Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 9

Dumella Jehova Hore a o Kgothatse

Dumella Jehova Hore a o Kgothatse

“Ha menahano ya ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho nna matshediso a hao a ile a qala ho [nkgothatsa.]”​—PES. 94:19.

PINA YA 44 Thapelo ya Motho ya Ikokobeditseng

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Keng e ka etsang hore re tshwenyehe, hona sena se ka re ama jwang?

NA o kile wa tshwenyeha haholo ka ntho e itseng? * Mohlomong o ile wa ikutlwa o tshwenyehile hobane o ile wa utlwiswa bohloko ke seo batho ba bang ba ileng ba se bua kapa ba se etsa. Kapa mohlomong o tshwenngwa ke seo o se buileng kapa seo o se entseng. Ka mohlala, e ka nna ya ba o ile wa etsa phoso mme o tshwenyehile ka hore Jehova a ke ke a o tshwarela. Hape o ka nna wa nahana hore hobane feela o tshwenyeha ka ntho e itseng ha o na tumelo kapa o motho ya mobe. Empa na seo ke nnete?

2. Ke mehlala efe e ka Bibeleng e bontshang hore ho tshwenyeha ha ho bolele hore tumelo ya rona e ya fokola?

2 Nahana ka mehlala e mmalwa e ka Bibeleng. Anna e leng Mme wa moprofeta Samuele, o ne a ena le tumelo e matla. Empa o ile a tshwenyeha haholo ha motho eo a neng a dula le yena a mo tshwara hampe. (1 Sam. 1:7) Moapostola Pauluse o ne a ena le tumelo e matla, empa o ile a “tshwenyeha ka diphutheho tsohle.” (2 Bakor. 11:28) Morena Davida o ne a ena le tumelo e matla mme Jehova o ne a mo rata haholo. (Lik. 13:22) Ho ntse ho le jwalo, Davida o ile a etsa diphoso tse ileng tsa etsa hore a tshwenyehe haholo. (Pes. 38:4) Empa Jehova o ile a ba kgothatsa. Ka hoo, a re hlahlobeng hore na re ka ithutang mohlaleng wa bona.

SEO RE ITHUTANG SONA HO ANNA YA TSHEPAHALANG

3. Ke hobaneng ha re ka tshwenyeha ha batho ba bang ba sa bue le rona hantle?

3 Ha batho ba bang ba re buisa hampe kapa ba sa re tshware hantle, re ka nna ra tshwenyeha. Sena se ka etsahala haholo haeba re utlwisitswe bohloko ke motswalle kapa wa lelapa. Ka hoo, re ka nna ra tshwenngwa ke hore ha re sa tla hlola re eba metswalle. Ka dinako tse ding e ka nna yaba motho o ne a sa ikemisetsa ho re buisa hampe, empa seo a se buang se ka nna sa re utlwisa bohloko. (Liprov. 12:18) Kapa ba bang ba ka nna ba bua dintho tseo ba tsebang hantle hore di tla re utlwisa bohloko. Moradiwabo rona e mong ya motjha o ile a etsahallwa ke ntho e tshwanang. O re: “Dilemo tse mmalwa tse fetileng, motho eo ke neng ke nahana hore ke motswalle wa ka o ile a bua leshano ka nna. Ke ile ka utlwa bohloko le ho tshwenyeha. Ke ne ke sa utlwisise hore na ke hobaneng ha motswalle eo ke neng ke mo tshepa a ka nkutlwisa bohloko hakana.” Haeba o ile wa utlwiswa bohloko ke motswalle kapa wa lelapa, o ka ithuta ho hongata ho Anna.

