Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 11

Na U Malala-a-Laotsoe Hore U ka Kolobetsoa?

Na U Malala-a-Laotsoe Hore U ka Kolobetsoa?

“Se lekanang le sena le sona joale sea le pholosa, e leng, kolobetso.”​—1 PET. 3:21.

PINA EA 28 E-ba Motsoalle oa Jehova

SELELEKELA *

1. Pele motho a haha ntlo o lokela ho etsa’ng?

AK’U nahane ka motho ea entseng qeto ea hore o batla ho haha ntlo. Oa tseba hore na o batla ho haha ntlo e joang. Na e tla re ha a se a tloha feela a be a reka thepa ea mohaho ebe o qala ho haha? Che ha ho joalo. Pele a ka qala, ho na le ntho ea bohlokoa eo a lokelang ho e sheba, e leng hore na ntlo eno e tla mo jella chelete e kae. Hobane’ng? Hobane o lokela ho tseba hore na o na le chelete e lekaneng hore a ka haha ntlo eo a e qete. Haeba a bala litšenyehelo tsa ntlo eo pele, o tla atleha ho qeta ho e haha.

2. Ho latela Luka 14:​27-30, u lokela ho nahana ka eng ka ho teba pele u kolobetsoa?

2 Na ho ba le kananelo le ho rata Jehova ho u susumelitse hore u batle ho kolobetsoa? Haeba ho joalo, u lokela ho etsa qeto e tšoanang le ea motho eane ea batlang ho haha ntlo. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Nahana ka mantsoe a Jesu a hlahang ho Luka 14:​27-30. (E bale.) Jesu o ile a hlalosa hore na ho bolela’ng ho ba morutuoa oa hae. Ha u batla ho ba molateli oa hae, u lokela ho mamella mathata le ho tela lintho tse ling tse itseng. (Luka 9:​23-26; 12:​51-53) Kahoo, pele u ka kolobetsoa u lokela ho nahana ka ho teba ka hore na u tla thulana le maemo afe. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u lule u tšepahala le ka mor’a hore u kolobetsoe.

3. Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?

3 Na joale ho na le thuso ea hore u kolobetso empa ho na le mathata ao u tl’o tobana le ’ona le ho tela lintho tse ling tse itseng? E! ho na le thuso. Ho kolobetsoa ho etsa hore u fumane litlhohonolofatso tse ngata hona joale le nakong e  tlang. A re ke re hlahlobeng lipotso tsa bohlokoa tse buang ka kolobetso. Ka mor’a moo, u tla khona ho araba potso ena, “Na ke se ke loketse ho kolobetsoa?”

U LOKELA HO TSEBA’NG KA BOINEHELO LE KOLOBETSO?

4. (a) Ho inehela ho Jehova ho bolela’ng? (b) Ho itatola hoo ho buuoang ka hona ho Matheu 16:​24 ho bolela’ng?

4 Ho inehela ho bolela’ng? Pele u ka kolobetsoa u lokela ho inehela ho Jehova. Ha u inehela ho Jehova, u mo rapela ka pelo ea hao eohle u mo bolella hore u tla mo sebeletsa bophelo bohle ba hao. Ha u inehela ho Jehova, u itella ho mo sebeletsa. (Bala Matheu 16:​24.) U se u le oa hae, e leng tlotla e kholo ka ho fetisisa. (Bar. 14:8) Ho tloha letsatsing leo ho ea pele, u mo bolella hore ntho e tla tla pele bophelong ba hao ke ho mo khahlisa, eseng ho ikhahlisa. Boinehelo ke kano kapa tšepiso e tiileng eo u e etsetsang Molimo. Jehova ha a re qobelle hore re etse kano e joalo. Empa haeba re e etsa, o lebeletse hore re e phelele.​—Pes. 116:​12, 14.

5. Ho inehela ho fapane joang le ho kolobetsoa?

5 Ho inehela ho fapane joang le ho kolobetsoa? Ha ho na motho ea tsebang ha u inehela ho Molimo. Athe ha u kolobetsoa teng, u bonoa ke batho ba bangata ’me hangata e ba likopanong. Ha u kolobetsoa, u bontša batho hore u inehetse ho Jehova. * Kahoo, kolobetso e etsa hore batho ba bone hore u rata Jehova ka pelo ea hao eohle, kelello ea hao eohle, moea oa hao oohle le ka matla a hao ’ohle le hore u entse qeto ea ho mo sebeletsa bophelo ba hao bohle.​—Mar. 12:30.

