Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 14

Tlhaselo e Tswang Leboya!

Tlhaselo e Tswang Leboya!

“Setjhaba se nyolohetseng naheng ya ka.”​—JOELE 1:6.

PINA YA 95 Lesedi le Kganya ka ho Eketsehileng

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke mokgwa ofe wa ho ithuta oo Morabo rona Russell le metswalle ya hae ba neng ba o sebedisa, hona ke hobaneng ha o ne o le molemo?

DILEMO tse 100 tse fetileng, Morabo rona C.T. Russell, metswalle ya hae le sehlopha se senyane sa batho ba ithutang Bibele, ba ile ba kopana ha mmoho. Ba ne ba batla ho ithuta hore na Bibele e rutang ka Jehova Modimo, Jesu Kreste, boemo ba bafu le ka thekollo. Mokgwa wa bona wa ho ithuta o ne o le bonolo. E mong o ne a botsa potso, ebe sehlopha se sheba lengolo le leng le le leng le buang ka taba eo. Qetellong, ba ne ba ngola seo ba se fumaneng dipatlisisong tsa bona. Jehova o ile a thusa banna bao ho utlwisisa nnete ya bohlokwa e tswang ka Bibeleng mme nnete eo e ntse e le ya bohlokwa le ho rona kajeno.

2. Keng e ka etsang hore ka dinako tse ding re etse qeto e fosahetseng ha re leka ho utlwisisa boprofeta ba Bibele?

2 Diithuti tseo tsa Bibele, di ile tsa hlokomela hore ho thata ho utlwisisa boprofeta ba Bibele ho feta ho utlwisisa dithuto tsa motheo. Hobaneng ha ho le jwalo? Lebaka ke hore hangata re utlwisisa boprofeta ba Bibele ha bo phethahala le ka mora hore bo phethahale. Empa ho na le lebaka le leng. E le hore re utlwisise boprofeta ka tsela e nepahetseng, re lokela ho utlwisisa ditemana kaofela tse buang ka bona. Haeba re sheba ntlha e le nngwe feela ka boprofeta bo itseng, seo se ka etsa hore re se ke ra bo utlwisisa ka tsela e nepahetseng. Ho bonahala eka sena ke sona se etsahetseng ka boprofeta ba lengolo la Joele. Ka hoo, re tla boela re hlahlobe boprofeta bona mme re bone hore na ke hobaneng ha re hloka ho fetola tsela eo re bo utlwisisang ka yona.

3, 4. Ho fihlela kajeno, re utlwisisa boprofeta bo ho Joele 2:​7-9 jwang?

3 Bala Joele 2:​7-9. Joele o ile a bolela hore ditsie di ne di tla senya naha ya Iseraele. Ditsie tsena tse meno a kang a tau le tse meharo, di tla ja dimela tsohle tsa naha ya Iseraele. (Joele 1:​4, 6) Ka dilemo tse ngata, re ne re utlwisisa hore boprofeta bona bo bolela hore bahlanka ba Jehova ba ne ba tla tshwana le sehlopha sa ditsie tse sa thibeheng, ha ba bolela ditaba tse molemo. Re ne re utlwisisa hore mosebetsi wa rona wa boboledi o ne o tla tlisa ditlamorao tse mpe “naheng” le ho batho ba bodumeding ba bohata. *

4 Tlhaloso ena e ka utlwahala e nepahetse haeba feela re bala lengolo la Joele 2:​7-9. Empa haeba re sheba dintlha tsohle tse buang ka boprofeta boo, re tla hlokomela hore re hloka ho bo utlwisisa ka tsela e fapaneng. A re ke re hlahlobe mabaka a mane a hore na ke hobaneng ha ho le jwalo.

MABAKA A MANE A HORE HO ETSWE DIPHETOHO

5, 6. Re ipotsa potso efe ha re bala (a) Joele 2:​20? (b) Joele 2:25?

5 Lebaka la pele, hlokomela tshepiso ya Jehova e mabapi le ditsie, e reng: “Ke tla suthisetsa wa leboya [e leng ditsie] hole le lona.” (Joele 2:​20) Haeba ditsie di emela Dipaki Tsa Jehova tse mamelang taelo ya Jesu ya hore di bolele le ho etsa barutuwa, ke hobaneng ha Jehova a ka tshepisa ho di suthisetsa hole? (Ezek. 33:​7-9; Mat. 28:​19, 20) Ho hlakile hore Jehova ha a suthisetse bahlanka ba hae ba tshepahalang hole empa o suthisa ntho kapa motho ya ba tshwarang hampe.

