Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ke bo mang bao e neng e le mapolesa a tempele a Bajuda, hona mosebetsi wa bona e ne e le ofe?

Ba bang ba Balevi bao e neng e se baprista e ne e le mapolesa. Ba ne ba ikarabella tlasa motsamaisi wa tempele. Mongodi e mong wa Mojuda ya bitswang Philo, o hlalosa mosebetsi oo mapolesa ana a neng a o etsa: “Ba bang ba Balevi bao, ba ne ba kata monyako oo batho ba neng ba kena ka ona ha ba ya tempeleng. Ba bang ba kata ka pela sehalalelo. Ba ne ba etsa bonnete ba hore ha hona motho ya kenang ka sehalalelong a sa dumellwa le ha e ka ba ka phoso. Ba bang ba ne ba kata tempele mme ba sebetsa ka dinako tse sa tshwaneng.”

Sanhedrine o ne a ka kopa mapolesa ana hore a mo thuse. Seo e ne e le sona feela sehlopha sa Bajuda seo mmuso wa Roma o neng o ba dumella hore se tshware dibetsa.

Setsebi se seng sa Bibele e leng Joachim Jeremias o ile a hlalosa hore ha mapolesa a ne a tlo tshwara Jesu, o ile a ba botsa hore na ke hobaneng ba sa mo tshwara nakong eo a ntseng a ruta ka tempeleng. (Mat. 26:55) Jesu o ne a ke ke a ba botsa potso eo haeba e ne e se karolo ya mapolesa a tempele.” Setsebi seo se boetse se re mapolesa a neng a batla ho tshwara Jesu nakwana pele ho moo, e ne e le mapolesa a tempele. (Joh. 7:32, 45, 46) Ha morao Sanhedrine o ile a romela motsamaisi wa tempele le mapolesa hore ba tlise baapostola. Ho ka etsahala hore e ne e le ona mapolesa a ileng a ntshetsa moapostola Pauluse ka ntle ho tempele.​—Lik. 4:1-3; 5:17-27; 21:27-30.