Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 16

Mamela, Ithute ’Me U be le Kutloelo-bohloko

Mamela, Ithute ’Me U be le Kutloelo-bohloko

“Khaotsang ho ahlola ka ponahalo ea ka ntle, empa le ahlole ka kahlolo e lokileng.”​—JOH. 7:24.

PINA EA 101 Re Sebetsa re Momahane

SELELEKELA *

1. Ke ntho efe e tšelisang eo Bibele e re bolellang eona ka Jehova?

NA U ka rata ha batho ba bang ba u ahlola ho ea ka lebala la hao, litšobotsi le ’mele oa hao? Che, u ke ke. Ke ntho e thabisang haholo hore ebe Jehova eena ha a re ahlole ho ea ka hore na batho ba bona’ng. Mohlala, Samuele ha a ka a bona bara ba Jese ka tsela eo Jehova a neng a ba bona ka eona. Jehova o ne a ile a bolella Samuele hore e mong oa bara ba Jese e ne e tla ba morena oa Iseraele. Empa e ne e tla ba ofe? Ha Samuele a bona letsibolo la Jese e leng Eliabe, o ile a re: ‘Ka sebele motlotsuoa oa Jehova o ka pel’a hae.’ Eliabe o ile a khahla Samuele hoo a ileng a nahana hore ke eena eo e ka ’nang ea e-ba morena. “Empa Jehova a re ho Samuele: ‘U se ke ua talima ponahalo ea hae le bophahamo ba seemo sa hae, kaha ke mo lahlile.’ ” Re ithuta’ng tabeng ee? Hore feela joalokaha Jehova a ile a cho, “Motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.”​—1 Sam. 16:​1, 6, 7.

2. Joalokaha ho hlalositsoe ho Johanne 7:​24, ke hobane’ng ha re sa lokela ho ahlola batho ba bang ho ea ka chebahalo ea bona? Hlalosa.

2 Kaha ha rea phethahala, re na le tloaelo ea ho ahlola batho ba bang ho ea ka chebahalo ea bona. (Bala Johanne 7:​24.) Empa mahlo a rona a re bolella lintho tse fokolang feela ka motho e mong. Ka mohlala, esita le ngaka e nang le tsebo le boiphihlelo e ke ke ea tseba mathata a mokuli ka hore e mo shebe feela. Ngaka e lokela ho mamela mokuli oa eona ka hloko e le hore e tsebe hore na o ne a tšoeroe ke’ng nakong e fetileng, o ikutloa joang ka bokuli ba hae le hore ke matšoao afe ao e a bonang ho mokuli. Ngaka e ka ba ea kopa mokuli hore a ee seiponeng (X-ray) e le hore e tl’o bona hantle hore na bothata ba mokuli ke bofe. Haeba e sa etse joalo, e ka fa mokuli litlhare tse fosahetseng. Ka tsela e tšoanang, re ke ke ra utloisisa Bakreste-’moho le rona haeba re ka ameha feela ka hore na ba shebahala joang. Re lokela ho utloisisa hore na ke batho ba joang. ’Nete ke hore re ke ke ra khona ho bala lipelo tsa batho, kahoo re ke ke ra ba utloisisa joaloka Jehova. Empa re ka leka ka hohle ho etsisa Jehova. Joang?

3. Litlaleho tsa Bibele tse hlahang sehloohong see li tla re thusa ho etsisa Jehova joang?

3 Jehova o sebetsana joang le bahlanka ba hae? Oa ba mamela. O utloisisa maemo a bona le lintho tse ba potolohileng le hore na ke hobane’ng ha ba etsa lintho ka tsela e itseng. Hape, o ba utloela-bohloko. Ha re ntse re hlahloba hore na Jehova o ile a sebetsana joang le Jonase, Elia, Hagare le Lota, re tla ithuta hore na re ka mo etsisa joang ha re sebetsana le Bakreste-’moho le rona.