4. Ke mathata afe ao Anna a ileng a ba le ona?

4 Anna o ile a ba le mathata. Ka dilemo tse ngata, o ne a sa kgone ho ba le bana. (1 Sam. 1:2) Baiseraele ba bangata ba ne ba nahana hore haeba mosadi a sa be le bana, Modimo o ne a sa mo hlohonolofatsa. Ka hoo Anna o ne a ikutlwa a swabile haholo. (Gen. 30:1, 2) Ntho e ileng ya thatafalletsa Anna bophelo le ho feta ke hore monna wa hae o ne a ena le mosadi wa bobedi, eo a neng a ena le bana le yena e leng Penina. Hape Penina o ne a le mona mme “o ne a tshwenya [Anna] haholo ka morero wa ho etsa hore a ikutlwe a ferekane.” (1 Sam. 1:6) Ka hoo Anna o ile a utlwa bohloko haholo ka lebaka la sena. O ile a utlwa bohloko haholo “hoo a neng a lla mme a sa je.” (1 Sam. 1:7, 10) Jwale Anna o ile a kgothatswa keng?

5. Ho rapela ho ile ha thusa Anna jwang?

5 Anna o ile a rapela Jehova mme a mo bolella ka moo a utlwileng bohloko ka teng. Ka mora hore a rapele, o ile a hlalosetsa Moprista ya Phahameng Eli boemo ba hae. Ka hoo o ile a re ho yena: “Tsamaya ka kgotso, mme e se e ka Modimo wa Iseraele a ka phethahatsa kopo ya hao e matla.” Ho ile ha etsahalang ka mora moo? Anna o ile “a tsamaya mme a ja mme sefahleho sa hae ha se a ka sa hlola se tshwenyeha.” (1 Sam. 1:​17, 18) Ho rapela ho ile ha thusa Anna hore a kgobe matshwafo.

Jwalo ka Anna, re ka boela ra ba le kgotso jwang mme ra dula re le yona? (Sheba serapa sa 6-10)

6. Keng eo re ithutang yona ho Anna le ho Bafilipi 4:​6, 7 ka ho rapela?

6 Haeba re dula re rapela Jehova re ka ba le kgotso. Anna o ile a qeta nako e telele a bua le Ntate wa hae ya lehodimong. (1 Sam. 1:12) Le rona re ka bua le Jehova nako e telele, re mo bolella ka dintho tse re tshwenyang, tseo re di tshabang le ka mefokolo ya rona. Ka hoo ha ho hlokahale ho re motho e be kgeleke ha a rapela. Ka dinako tse ding re ka ba ra lla ha re bolella Jehova ka mathata a rona. Ho ntse ho le jwalo ha ho mohla Jehova a kgathalang ho re mamela. Ka hoo ha re ntse re mo bolella ka mathata a rona, re boetse re lokela ho hopola keletso ya Pauluse e ho Bafilipi 4:6, 7. (E bale.) Pauluse o ile a re bolella hore ha re rapela re lokela ho leboha Jehova. Re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova. Ka mohlala, re ka lebohela hore o re file bophelo, dintho tse ntle tseo a di bopileng, lerato la hae le tshepo e babatsehang eo a re fileng yona. Re ka boela ra ithutang ho Anna?

7. Keng seo Anna le monna wa hae ba neng ba tlwaetse ho se etsa?

7 Anna o ne a tlwaetse ho tsamaya le monna wa hae ho ilo rapela Jehova Shilo ho sa tsotellehe mathata ao a neng a ena le ona. (1 Sam. 1:1-5) Ha Anna a ntse a le tabernakeleng, Moprista ya Phahameng Eli o ile a re ho yena o tshepa hore Jehova o tla araba dithapelo tsa hae mme sena se ile sa mo kgothatsa.​—1 Sam. 1:9, 17.

8. Diboka di ka re thusa jwang? Hlalosa.

8 Haeba re tswela pele re ya dibokeng re ka boela ra ba le Kgotso. Ha diboka di qala, morabo rona o rapella moya wa Modimo hore o be le rona. Kgotso ke e nngwe ya makgabane a Modimo. (Bagal. 5:​22) Ha re ya dibokeng le hoja re tshwenyehile Jehova le bara le baradibabo rona ba a re kgothatsa mme ba re thusa hore re kgobe matshwafo. Ho rapela le ho ya dibokeng ke tsona dintho tsa bohlokwa tseo Jehova a re kgothatsang ka tsona. (Baheb. 10:24, 25) Ka hoo, a re hlahlobeng hore na re ka boela ra ithutang ho se etsahalletseng Anna.

