Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 11

Na o se o Itokiseditse ho Kolobetswa?

Na o se o Itokiseditse ho Kolobetswa?

‘Kolobetso . . . e ya le pholosa.’​—1 PET. 3:21.

PINA YA 28 Ho Fumana Botswalle ba Jehova

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Keng seo motho a lokelang ho se etsa pele a ka haha ntlo?

NAHANA ka motho ya batlang ho haha ntlo. O a tseba hore o batla ntlo e jwang. Empa na sena se bolela hore hanghang a ka lo reka thepa ya ho haha? Tjhe. Pele a haha ntlo ho na le ntho ya bohlokwa eo a lokelang ho e etsa, e leng ho tseba hore na o hloka tjhelete e kae hore a e hahe. Hobaneng? Hobane o hloka ho tseba hore na o na le tjhelete e lekaneng ya ho qeta ho haha ntlo eo. Haeba a tseba hore na o tla hloka bokae hore a hahe ntlo, a ka e qeta.

2. Ho ya ka Luka 14:27-30, keng seo motho a lokelang ho nahana ka sona pele a kolobetswa?

2 Na ho rata Jehova le ho ananela dintho tseo a o etseditseng tsona ho entse hore o batle ho kolobetswa? Haeba ho jwalo, o hloka ho etsa qeto e tshwanang le ya monna yane ya batlang ho haha ntlo. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Ho Luka 14:27-30. (E bale.) Jesu o tshwantsha motho ya batlang ho ba molatedi wa hae le motho ya batlang ho haha ntlo. Mona Jesu o ne a hlalosa hore na ho bolelang ho ba molatedi wa hae. Haeba re batla ho ba balatedi ba hae, re tlameha ho ikemisetsa ho mamella mathata le ho tela dintho tse itseng. (Luka 9:23-26; 12:51-53) Ka hoo pele o kolobetswa, o hloka ho tseba ho re na ho akarelletsang ho ba molatedi wa Kreste. Sena se tla etsa hore o itokisetse ho sebeletsa Jehova ka botshepehi ha o se o kolobeditswe.

3. Re tlo ithutang sehloohong sena?

3 Na ho kolobetswa ho bohlokwa hakaalo hoo nka mamellang mathata le ho tela dintho tse itseng? Ho jwalo. Motho ya kolobeditsweng o tla fumana ditlhohonolofatso hona jwale le nakong e tlang. Ka hoo a re ke re bue ka dipotso tsa bohlokwa tse mabapi le kolobetso. Dipotsong tsena di tla o thusa hore o arabele potso ena e reng, “Na ke se ke itokiseditse ho kolobetswa?”

SEO O LOKELANG HO SE TSEBA KA BOINEHELO LE KOLOBETSO

4. (a) Ho inehela ho Jehova ho bolelang? (b) Ho ya ka Matheu 16:24, keng se bolelwang ke ho “itatola”?

4 Ho inehela ho Jehova ho bolelang? Pele o kolobetswa o tlameha ho inehela. Ha o inehela ho Jehova ke ha o mo bolella ho tswa pelong hore o batla ho mo sebeletsa bophelo ba hao bohle. Sena se bolela hore ‘o a itatola.’ (Bala Matheu 16:24.) Ka hoo o se o le mohlanka wa Jehova e leng se thabisang le ho feta. (Bar. 14:8) O bolella Jehova hore ho tloha hona jwale ho ya pele ha o sa tla iphelela empa o tla ameha ka ho mo sebeletsa. Ho inehela ke ha o etsa kano ho Modimo. Jehova ha a re qobelle ho etsa kano e jwalo empa ha re se re e entse o lebelletse hore re e phethe.​—Pes. 116:12, 14.

5. Ho inehela le ho kolobetswa di fapana jwang?

5 Ho inehela le ho kolobetswa di fapana jwang? Ho inehela ke ntho eo o e etsang pakeng tsa hao le Jehova feela. Empa kolobetso ke ntho e etswang ka pela batho ebang ke dikopanong tse nyane kapa tse kgolo. Ha o kolobetswa o bontsha batho ba bang hore o se o ntse o inehetse ho Jehova. * Ka hoo ha o kolobetswa o bontsha batho ba bang hore o rata Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao, moya, kelello, le matla a hao ohle ebile o ikemiseditse ho mo sebeletsa bophelo ba hao bohle.​—Mar. 12:30.

6, 7. Ho ya ka 1 Petrose 3:18-22, ke mabaka afe a mabedi ao motho a lokelang ho kolobetswa ka ona?