MAMELA KA HLOKO

4. Ke hobane’ng ha re ka ’na ra ba le maikutlo a fosahetseng ka Jonase?

4 Kaha ha re tsebe lintlha kaofela ka Jonase, re ka ’na ra nahana hore o ne a sa tšepahale. Jehova o ile a mo fa taelo ea hore a il’o bolella Baninive hore o tl’o ba timetsa. Ho e-na le hore a ee moo, o ile a palama sekepe eaba o ea sebakeng se seng ’me a “tloha ka pel’a Jehova.” (Jon. 1:​1-3) Na ha e ne e le uena u ka be u ile oa fa Jonase mosebetsi oo hape? Mohlomong u ne u ke ke oa mo fa. Empa Jehova eena o ne a e-na le mabaka a ho mo fa monyetla o mong.​—Jon. 3:​1, 2.

5. Mantsoe a Jonase a hlahang ho Jonase 2:​1, 2, 9, a u ruta’ng ka eena?

5 Thapelo eo Jonase a ileng a e etsa e re ruta hore na e ne e le motho oa mofuta ofe. (Bala Jonase 2:​1, 2, 9.) Re kholisehile hore Jonase o ile a rapela Jehova ka makhetlo a mangata empa thapelo eo a ileng a e etsa ha a le ka mpeng ea tlhapi, e re thusa ho utloisisa hore e ne e se motho feela ea ka balehang mosebetsi oo a o filoeng. Mantsoe a hae a bontša hore o ne a ikokobelitse, a e-na le kananelo hape a ikemiselitse ho mamela Jehova. Kahoo, ha re makale hore ebe Jehova ha a ka a shebana le phoso eo Jonase a e entseng empa o ile a araba thapelo ea hae a ba a tsoela pele ho mo sebelisa e le moprofeta.

Re tla khona ho utloela batho ba bang bohloko haeba re tseba lintlha kaofela (Sheba serapa sa 6) *

6. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela batho ba bang ka hloko?

6 E le hore re mamele batho ba bang ka hloko, re lokela ho ikokobetsa hape re be le mamello. Re tla khona ho etsa bonyane lintho tsena tse tharo. Ea pele, re tla leka ho qoba ho iketsetsa liqeto tse fosahetseng ka batho ba bang. Ea bobeli, re tla tseba hore na Bakreste-’moho le rona ba ikutloa joang le hore na ke hobane’ng ha ba etsa lintho tse itseng ’me taba eo e tla etsa hore re ba utloele bohloko. Ea boraro, haeba u lumella molumeli-’moho le uena hore a ntše mabina-bine a pelo ea hae, u ka ’na oa mo thusa ho elelloa ntho eo a neng a sa e tsebe ka eena. Ka linako tse ling, ntho e re thusang hore re tsebe hore na re ikutloa joang, ke ho bua le batho ba bang. (Liprov. 20:5) Moholo e mong oa Asia o re: “Ka lekhetlo le leng, nkile ka etsa phoso ea ho bua ke sa tsebe lintlha kaofela. Ke ile ka bolella morali’abo rona e mong hore o lokela ho ntlafatsa tsela eo a arabang ka eona ka libokeng. Hamorao, ke ile ka hlokomela hore ha a tsebe ho bala hantle ’me o sebetsa ka thata e le hore a ka araba.” Kahoo, ho bohlokoa hore moholo e mong le e mong a tsebe lintlha kaofela pele a fana ka keletso.​—Liprov. 18:13.

7. U ithuta’ng tseleng eo Jehova a ileng a tšoara Elia ka eona?

7 Bara le barali babo rona ba bang ba thatafalloa ho bolella batho ba bang hore na ba ikutloa joang ka lebaka la tsela eo ba holisitsoeng ka eona le setso sa bona. Re ka ba nolofaletsa joang e le hore ba re bolelle hore na ha e le hantle ba ikutloa joang? Na u sa hopola tsela eo Jehova a ileng a tšoara Elia ka eona ha a ne a baleha Jezebele? Ho ile ha nka Elia matsatsi a mangata pele a ka bolella Jehova hore na o ikutloa joang. Jehova o ile a mo mamela ka hloko. O ile a khothatsa Elia a ba a mo fa mosebetsi oa bohlokoa oo a neng a lokela ho o etsa. (1 Mar. 19:​1-18) Ho ka ’na ha nka nako pele bara le barali babo rona ba re bolella hore na ba ikutloa joang empa nakong eo ba etsang joalo, re tla khona ho ba utloisisa. Haeba re etsisa Jehova ka hore re be le mamello, re tla ba nolofaletsa hore ba re tšepe. Kahoo, re lokela ho ba mamela ka hloko nakong eo ba re bolellang maikutlo a bona.

