Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 15

O Ikutlwa Jwang ka Batho ba Tshimo ya Heno?

O Ikutlwa Jwang ka Batho ba Tshimo ya Heno?

“Phahamisang mahlo mme le tadime masimo, hore a sweufetse bakeng sa kotulo.”​—JOH. 4:35.

PINA YA 64 Ho Kotula ka Thabo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Mantswe ao Jesu a a buileng ho Johanne 4:​35, 36 a bolelang?

HO KA ETSAHALA hore Jesu o ne a tsamaya hara masimo a neng a ena le dijothollo tse neng di qala ho hola. (Joh 4:​3-6) Ho ne ho ka nka hoo e ka bang dikgwedi tse nne pele dijothollo tsena di ka kotulwa. Ka hoo e ne e ka ba ntho e sa utlwahaleng hore ebe Jesu o ne a ka re: “Phahamisang mahlo mme le tadime masimo, hore a sweufetse bakeng sa kotulo.” (Bala Johanne 4:​35, 36.) Jesu o ne a bolelang?

2 Haele hantle Jesu o ne a bua ka kotulo ya batho eseng ya dijothollo. Hlokomela se ileng sa etsahala. Le hoja Bajuda ba ne ba sa utlwane le Basamaria, Jesu o ile a bua le mosadi wa mosamaria mme mosadi eo o ile a mo mamela ha a mo bolella ditaba tse molemo. Ha e le hantle ha Jesu a ne a bua ka masimo a ‘sweufetseng bakeng sa kotulo’ Basamaria ba bangata ba ne ba ntse ba ya ho yena ho ithuta ho eketsehileng ka mora hore mosadi wa mosamaria a ba bolelle ka Jesu. (Joh 4:​9, 39-42) Mohlalosi e mong wa Bibele o re ka tlaleho ena: “Taba ya hore batho ba ne ba tla hanghang ho Jesu mme ba mo mamela e bontsha hore ba ne ba tshwana le dijothollo tse hlokang ho kotulwa.”

Re lokela ho etsang ha re bona hore masimo a “sweufetse bakeng sa kotulo”? (Sheba serapa sa 3)

3. Haeba o ena le boikutlo bo tshwanang le ba Jesu ka batho, o ka ba mmoledi ya molemo jwang?

3 O ikutlwa jwang ka batho bao o ba bolellang ditaba tse molemo? Na o ba nka ba tshwana le dijothollo tse lokelang ho kotulwa? Haeba ho jwalo o tla etsa dintho tsena tse tharo: Ya pele, o tla nka mosebetsi wa boboledi o potlakile. Ka ha nako ya kotulo e lekanyeditswe, ha o a lokela ho senya nako. Ya bobedi, o tla thaba ha o bona batho ba mamela ditaba tse molemo. Bibele e re batho ba a thaba nakong ya kotulo. (Esa 9:3) Ya boraro, o tla nka motho e mong le e mong e le molatedi wa Jesu wa ka moso, ka hoo o tla fetola tsela eo o rutang ka yona hore e dumellane le dintho tseo ba di ratang.

4. Re tlo ithutang ka moapostola Pauluse sehloohong see?

4 Ba bang ba balatedi ba Jesu ba ne ba ka nna ba nahana hore Basamaria e ke ke ya eba balatedi ba hae, empa Jesu yena o ne a sa nahane ka tsela eo. Ho ena le hoo, o ne a ba nka e le balatedi ba hae ba ka moso. Ka ho tshwanang le rona re lokela o nka batho ba tshimong ya habo rona e le balatedi ba Kreste ba ka moso. Moapostola Pauluse o re behetse mohlala o motle tabeng ena. Jwale keng seo re ka ithutang sona ho yena? Sehloohong sena re tla bona ka moo (1) a neng a tseba seo batho bao a neng a ba bolella ditaba tse molemo ba se dumelang, (2) a neng a utlwisisa dintho tseo ba di ratang le (3) a neng a ba nka e le balatedi ba Jesu ba ka moso.