6 Lebaka le bobedi, nahana ka mantswe a hlahang ho Joele 2:​25. Temaneng eo Jehova o re: “Ke tla le buseletsa bakeng sa dilemo tseo ka tsona tsie, tsie e hahabang, e se nang mapheo, le lephele le popane di jeleng, lebotho la ka le leholo la sesole leo ke le rometseng hara lona.” Hlokomela hore Jehova o tshepisa ho “buseletsa” tshenyo e bakilweng ke ditsie. Haeba ditsie di ne di emela bahlanka ba Jehova ba bolelang ditaba tse molemo, sena se ne se tla bolela hore mosebetsi wa rona o baka tshenyo. Empa molaetsa oo o fetola bophelo mme o ka thusa motho ya kgopo hore a fetohe. (Ezek. 33:​8, 19) Ka hoo, sena se ne se tla ba molemo ho bona.

7. Ho Joele 2:​28, 29, mantswe a reng “ka mora moo” a re thusa ho utlwisisang?

7 Bala Joele 2:​28, 29. Lebaka la boraro le amana le tatellano ya diketsahalo tsa boprofeta bona. Na o hlokometse hore Jehova o re: “Ka mora moo ke tla tshollela moya wa ka,” e leng se bolelang hore o tla etsa sena ka mora hore ditsie di qete ho etsa mosebetsi oo di lokelang ho o etsa? Haeba ditsie ke ba boledi ba Mmuso wa Modimo ke hobaneng ha Jehova a ka ba fa moya wa hae o halalelang ka mora hore ba qete mosebetsi wa bona? Nnete ke hore ka ntle ho thuso ya moya o halalelang wa Modimo ba ne ba sa tlo kgona ho tswela pele ba bolela ditaba tse molemo ho sa tsotellehe dikganyetso le ho thibelwa ha mosebetsi wa bona.

Morabo rona J. F. Rutherford le bahlanka ba Modimo ba tlotsitsweng, bao ka sebete ba ileng ba bua ka dikahlolo tsa Modimo lefatsheng lena le kgopo (Sheba serapa sa 8)

8. Ditsie tse hlahang ho Tšenolo 9:​1-11 di emela bo mang? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

8 Bala Tšenolo 9:​1-11. Hona jwale a re ke re bueng ka lebaka la bone. Nakong e fetileng re ile ra re ditsie tseo Joele a ileng a bua ka tsona di amahanngwa le mosebetsi wa ho bolela, ka lebaka la ho tshwana ha boprofeta ba Joele le ba Tšenolo. Boprofeta bona bo bua ka sehlopha sa ditsie tse nang le difahleho tsa batho le “meqhaka e jwalo ka kgauta” dihloohong tsa tsona. (Tšen. 9:7) Di hlokofatsa “batho [dira tsa Modimo] ba se nang tiiso ya Modimo diphatleng tsa bona” ka dikgwedi tse hlano, e leng nako eo ditsie di phelang ka yona. (Tšen. 9:​4, 5) Boprofeta bona bo hlalosa bahlanka ba Modimo ba tlotsitsweng. Ka sebete ba bua ka dikahlolo tsa Modimo lefatsheng lena le kgopo mme sena se etsa hore batho ba le tshehetsang ba se ke ba phutholoha.

9. Ditsie tseo Joele le Johanne ba buileng ka tsona di fapana jwang?

9 Ke nnete hore ho na le ho tshwana ho teng boprofeteng bo hlahang ho Tšenolo le ho Joele. Empa ho na le moo bo fapanang teng. Hlokomela sena, ditsie tse boprofeteng ba Joele di senya dimela. (Joele 1:​4, 6, 7) Ponong ya Johanne ditsie di ile “tsa bolellwa hore di se ke tsa senya dimela tsa lefatshe.” (Tšen. 9:4) Ditsie tseo Joele a di boneng di ne di tswa leboya ebile di suthisetswa hole. (Joele 2:​20) Empa tseo Johanne a di boneng di ne di tswa mohohlong ebile di dumellwa ho qeta mosebetsi wa tsona. (Tšen. 9:​2, 3) Ka hoo ha ho letho le hlahang ka Bibeleng le bontshang hore Jehova o ne a sa thabiswe ke ditsie tseo Johanne a buileng ka tsona.​—Sheba lebokose le reng “ Boprofeta bo Buang ka Ditsie​—Ho na le Moo bo sa Tshwaneng Teng.”

10. Fana ka mohlala o ka Mangolong o bontshang hore ditsie tseo Joele le Johanne ba buang ka tsona di ka emela dintho tse sa tshwaneng.