IPHE NAKO EA HO TSEBA BAKRESTE-’MOHO LE UENA

8. Ho ea ka Genese 16:​7-13, Jehova o ile thusa Hagare joang?

8 Lekhabunyane la Sarai e leng Hagare le ile la etsa lintho ka booatla ka mor’a hore Abrame a le nyale. Ka mor’a hore e be moimana, o ile a qala ho hlompholla Sarai hobane Sarai a ne a se na bana. Lintho li ile tsa mpefala hoo Sarai a ileng a tebela Hagare. (Gen. 16:​4-6) Kaha ha rea phethahala, re ka ’na ra nahana hore Hagare e ne e le moikhohomosi ea neng a tšoaneloa ke ho tlotlolloa ka tsela eo. Empa Jehova o ne a sa ikutloe joaloka Hagare. O ile a romela lengeloi la hae ho eena. Ha lengeloi leo le mo fumana, le ile la mo thusa hore a ikutloe hantle la ba la mo hlohonolofatsa. Hagare o ile hlokomela hore Jehova o ne a ntse a mo bona le hore o ne a utloisisa boemo boo a leng ho bona. Taba ena e ile ea mo ama pelo hoo a ileng a re: “U Molimo . . . ea mponang.”​—Bala Genese 16:​7-13.

9. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a tšoara Hagare ka tsela eo?

9 Jehova o ne a bona eng ho Hagare? O ne a tseba hore na Hagare o hlahetsoe ke’ng nakong e fetileng le hore na o ile a tlameha ho mamella’ng. (Liprov. 15:3) Hagare e ne e le Moegepeta ea lulang motseng oa Baheberu. Na ebe ka linako tse ling o ne a utloa eka ha a batloe? Na o ne a hloloheloa ba hahabo? E ne e se eena feela mosali oa Abrame. Ka nako e telele, bahlanka ba bangata ba tšepahalang ba Jehova ba ne ba nyala basali ba bangata. Empa ona e ne e se morero oa Jehova oa sethathong. (Mat. 19:​4-6) Kahoo, ha ho makatse hore ebe ka linako tse ling ho ne ho e-ba le lehloeo le mona malapeng a joalo. Jehova o ne a tseba hore ho ne ho fosahetse hore Hagare a hlompholle Sarai. Empa o ne a boetse a utloisisa hore na Hagare o ikutloa joang le maemo ao a leng ho ’ona, ke kahoo a ileng a mo tšoara ka mosa.

Iphe nako ea ho tseba bara le barali beno haholoanyane (Sheba serapa sa 10 ho ea ho sa 12) *

10. Re ka etsa’ng e le hore re tsebe bara le barali babo rona haholoanyane?

10 Re ka etsisa Jehova ka hore re leke ho utloisisa bara le barali babo rona. Iphe nako ea ho ithuta ka bara le barali beno e le hore u ba tsebe haholoanyane. Bua le bona pele ho liboka le ka mor’a tsona, sebetsa tšimo le bona ’me ha ho khoneha u ba memele lijong. Ha u etsa joalo, u ka ’na oa elelloa hore morali’abo rona eo e kang ha a na botsoalle ha e le hantle o lihlong. Athe mor’abo rona eo u neng u nahana hore u rata maruo, u seatla se bulehileng. Kapa lelapa le fihlang hangata liboka li kene le tobane le khanyetso. (Jobo 6:​29) Leha ho le joalo, ha rea lokela ho ‘kena-kenana le litaba tsa batho ba bang.’ (1 Tim. 5:​13) Empa ke ntho e ntle hore re tsebe lintho tse itseng tse hlahetseng bara le barali babo rona bophelong e le hore re ba tsebe haholoanyane.

11. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore baholo ba tsebe Bakreste-’moho le bona hantle?