6 Na ho hlokahala hore motho a kolobetswe? Nahana ka mantswe a fumanwang ho 1 Petrose 3:18-22. (E bale.) Areka e ne e bontsha batho hore Noe o na le tumelo ho Modimo, ka tsela e tshwanang ha o kolobetswa o bontsha batho hore o inehetse ho Jehova. Empa na ho hlokahala hore motho a kolobetswe? Ho jwalo. Petrose o fana ka mabaka a sena. La pele, kolobetso ‘e a o pholosa.’ Ho kolobetswa ho ka re pholosa haeba re bontsha ka diketso hore re na le tumelo ho Jesu ebile re dumela hore o ile a re shwela, a tsosetswa lehodimong le hore hona jwale “o ka letsohong le letona la Modimo.”

7 Lebaka la bobedi, ha re kolobeditswe re ba le “letswalo le letle.” Ka hoo ha re inehela ho Modimo mme re kolobetswa re ba le kamano e kgethehileng le yena. Modimo o re tshwarela dibe tsa rona ka ha re bakile e le ka nnete ebile re bontsha tumelo sehlabelong sa thekollo. Ka lebaka leo re ka kgona ho ba le letswalo le letle.

8. Lebaka la hore o kolobetswe e lokela ho ba lefe?

8 Lebaka la hore o kolobetswe e lokela ho ba lefe? Ha o ntse o ithuta Bibele o ile wa ithuta ho hongata ka Jehova hore na o jwang le hore na o etsa dintho jwang. Dintho tseo o ileng wa ithuta tsona ka yena di ile tsa o ama pelo mme tsa etsa hore o mo rate le ho feta. O tlameha ho etsa qeto ya hore o kolobetswe hobane o rata Jehova.

9. Ho ya ka Matheu 28:19, 20, ho bolelang ho kolobetswa ka lebitso la Ntate la Mora le la moya o halalelang?

9 Lebaka le leng la hore o kolobetswe ke hobane o ile wa ithuta Bibele le ho dumela seo e se buang. Nahana ka seo Jesu a ileng a se bua ha a fana ka taelo ya hore ho etswe barutuwa. (Bala Matheu 28:19, 20.) Ho ya ka Jesu batho ba tlameha ho kolobetswa “ka lebitso la Ntate la Mora le la moya o halalelang.” Empa sena se ne se bolelang? O tlameha ho dumela ka pelo ya hao yohle nnete ya Bibele e mabapi le Jehova, Mora wa hae Jesu le moya o halalelang. Nnete eo e matla haholo mme e ka o ama pelo. (Baheb. 4:12) A re ke re bueng ka yona.

10, 11. Ke nnete efe eo o ithutileng yona ka Ntate le ho e dumela?

10 Nahana mohlang o ne o ithuta nnete ena ka Ntate hore ‘lebitso la hae ke Jehova,’ hore ke “Ya Phahameng ka ho Fetisisa hodima lefatshe lohle” le hore ke yena feela “Modimo wa nnete.” (Pes. 83:18; Esa. 37:16) Hore ke Mmopi wa rona mme “Poloko ke ya [hae.]” (Pes. 3:8; 36:9) O entse tokisetso ya ho re pholosa sebeng le lefung mme a re fa tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng. (Joh. 17:3) Ho inehela le ho kolobetswa ho bontsha hore o Paki ya Jehova. (Esa. 43:10-12) O tla ba karolo ya barapedi ba Modimo lefatsheng lohle ba motlotlo ho bitswa ka lebitso la hae le ba batlang ho ruta batho ba bang.​—Pes. 86:12.

11 Re motlotlo ho utlwisisa seo Bibele e se rutang ka Ntate. Ha o dumela sena pelo ya hao e tla o susumetsa hore o inehele ho Jehova mme o kolobetswe.

12, 13. Ke nnete efe eo o ileng wa ithuta yona ka Mora le ho e dumela?