10 Phapang e teng pakeng tsa boprofeta ba Joele le ba Johanne, e re thusa ho utlwisisa hore ha ho na moo bo kopanang teng. Na sena se bolela hore ditsie tse hlaloswang ke Joele le tse hlahang bukeng ya Tšenolo ha di tshwane? Ho jwalo. Ka dinako tse ding Bibele e ka sebedisa ntho e itseng ka ditsela tse fapaneng. Ka mohlala ho Tšenolo 5:​5, Jesu o bitswa “Tau ya moloko wa Juda” ha ka lehlakoreng le leng ho 1 Petrose 5:​8, Diabolose a hlaloswa e le “tau e purumang.” Dintlha tse nne tseo re seng re buile ka tsona, di bontsha hore re hloka ho hlalosa boprofeta ba Joele ka tsela e fapaneng. Jwale re ka bo hlalosa jwang?

BOPROFETA BA JOELE BO BOLELANG?

11. Ke jwang Joele 1:6; le 2:​1, 8, 11, e re thusang ho utlwisisa hore na ditsie ke bo mang?

11 Ha re hlahloba ditemana tse ding tsa boprofeta ba Joele, re a utlwisisa hore Joele o ne a bua ka tlhaselo ya masole. (Joele 1:6; 2:​1, 8, 11) Jehova o ile a re o tla sebedisa “lebotho la [hae] le leholo” (masole a Babylona) ho hlasela Baiseraele ba sa mameleng. (Joele 2:​25) Masole ao a bitswa “wa leboya” hobane Bababylona ba ne ba tla hlasela ba tswa ka leboya. (Joele 2:​20) Masole ao, a tshwantshwa le sehlopha se hlophisehileng sa ditsie. Ha Joele a bua ka ona o re: “Jwalo ka [lesole] ya phetseng hantle mmeleng tseleng ya hae . . . Ba potlakela motseng. Ba matha lerakong. Ba hlwella matlong. Ba kena ka difensetere jwalo ka leshodu.” (Joele 2:​8, 9) Na o kgona ho bona se neng se etsahala moo? Ho na le masole hohle mme ha ho moo o ka ipatang teng. Ha ho na motho ya ka balehang masole a Bababylona.

12. Boprofeta ba Joele bo buang ka ditsie bo phethahetse jwang?

12 Jwalo ka ditsie Bababylona (kapa Bakalde) ba ile ba hlasela motse wa Jerusalema ka selemo sa 607. Bibele e re: “Morena wa Bakalde . . . ya ileng a bolaya bahlankana ba bona ka sabole . . . , ha a a ka a qenehela mohlankana kapa morwetsana, ya tsofetseng kapa sekowa. A nehelana ka ntho e nngwe le e nngwe letsohong la hae. A tjhesa ntlo ya Modimo wa nnete le ho heletsa lerako la Jerusalema; ditora tsohle tsa yona tsa bodulo ba di tjhesa ka mollo le dintho tsohle tsa yona tse lakatsehang.” (2 Likron. 36:​17, 19) Ka mora hore Bababylona ba hlasele le ho senya naha, batho ba ne ba ka re: “Ke lesupi le se nang motho le phoofolo e ruuwang. Ho nehelanwe ka yona matsohong a Bakalde.”​—Jer. 32:43.

13. Jeremia 16:​16, 18 e hlalosang?

13 Dilemo tse 200 ka mora boprofeta ba Joele, Jehova o ile a sebedisa Jeremia ho profeta ka ntho e nngwe e amanang le tlhaselo eo ya Iseraele. O ile a re masole ao a ne a tla batla Moiseraele e mong le e mong ya neng a etsa dintho tse kgopo mme a ba tshware. Jeremia o ile a re Jehova o itse: “ ‘Ke romeletsa hore ho be le batshwasi ba bangata ba ditlhapi, mme ka sebele ba tla ba tshwasa; ka mora moo ke tla romeletsa hore ho be le ditsomi tse ngata, mme ka sebele di tla ba tsoma thabeng e nngwe le e nngwe le leralleng le leng le le leng le mafarung a mafika. . . . ke tla buseletsa diphoso tsa bona le dibe tsa bona ka ho feletseng.’ ” Ha ho lewatle kapa moru wa difate o neng o tla sireletsa Baiseraele ho masole a Bababylona.​—Jer. 16:​16, 18.

TSOSOLOSO

14. Joele 2:​28, 29 e phethahetse neng?

14 Lekgetlong lena Joele o bua ka ditaba tse thabisang. O bontsha hore naha e tla beha ditholwana hape. (Joele 2:​23-26) Hape ha nako e ntse e ya Jehova o ne a tla ba fa ntho e nngwe ya bohlokwa. Jehova o re: “Ke tla tshollela moya wa ka hodima nama ya mofuta o mong le o mong, mme ka sebele bara ba lona le baradi ba lona ba tla profeta . . . Ke tla tshollela moya wa ka esita le hodima bahlanka le hodima makgabunyane.” (Joele 2:​28, 29) Sena ha se a ka sa etsahala hantle ka mora hore Baiseraele ba kgutlele naheng ya habo bona. Ho e na le hoo, se etsahetse ka mora dilemo tse makgolo ka Pentekonta ya 33. Re tseba seo jwang?

