Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

“Ke Rona Bana, Roma Rona!”

“Ke Rona Bana, Roma Rona!”

NA U batla ho sebeletsa Jehova haholoanyane ka hore u ee moo ho hlokoang bahoeletsi ba eketsehileng mohlomong ka hore u fallele naheng e ’ngoe? Haeba ho joalo, u tl’o rua molemo haholo paleng ea Mora le Morali’abo rona Bergame.

Banyalani bana ba bile tšebeletsong ea nako e tletseng ho tloha ka 1988. Ba tsebahala ka ho tenyetseha le maemo ’me ba ile ba amohela likabelo tse sa tšoaneng Guadeloupe le French Guiana. Libaka tseo ka bobeli li lekaleng la Fora. A re ke re buisaneng le bona ho se hokae.

Ke hobane’ng ha le ile la ba tšebeletsong ea nako e tletseng?

Marie-Line: Ha ke ntse ke le ngoana motseng oa heso oa Guadeloupe, ke ne ke atisa ho ea tšimong letsatsi lohle le ’mè oa ka eo e neng e le Paki e chesehang. Ke rata batho, kahoo hang ha ke qeta sekolo ka 1985, ke ile ka qala ho ba pula-maliboho.

Jack: Ha ke sa le mocha, ke ne ke lula ke e-na le bara le barali babo rona ba tšebeletsong ea nako e tletseng, ba ratang mosebetsi oa boboleli. Ke ne ke atisa ho nkela bopula-maliboho bo thusang ha likolo li koetse. Ka linako tse ling, ha e le mafelo a beke, ’na le ’mè oa ka kapa le mor’abo rona e mong phuthehong, re ne re tsamaea ka bese re ea moo bo-pula-maliboho ba sebetsang tšimo teng. Re ne re ea tšimong letšehare lohle ebe mantsiboea ha re chaisa re ea leoatleng. Linako tseo e ne e le tse monate haholo.

Nakoana ka mor’a hore ’na le Marie-Line re nyalane ka 1988, ke ile ka re: “Ha re na lintho tse ka re sitisang, kahoo re lokela ho nahana ka mekhoa ea ho eketsa tšebeletso ea rona.” Ke ile ka latela mohats’aka eaba le ’na ke ba pula-maliboho. Selemo hamorao, ka mor’a hore re ee sekolong sa bo-pula-maliboho re ile ra ba bo-pula-maliboho ba khethehileng. Re ile ra thabela likabelo tse fapaneng ha re le Guadeloupe pele re koptjoa hore re ee French Guiana.

Le ile la fuoa likabelo tse fapa-fapaneng ho theosa le lilemo. Le ile la thusoa ke’ng hore le amohele maemo a lona a macha?

Marie-Line: Barab’abo rona ba Bethele ea French Guiana ba ne ba tseba hore Lengolo leo re le ratang ke la Esaia 6:8. Kahoo, hangata ha ba ne ba re letsetsa, ba ne ba tloaetse ho soasoa ka ho re: “Na le ntse le hopola lengolo leo le le ratang?” Re ne re tseba hore re tl’o fuoa kabelo e ncha. Kahoo, re ne re re: “Ke rona bana, romang rona.”

Re leka ho qoba ho bapisa kabelo ea rona e ncha le eo re neng re e etsa pele hobane ho etsa joalo ho ka etsa hore re se ke ra thabela kabelo e ncha eo re e fuoeng. Hape, re leka ho etsa boiteko ba hore re tloaelane le Bakreste-’moho le rona ba kabelong ea rona e ncha.

Jack: Nakong e fetileng, bara le barali babo rona ba bang ba ile ba leka hore thibela hore re se ke ra tsamaea e le hore re se ke ra arohana le bona. Empa ha re tloha Guadeloupe, mor’abo rona e mong o ile a re hopotsa mantsoe a Jesu a hlahang ho Matheu 13:​38 a reng: “Tšimo ke lefatše.” Kahoo, ha re ea kabelong e ncha re lula re ikhopotsa hore re ntse re sebetsa tšimo e tšoanang ho sa tsotellehe hore na re hokae. Ho feta moo, moo re eang teng le batho bao re il’o kopana le bona e ba tsona lintho tsa bohlokoa haholo ho rona.

