

8 Re tla lula re e-na le khotso haeba re e-ba teng libokeng kamehla. Hangata ha liboka li qala, mor’abo rona ea qalang ka thapelo o kopa Jehova hore a re fe moea o halalelang. Ho ba le khotso ke e ’ngoe ea litholoana tsa moea oo. (Bagal. 5:​22) Ha re e-ea libokeng esita le haeba re e-na le matšoenyeho, re fa Jehova le Bakreste-’moho le rona monyetla oa hore ba re khothatse le hore re be le khotso. Thapelo le liboka ke lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo Jehova a li sebelisang ho re silila lipelo. (Baheb. 10:​24, 25) A re ke re bueng ka ntho e ’ngoe hape eo re ka ithutang eona mohlaleng oa Anna.

9. Ke ntho efe e sa kang ea fetoha bophelong ba Anna empa o ile a thusoa ke’ng?

9 Mathata a Anna ha a ka a ea moriting ka ho panya ha leihlo. Ha Anna a khutla tabernakeleng, o ne a ntse a tlameha ho phela le mohalitsong oa hae e leng Penina. ’Me ha ho na kae-kae ka Bibeleng moo e reng Penina o ile a fetoha. Kahoo, Anna o ile a tlameha ho mamella mantsoe a hlabang habohloko a mohalitsong eo oa hae. Ho ntse ho le joalo, Anna o ile a khona hore a lule a e-na le khotso. Ka mor’a hore Anna a lahlele moroalo oa hae ho Jehova, ha a ka a hlola a ituba ka mathata a hae. O ile a lumella Jehova hore a mo khothatse le ho mo tšelisa. Ha nako e ntse e-ea, Anna o ile a hlohonolofatsoa ka bana.​—1 Sam. 1:​19, 20; 2:21.

10. Re ithuta’ng mohlaleng oa Anna?

10 Re tla lula re e-na le khotso le haeba matšoenyeho a rona a sa ee moriting. Le hoja re ka rapela Jehova ka lipelo tsohle tsa rona ra ba ra ea libokeng kamehla, a mang a mathata a rona a ke ke a fela hang-hang. Mohlaleng oa Anna, re bone hore ha ho na letho le ka sitisang Jehova ho re tšelisa. Le ka mohla Jehova a ke ke a re lahla ’me haufinyane o tla re putsa ka hore ebe re ile ra tšepahala.​—Baheb. 11:6.

RE ITHUTA’NG HO MOAPOSTOLA PAULUSE?

11. Pauluse o ne a e-na le mabaka afe a ho tšoenyeha?

11 Pauluse o ne a e-na le mabaka a mangata a ho tšoenyeha. Mohlala, kaha o ne a rata Bakreste-’moho le eena, mathata ao ba neng ba thulana le ’ona a ne a mo tetebetsa haholo a bile a etsa hore a lule a tšoenyehile. (2 Bakor. 2:4; 11:​28) Ha a ntse a etsa mosebetsi oa hae oa boboleli, bahanyetsi ba hae ba ile ba mo otla hangata le ho mo lahlela chankaneng. O ne a boetse a tlameha ho mamella mathata a tšoenyang a kang “ho haelloa ke lijo.” (Bafil. 4:​12) Hape, ha u hopola hore Pauluse o ile a robeheloa ke sekepe ka makhetlo a ka bang mararo, u ka inahanela feela hore na o ne a tšoenyeha ho le hokae hore a nke leeto ka sekepe. (2 Bakor. 11:​23-27) Joale, Pauluse o ile a thusoa ke’ng ha a ne tšoenyehile?

12. Pauluse o ile a thusoa ke’ng hore a se ke a tšoenyeha haholo?

12 Pauluse o ne a tšoenyeha ha balumeli-’moho le eena ba thulana le mathata empa ha a ka a rarolla mathata a bona a le mong. O ne a ikokobelitse. O ile a kopa batho ba bang hore ba thuse liphutheho le ho li hlokomela. Mohlala, o ile a fa banna ba tšepahalang ba kang Timothea le Tite boikarabelo bo bongata. Mosebetsi oo bara bao babo rona ba ileng ba o etsa, o ile oa etsa hore Pauluse a se ke a tšoenyeha haholo.​—Bafil. 2:​19, 20; Tite 1:​1, 4, 5.