9. Na boemo ba Anna bo ile ba fetoha, empa o ile a thuswa keng?

9 Mathata a Anna ha a ka a fela hanghang. Ha Anna a tswa ho rapela tabernakeleng, o ne a ntse a dula le Penina ntlong e le nngwe mme ha ho na moo Bibeleng e bontshang hore Penina o ile a fetoha. Ka hoo ho ka etsahala hore Anna o ne a ntse a tlameha ho mamella mantswe a bohloko a Penina. Empa Anna o ne a se a sa utlwiswe bohloko ke Penina. Hopola hore ka mora hore Anna a bolelle Jehova mathata a hae, ha a ka a hlola a tshwenyeha ka ona ka ha o ile a dumella hore Jehova a mo kgothatse. Ha nako e ntse e ya, Jehova o ile a arabela thapelo ya hae mme a ba le bana.​—1 Sam. 1:19, 20; 2:21.

10. Re ithutang mohlaleng wa Anna?

10 Re ka dula re ena le kgotso le hoja re ntse re ena le mathata. Le hoja re ka rapela ka tiyo le ho ya dibokeng ka mehla, a mang a mathata a rona a ka nna dula a le teng. Empa mohlaleng wa Anna re ithuta hore ha ho letho le ka thibelang Jehova ho re kgothatsa ha re tshwenyehile. Ka hoo Jehova a ke ke a re lebala, empa o tla re putsa haeba re dula re tshepahala.​—Baheb. 11:6.

RE ITHUTANG HO MOAPOSTOLA PAULUSE?

11. Pauluse o ne a ena le mabaka afe a ho tshwenyeha?

11 Pauluse o ne a ena le mabaka a mangata a etsang hore a tshwenyehe. Ka mohlala ka ha o ne a rata Bakrestemmoho, mathata a bona a ne a mo tshwenya. (2 Bakor. 2:4; 11:28) Ha moapostola Pauluse a ntse a bolela ditaba tse molemo, hangata bahanyetsi ba hae ba ne ba mo shapa le ho mo kwalla teronkong. O ne a boetse a tlameha ho mamella mathata a mang a neng a ka mo tshwenya, a kang “ho haellwa ke dijo.” (Bafil. 4:12) O ne a ka nna a tshwenyeha haholo ha a tsamaya ka sekepe, ka ha o ile a robehelwa ke sekepe ka makgetlo a ka bang a mararo. (2 Bakor. 11:23-27) Jwale Pauluse o ile a thuswa keng ha a ne a tshwenyehile?

12. Pauluse thusitswe keng hore a se ke a tshwenyeha haholo?

12 Pauluse o ne a tshwenyehile ka mathata a Bakrestemmoho, empa ha a ka a batla ho a rarolla ka boyena. O ne a tseba hore a ke ke a kgona ho etsa ntho e nngwe le e nngwe, ka hoo o ile a kopa ba bang ka phuthehong ho re ba mo thuse. Ka mohlala o ile a fa Timothea le Tite boikarabelo bo bongata. Ha ho pelaelo hore mosebetsi oo banna bana ba neng ba o etsa o ile wa mo thusa hore a se ke a tshwenyeha haholo.​—Bafil. 2:19, 20; Tite 1:1, 4, 5.

Jwalo ka Pauluse keng seo re ka se etsang hore re se ka tshwenyeha haholo? (Sheba serapa sa 13-15)

13. Baholo ba ka etsisa Pauluse jwang?

13 Kopa batho ba bang hore ba o thuse. Jwalo ka Pauluse, ka lerato baholo ba tshwenyeha ka mathata oa Bakrestemmoho ba nang le ona. Empa moholo a ka nna a se ke a kgona ho thusa batho bohle ka phuthehong. Haeba a dumela hore a ke ke a kgona ho etsa ntho e nngwe le e nngwe ka phuthehong, o tla kopa baholo ba bang hore ba mo thuse le ho kwetlisa barababo rona ba batjha hore ba mo thuse ho hlokomela mohlape wa Modimo.​—2 Tim. 2:2.