Ha re fihla sebakeng se secha re fumana batho ba teng ba thabile. Kahoo, re leka ho phela joaloka batho ba moo. Re ka ’na ra fumana lijo tsa teng e se tseo re li tloaetseng empa rea li ja le ho noa lintho tsoe ba li noang, re boetse re leka ho etsa lintho tse etsoang moo e le ho itšireletsa mafung a itseng. Re leka kahohle hore re bue hantle ka kabelo le ha e le efe eo re ileng ra ba le eona.

Marie-Line: Re boetse re ithuta lintho tse ngata haholo ho bara le barali babo rona ba sebakeng seo. Ke hopola ntho e ileng ea etsahala nakoana ka mor’a hore re fihle French Guiana. Ho ne ho na pula ea litloebelele, eaba re nahana hore re ke re eme hanyane e le hore pula e emise ebe ka mor’a moo re tla tsoa re ee tšimong. Empa Morali’abo rona o ile a mpotsa: “Na u se u le malala-a-laotsoe hore re ka ea tšimong?” Ke ile ka mo makalla ka re: “Re tl’o tsamaea joang pula ena?” O ile a re: “Nka sekhele sa hao, re tl’o tsamaea ka libaesekele.” Kahoo, ke ile ka ithuta ho khanna baesekele ke bile ke itširelelitse ka nako e le ’ngoe. Haeba ke ne ke sa ka ka tsoa letsatsing leo, ha ho mohla ke neng ke tla tsoa ha pula e na.

Le ile la falla ka makhetlo a ka bang 15. Na ho na le malebela ao le ka re fang ’ona ka ho falla?

Marie-Line: Ho falla ekaba phephetso e kholo. Ho ntse ho le joalo, ke taba ea bohlokoa hore le fumane sebaka seo le tla ikutloa le khatholohile ha le tsoa tšimong.

Jack: Hangata moo re fihletseng ke atisa ho penta ntlo ka hare. Ha barab’abo rona ba lekaleng ba hlokomela hore ha re tl’o lula nako e telele sebakeng se itseng, ba ne ba tloaetse ho soasoa le ’na ebe ba re: “Jack, u se ke oa itšoenya ka ho penta ntlo lekhetlong lena.”

Mohats’aka oa ipabola ntlheng ea ho paka thoto! O pakela lintho ka mabokoseng ebe oa ngola “la ka kamoreng,” la “lintho tse hlapang,” le la “kichineng.” Kahoo, ha re fihla lehaeng la rona le lecha ho ba bonolo hore re ise lebokose ka leng moo le lokelang ho ea teng. O boetse o etsa lethathamo la lintho tse ka har’a lebokose ka leng e le hore re tle re tsebe ho fumana lintho tseo re li hlokang kapele.

Marie-Line: Kaha re ithutile ho ba batho ba hlophisehileng, re khona ho qala tšebeletso ea rona hang feela.

Le ipehela nako joang e le hore le khone ho ‘phetha bosebeletsi ba lona ka botlalo’?​2 Tim. 4:5.

Marie-Line: Ka Mantaha, rea phomola ebe re lokisetsa liboka. Ebe ho tloha ka Labobeli ho ea pele re ea tšimong.

Jack: Le hoja re e-na le lihora tseo re tlamehang ho li koala ka khoeli, ha re tšoenyehe ka taba eo. Mosebetsi oa boboleli ke oa bohlokoa ka ho fetisisa ho rona. Ho tloha ha re tsoa ka tlung ho fihlela ha re khutla, re leka ho bua le motho e mong le e mong eo re kopanang le eena.

Marie-Line: Ha re intša, ke tloaetse ho nka lipampitšana. Batho ba bang ba tla ho rona ebe ba kopa hore re ba fe lingoliloeng, le hoja re sa ba bolella hore re Lipaki tsa Jehova. Ka lebaka leo, re ela hloko hore na re apara joang le hore na re itšoara joang. Batho ba sheba lintho tse kang tseo.