SEO BA SE DUMELANG

5. Ke hobaneng ha Pauluse a ne a utlwisisa bamamedi ba hae ba synagogeng?

5 Hangata Pauluse o ne a ruta disynagogeng tsa Bajuda. Ka mohlala, ha a ne a le synagogeng e Thesalonika “ka disabatha tse tharo [o ile] a behelana mabaka le [Bajuda] ka Mangolo.” (Lik 17:​1, 2) Ho ka etsahala hore Pauluse o ne a ikutlwa a phuthulohile ha a le synagogeng, ka ha o ne a hodisitswe jwalo ka Mojuda. (Lik 26:​4, 5) Pauluse o ne a tlwaetse Bajuda, ka hoo ho ne ho le bonolo hore a ba bolelle ditaba tse molemo.​—Bafil. 3:​4, 5.

6. Baathene ba neng ba le mmarakeng ba fapana jwang le batho bao Pauluse a ile a ba ruta synagogeng?

6 Pauluse o ile a ya Athene ka mora hore bahanyetsi ba hae ba mo tlose Thesalonika le Berea. Hape o ile “a qala ho behelana mabaka ka synagogeng le Bajuda le batho ba bang ba neng ba rapela Modimo.” (Lik 17:​17) Empa Pauluse o ile a ruta bamamedi ba fapaneng mmarakeng. Hara bamamedi ba Pauluse e ne e le borafilosofi le Baditjhaba ba neng ba nka molaetsa wa hae e le “thuto e ntjha.” Ba ile ba re ho yena: “O hlahisa dintho tse ding tse sa tlwaelehang ditsebeng tsa rona.”​—Lik 17:​18-20.

7. Ho ya ka Liketso 17:​22, 23, ke jwang Pauluse a ileng a fetola tsela eo a rutang ka yona?

7 Bala Liketso 17:​22, 23. Pauluse ha a a ka a ruta Baditjhaba ba Athene ka tsela e tshwanang le ha a ne a ruta Bajuda ba synagogeng. Ho ka etsahala hore Pauluse o ne a ipotsa hore na batho ba Athene ba dumelang. O ile a itlwaetsa batho ba moo mme a hlokomela dintho tseo batho ba bodumedi ba neng ba tlwaetse ho di etsa. Hape o ile a batla dintho tseo ba neng ba ka dumellana ka tsona. Mohlalosi e mong wa Bibele o ile a re ka Pauluse: “Ka ha e ne e le Mojuda wa Mokreste, o ile a hlokomela hore Bagerike ba bahetene ha ba rapele Modimo wa nnete wa Bajuda le Bakreste, empa o ile a leka ho ba bontsha hore Modimo eo a buang ka yena ha se eo Baathene ba sa mo tsebeng.” Ka hoo Pauluse o ne a ikemiseditse ho fetola tsela eo a rutang ka yona. O ile a bolella Baathene hore molaetsa wa hae o tswa “Ho Modimo ya sa Tsejweng” eo ba neng ba leka ho mo rapela. Le hoja Baditjhaba ba ne ba sa tlwaelana le mangolo, Pauluse ha a a ka a nahana hore e ke ke ya eba Bakreste. Ho e na le hoo, o ile a ba nka e le dijothollo tse hlokang ho kotulwa mme a fetola tsela eo a rutang ka yona.

Etsisa mohlala wa Pauluse ka hore o be le temoho, o fetole tsela eo o rutang ka yona hape o nke batho e le barutuwa ba ka moso (Sheba serapa sa 8, 12, 18) *

8. (a) Keng e o thusang hore o tsebe ho re na batho ba tshimo ya heno ba dumelang? (b) O tla reng haeba motho a o bolella hore o na le bodumedi ba hae?

8 Eba le temoho jwalo ka Pauluse. Sheba dintho tse tla o thusa ho bona hore na batho ba tshimo ya heno ba bodumeding bofe. Sheba hore na mongantlo o kgabisitse koloi kapa ntlo ya hae jwang. Na lebitso la hae, moaparo le tsela eo a buang ka yona di bontsha hore na o bodumeding bofe? Mohlomong o o bolelletse hore o na le bodumedi ba hae. Ha motho a tjho jwalo, pulamadiboho e nngwe e kgethehileng e leng Flutura o araba ka tsela ena: “Ha ke tlo o qobella hore o dumele seo ke se dumelang empa ke kopa hore re bue ka taba ena . . . ”

9. O ka fumana hore le dumellana kang le motho ya nang le bodumedi ba hae?

9 Ke dintho dife tseo o ka buisanang ka tsona le motho ya nang le bodumedi ba hae? Leka ho sheba dintho tseo le ka dumellanang ka tsona. E ka nna yaba motho o rapela Modimo a le mong, o a hlokomela hore Jesu ke Mopholosi wa batho le hore o a dumela hore bokgopo bo haufi le ho fela. Ka hoo, sebedisa dintho tseo le dumellanang ka tsona ho mo ruta Bibele ka tsela e tla mo kgahla.

