Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Meqomo ya letsopa e neng e ena le lebitso la Belshatsare (Ho bontshitswe boholo ba yona)

Na o ne o Tseba?

Na o ne o Tseba?

Baepolli ba dintho tsa kgale ba ile ba tiisa jwang hore Belshatsare o kile a phela le hore e ne e le morena?

KA DILEMO tse ngata bahanyetsi ba Bibele ba ile ba re ha ho eso ka ho eba le motho ya bitswang Morena Belshatsare, eo buka ya Daniele e buang ka yena. (Dan. 5:⁠1) Ba ne ba dumela sena hobane baepolli ba dintho tsa kgale ba ne ba sena bopaki ba hore o kile a phela. Empa sena se ile sa fetoha ka selemo sa 1854. Hobaneng?

Selomong sona seo, J. G. Taylor e leng lenqosa la British, ha a ntse a hlahloba a mang a marako a Ure eo hona jwale e leng Iraq e ka borwa, o ile a fumana meqomo ya letsopa e neng e le toreng e kgolo. Moqomo o mong le o mong o ne o le botelele ba disenthimithara tse leshome mme o ngotswe ka mongolo wa cuneiform. Moqomong o mong ho ne ho ngotswe thapelo ya hore Morena wa Babylona Nabonidase le mora wa hae e mohlolo Belshatsare ba phele. Ka hoo le bahanyetsi ba ne ba tlameha ho dumela hore dipatlisiso di bontsha hore Belshatsare o kile a phela.

Le ha ho le jwalo, Bibele e bolela hore Belshatsare e ne e le morena. Ho ntse ho jwalo bahanyetsi ba ne ba ntse ba belaela. Ka mohlala dilemong tsa bo 1875 William Talbot e leng rasaense wa Monyesemane o ile a re batho ba bang ba ne ba re “Belshatsare o ne a busa ka nako e le nngwe le ntate wa hae Nabonidase. Empa ba ne ba sena bopaki ba seo.”

Le ha ho le jwalo meqomo e meng ya letsopa e ile ya bontsha hore ntate wa Belshatsare e leng Morena Nabonidase o ne a le siyo Babylona ka dilemo tse itseng, e leng se ileng sa rarolla kgang eo. Jwale ke mang ya ile a busa ha a ntse a le siyo? Buka ya Encyclopaedia Britannica e re: “Ha Nabonidase a ne a le naheng e nngwe o ile a fa Belshatsare setulo sa hae sa borena le karolo e kgolo ya lebotho la ntwa.” Ka hoo Belshatsare o ile a busa Babylona ka nako eo. Ho ya ka baepolli ba dintho tsa kgale le setsebi sa puo e leng Alan Millard, ho ne ho loketse hore “buka ya Daniele e bitse Belshatsare ‘morena.’”

Ke nnete hore bahlanka ba Modimo ba na le bopaki ba hore buka ya Daniele e ya tshepahala ebile e ngotswe ke Modimo ka ha Bibele e ba tiisetsa seo.​—2 Tim. 3:16.