Jack: Re boetse re fana ka bopaki ka hore re be mosa ho baahelani ba rona. Ka mohlala, ke ee ke phuthe lipampiri, ke qhale toti le ho haraka makhasi a lifate a seterateng sa rona. Baahelani ba rona ba hlokomela lintho tse kang tsena ’me ka linako tse ling ba ee ba re botse hore na re ka ba fa Bibele.

Ka makhetlo a ’maloa le ile la sebetsa libakeng tse mahaeng. Na ho na le ntho e ikhethang eo le ka re bolellang eona ka ho sebetsa libakeng tseo?

Jack: Sebakeng sa Guiana, ho na le libaka tseo ho leng thata ho fihla ho tsona. Hangata re tlameha ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 600 ka beke litseleng tse mpe. Ke hopola mohlang re ne re ea motseng oa St. Élie o morung oa Amazon. Ho ile ha re nka lihora tse ’maloa ho fihla moo re tsamaea ka koloi e phahameng (4 by 4) le sekepe se lebelo. Batho ba bangata ba lulang moo ba ne ba sebetsa merafong ea khauta. Kaha batho ba bang ba ne ba ananela lingoliloeng tsa rona, ba ile ba re fa makumane a khauta e le monehelo. Ka shoalane, re ile ra ba shebellisa e ’ngoe ea livideo tsa mokhatlo. Batho ba bangata ba ile ba tla ho tla e shebella.

Marie-Line: Morao tjena, Jack o ile a kopuoa hore a il’o fana ka puo ea Sehopotso motseng oa Camopi. E le hore re fihle moo, re ile ra tsamaea lihora tse ’ne nokeng ea Oyapock. Ho ne ho le monate haholo.

Jack: Ha metsi a ne a le manyaane ka nokeng, ho ne ho ka ba kotsi haholo hobane sekepe se ne se ka ’na sa otla holim’a majoe. Ke ntho e khahlang haholo ho bona ha metsi a khahlellana holim’a mafika. Mosesisi oa sekepe o lokela ho tseba taba tsa hae hantle ha a ea a lebane le sebaka seo. Empa eo e ile ea e-ba ketsahalo e hlollang. Le hoja Lipaki li ne li tšeletse feela, batho ba ka bang 50 ba ile batla Sehopotsong ho akareletsa le Maindia a Amerika.

Marie-Line: Bacha le bona ba tla natefeloa haholo haeba ba itella ho sebeletsa Jehova. Maemong ana u lokela ho tšepa Jehova haholo ’me le tumelo ea hao e tla ba matla. Hangata re bona kamoo Jehova re thusang kateng.

Le tseba lipuo tse ’maloa, na ho bonolo ho lona hore le ithute lipuo tse ling?

Jack: Che ha ho joalo. Ke ile ka tlameha ho ithuta lipuo tsena hobane ke ne ke tlameha ho thusa phutheho le ho bolela litaba tse molemo. Ke ile ka tlameha ho khanna thuto ea Molula-Qhooa ka Seranantongo * le pele nka fana ka ’malo oa Bibele. Ke ile ka botsa mor’abo rona e mong hore na ba ne ba ntse ba utloa hore na ke leka ho reng. O ile a re: “Ho ne ho e-na le moo re sa khoneng ho utloisisa hantle empa u o khannile hantle.” Bana ba ile ba nthusa haholo. Ha ke fositse, ba ne ba mpolella empa batho ba baholo ba ne ba sa etse joalo. Ba ile ba nthuta lintho tse ngata haholo.

Marie-Line: Tšimong e ’ngoe ke ne e-na le thuto e buang Sefora, e buang Sepotoketsi le e buang Seranantongo. Morali’abo rona e mong o ile a nkhothaletsa hore ke qale thutong ea puo eo ke sa e tsebeng hantle ebe ke qetella ka eo ke tsebang puo ea eona hantle. Hamorao, ke ile ka utloisisa hore na o ne a bolela’ng.

Ka letsatsi le leng, ke ile ka qala thutong e buang Seranantongo eaba ka mor’a moo ke ea ho e buang Sepotoketsi. Nakong eo ke qalang thuto ea bobeli, morali’abo rona eo ke neng ke tsamaea le eena o ile a re: “Marie-Line, ke nahana hore re na le bothata.” Ke ile ka hlokomela hore ke ne ke ntse khanna thuto ka Seranantongo ha ke ne ke tlameha ho e khanna ka Sepotoketsi.