11 Baholo ba lokela ho tseba Bakreste-’moho le bona ba tlhokomelong ea bona hantle. Ak’u nahane ka mohlala oa Mor’abo rona Artur eo e neng e le mopotolohi. Ka le leng, eena le moholo e mong ba ile ba etela morali’abo rona e mong ea neng a bonahala eka o itšehla thajana hape o lihlong. Mor’abo rona Artur o re: “Re ile ra tseba hore monna oa hae o ile a hlokahala nakoana ka mor’a hore ba nyalane. Ho sa tsotellehe mathata ao, o ile a ruta barali ba hae ba babeli ho rata Jehova le ho mo tšepahalla. Empa joale o ne a se a haelloa ke pono hape a e-na le khatello ea maikutlo. Ho ntse ho le joalo, o ne a ntse a rata Jehova haholo a bile a le matla tumelong. Re ile ra hlokomela hore re ka ithuta lintho tse ngata ho eena.” (Bafil. 2:3) Mopotolohi enoa o ile a etsisa Jehova. Jehova o tseba bahlanka hae hape o tseba le mathata ao ba thulanang le ’ona. (Ex. 3:7) Baholo ba tsebang bahoeletsi hantle ba ka khona ho ba thusa.

12. Morali’abo rona Yip Yee o ile a rua molemo ofe ka mor’a hore a iphe nako ea ho tseba morali’abo rona e mong ka phuthehong?

12 Ha u ipha nako ea hore u tsebe balumeli-’moho le uena hantle bao ka linako tse ling u ka bonang eka baa tena, u ka ’na oa leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba le joalo. Nahana ka mohlala ona. Morali’abo rona Yip Yee ea lulang Asia o re: “Morali’abo rona e mong eo ke leng phuthehong le eena o ne a le lerata hoo! ha a bua. Ke ne ke bona eka ha a hlomphe. Empa nakong eo ke neng ke sebetsa tšimo le eena, ke ile ka ithuta hore o ne a thusa batsoali ba hae ho rekisa tlhapi ’marakeng. O ne a tlameha ho hoeletsa e le hore a fumane bareki. Ke ile ka bona hore e le hore ke utloisise bara le barali beso ke lokela ho ba tseba haholoanyane. U hloka ho etsa boiteko e le hore u ba tsebe hantle.” Kahoo, ha u mamela keletso ea Bibele ka hore u etse lintho tsena tseo re ithutileng tsona, u etsisa Jehova ea ratang “batho ba mefuta eohle.”​—1 Tim. 2:​3, 4; 2 Bakor. 6:​11-13.

E-BA LE KUTLOELO-BOHLOKO

13. Ho ea ka Genese 19:​15, 16, mangeloi a ile a etsa’ng ha Lota a ntse a lieha, hona hobane’ng?

13 Nakong e boima haholo bophelong ba hae, Lota o ile a ba monyebe ha a tlameha ho mamela litaelo tsa Jehova. Mangeloi a mabeli a ile a ea ha Lota eaba a mo bolella hore eena le lelapa la hae ba tsoe Sodoma. Hobane’ng? Ba ile ba re: “Re tlil’o felisa sebaka sena.” (Gen. 19:​12, 13) Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, Lota le ba lelapa la hae ba ne ba ntse ba le hae. Kahoo, mangeloi a ile a mo lemosa hape. Empa o ile a ’na “a lieha.” Re ka ’na ra nahana hore Lota o ne a sa mamele a bile a sa tsotelle. Leha ho le joalo, Jehova ha a ka a mo tlohela eaba o re o tla ipona. Kaha Jehova o ile a mo qenehela, mangeloi a ile a tšoara Lota le lelapa la hae ka matsoho eaba ba ba ntšetsa ka ntle ho motse.​—Bala Genese 19:​15, 16.

14. Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Jehova o ile a utloela Lota bohloko?

14 E ka ’na eaba Jehova o ne a e-na le mabaka a ’maloa a hore ebe o ile a qenehela Lota. Mohlomong Lota o ne a tšaba batho ba neng ba lula kantle ho motse oa Sodoma, ke kahoo a ileng a ba lesisitheho hore a tsoe motseng. Ho boetse ho na le lintho tse ling tse kotsi tseo a neng a li tšaba. Ho ka etsahala hore ebe Lota o ile a utloela ka marena a mabeli a ileng a oela ka likoting tse nang le sekontiri tse neng li le khohlong e haufi. (Gen. 14:​8-12) E ka ’na eaba o ne a boetse a tšoenyehile ka lelapa la hae. Ho phaella moo, Lota o ne a ruile, kahoo ho ka etsahala hore ebe o ne a e-na le ntlo e ntle Sodoma. (Gen. 13:​5, 6) Ho bua ’nete, lintho tsena ha se tsona tse neng li ka sitisa Lota ho mamela Jehova hang-hang. Jehova ha a ka a shebana le liphoso tsa Lota empa o ile a mo nka e le ‘monna ea lokileng.’​—2 Pet. 2:​7, 8.