10. Re lokela ho leka ho etsang, hona hobaneng?

10 Hopola hore batho ba ka nna ba se ke ba dumela ntho e nngwe le e nngwe eo ba e rutwang bodumeding ba bona. Ka hoo le ka mora hore o tsebe hore na motho o bodumeding bofe, leka ho fumana hore na yena o dumelang. Morabo rona David e leng pulamadiboho e kgethehileng Australia o re: “Batho ba bangata ba kopanya bodumedi ba bona le filosofi.” Donalta wa Albania o re: “Batho ba bang ba re ba na le bodumedi ba bona, empa ha morao ba re ha ba dumele ho Modimo.” Morabo rona e mong eo e leng moromuwa Argentina, o re batho ba bang ba dumela ho Boraro bo Teroneng empa ha ba dumele hore Ntate, Mora le moya o halalelang ke Modimo. O boetse o re: “Ha ke hopola hore motho eo ke buang le yena e ka nna yaba ha a dumele ntho e nngwe le e nngwe eo bodumedi ba hae bo e rutang, seo se etsa hore ho be bonolo ho fumana dintho tseo re ka dumellang ka tsona. Ka hoo leka ho batla hore na keng seo batho ba se dumelang. Jwalo ka Pauluse o ka ba “dintho tsohle ho batho ba mefuta yohle.”​—1 Bakor. 9:​19-23.

KE DINTHO DIFE TSEO BA DI RATANG?

11. Ho ya ka Liketso 14:​14-17, ke jwang Pauluse a ile a ruta batho ba dulang Lystra ka tsela e kgahlang?

11 Bala Liketso 14:​14-17. Pauluse o ile a bona hore na batho bao a neng a ba bolela ditaba tse molemo ba ratang mme a fetola tsela eo a rutang ka yona. Ka mohlala, bongata ba batho bao a ileng a ba bolella molaetsa wa Bibele Lystra ba ne ba ena le tsebo e nyane kapa ba sena tsebo ka Mangolo. Ka hoo, Pauluse o ile a bua le bona ka tsela eo ba neng ba e utlwisisa. O ile a bua ka ho kotulo haholo le ho thabela bophelo. O ile a boela a sebedisa mantswe le mehlala eo bamamedi ba hae ba e utlwisisang.

12. Ke jwang o ka bonang dintho tseo motho a di ratang mme wa fetola tsela eo o rutang ka yona?

12 Hlokomela dintho tseo batho ba tshimo ya heno ba di ratang mme o fetole tsela eo o rutang ka yona. O ka tseba jwang hore motho a ratang ha o kopana le yena kapa ha o fihla ha hae? O lokela ho ba le temoho. Mohlomong o ntse a lokisa jarete, a bala buka, a lokisa koloi kapa a etsa ntho e nngwe e itseng. O ka qala moqoqo ka hore o bue ka ntho eo a ntseng a e etsa. (Joh. 4:7) Diaparo tsa motho di ka bontsha hore na ke wa morabe ofe, o sebetsa hokae le hore na o rata thimi efe. Gustavo o re: “Ke ile ka buisana le motjha ya dilemo di 19 eo sekipa sa hae se neng se ena le sebini se tummeng. Ke ile ka mmotsa ka senepe seo se sekipeng, yaba o a mpolella hore na ke hobaneng ha a rata sebini seo. Seo se ile sa etsa hore re ithute Bibele mme hona jwale ke Paki.”