Batho ba liphutheho tseo le neng le le ho tsona ba le rata haholo. Le ile la etsa’ng hore Bakreste-’moho le lona ba khone ho le atamela?

Jack: Liproverbia 11:​25 e re: ‘Ea seatla se bulehileng o tla nona.’ Ha re leqe ho thusa batho ba bang. Ha ho ne ho lokisoa Holo ea ’Muso, barab’abo rona ba bang ba ile ba re ho ’na, “Bahoeletsi ba tla etsa mosebetsi ona.” Eaba ke re: “Empa le ’na ke ntse ke le mohoeletsi. Kahoo, haeba ho na le mosebetsi o lokelang ho etsoa, ke tla o etsa.” Le hoja kaofela ha rona re hloka ho ba le nako ea ho ikhutsa, ha re lumelle hore nako eo e re sitise ho etsetsa batho ba bang lintho tse molemo.

Marie-Line: Re etsa boiteko ba hore re bontše batho ba bang hore rea ba tsotella. Ha re etsa joalo, ho ba bobebe hore re tsebe ha ba hloka motho ea ka ba sallang le bana kapa ho ba lata sekolong. Ka lebaka leo, re etsa lintho tsa rona ka tsela e tla re lumella hore re tle re fumanehe ha ba hloka thuso. Ka hona, re khona ho utloana le batho ba bang ’me re ba malala-a-laotsoe ho ba thusa neng kapa neng.

Ke litlhohonolofatso life tseo le li fumaneng ka ho sebeletsa moo ho hlokoang bahoeletsi?

Jack: Tšebeletso ea nako e tletseng e re thusitse hore re thabe haholo. Maemong a mangata re ile ra thabela ho boha botle ea popo ea Jehova. Le hoja re ile ra thulana le liphephetso, re na le khotso hobane rea tseba hore hohle moo re leng teng, bahlanka ba Jehova ba re tšehelitse.

Ha ke sa le mocha, ke ile ka koalloa teronkong e French Guiana ka lebaka la tumelo ea ka. Ha ho mohla nkileng ka nahana hore ke tla khutlela moo ke le moromuoa hape ke rute batšoaruoa molaetsa oa Bibele literonkong. Kea u tiisetsa hore kannete Jehova o hlohonolofatsa batho ba hae haholo!

Marie-Line: Ke thaba haholo ha ke thusa batho ba bang. Re thabile hore ebe re sebeletsa Jehova. Taba ena e entse hore re momahane joaloka banyalani. Ka linako tse ling, mohats’aka o ee a mpotse hore na re ka se meme banyalani ba bang ba hlokang ho khothatsoa hore ba tl’o ja le rona. Hangata ke ee ke re: “Ke ne ke ntse ke nahana ka ntho e tšoanang.” Kahoo, maemong a mangata re hlokometse hore re nahana ka lintho tse tšoanang.

Jack: Morao tjena ke ile ka fumana hore ke na le mofetše. Le hoja mosali oa ka a sa rate ho utloa ka taba ena, ke ee ke re ho eena, “Moratuoa, ke ’nete hore ha ke e-s’o tsofale empa ntho eo ke e tsebang ke hore ke sebelelitse Jehova bophelo bohle ba ka ’me taba ena ea nthabisa.”​—Gen. 25:8.

Marie-Line: Jehova o re file mesebetsi e mengata eo re neng re sa e nahana a ba a re lumella hore re etse lintho tseo re neng re sa lumele hore re ka khona ho li etsa. Bophelo ba rona e bile bo khotsofatsang kannete. Ho sa tsotellehe hore na mokhatlo oa Jehova o batla hore re ee kae, re tla ea hobane re kholisehile hore Jehova o tla re thusa!

^ ser. 32 Seranantongo ke puo e kopantseng Sekhooa, Sedache, Sepotoketsi le lipuo tse ling tsa Afrika ’me e ile ea qapuoa ke makhoba.