Joaloka Pauluse, re ka etsa’ng e le hore re qobe ho tšoenyeha haholo? (Sheba serapa sa 13 ho ea ho sa 15)

13. Baholo ba ka etsisa Pauluse joang?

13 Kopa batho ba bang hore ba u thuse. Joaloka Pauluse, baholo ba lerato le ba mosa ba tšoenyeha ka Bakreste-’moho le bona ba nang le mathata. Empa moholo a le mong a ke ke a khona ho thusa phutheho kaofela. Boikokobetso bo tla mo thusa hore a arolelane mosebetsi oo le barab’abo rona ba bang le hore ba koetlise ba bacha hore ba tle ba tšoanelehele ho hlokomela mohlape oa Molimo.​—2 Tim. 2:2.

14. Pauluse ha a ka a ngongoreha ka’ng, hona re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae?

14 Amohela hore u hloka ho tšelisoa. Pauluse o ne a ikokobelitse, kahoo o ne a tseba hore o lokela ho khothatsoa ke metsoalle ea hae. Ha a ka a ngongoreha ka hore batho ba bang ba tla mo nka a se na matla hobane a ile a lumela hore batho ba bang ba ile ba mo khothatsa. Ha a ngolla Filemone, o ile a re: “Ke ile ka fumana thabo le matšeliso a maholo ka lerato la hao.” (Filem. 7) Pauluse o ile a bua ka basebetsi-’moho le eena ba bang ba ileng ba mo khothatsa ha ho ne ho nyolosetsa. (Bakol. 4:​7-11) Haeba ka boikokobetso re lumela hore re hloka ho khothatsoa, bara le barali babo rona ba tla etsa joalo ba thabile.

15. Pauluse o ile a etsa’ng ha a ne a tšoenyehile haholo?

15 Itšetlehe ka Lentsoe la Molimo. Pauluse o ne a tseba hore Mangolo a tla mo tšelisa. (Bar. 15:4) A ne a boetse a tla mo fa bohlale ba hore a sebetsane le liteko tsa hae. (2 Tim. 3:​15, 16) Ha a le teronkong Roma ka lekhetlo la bobeli, o ile a utloa hore o ne a se a le haufi le ho bolaoa. Linakong tseo tsa tlokotsi, o ile a etsa’ng? O ile a re Timothea a tle ho eena kapele ’me a tle le “meqolo.” (2 Tim. 4:​6, 7, 9, 13) Hobane’ng? Hobane ho ka etsahala hore ebe meqolo eo e ne e-na le likarolo tse itseng tsa Mangolo a Seheberu tseo a neng a tla li sebelisa ha a ithuta Bibele. Haeba re etsisa Pauluse ka hore nako le nako re ithute Lentsoe la Molimo, Jehova o tla sebelisa Mangolo ho re tšelisa ho sa tsotellehe hore na re na le mathata afe.

RE ITHUTA’NG HO MORENA DAVIDA?

Joaloka Davida, re ka thusoa ke’ng haeba re entse sebe se tebileng? (Sheba serapa sa 16 ho ea ho sa 19)

16. Davida o ile a ikutloa joang ka mor’a hore a etse sebe se tebileng?

16 Davida o ne a e-na le lebaka la ho ba letsoalo le molato. O ile a etsa bofebe le Bathe-sheba, a bolaea monna oa Bathe-sheba a ba a leka ho pata sebe seo a se entseng. (2 Sam. 12:9) Qalong, Davida ha a ka a mamela letsoalo la hae. Ka lebaka leo, o ile a senya setsoalle sa hae le Jehova, a tšoenyeha haholo a ba a kula. (Pes. 32:​3, 4) O ile a thusoa ke’ng hore a sebetsane le ho tšoenyeha hoo a neng a ipaketse hona? Rona re ka thusoa ke’ng haeba re entse sebe se tebileng?

17. Pesaleme ea 51:​1-4 e bontša joang hore Davida o ne a soabetse ntho eo a entseng e le kannete?

17 Kopa tšoarelo ho Jehova. Qetellong, Davida o ile a bua le Jehova ka thapelo. O ne a fela a soabile e le kannete ’me o ile a bolella Jehova ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng. (Bala Pesaleme ea 51:​1-4.) Ho etsa joalo ho ile ha mo thusa hore a boele a thabe hape a be le khotso. (Pes. 32:​1, 2, 4, 5) Haeba u entse sebe se tebileng, u se ke oa leka ho pata phoso eo. Ho e-na le hoo, rapela Jehova u mo hlalosetse hore na u entse’ng. Ka mor’a moo, u tla utloa u na le khotso hape u ke ke oa hlola u ikutloa u le molato. Empa haeba u batla ho ba motsoalle oa Jehova hape, u lokela ho etsa ho hong ho feta ho rapela feela.

