Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 17

“Ke le Bitsitse Metswalle”

“Ke le Bitsitse Metswalle”

“Ke le bitsitse metswalle, hobane dintho tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.”​—JOH. 15:15.

PINA YA 13 Kreste, Mohlala wa Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke jwang o ka bang motswalle wa motho?

E LE HORE o be motswalle wa motho e mong, o lokela ho qeta nako o ena le yena mme ha le ntse le bolellana maikutlo a lona le tla ba metswalle. Empa ka dinako tse ding ho thata hore re be metswalle ya Jesu. Hobaneng ha ho le thata?

2. Bothata ba pele ke bofe?

2 Bothata ba pele ke hore ha re so ka re kopana le Jesu. Bakreste ba bangata ba mehleng ya baapostola le bona ba ne ba so ka ba kopana le yena. Empa moapostola Petrose o ile a re: “Le hoja ho se mohla le kileng la mo bona, le a mo rata. Le hoja le sa mo tadima hona jwale, empa le ha ho le jwalo le bontsha tumelo ho yena.” (1 Pet. 1:8) Ka hoo, ho a kgoneha hore re be metswalle ya Jesu le hoja re so ka re kopana le yena.

3. Bothata ba bobedi ke bofe?

3 Bothata ba bobedi ke hore ha re kgone ho bua le Jesu. Ha re rapela re bua le Jehova. Ke nnete hore re rapela ka lebitso la Jesu empa ha re bue le yena. Ha e le hantle Jesu ha a batle hore re mo rapele. Hobaneng ha a sa batle hore re mo rapele? Hobane thapelo ke karolo ya borapedi hape ke Jehova feela ya lokelang ho rapelwa. (Mat. 4:​10) Empa re ntse re ka kgona ho bontsha hore re rata Jesu.

4. Bothata ba boraro ke bofe, hona re tlo bua kang sehloohong sena?

4 Bothata ba boraro ke hore Jesu o lehodimong, ka hoo ha re kgone ho ba le yena. Le ha ho le jwalo, re ka kgona ho tseba ho hongata ka Jesu le hoja a le siyo pela rona. Ka hoo a re bueng ka dintho tse nne tse tla re thusa ho ba metswalle ya Jesu. Empa a re bueng pele ka hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re be metswalle ya Kreste.

KE HOBANENG HA RE HLOKA HO BA METSWALLE YA JESU?

5. Ke hobaneng ha re tlameha ho ba metswalle ya Jesu? (Sheba mabokose a reng, “ Ho ba Motswalle wa Jesu ho Etsa Hore o be Motswalle wa Jehova” le “ Tadima Jesu ka Tsela e Nepahetseng.”)

5 Haeba re batla ho ba le kamano e ntle le Jehova, re tlameha ho ba metswalle ya Jesu. Hobaneng? Nahana ka mabaka ana a mabedi. La pele, Jesu o ile a re ho barutuwa ba hae: “Ntate o a le rata, hobane le nthatile.” (Joh. 16:​27) O ile a boela a re: “Ha ho ya tlang ho Ntate haese ka nna.” (Joh. 14:6) Ha re batla ho ba metswalle ya Jehova empa re se metswalle ya Jesu, ho tshwana le ho batla ho kena ka tlung empa re sa kene ka monyako. Jesu o ile a sebedisa papiso e tshwanang ha a ne a itlhalosa ka hore ke “monyako wa dinku.” (Joh. 10:7) Lebaka la bobedi ke hore Jesu o ne a etsisa makgabane a Ntate wa hae ka ho phethahetseng. O ile a re ho barutuwa ba hae: “Ya mponeng o bone le Ntate.” (Joh. 14:9) Ka hoo tsela ya bohlokwa eo re ka tsebang Jehova ka yona, ke ka ho ithuta ka bophelo ba Jesu. Ha re ntse re ithuta ka Jesu re tla mo rata le ho feta ebile re tla rata le Ntate wa hae.