12 O ile wa ikutlwa jwang ka mora hore o ithute nnete ena ka Mora? Jesu ke motho wa bobedi wa bohlokwa ka ho fetisisa lehodimong le lefatsheng. Ka ho rata o ile a fana ka bophelo ba hae e le thekollo molemong wa rona. Haeba re bontsha ka diketso hore re na le tumelo sehlabelong sa hae re ka tshwarelwa dibe, ra ba metswalle ya Modimo le ho fumana bophelo bo sa feleng. (Joh. 3:16) Jesu ke Moprista wa rona ya Phahameng. O batla ho re thusa hore thekollo e re tswele molemo le ho ba le setswalle le Modimo. (Baheb. 4:15; 7:24, 25) Ka ha ke Morena wa Mmuso wa Modimo, Jehova o tla mo sebedisa hore a halaletse lebitso la hae, a fedise bokgopo le ho tlisa ditlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng Paradeiseng. (Mat. 6:9, 10; Tšen. 11:15) Jesu o re behetse mohlala oo re lokelang ho o latela. (1 Pet. 2:21) O ile a etsa thato ya Modimo bophelo ba hae bohle.​—Joh. 4:34.

13 Ha o dumela seo Bibele e se rutang ka Jesu o tla mo rata le ho feta. Lerato leo le tla o susumelletsa hore o etse thato ya Modimo jwalo ka ha Jesu a ile a etsa. Qetellong o ka susumelletseha hore o inehele ho Jehova mme o kolobetswe.

14, 15. Ke nnete efe eo o ileng wa ithuta yona ka moya o halalelang le ho e dumela?

14 O ile wa ikutlwa jwang ka mora hore o ithute nnete ena e latelang ka moya o halalelang? Moya o halalelang ha se motho empa ke matla a Modimo. Jehova o ile a sebedisa moya o halalelang ho tataisa batho ba neng ba ngola Bibele, ho etsa hore re utlwisise le ho sebedisa seo re se balang ka Bibeleng. (Joh. 14:26; 2 Pet. 1:​21) O boetse o sebedisa moya wa hae o halalelang ho re fa “matla a fetang se tlwaelehileng.” (2 Bakor. 4:7) Moya o halalelang o re fa matla a ho bolela ditaba tse molemo, ho lwantsha diteko, ho hlola ho nyahama le ho mamella mathata. Moya o halalelang o re thusa ho bontsha makgabane a “ditholwana tsa moya.” (Bagal. 5:​22) Modimo o boetse o fana ka moya o halalelang ho batho ba mo kopang le ba mo tshepang.​—⁠Luka 11:⁠13.

15 Ke ho kgothatsang hakaakang ho tseba hore barapedi ba Jehova ba ka tshepa moya o halalelang hore o tla ba thusa ho sebeletsa Modimo. Ka hoo ha o dumela nnete eo o ithutileng yona ka moya o halalelang, o tla susumelletseha hore o inehele ho Modimo mme o kolobetswe.

16. O se o ithutileng ho fihlela hakana?

16 Qeto ya hore o inehele ho Modimo le hore o kolobetswe ke ya bohlokwa ka ho fetisisa. Jwalo ka ha re se re ithutile, o tlameha ho ikemisetsa ho amohela ditshenyehelo e leng mathata le ho tela dintho tse itseng. Empa ditlhohonolofatso tseo o tlaba le tsona di ngata ho feta dintho tseo o ka lahlehelwang ke tsona. Ho kolobetswa ho tla o pholosa hape ho etse hore o be le letswalo le letle. Lebaka la bohlokwa leo o tlamehang ho kolobetswa ka lona ke hobane o rata Jehova. Hape o tlameha ho dumela ka pelo ya hao yohle nnete eo o ithutileng yona ka Ntate, Mora le moya o halalelang. Ka hoo ka mora hore re hlahlobe dintlha tsena o ka araba potso ena jwang, “Na ke se ke itokiseditse ho kolobetswa?”

SEO O LOKELANG HO SE ETSA PELE O KOLOBETSWA

17. Ke dintho dife tseo motho a hlokang ho di etsa pele a kolobetswa?

17 Haeba o batla ho kolobetswa, ha ho pelaelo hore ho na le dintho tseo o di entseng hore o be le kamano e ntle le Jehova. * Ka ha o ithuta Bibele ka mehla o ile wa tseba ho eketsehileng ka Jehova le Jesu. O ile wa eba le tumelo. (Baheb. 11:⁠6) O tshepa ditshepiso tseo Jehova a re tshepisang tsona ka Bibeleng ebile o kgodisehile hore sehlabelo sa Jesu se ka o pholosa sebeng le lefung. O baketse dibe tsa hao ebile o kopile Jehova hore a o tshwarele. O fetotse bophelo ba hao mme o phela ka tsela e thabisang Modimo. (Lik. 3:​19) Hape o ikemiseditse ho bolella batho ba bang seo o se dumelang. O ile wa tshwaneleha hore o be mohweletsi mme wa qala ho bolela ditaba tse molemo. (Mat. 24:​14) Jehova o motlotlo ka wena hobane o ile wa etsa dintho tsena. O mo thabisitse haholo.​—⁠Liprov. 27:⁠11.