14. Pauluse ha a ka a tshwenyeha kang, hona re ka ithutang mohlaleng wa hae?

14 Amohela hore o hloka dikgothatso. Pauluse o ne a ikokobeditse, ka hoo o ne a tseba hore o hloka dikgothatso tsa metswalle ya hae. O ne a sa tshwenyeha ka hore batho ba bang ba tla re o a fokola hobane metswalle ya hae e mo kgothatsa. Ha Pauluse a ngolla Filemone o ile a re: “Ke fumane thabo le matshediso a maholo ka lerato la hao.” (Filem. 7) Pauluse o ile a bua ka basebetsimmoho ba bang ba ileng ba mo kgothatsa ha a ne a ena le mathata. (Bakol. 4:7-11) Ha ka boikokobetso re dumela hore re hloka dikgothatso, Bakrestemmoho ba tla thabela ho re tshehetsa.

15. Pauluse o ile a etsang ha a ne a tshwenyehile haholo?

15 Tshepa Lentswe la Modimo. Pauluse o ne a tseba hore Mangolo a tla mo kgothatsa. (Bar. 15:4) A ne a tla boela a mo fe bohlale ba ho tobana le teko ya mofuta o mong le o mong. (2 Tim. 3:15, 16) Ha Pauluse a ne a le teronkong Roma ka lekgetlo la bobedi, o ile a bona hore o haufi le ho bolawa. Keng seo a ileng a se etsa boemong bona bo thata? O ile a kopa Timothea hore a tle ho yena kapele mme a tlise “matlalo a ho ngolla.” (2 Tim. 4:6, 7, 9, 13) Hobaneng? Hobane matlalo ana a ne a ena le a mang a Mangolo a Seheberu ao Pauluse a ka a sebedisang ha a ithuta Bibele. Ha re etsisa Pauluse ka hore re ithute Bibele ka mehla Jehova o tla e sebedisa ho re kgothatsa ho sa tsotellehe diteko tseo re kopanang le tsona.

RE ITHUTANG HO MORENA DIVIDA?

Jwalo ka Davida re ka thuswa keng ha re entse sebe se tebileng? (Sheba serapa sa 16-19)

16. Davida o ile a ikutlwa jwang ka mora hore a etse sebe se tebileng?

16 Davida o ile a etsa ntho e mpe haholo. O ile a etsa bofebe le Bathesheba, a etsa hore monna wa hae a bolawe mme a leka ho pata seo a se etseng. (2 Sam. 12:9) Qalong Davida o ile a hatella letswalo la hae. Le ha ho le jwalo, sena se ile sa mo tshwenya mme sa mo kudisa le ho senya kamano ya hae le Jehova. (Pes. 32:3, 4) Keng e ileng ya thusa Davida hore a se ke a hlola a tshwenyeha ka sebe se tebileng seo a se entseng, hona re ka thuswa keng haeba re entse sebe se tebileng?

17. Pesaleme ya 51:1-4 e bontsha jwang hore Davida o ne a ikwahlaela seo a se etseng?

17 Kopa Jehova hore a o tshwarele. Qetellong Davida o ile a rapela Jehova. O ile a ikwahlaya haholo mme a bolella Jehova dintho tsohle tseo a ileng a di etsa. (Bala Pesaleme ya 51:1-4.) Ka hoo sena se ile sa etsa hore a boele a thabe. (Pes. 32:1, 2, 4, 5) Haeba o entse sebe se tebileng o se ke wa leka ho se pata. Ho ena le hoo, bolella Jehova ntho e nngwe le e nngwe eo o e entseng. Ka mora moo o ke ke wa hlola o tshwenyeha le ho utlwa o le molato. Empa haeba o batla ho lokisa kamano ya hao le Jehova, o hloka ho etsa ho fetang ho rapela.