6-7. Ho latela 1 Petrose 3:​18-22, ke mabaka afe a mabeli a etsang hore re batle ho kolobetsoa?

6 Na ehlile hoa hlokeha hore motho a kolobetsoe? Nahana ka mantsoe ana a hlahang ho 1 Petrose 3:​18-22. (E bale.) Areka e ile ea bontša batho hore Noe o ne a e-na le tumelo ho Molimo, ka tsela e tšoanang ha u kolobetsoa u bontša batho hore u inehetse ho Molimo. Empa na ehlile hoa hlokeha hore u kolobetsoe? E ho joalo. Petrose o ile a hlalosa hore na hobane’ng. Lebaka la pele, ke hobane ea u pholosa. Kolobetso e ka re pholosa haeba re bontša ka liketso hore re na le tumelo ho Jesu ebile rea lumela hore o re shoetse hape o “ka letsohong le letona la Molimo.”

7 Lebaka la bobeli, ke hore ha re kolobetsoa re ba le “letsoalo le letle.” Ha re inehela ho Molimo re bile re kolobetsoa, re ba le kamano e khethehileng le eena. Kaha re bakile ebile re na le tumelo sehlabelong sa Jesu, Molimo o re tšoaretse libe. Ka lebaka leo, re ba le letsoalo le letle ka pel’a Molimo.

8. Ke lebaka lefe le ka etsang hore u batle ho kolobetsoa?

8 Ke lebaka lefe le ka etsang hore u batle ho kolobetsoa? Ka mor’a hore u ithute Bibele ka hloko, u ile oa ithuta lintho tse ngata ka Jehova, hore na o rata’ng le mabaka ao a etsang lintho ka ’ona. Lintho tseo u ithutileng tsona li ile tsa u ama pelo ’me tsa u susumetsa hore u mo rate le ho feta. Ntho e ka sehloohong e ka etsang hore u batle ho kolobetsoa ke hobane u rata Jehova.

9. Ho kolobetsoa ka lebitso la Ntate, la Mora le la moea o halalelang ho bolela’ng joalokaha ho boletsoe ho Matheu 28:​19, 20?

9 Lebaka le leng le ka etsang hore u batle ho kolobetsoa ke hobane u lumela lintho tseo u ithutileng tsona ka Bibeleng. Hlokomela hore na Jesu o ile a re’ng ha a fana ka taelo ea hore ho etsoe batho barutuoa. (Bala Matheu 28:​19, 20.) Jesu o ile a re ba batlang ho kolobetsoa, ba lokela ho kolobetsoa “ka lebitso la ntate, la Mora le la moea o halalelang.” Taba ee e bolela’ng? Ka pelo ea hao eohle, u lokela ho lumela seo Bibele e se buang ka Jehova, ka Jesu le ka moea o halalelang. Lithuto tsena ke tsa bohlokoa ’me li ka ama pelo ea hao. (Baheb. 4:​12) A re ke re hlahlobeng tse ling tsa tsona.

10-11. Ke lithuto life tse buang ka Ntate oa rona tseo u ithutileng tsona oa ba oa li lumela?

10 Ak’u nahane ha u ntse u ithuta ka Ntate oa rona. U ile oa ithuta hore lebitso la hae ke Jehova, oa ithuta hore ke “Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle” le hore ke eena a le mong feela Molimo oa ’nete. (Pes. 83:​18; Esa. 37:​16) Ke ’Mopi oa rona ebile “poloko ke ea [hae].” (Pes. 3:8; 36:9) O entse hore re pholohe sebeng le lefung hape o re file tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. (Joh. 17:3) Boinehelo le kolobetso li tla u khetholla o le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. (Esa. 43:​10-12) U tla ba karolo ea lelapa le motlotlo hore ebe le bitsoa ka lebitso la Jehova le ho le tsebisa batho ba bang.​—Pes. 86:12.

11 Ke tlotla e kholo ho utloisisa lithuto tsa Bibele tse buang ka Ntate oa rona. Ha u lumela lithuto tsena tsa bohlokoa, u tla ikutloa u batla ho inehela ho Jehova u be u kolobetsoe.

12-13. Ke lithuto life tseo u ithutileng tsona ka Mora oa ba oa li lumela?