6. Ke lebaka lefe hape leo re tlamehang ho ba metswalle ya Jesu ka lona? Hlalosa.

6 Re tlameha ho ba metswalle ya Jesu e le hore dithapelo tsa rona di arabelwe. Sena se bolela hore re tlameha ho etsa ho fetang feela hore ha re rapela re qetelle dithapelo tsa rona ka hore, “ka lebitso la Jesu.” Empa re tlameha ho utlwisisa hore na ke jwang Jehova a sebedisang Jesu ho arabela dithapelo tsa rona. Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Eng kapa eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa.” (Joh. 14:​13) Le hoja e le Jehova ya utlwang le ho arabela dithapelo tsa rona le ha ho le jwalo o file Jesu matla a ho phethahatsa diqeto tsa hae. (Mat. 28:​18) Ka hoo pele Modimo a arabela dithapelo tsa rona, o a sheba hore na re sebedisa keletso eo Jesu a ileng a fana ka yona. Ka mohlala Jesu o ile a re: “Haeba le tshwarela batho ditshito tsa bona, Ntata lona wa lehodimo le yena o tla le tshwarela; athe haeba le sa tshwarele batho ditshito tsa bona, le Ntata lona a ke ke a le tshwarela ditshito tsa lona.” (Mat. 6:​14, 15) Ka hoo ke ha bohlokwa hore re bontshe batho ba bang mosa jwalo ka ha Jehova le Jesu ba re bontsha mosa.

7. Ke bo mang ba fumanang molemo sehlabelong sa Jesu sa thekollo?

7 Ke batho bao e leng metswalle ya Jesu feela ba tla fumana molemo sehlabelong sa Jesu sa thekollo. Re tseba sena jwang? Jesu o ile a re o tla ‘nehelana ka moya wa hae molemong wa metswalle ya hae.’ (Joh. 15:​13) Bahlanka ba Jehova ba ileng ba phela pele Jesu a tla lefatsheng, ba tla lokela ho ithuta ka Jesu le ho mo rata. Banna le basadi bana ba tshepahalang ba akarelletsang Abrahama, Sara, Moshe le Rahaba ba tla tsoswa. Le hoja ba ne ba tshepahala, ba tla lokela hore ebe metswalle ya Jesu e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng.​—Joh. 17:3; Lik. 24:​15; Baheb. 11:​8-12, 24-26, 31.

8, 9. Jwalo ka ha Johanne 15:​4, 5 e bontsha re tla etsang haeba re le metswalle ya Jesu, hona ke hobaneng ha seo e le sa bohlokwa?

8 Re thabela ho sebetsa le Jesu ha re etsa mosebetsi wa ho bolela le ho ruta batho ditaba tse molemo tsa Mmuso. Ha Jesu a ne a le lefatsheng e ne e le mosuwe mme le ha a ne a se a kgutletse lehodimong, o ile a tswela pele a tataisa mosebetsi wa boboledi jwalo ka hlooho ya phutheho. O bona le ho ananela boiteko boo o bo etsang ba ho thusa batho hore ba mo tsebe le ho tseba Ntate wa hae. Haele hantle tsela feela ya ho phetha mosebetsi ona ke haeba Jehova le Jesu ba re thusa.​—Bala Johanne 15:​4, 5.

9 Lentswe la Modimo le bontsha hore re tlameha ho rata Jesu le ho dula re mo rata e le hore re thabise Jehova. Ka hoo a re bueng ka dintho tse nne tseo re ka di etsang e le hore re be metswalle ya Jesu.

KE JWANG RE KA BANG METSWALLE YA JESU?

Re ka ba metswalle ya Jesu ka hore re (1) ithute yena, (2) nahane le ho etsa dintho jwalo ka yena, (3) tshehetse barababo Kreste le (4) tshehetse ditokisetso tsa mokgatlo (Sheba serapa sa 10-14) *

10. Ntho ya pele eo re lokelang ho e etsa e le hore re be metswalle ya Jesu ke efe?

10 (1Ithute ka Jesu. Re ka etsa sena ka hore re bale lengolo la Matheu, Mareka, Luka le Johanne. Ha re nahanisisa ka seo re se balang ka Bibeleng ka bophelo ba Jesu, re tla mo hlompha le ho mo rata ka lebaka la tsela e mosa eo a neng a tshwara batho ka yona. Ka mohlala, o ne a sa tshware barutuwa ba hae jwalo ka makgoba le hoja e ne e le Monga bona. Ho e na le hoo, o ne a ba bolella ka moo a ikutlwang ka teng. (Joh. 15:​15) Ha ba ne ba utlwile bohloko le yena o ne a utlwa bohloko ebile a lla le bona. (Joh. 11:​32-36) Esita le bahanyetsi ba hae ba ne ba bona hore Jesu eba motswalle wa batho ba mamelang molaetsa wa hae. (Mat. 11:​19) Ha re etsisa Jesu ka tsela eo a neng a tshwara barutuwa ba hae ka yona, re tla ba metswalle le batho ba bang, re kgotsofale le ho dula re thabile. Ka hoo re tla mo hlompha le ho mo rata le ho feta.