13. Ke jwang o ka qadisang thuto ya Bibele ka tsela e tla etsa hore motho a thabele ho ithuta?

13 Haeba o qadisa thuto ya Bibele le motho, etsa hore a thabele ho ithute ka hore o mo bontshe hore na Bibele e tla mo tswela molemo jwang. (Joh. 4:​13-15) Ka mohlala, moradiwabo rona e mong ya bitswang Poppy o ile a amohelwa ke Mme e mong ya ile a thabela molaetsa wa hae. Ha Poppy a bona setifikeiti leboteng se bontshang hore Mme eo e ne e le moprofesa wa tsa thuto, o ile a hatisa taba ya hore le rona re ruta batho re sebedisa Bibele le ho ba memela dibokeng. Mme eo o ile a dumela ho ithuta Bibele, letsatsi le latelang a ya dibokeng mme ha morao a ya kopanong ya potoloho. Selemo ka mora moo, o ile a kolobetswa. Ka hoo, ipotse: ‘Batho bao ke kgutlelang ho bona ba ratang? Na nka hlalosa tsela eo re ithutang Bibele le batho ka yona ka mokgwa o tla etsa hore motho a e thabele?’

14. Re ka fetola tsela eo ka yona re rutang motho e mong le e mong Bibele jwang?

14 Ka mora hore o qale ho ithuta Bibele le motho, lokisetsa karolo e nngwe le e nngwe eo le lo ithuta ka yona hantle. Nahana ka ba lelapa labo, dintho tseo a ithutetseng tsona, tse mo etsahalletseng le hore na o ratang. Ha o ntse o lokisetsa kgetha mangolo ao o tla a bala, video eo o tla mmontsha yona le mehlala eo o tla e sebedisa ho hlalosa Bibele. Ka hoo ipotse: ‘Keng e tla mo kgahla le ho mo ama pelo?’ (Liprov. 16:​23) Albania teng Mme e mong ya neng a ithuta le moradiwabo rona Flora wa pulamadiboho, o ile a bua ka sebete a re: “Nke ke ka dumela hore bafu ba tla tsoha.” Flora ha a a ka a qobella Mme eo hore a amohele thuto eo. Flora o re: “Ke ile ka hlokomela hore pele a ka dumela hore bafu ba tla tsoswa, o hloka ho tseba Modimo ya tshepisang hore o tla tsosa bafu.” Ka hoo, ka mehla ha ba bala Flora o ne a hatisa ka moo Jehova a leng lerato ka teng, bohlale le matla. Ha nako e ntse e ya, motho eo a ithutang le yena o ile a dumela hore bafu ba tla tsoha mme hona jwale o sebeletsa Jehova ka mafolofolo.

BA NKE E LE BARUTUWA BA JESU BA KA MOSO

15. Ho ya ka Liketso 17:​16-18, ke dintho dife tse neng di etsahala Greece ya mehleng ya kgale tse neng di tshwenya Pauluse, hona ke hobaneng ha a ile a tswela pele ho ruta Baathene?

15 Bala Liketso 17:​16-18. Pauluse o ile a ruta Baathene Bibele le hoja ba ne ba rapela ditshwantsho, ba etsa boitshwaro bo bobe ba thobalano ebile ba dumela difilosofing tsa bohetene. Hape ha a a ka a nyahama le hoja ba ne ba mo rohaka. Pauluse le yena e ile ya eba Mokreste le ho ja e ne e le “monyefodi le mohlorisi le monna wa monyedisi.” (1 Tim. 1:​13) Jwalo ka ha Jesu a ne a dumela hore Pauluse e ka ba morutuwa wa hae, ka ho tshwanang Pauluse o ne a dumela hore Baathene e ka ba barutuwa ba Jesu. O ile a dula a ena le kgodiseho eo.​—Lik. 9:​13-15; 17:34.

16, 17. Keng e bontshang hore batho ba mefuta yohle e ka ba barutuwa ba Kreste? Fana ka mohlala.

16 Mehleng ya baapostola batho ba mefuta yohle e ile ya eba barutuwa ba Jesu. Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Korinthe, o ile a re ba bang ba bona e ne e le dinokwane kapa ba itshwere hampe. O ile a boela a re: “Ke seo ba bang ba lona ba neng ba le sona. Empa le hlatswitswe hore le hlweke.” (1 Bakor. 6:​9-11) Na o ne o ka nahana hore batho bao ba ne ba ka fetoha mme ebe barutuwa ba Jesu?