12 U ile oa ikutloa joang ha u ithuta lithuto tse latelang ka Mora? Jesu ke eena motho oa bobeli oa bohlokoa ka ho fetisisa bokahohleng. O ile a fana ka bophelo ba hae e le thekollo. Haeba re bontša ka liketso hore re lumela thekollong, re ka tšoareloa libe tsa rona, ra haha setsoalle le Molimo ra ba ra fumana bophelo bo sa feleng. (Joh. 3:​16) Jesu ke Moprista oa rona Ea Phahameng. O batla ho re thusa hore re rue molemo thekollong hape o boetse o batla hore re be metsoalle ea Molimo. (Baheb. 4:​15; 7:​24, 25) Joaloka Morena oa ’Muso oa Molimo, Jehova o tla mo sebelisa hore a halaletse lebitso la Hae, a tlose bokhopo ebe o tlisetsa batho litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise. (Mat. 6:​9, 10; Tšen. 11:​15) Jesu ke mohlala o re lokelang ho o latela. (1 Pet. 2:​21) O ile a re behela mohlala ka hore bophelo bohle ba hae a etse thato ea Jehova.​—Joh. 4:34.

13 Ha u lumela lithuto tsa Bibele tse buang ka Jesu, u tla khona ho mo rata. Lerato leo le tla u susumelletsa hore u etse thato ea Jehova joalokaha Jesu a ile a etsa. Kahoo, u tla susumelletseha ho re u inehele ho Jehova u be u kolobetsoe.

14-15. Ke lithuto life tseo u ithutileng tsona ka moea o halalelang oa ba oa li lumela?

14 U ile oa ikutloa joang ha u ithuta lintho tsee tse latelang ka moea o halalelang? Ho re ha se motho empa ka matla ao Molimo a a sebelisang. Jehova o ile a sebelisa moea o halalelang ho tataisa batho hore ba ngole Bibele hape moea o halalelang o re thusa hore re utloisise lintho tseo re li balang ka Bibeleng le ho li phetha. (Joh. 14:​26; 2 Pet. 1:​21) A sebelisa moea o halalelang, Jehova o re fa “matla a fetang se tloaelehileng.” (2 Bakor. 4:7) Moea o halalelang o re fa matla a hore re bolele Lentsoe la Molimo, re hlole liteko, re sebetsane le ho nyahama le hore re mamelle mathata. O re thusa hore re be le “litholoana tsa moea.” (Bagal. 5:​22) Jehova o fana ka moea o halalelang ho batho ba mo tšepang le ba o kopang ka tieo.​—Luka 11:13.

15 Hoa khothatsa ho tseba hore bahlanka ba Jehova ba ka itšetleha ka moea o halalelang hore ba khone ho mo sebeletsa. Ha u lumela lithuto tse buang ka moea o halalelang, u tla susumeletseha hore u inehele ho Molimo u be u kolobetsoe.

16. U ithutile’ng linthong tseo re buileng ka tsona?

16 Ho inehela ho Molimo le ho kolobetsoa ke qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka e etsang. Joalokaha re ithutile, u tlameha ho amohela maemo a thata ao u tla tobana le ’ona le ho tela lintho tse ngata. Empa litlhohonolofatso tseo u tla li fumana li ngata ho feta lintho tseo u tla li tela. Kolobetso e tla u pholosa le ho u thusa hore u be le letsoalo le letle. Lebaka la bohlokoa leo u lokelang ho kolobetsoa ka lona, ke hobane u rata Jehova. U boetse u lokela ho lumela linnete tseo u ithutileng tsona ka Ntate oa rona, Mora le ka moea o halalelang ka pelo ea hao eohle. Ka mor’a hore re hlahlobe lintlha tsee, u ka araba potso ee joang, “Na ke malala-a-laotse hore nka kolobetsoa?”

U LOKELA HO ETSA’NG PELE U KOLOBETSOA?

17. U lokela ho etsa’ng pele u kolobetsoa?

17 Haeba u se u ikutloa hore u se u loketse ho kolobetsoa, ha ho potang hore ho na le mehato e mengata eo u seng u e entse hore u be le kamano e ntle le Jehova. * Kaha u bala Bibele letsatsi le letsatsi, u se u tseba lintho tse ngata ka Jehova le Jesu. U se u e-na le tumelo. (Baheb. 11:6) U boetse u tšepa hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae hape oa lumela hore sehlabelo sa Jesu se tla u pholosa sebeng le lefung. U baketse libe tseo u ileng oa li etsa nakong e fetileng ebile u kopile Jehova hore a u tšoarele. U fetotse bophelo ba hao ’me u se u etsa lintho tse khahlisang Molimo. (Lik. 3:​19) U labalabela ho bolella batho ba bang ka tumelo ea hao. U se u le mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me u se u qaleletse ho bolella batho molaetsa oa Bibele. (Mat. 24:​14) Jehova o motlotlo ka uena hore ebe u se u nkile mehato ena ea bohlokoa. U entse hore a thabe haholo.​—Liprov. 27:11.

