Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

“Ke Rona Bana! re Rome!”

“Ke Rona Bana! re Rome!”

NA o ka rata ho eketsa tshebeletso ya hao ka hore o ye tlhokahalong naheng e nngwe? Haeba ho jwalo, pale ya mora le moradiwabo rona Bergame, e ka o tswela molemo.

Jack le Marie-Line e sale ba le tshebeletsong ya nako e tletseng ho tloha ka selemo sa 1988. Ba kgona ho itlwaetsa sebaka mme ba ile ba amohela dikabelo tse fapaneng Guadeloupe le French Guiana. Kajeno dibaka tsena di tlasa lekala la France. A re ke re botse Jack le Marie-Line dipotso tse mmalwa.

Ke hobaneng ha le ile la ba tshebeletsong ya nako e tletseng?

Marie-Line: Ha ke ntse ke hola mona Guadeloupe, hangata ke ne ke ya tshimong le mme wa ka letsatsi lohle, eo le kajeno e ntseng e le Paki e mafolofolo. Ke rata batho, ka hoo hang ha ke qeta sekolo ka 1985, ke ile ka ba pulamadiboho.

Jack: Ha ke ntse ke hola, ke ne ke dula ke ena le Bakreste ba tshebeletsong ya nako e tletseng, ba ratang tshebeletso ya tshimo. Ha dikolo di kwetswe ke ne ke nka bopulamadiboho bo thusang. Ka mafelo a beke, ka nako tse ding nna, Mme wa ka kapa morabo rona e mong, re ne re palama bese mme re ilo thusa bopulamadiboho ba bang tshimong ya bona. Re ne re bolela ditaba tse molemo letshehare lohle, hamorao re be re ya lewatleng. Eo e ne e le nako e thabisang.

Nakwana ka mora hore ke nyale Marie-Line ka 1988, ke ile ka re, ‘Ha ho na ntho e re sitisang, ke hobaneng ha re sa eketse tshebeletso ya rona?’ Ke ile ka nka bopulamadiboho le Marie-Line. Selemo ka mora moo, ka mora hore re ye sekolong sa bopulamadiboho, re ile ra ba bopulamadiboho ba kgethehileng. Re ile ra ba le dikabelo tse mmalwa tse thabisang Guadeloupe pele re ka ya French Guiana.

Le ile la ba le dikabelo tse ngata tshebeletsong ya lona. Keng e le thusitseng ho tlwaela dikabelo tse ntjha?

Marie-Line: Barababo rona ba Bethele e French Guiana ba ne ba tseba hore Lengolo leo re le ratang ke la Esaia 6:8. Ka hoo ha ba re founetse, hangata ba ne ba swaswa ba re: “Na le sa hopola Lengolo leo le le ratang?” Re ne re tseba hore seo se ne se bolela hore re tlo fuwa kabelo e ntjha. Re ne re re: “Ke rona bana! Re rome!”

Ha re bapise kabelo eo re leng ho yona le dikabelo tse fetileng, ka ha sena se tla etsa hore re se ke ra e thabela. Re boetse re etsa metswalle le bara le baradibabo rona kabelong eo re leng ho yona.

Jack: Nakong e fetileng, bara le baradibabo rona ba bang ba ile ba re kgothalletsa hore re se ke ra tsamaya. Empa ha re tloha Guadeloupe, morabo rona e mong o ile a re hopotsa mantswe a Jesu a ho Matheu 13:​38, a reng: “Tshimo ke lefatshe.” Ka hoo ha re tloha kabelong ya rona, re ile ka ikgopotsa hore re ntse re le tshimong e le nngwe ho sa tsotellehe hore na re hokae. Ho feta moo, ntho ya bohlokwa ke moo re fumanang batho teng.

Ha re fihla sebakeng se setjha, re ne re hlokomela hore batho ba moo ba thabile. Ke ka hoo re neng re leka ho phela jwalo ka bona. Ke nnete hore dijo di ne fapane le tseo re di tlwaetseng empa re ne re ja seo ba se jang le ho nwa seo ba se nwang le ho mamela dikeletso mabapi le tsa bophelo bo botle. Re leka ho bua hantle ka kabelo e nngwe le e nngwe eo re bang le yona.

Marie-Line: Re boetse re ithuta dintho tse ho bara le baradibabo rona. Ke hopola ha re qala ho fihla French Guiana, pula e ne e na haholo, ka hoo re ile ra nahana hore re tlamehile ho emela hore e emise pele re ka ya tshimong. Empa moradiwabo rona e mong o ile a re: “Ha re ye tshimong.” Ka ho makala ke ile ka re: “Jwang?” O ile a re: “Nka sekgele mme re tla palama dibaesekele.” Ka hoo ke ile ka ithuta ho palama baesekele ke tshwere sekgele. Haeba ke ne ke sa ithuta ho etsa jwalo, nkabe ke sa ye tshimong ha pula ena.