Ha re mamela bara le barali babo rona ka hloko taba eo e tla re thusa ho ba utloela bohloko (Sheba serapa sa 15 le 16) *

15. Ho e-na le hore re ahlole motho ka lintho tseo a li etsang, re lokela ho etsa’ng?

15 Ho e-na le hore u ahlole motho ka lintho tseo a li etsang, leka kahohle hore u utloisise hore na o ikutloa joang. Morali’abo rona Veronica ea lulang Europe o ile a leka ho etsa joalo. O re: “Morali’abo rona e mong o ne a lula a bonahala eka o koatile. O ne a lula a itšehla thajana. Ka linako tse ling, ke ne ke tšaba le ho bua le eena. Empa ke ile ka nahana hore ha ke ne ke le boemong ba hae, ke ne ke tla hloka ho ba le motsoalle. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea ho mo botsa hore na o ikutloa joang. O ile a mpolella hore na o ikutloa joang. Hona joale ke utloisisa lintho tse ngata ka eena.”

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela Jehova hore a re thuse ho utloela batho bang bohloko?

16 Jehova ke eena feela ea re utloisisang ka botlalo. (Liprov. 15:​11) Kahoo, mo kope hore a u thuse ho bona batho ba bang joaloka eena le hore u ithute hore na u ka bontša kutloelo-bohloko joang. Thapelo e ile ea thusa Morali’abo rona Anzhela hore a utloele batho ba bang bohloko. Phuthehong ea habo ho ne ho e-na le morali’abo rona eo ho neng ho le thata hore batho ba mo tloaele. Morali’abo rona Anzhela o re: “Ho ne ho ka ba bonolo feela hore ke mo ahlole le ho mo qoba. Empa ke ile ka kopa Jehova hore a nthuse ke utloisise ngoana eo oeso hantle.” Na Jehova o ile a araba thapelo ea hae? O re: “Re ile ra ea tšimong ’moho ’me ra bua nako e telele. Ke ile ka mo mamela ka hloko haholo. Hona joale ke mo rata haholo feela ebile ke ikemiselitse ho mo thusa.”

17. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

17 U ke ke oa tseba hore na ke mora kapa morali’abo rona ofe eo u lokelang ho mo utloela bohloko. Ba bang ba tobana le mathata joaloka Jonase, Elia, Hagare le Lota. Maemong a mangata, ke bona ba ipakeleng mathata ao. Empa bonneteng, ka linako tse ling, kaofela ha rona re ikenya mathateng. Ke kahoo Jehova a reng re utloelane bohloko. (1 Pet. 3:8) Ha re mamela Jehova, re etsa hore lelapa la rona la bara ba motho le momahane le ho feta. Kahoo, e se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho mamela, ho ithuta le ho bontšana kutloelo-bohloko.

PINA EA 87 Tloong le Khatholloe

^ ser. 5 Kaha ha rea phethahala, re na le tloaelo ea ho potlakela ho ahlola batho ba bang le tsela eo ba etsang lintho ka eona. Ka lehlakoreng le leng, Jehova eena o bona pelo. (1 Sam. 16:7) Sehloohong sena, re tl’o ithuta ka tsela e lerato eo Jehova a ileng a thusa Jonase, Elia, Hagare le Lota ka eona. Se tla boela se re thuse ho etsisa Jehova ha re sebetsana le bara le barali babo rona.

^ ser. 52 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona ea holileng o ikutloa a tenehile ha mor’abo rona e mong a fihla liboka li kene empa hamorao o ile a fumana hore o bile le kotsi ea koloi.

^ ser. 54 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Le hoja molebeli oa sehlopha sa tšimo a ne a nahana hore morali’abo rona ha a na botsoalle, hamorao o ile a hlokomela hore ke hobane a ne a le lihlong hape a ikutloa a sa phutholohe ha a e-na le batho bao a sa ba tsebeng hantle.

^ ser. 56 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ka mor’a hore morali’abo rona a qete nako le morali’abo rona e mong, o ile a ithuta hore ha se motho ea neng a lula a koatile le ea sa tsotelleng joalokaha a ne a nahana ha ba qala ho kopana Holong.