15. Ho ya ka Liketso 2:​16, 17, ke phetoho efe eo Petrose a ileng a etsa ka lengolo la Joele 2:​28, hona seo se bontshang?

15 A susumetswa ke moya o halalelang, moapostola Petrose o ile a sebedisa lengolo la Joele 2:​28, 29 ketsahalong ya bohlokwa e etsahetseng ka letsatsi la Pentekonta. Hoo e ka bang ka hora ya borobong hoseng, Modimo o ile a fana ka moya wa hae o halalelang mme batho ba ileng ba o fumana, ba ile ba qala ho bua “ka dintho tse hlollang tsa Modimo.” (Lik. 2:​11) Petrose o ile a sebedisa mantswe a batlang a fapane le a hlahang boprofeteng ba Joele. Na o hlokometse hore na ke phetoho efe eo a e entseng? (Bala Liketso 2:​16, 17.) Petrose ha a ka a sebedisa mantswe “ka mora moo” a tshwanang le a hlahang boprofeteng ba Joele empa o ile a re: “Matsatsing a ho qetela,” e leng se bolelang matsatsi a ho qetela a mehla ya Bajuda. Ka nako eo Modimo o ne a tla fana ka moya wa hae o halalelang hodima ‘nama [motho] wa mofuta o mong le o mong.’ Sena se bontsha hore ho ile ha feta nako e itseng pele boprofeta ba Joele bo phethahala.

16. Ka lebaka la moya o halalelang wa Modimo ho ile ha etsahalang ka mosebetsi wa boboledi mehleng ya baapostola, hona kajeno teng?

16 Ka mora hore Modimo a fe Bakreste ba mehleng ya baapostola moya o halalelang, ba ile ba qala ho etsa mosebetsi wa boboledi oo ha morao o neng o tla etswa lefatsheng lohle. Hoo e ka bang ka selemo sa 61, moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakolose lengolo mme o ne a ka re ditaba tse molemo di boletswe “popong yohle e tlasa lehodimo.” (Bakol. 1:​23) Ha Pauluse a ne a re “popong yohle,” o ne a re dibakeng tsohle tseo yena le ba bang ba neng ba ka ya ho tsona. Ka thuso ya moya o halalelang wa Jehova, kajeno mosebetsi wa boboledi o eketsehile haholo “ho isa pheletsong ya lefatshe.”​—Lik. 13:​47; sheba lebokose le reng, “ Ke Tla Tshollela Moya wa ka.”

KENG E FETOHILENG?

17. Tsela eo re neng re utlwisisa boprofeta ba Joele bo mabapi le ditsie e fetohile jwang?

17 Keng e fetohileng? Hona jwale re se re utlwisisa boprofeta bo hlahang ho Joele 2:​7-9, ka tsela e nepahetseng. Ho hlakile hore ditemana tsena ha di bue ka mosebetsi wa rona wa ho ruta batho Bibele, empa ka masole a Bababylona a ileng a hlasela Jerusalema ka selemo sa 607.

18. Keng e sa fetohang ka bahlanka ba Jehova?

18 Keng e sa fetohang? Bahlanka ba Modimo ba tswela pele ho bolela ditaba tse molemo hohle, ba sebedisa mokgwa le ha e le ofe. (Mat. 24:​14) Ha ho mmuso le ha e le ofe o ka re thibelang hore re mamele taelo ya hore re etse barutuwa. Ka thuso ya Jehova re ikemiseditse ho etsa ntho le ha e le efe hore ka sebete re tswele pele ho ruta batho ka Mmuso wa Modimo. Re tla tswela pele re kgodisehile hore Jehova o tla re thusa ho utlwisisa boprofeta ba Bibele, hobane re tshepa hore ka nako e nepahetseng o tla re hlakisetsa ‘nnete yohle.’​—Joh. 16:13.

PINA YA 97 Lentswe la Modimo le a Phedisa

^ par. 5 Ka dilemo tse ngata re ne re dumela hore boprofeta bo hlahang ho Joele kgaolo ya pele le ya bobedi, bo bua ka mosebetsi wa boboledi o etswang kajeno. Le ha ho le jwalo, ho na le mabaka a mane ao re lokelang ho fetola kutlwisiso ya rona ka boprofeta bona ba Joele. Ke mabaka afe ao?

^ par. 3 Ka mohlala, sheba sehlooho se reng, “Popo e Senola Bohlale ba Jehova” ho Molula-Qhooa wa April 15, 2009, ser. 14-16.