18. Ke lintho life hape tseo u lokelang ho li etsa pele u kolobetsoa?

18 Ho boetse ho na le lintho tse seng kae tseo u lokelang ho li etsa pele u kolobetso. Joalokaha re boletse pejana, u lokela ho inehela ho Molimo. Mo rapele ka pelo ea hao eohle, u be u mo tšepise hore u tla etsa thato ea hae bophelo ba hao bohle. (1 Pet. 4:2) Joale u se u ka bolella mohokahanyi oa baholo hore u se u batla ho kolobetsoa. ’Me o tla kopa baholo ba bang hore ba teane le uena. U se ke oa ngongoreha haholo ha u tl’o kopana le bona. U hopole hore bara bana babo rona baa u tseba ebile baa u rata. Ba tla tšohla le uena lithuto tsa motheo tseo u ithutileng tsona. Ba batla ho bona hore na u utloisisa lithuto tseo le ho bona hore na u utloisisa bohlokoa ba ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. Haeba ba hlokomela hore ehlile u malala-a-laotsoe, ba tla u bolella ’me u ka ’na oa kolobetsoa kopanong e tlang.

U LOKELA HO ETSA’NG KA MOR’A HORE U KOLOBETSOE?

19-20. U lokela ho etsa’ng ka mor’a hore u kolobetsoe, hona u ka ho etsa joang?

19 Ha u se u kolobelitsoe u lokela ho etsa’ng? * U hopole hore boinehelo ke kano eo u e entseng ’me Jehova o lebelletse hore u e phethe. Kahoo, ka mor’a hore u kolobetsoe, u lokela ho phelela kano eo u e entseng ha u ne u inehela ho Jehova. U ka etsa joalo joang?

20 Momahana le Bakreste-’moho le uena. Ha u se u kolobelitsoe, u karolo ea “mokhatlo oohle oa barab’abo rona.” (1 Pet. 2:​17) Bara le barali beno ke lelapa la hao le lecha. Ha u ea libokeng kamehla, u tla matlafatsa setsoalle sa hao le bona. Bala Bibele ’me u nahanisise ka eona letsatsi le letsatsi. (Pes. 1:​1, 2) Ka mor’a hore u bale karolo e itseng ea Bibele, ema hanyane ebe u nahana ka ho teba ka lintho tseo u qetang ho li bala. Lintho tseo li tla u ama pelo. “Rapela u sa khaotse.” (Mat. 26:​41) Thapelo ea hao e tsoang pelong e tla etsa hore u be haufi le Jehova. Lula u batla “ ’muso pele.” (Mat. 6:​33) U ka etsa joalo ka hore u nke mosebetsi oa ho bolela e le oona o tlang pele bophelong ba hao. Ha u bolella batho Bibele hangata, tumelo ea hao e tla matlafala hape u tla thusa batho ba bang hore ba be le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng.​—1 Tim. 4:16.

21. Kolobetso e tla u fa menyetla efe?

21 Ho etsa qeto ea ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa, ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao eo u ka e etsang. Ke ’nete hore ho na le lintho tseo u lokelang ho li tela le mathata ao u tla tobana le ’ona. Empa na ho na le thuso? E e teng. Mathata ao u tla tobana le ’ona hona joale ke a “motsotsoana ebile a bobebe.” (2 Bakor. 4:​17) Empa kolobetso e u fa monyetla oa hore u thabe hona joale le nakong e tlang. (1 Tim. 6:​19) Joale, re kopa hore u nahane ka ho teba le hore u rapelle karabo ea potso ena, “Na ke malala-a-laotsoe hore nka kolobetsoa?”

PINA EA 50 Ke Tla U Sebeletsa ka Pelo Eohle

^ ser. 5 Na u ntse u nahana ka hore u tle u kolobetsoe? Haeba ho joalo, sehlooho sena se ngoletsoe ho u thusa. Re tl’o hlahloba lipotso tsa bohlokoa sehloohong sena. Likarabo tsa hao li tla u thusa ho bona hore na u se u le malala-a-laotsoe hore u ka kolobetsoa.

^ ser. 19 Haeba ha u se qete libuka tse peli tseo re ithutang ka tsona e leng Re ka Ithuta Eng Bibeleng? le Le Ipoloke Leratong la Molimo, u lokela ho tsoela pele u li bala ho fihlela u li qeta.