17 Kajeno batho ba bangata ba ikemiseditse ho fetoha mme ebe barutuwa ba Jesu. Ka mohlala, Yukina e leng pulamadiboho e kgethehileng e dulang Australia, o ile a hlokomela hore batho ba mefuta yohle ba ka mamela molaetsa wa Bibele. Ka letsatsi le leng ha a ne a le ofising e nngwe, o ile a bona ausi ya neng a ena le dithathu tse ngata ebile a apere diaparo tse kgolo. Yukina o re: “Qalong ho ne ho le thata ho bua le yena, empa ka mora hore ke bue le yena ke ile ka hlokomela hore o rata Bibele, hobane tse ding tsa dithathu tsa hae e ne e le ditemana tsa Bibele.” Ausi eo o ile a qala ho ithuta Bibele le ho ya dibokeng. *

18. Ke hobaneng ha re sa lokela ho ahlola batho?

18 Na ha Jesu a ne a re masimo a loketse ho kotulwa e ne e le hobane a lebelletse hore batho ba bangata ba tla mo latela? Ha ho jwalo. Bibele e ile ya bontsha hore batho ba mmalwa ba ne ba tla dumela ho Jesu. (Joh. 12:​37, 38) Jesu o ne a ena le bokgoni ba ho bona se ka pelong ya motho. (Mat. 9:4) Le hoja a ne a amehile ka batho ba mmalwa ba neng ba ka dumela ho yena, empa ka mafolofolo o ne a ruta batho bohle. Ka ha ha re kgone ho bona se ka pelong ya motho, ha re a lokela ho ahlola batho ba tshimong ya habo rona. Ho e na le hoo, re lokela ho ba nka e le barutuwa ba ka moso. Marc e leng moromuwa wa Burkina Faso o re: “Hangata batho bao ke nahanang hore ba tla etsa diphetoho, ke bona ba kgaotsang ho ithuta. Empa bao ke nahanang hore ba ke ke ba tswele pele, ke bona ba tswellang. Ka hoo ke ithutile hore ke ha bohlokwa hore re dumelle moya wa Modimo ho re tataisa.”

19. Re lokela ho ikutlwa jwang ka batho ba tshimong ya habo rona?

19 Qalong o ka nna wa bona e ka batho ba bangata tshimong ya heno ha ba tshwane le dijothollo tse lokelang ho kotulwa. Empa hopola hore na Jesu o ile a reng ho barutuwa ba hae. O ile a re masimo a sweufetse e leng se bolelang hore a ne a hloka ho kotulwa. Ka hoo, batho ba ka fetoha mme ya eba barutuwa ba Kreste. Jehova o a dumela hore batho ba tshimong ya habo rona e ka ba barutuwa le “dintho tse lakatsehang.” (Hag. 2:7) Haeba re nka batho jwalo ka Jehova le Jesu, re tla ithuta ka dintho tseo ba di ratang le tsela eo ba hodisitsweng ka yona. Ha re etsa jwalo, re tla ba nka e le bara le baradibabo rona ba ka moso empa e se batho bao re sa tsebeng.

PINA YA 57 A re Pakeleng Batho ba Mefuta Yohle

^ par. 5 Ka moo re ikutlwang ka teng ka batho ba tshimong ya habo rona, ho ama tsela eo re ba rutang ka yona jwang? Sehloohong sena re tlo hlahloba hore na Jesu le moapostola Pauluse ba ne ba ikutlwa jwang ka bamamedi ba bona. Re tla boela re bone ka moo re ka ba etsisang ka hore re nahane ka tumelo ya batho bao re kopanang le bona tshimong, dintho tseo ba di ratang le hore re ba nke e le barutuwa ba Jesu ba ka moso.

^ par. 17 Dihlooho tse hlahang ho “Bibele e Fetola Batho” di fana ka mehlala ya ka moo batho ba ka fetohang ka teng. Dihlooho tsena di ne di hlaha ho Tora ya ho Lebela ho fihlela ka 2017. Hona jwale di ntse di tswela pela ho hlaha ho jw.org®. Sheba tlasa MABAPI LE RONA > EXPERIENCES.

^ par. 57 SETSHWANTSHO SE A HLALOSWA: Ha banyalani ba le tshimong, ba hlokomela (1) ntlo e hlwekileng le e kgabisitsweng ka malomo (2) lelapeng leo ho lona ho nang le bana (3) ntlo e bohlaswa ka ntle le ka hare le (4) ntlo e bontshang hore batho ba moo ke badumedi. Ke hokae moo o ka fumanang motho eo ho ka etsahalang hore ebe morutuwa wa Kreste?