Le ile la falla ka makgetlo a ka bang 15. Na le na le dikeletso tseo le ka di fang batho ba batlang ho ya sebakeng se seng?

Marie-Line: Ho ka ba thata ho falla. Le ha ho le jwalo, ho bohlokwa hore o fumane lehae leo o tla phutholoha ho lona ha o tswa tshimong.

Jack: Hangata ha ke fihla sebakeng, ke penta ntlo eo ka hare. Ha barababo roba ba lekaleng ba tseba hore ha re tlo dula sebakeng seo nako e telele, ba ne ba nqala ba re, “Jack o se ke wa itshwenya ka ho penta ntlo.”

Marie-Line o kgona ho pakela dintho hantle. O kenya dintho tsohle ka mabokoseng, ebe o a ngola hore na ke tsa kamore efe. Ka hoo ha re fihla lehaeng la rona le letjha, re ne re kgona ho tseba hore na lebokose lefe le ya hokae. O ngola dintho tse ka lebokoseng le leng le le leng, e le hore re se ke ra sokola ha re e batla.

Marie-Line: Ka ha re ithutile ho hlophisa dintho tsa rona hantle, re kgona ho qala tshimo hang ha re fihla.

Le hlophisa dintho tsa lona jwang e le hore le ‘phethe bosebeletsi ba lona ka botlalo’?​—2 Tim. 4:5.

Marie-Line: Ka di Mantaha re a phomola mme re lokisetsa diboka. Ho tloha Labobedi ho ya pele, re ya tshebeletsong ya tshimo.

Jack: Le hoja re lokela ho etsa dihora tse itseng ka kgwedi, seo ha se sona sa bohlokwa ho rona. Ho bolela ditaba tse molemo ke yona ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ho rona. Re leka ho pakela motho e mong le e mong eo re kopanang le yena ha re tloha lapeng le ha re kgutla.

Marie-Line: Ka mohlala ha re ya pikiniking, ke dula ke nkile dipampitshana. Batho ba bang ba re kopa dingolwa le hoja re sa ba bolella hore re Dipaki Tsa Jehova. Ke ka hoo re etsang bonnete ba hore re apara le ho itshwara hantle. Batho ba hlokomela dintho tse kang tsena.

Jack: Re boetse re fana ka bopaki ho baahelani ba rona ka hore re ba etsetse dintho tse molemo. Ke phutha dipampiri, ke ntsha matlakala le ho haraka jarete. Baahelani ba rona ba hlokomela sena mme ka dinako tse ding ba re, “Na o na le Bibele eo o ka mphang yona?”

Hangata le entse mosebetsi wa boboledi dibakeng tse ka thoko. Na ho na le dintho tse ikgethang tseo le di hopolang ka maeto ao?

Jack: Ho na le dibaka tseo ho leng thata ho fihla ho tsona Guiana. Hangata bekeng re ne re tsamaya dikhilomithara tse 600 ditseleng tse mpe. Ha re na lebala se ileng sa re etsahalla ha re ne re etetse St. Élie e morung wa Amazon. Ho ile ha re nka dihora tse mmalwa hore re fihle sebakeng seo, re sebedisa dikoloi tse tsamayang ditseleng tse mpe le ka diketswana. Batho ba bangata ba neng ba dula moo, ba ne ba sebetsa dimmaeneng tsa kgauta. Ka hoo ba bang ba ne ba ananela dingolwa tseo re neng re ba fa tsona ka ho ntsha monehelo wa di kgauta tse nyane. Mantsiboya re ile ra bontsha batho ba moo video ya mokgatlo mme ba bangata ba ile ba tla.

Marie-Line: Jack o ile a kopuwa hore a ilo fana ka puo ya Sehopotso Camopi. E le hore re fihle moo, re ile ra nka dihora tse nne re tsamaya ka seketswana nokeng ya Oyapock. E bile nako e thabisang.

Jack: Ho ne ho ka ba kotsi ho tsamaya pela melapo e phoroselang. Le ha ho le jwalo ho ne ho thabisa ho bona ha sekepe se atamela melapo eo. Ka hoo mokganni wa sekepe o ne a lokela ho tseba ho kganna sekepe ha a feta moo. Empa ho ne ho thabisa ho bona sena. Le hoja ho ne ho ena le Dipaki tse tsheletseng feela, empa ho ile ha tla batho ba ka bang 50 sehopotsong, ba akarelletsang Maamerindian.

Marie-Line: Batjha ba ka ba le nako e thabisang haeba ba etsetsa Jehova ho eketsehileng. O lokela ho tshepa Jehova maemong ana mme tumelo ya hao e tla matlafala. Hangata re bona ka moo Jehova a re thusang ka teng.

Le ithutile dipuo tse mmalwa. Na ho bonolo hore le ithute puo?