18. Davida o ile a itšoara joang ha a khalemeloa?

18 Amohela khalemelo. Ha Jehova a ne a romme moprofeta Nathane hore a il’o bolella Davida ka sebe sa hae, Davida ha a ka a itokafatsa kapa a leka ho bebofatsa sebe sa hae. Kapele-pele o ile a lumela hore u sitetsoe Bathe-sheba le monna oa hae empa habohlokoa le ho feta ke hore o sitetsoe Jehova. Davida o ile a amohela khalemelo e tsoang ho Jehova eaba Jehova oa mo tšoarela. (2 Sam. 12:​10-14) Haeba re entse sebe se tebileng, re lokela hore re bue le batho bao Jehova a ba khethileng hore ba re lise. (Jak. 5:​14, 15) Hape ha rea lokela ho ikemela. Ha re amohela khalemelo kapele ho sa tsotellehe hore na re e fuoa joang, re tla thaba hape re be le khotso.

19. U lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

19 U ikemisetse hore u se ke oa pheta liphoso tse tšoanang. Morena Davida o ne a tseba hore o lokela ho thusoa ke Jehova haeba a ne a sa batle ho pheta liphoso tse tšoanang. (Pes. 51:​7, 10, 12) Ka mor’a hore Jehova a mo tšoarele, Davida o ile a ikemisetsa ho khaotsa ho ba le menahano e fosahetseng. Ka lebaka leo, o ile a ba le khotso.

20. Re ka bontša joang hore rea ananela ha Jehova a re tšoaretse?

20 Re bontša hore rea ananela ha Jehova a re tšoaretse ha re mo rapela, re amohela khalemelo le ha re sebetsa ka thata hore re qobe ho pheta liphoso tse tšoanang. Ha re etsa lintho tsena, re tla lula re e-na le khotso. Mor’abo rona James ea kileng a etsa sebe se tebileng o tiisa ’nete ena. O re: “Ha ke bua le baholo ka phoso eo ke e entseng, ke ile ka utloa eka ho na le mojaro o boima o tlositsoeng mahetleng a ka. Ke ile ka boela ka ba le khotso.” Ke ntho e khothatsang kannete ho tseba hore “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng” le hore “o pholosa ba sithabetseng moeeng.”​—Pes. 34:18.

21. Re ka lumella Jehova hore a re khothatse joang?

21 Kaha joale re se re le haufi haholo le bofelo, lintho tse re tšoenyang li ka ’na tsa eketseha ho feta leha e le neng pele. Ha u ikutloa u tšoenyehile, u se ke oa ba lesisitheho ho kopa Jehova hore a u thuse. Etsa hore ho ithuta Bibele ho u tsoele molemo. Ithute mohlaleng oa Anna, Pauluse le Davida. Kopa Jehova hore a u thuse ho tseba hore na ke’ng ntho e u bakelang matšoenyeho. (Pes. 139:​23) Lahlela matšoenyeho a hao ho eena, haholo-holo ao u se nang matla holim’a ’ona. Haeba u etsa joalo, u tla tšoana le mopesaleme ea ileng a re ho Jehova: “Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.”​—Pes. 94:19.

PINA EA 4 “Jehova ke Molisa oa ka”

^ ser. 5 Ka linako tse ling, kaofela ha rona re tšoenyeha ka mathata ao re thulanang le ’ona. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba mehlala ea bahlanka ba bararo ba Jehova ba mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele ba neng ba e-na le matšoenyeho a mangata. Se boetse se tl’o re bontša kamoo Jehova a ileng a ba khothatsa le ho ba tšelisa kateng.

^ ser. 1 TLHALOSO: Ho tšoenyeha ke ha re ikutloa re ngongorehile kapa re khathatsehile ka ntho e itseng. Re ka ikutloa ka tsela ena ka lebaka la mathata a lichelete, ho kula, mathata a lelapa le lintho tse ling. Re boetse re ka tšoenyeha ka liphoso tseo re li entseng nakong e fetileng kapa ka mathata ao re ka ’nang ra kopana le ’ona nakong e tlang.