18. Davida o ile a itshwara jwang ha a kgalemelwa?

18 Amohela kgalemelo. Jehova o ile a romela moprofeta Nathane ho Davida mabapi le sebe sa hae mme Davida ha a ka a ipehela mabaka. Empa hanghang o ile a dumela hore o foseditse monna wa Bathesheba le hore ha bohlokwa le ho feta, o foseditse Jehova. Ka hoo o ile a amohela kgalemelo mme Jehova a mo tshwarela. (2 Sam. 12:10-14) Ka ho tshwanang ha re entse sebe se tebileng, re lokela ho bua le baholo. (Jak. 5:14, 15) Hape ha re a lokela ho ipehela mabaka, hobane hang ha re amohela kgalemelo mme re e sebedisa, re tla boela re be le kgotso mme re thabe.

19. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

19 Ikemisetse hore o se ke wa pheta diphoso tseo o di entseng. Morena Davida o ne a tseba hore o hloka thusa ya Jehova e le hore a se ke a pheta phoso e le nngwe hangata. (Pes. 51:7, 10, 12) Ka mora hore Jehova a mo tshwarele, Davida o ne a ikemiseditse hore a se ke a ba le menahano e fosahetseng. Ka lebaka leo, o ile a boela a ba le kgotso.

20. Re ka bontsha jwang hore re ananela tshwarelo ya Jehova?

20 Re bontsha hore re ananela tshwarelo ya Jehova haeba re mo kopa hore a re tshwarele, re amohela kgalemelo mme re sebetsa ka thata ho qoba ho pheta diphoso tseo re di entseng. Ka hoo ha re etsa dintho tsena, re tla boela re be le kgotso. Morabo rona James, ya ileng a etsa sebe se tebileng, o bone hore sena ke nnete. O re: “Ha ke bolella baholo sebe sa ka, ke ile ka utlwa e ka ho na le ntho e boima e tlohileng mahetleng a ka. Ka hoo ke ile ka boela ka ba le kgotso hape.” Ka nnete ke ho kgothatsang ho tseba hore “Jehova o haufi le ba dipelo di robehileng; o pholosa ba sithabetseng moyeng.”​—Pes. 34:18.

21. Ke jwang re ka dumellang Jehova hore a re kgothatse?

21 Ka ha bofelo bo haufi, re tla ba le mabaka a mangata a ho tshwenyeha. Hanghang ha o tshwenyehile, rapela Jehova hore a o thuse, ithute Bibele hape o ithute mohlaleng wa Anna, Pauluse le Davida. Kopa Ntate wa hao ya lehodimong hore a o thuse ho hlokomela hore keng e o tshwenyang. (Pes. 139:23) Mo dumelle hore a o thuse ka mathata a hao, haholoholo ao o se nang matla a ona. Haeba o etsa jwalo, o tla tshwana le mongodi e mong wa Pesaleme ya ileng a binela Jehova a re: “Ha menahano ya ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho nna, matshediso a hao a ile a qala ho [nkgothatsa.]”​—Pes. 94:19.

PINA YA 4 “Jehova ke Modisa wa Ka”

^ par. 5 Ka dinako tse ding, kaofela ha rona re ikutlwa re tshwenyehile ka lebaka la mathata ao re kopanang le ona. Sehlooho sena se bua ka bahlanka ba bararo ba Jehova ba mehleng ya Bibele, bao ka dinako tse ding ba neng ba ikutlwa ba tshwenyehile. Se boetse se bontsha ka moo Jehova a ileng a ba kgothatsa ka teng.

^ par. 1 TLHALOSO YA LENTSWE: Ho tshwenyeha ho ka bakwa ke mathata a ditjhelete, a lelapa, ho kula kapa mathata a mang. Re ka boela ra ikutlwa re tshwenyehile ka lebaka la diphoso tseo re ileng ra di etsa kapa ka mathata a ka nnang a re hlahela nakong e tlang.