18. Keng hape eo o lokelang ho e etsa pele o kolobetswa?

18 Pele o kolobetswa ho na le dintho tse mmalwa tseo o hlokang ho di etsa. Jwalo ka ha re ithutile o tlameha ho inehela ho Jehova. Mo rapele moo o leng mong mme o mo tshepise hore o tla etsa thato ya hae bophelo ba hao bohle. (1 Pet. 4:⁠2) Ka mora moo bolella mohokahanyi wa sehlopha sa baholo hore o batla ho kolobetswa. O tla kopa baholo ba bang hore ba kopane le wena. Re kopa hore o se ke wa tshaba ho kopana le bona. Hopola hore bara bana babo rona ba se ba ntse ba o tseba ebile ba o rata. Ba tla buisana le wena ka dithuto tsa motheo tseo o seng o ithutile tsona. Ba batla ho etsa bonnete ba hore o utlwisisa dithuto tseo le hore na o tseba bohlokwa ba ho inehela le kolobetso. Haeba ba dumellana hore o a tshwaneleha hore o kolobetswe, ba tla o bolella hore o ka kolobetswa kopanong e latelang.

SEO O HLOKANG HO SE ETSA KA MORA HORE O KOLOBETSWE

19, 20. Keng seo o tla hloka ho se etsa ka mora hore o kolobetswe, hona o tla se etsa jwang?

19 Ka mora hore o kolobetswe keng seo o tla hloka ho se etsa? * Hopola hore ho inehela ke kano mme Jehova o lebelletse hore o e phethe. Ka hoo ka mora hore o kolobetswe, o tlameha ho phetha kano eo o ileng wa e etsa ha o ne o inehela ho Modimo. O ka etsa seo jwang?

20 Dula o ena le Bakrestemmoho. Ha o kolobetswa o ba karolo ya “mokgatlo ohle wa barababo rona.” (1 Pet. 2:17) Bara le baradibabo rona e ba lelapa leno. Ka hoo ha o ya dibokeng ka mehla o tla matlafatsa setswalle sa hao le bona. Bala Lentswe la Modimo mme o nahanisise ka lona letsatsi le letsatsi. (Pes. 1:1, 2) Ka mora hore o bale karolo e itseng ya Bibele, iphe nako ya ho nahanisisa ka seo o qetang ho se bala. Seo o se balang se ka o ama pelo. Ka hoo ‘rapela o sa kgaotse.’ (Mat. 26:41) Ha o rapela ho tswa pelong o tla ba le setswalle se haufi le Jehova. ‘O nne o batle mmuso pele.’ (Mat. 6:33) O ka etsa sena ka hore o etse hore ho bolella batho ba bang ditaba tse molemo e be yona ntho e tlang pele bophelong ba hao. Ha o dula o bolella batho ditaba tse molemo tumelo ya hao e tla ba matla mme o ka thusa batho ba bang ba be le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng.​—1 Tim. 4:16.

21. O tla ba le monyetla ofe ha o kolobeditswe?

21 Qeto ya ho inehela ho Jehova le ho kolobetswa ke ya bohlokwa ka ho fetisisa. Ke nnete hore ho na le ditshenyehelo. Empa na ho kolobetswa ho bohlokwa ho feta ho senyehelwa? Ho jwalo. Mathata a mang le a mang ao o bang le ona lefatsheng lena, ke a ‘motsotswana mme a bobebe.’ (2 Bakor. 4:17) Empa ha o kolobeditswe o tla thabela bophelo ho na jwale le “bophelo ba sebele” nakong e tlang. (1 Tim. 6:19) Ka hoo ka kopo rapela mme o nahanisise ka karabo ya potso ena, “Na ke se ke itokiseditse ho kolobetswa?”

PINA YA 50 Thapelo ya ka ya Boinehelo

^ par. 5 Na o batla ho kolobetswa? Haeba ho jwalo, sehlooho sena se ngolletswe wena. Re tla hlahloba dipotso tsa bohlokwa mabapi le taba ena. Dikarabo tsa hao dipotsong tsena, di tla o thusa ho bona hore na o se o loketse ho kolobetswa kapa tjhe.

^ par. 19 Haeba ha o so qete ho ithuta buka ya Bibele e re Rutang? le ya Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo, o tlameha ho tswela pele o ithuta dibuka tsena le motho ya o badisang ho fihlela o di qetile.