Jack: Ha ho jwalo. Ke ithutile dipuo tsena e le hore nka bolella batho ditaba tse molemo le ho thusa phuthehong. Ke ile ka tlameha ho kganna Tora ya ho Lebela ka Sranantongo * le pele nka fana ka mmalo wa Bibele. Ke ile ka botsa morabo rona e mong hore na ba kgona ho utlwisisa ha ke bua. O ile a re: “Ka dinako tse ding ha re utlwe hore na o reng. Empa o etsa hantle.” Bana ke bona ba neng ba re thusa haholo. Ha ke ne ke sa bua hantle, ba ne ba njwetsa. Empa batho ba baholo bona ba ne ba sa njwetse. Ke ile ka ithuta dintho tse ngata ho bona.

Marie-Line: Sebakeng se seng ke ne ke ithuta Bibele le batho ba buang Sefrench, Sepotoketsi le Sranantongo. Moradiwabo rona e mong o ile a re ke qale pele ka ho bala le motho ya buang puo e nthatafallang ebe ke qetella ke eo ke e tsebang. Ke ile ka hlokomela hore eo ke keletso e molemo.

Ka letsatsi le leng ke ne ke lo bala le motho ya buang Sranantongo, ha e mong yena a ne a bua Sepotoketsi. Ha ke qala ho bala le motho wa bobedi, morabo rona o ile a re, “Marie-Line ekare ho na le phoso eo o e etsang.” Ke ile ka hlokomela hore ke bua le mosadi wa Mobrazil ka Sranantongo ho ena le Sepotoketsi.

Le ratwa ke batho bao le ileng la ya diphuthehong tsa bona. Le entse jwang hore le be metswalle ya bona?

Jack: Liproverbia 11:25 e re: “Moya o fanang ka seatla se bulehileng o tla nona.” Ha re na bothata ba ho qeta nako le batho le ho ba thusa ka dintho tse itseng. Ha ho ne ho lokiswa Holo ya rona, bara ba bang babo rona ba ile ba re ho nna: “Tlohella bahweletsi ba etse mosebetsi oo.” Empa ke ile ka re: “Le nna ke mohweletsi. Ka hoo haeba ho ena le mosebetsi o lokelwang ho etswa, le nna ke batla ho o etsa.” Le hoja kaofela ha rona re hloka nako ya ho ba bang, re dula re ikgopotsa hore ha re batle ho dumella seo hore se re thibele ho etsetsa ba bang dintho tse molemo.

Marie-Line: Re leka ho bontsha bara le baradibabo rona hore re a ba kgathalla. Ka tsela eo re kgona ho tseba haeba ba hloka motho ya tla ba salla le bana kapa ya tla ba lata sekolong. Ka hoo re hlophisa mabaka a rona e le hore re ka ba thusa. Ka ha re ikemiseditse ho ba thusa, sena se etsa hore re be metswalle.

Le fumane ditlhohonolofatso dife ka ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo?

Jack: Tshebeletso ya nako e tletseng e re tlisetsa ditlhohonolofatso tse ngata. Hangata re ne re eba le nako ya ho thabela popo ya Jehova. Le hoja re ena le mathata, re na le kgotso hobane re a tseba hore bahlanka ba Modimo ba a re tshehetsa hohle moo re leng teng.

Ha ke ne ke le mohlankana, ke ile ka kwallwa teronkong ya French Guiana hobane ke ne ke sa batle ho ba lesole. Ha ho na mohla nkileng ka nahana hore nka kgutlela sebakeng sena ke se ke le moromuwa ebile ke kgona ho bolella batho ba diteronkong molaetsa wa Bibele. Ka nnete Jehova o re hlohonolofaditse haholo.

Marie-Line: Ho ipha nako ya batho ba bang ho ntlisetsa thabo. Re thabiswa ke ho sebeletsa Jehova. Ho boetse ho matlafaditse lenyalo la rona. Ka nako tse ding Jack o ne a re re meme banyalani ba hlokang ho kgothatswa. Hangata ke ne ke re: “Le nna ke ntse ke nahanne jwalo.” Ho ne ho bonahala eka re nahana ka ho tshwana.

Jack: Ke ile ka fumana hore ke na le kankere ya mofetshe. Le hoja Marie-Line a sa batle ha ke bua sena, empa nkile ka re ho yena: “Moratuwa, ha ke a tsofala empa ha nka shwa ke tla be ke tseba hore ke entse ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong, e leng ho sebeletsa Jehova mme seo se a nthabisa.”​—⁠Gen. 25:⁠8.

Marie-Line: Jehova o re file dikabelo tseo re neng re sa di lebella mme a etsa hore re etse dintho tseo re neng re sa nahana hore re tla di etsa. Ka nnete re thabela bophelo. Ka hoo re tla ya hohle moo mokgatlo wa Modimo o reng re ye teng, hobane re a tseba hore Jehova o tla re thusa.

^ par. 32 Sranantongo ke puo e kopantseng Senyesemane, Sedutch, Sepotoketsi le dipuo tse ding tsa Africa, e ileng ya qapuwa ke makgoba.