11. Ntho ya bobedi eo re tlamehang ho e etsa e le hore re be metswalle ya Jesu ke efe, hona ke hobaneng ha e le ya bohlokwa?

11 (2Nahana le ho etsa dintho jwalo ka Jesu. Ha re tseba Jesu le ho nahana jwalo ka yena re tla ba metswalle ya hae. (1 Bakor. 2:​16) Re ka etsisa Jesu jwang? Nahana ka mohlala ona. Jesu o ne a sa amehe ka yena empa ka ho thusa batho ba bang. (Mat. 20:​28; Bar. 15:​1-3) Ka ha o ne a ikutlwa ka tsela eo, o ne a itela le ho tshwarela batho ba bang. Dintho tseo batho ba bang ba neng ba di bua ka yena di ne di sa mo kwatise ha bonolo. (Joh. 1:​46, 47) Hape o ne a sa dumelle diphoso tseo batho ba bang ba di entseng hore di etse hore a ba tshware hampe. (1 Tim. 1:​12-14) Jesu o ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuwa ba ka, haeba le ena le lerato hara lona.” (Joh. 13:​35) Ipotse, “Na ke latela mohlala wa Jesu wa hore ke etse sohle seo nka se kgonang hore ke be le kgotso le Bakrestemmoho?”

12. Ntho ya boraro eo re tlamehang ho e etsa e le hore re be metswalle ya Jesu ke efe, hona re ka e etsa jwang?

12 (3Tshehetsa barababo Kreste. Jesu o nka seo re se etsang ho tshehetsa barababo, jwalo ka ha e ka re se etsetsa yena. (Mat. 25:​34-40) Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re ka e etsang ho tshehetsa batlotsuwa, ke ho etsa sohle seo re ka se kgonang mosebetsing wa ho etsa barutuwa jwalo ka ha Jesu a laetse. (Mat. 28:​19, 20; Lik. 10:​42) Ke ka thuso ya “dinku tse ding” feela barababo Kreste ba ka kgonang ho phetha mosebetsi ona. (Joh. 10:​16) Haeba o e mong wa dinku tse ding, ka mehla ha o ya tshebeletsong ya tshimo o bontsha hore o rata Jesu le batlotsuwa.

13. Re ka sebedisa keletso ya Jesu e ho Luka 16:9 jwang?

13 Re boetse re ba metswalle ya Jehova le Jesu ka ho tshehetsa ka menehelo mosebetsi oo ba re fileng wona. (Bala Luka 16:9.) Re ka fana ka monehelo ho tshehetsa mosebetsi wa lefatshe lohle. Monehelo ona o sebedisetswa ho thusa mosebetsi wa boboledi o etswang dibakeng tse ka thoko, ho hlokomela Diholo Tsa Mmuso le meaho e meng ya borapedi ba Jehova le ho fana ka thuso ka mora hore ho be le dikoduwa tsa tlhaho. Re ka boela ra fana ka monehelo hore ho patalwe ditshenyehelo tsa phutheho le ho thusa batho bao re tsebang hore ba a hloka. (Liprov. 19:​17) Tsena ke ditsela tseo re ka tshehetsang barababo Kreste ka tsona.

14. Jwalo ka ha Baefese 4:​15, 16 e bontsha, ntho ya bone eo re tlamehang ho e etsa e le hore re be metswalle ya Jesu ke efe?

14 (4Tshehetsa ditokisetso tse etswang ke mokgatlo wa Jehova. Re ba metswalle ya Jesu e leng hlooho ya phutheho haeba re mamela bao a ba kgethileng hore ba re hlokomele. (Bala Baefese 4:​15, 16.) Ka mohlala re leka ho sebedisa Diholo tsa rona tsa Mmuso ka botlalo. Ke ka hoo diphutheho tse ding di ileng tsa kopanngwa le ho etsa diphetoho tseleng eo di sebetsang tshimo ka yona. Diphetoho tsena di boloketse mokgatlo tjhelete e ngata. Le ha ho le jwalo, bahweletsi ba bang maemo a bona a ile a fetoha. Ho ka etsahala hore bahweletsi bana ba ile ba ba diphuthehong tseo baneng ba le ho tsona ka dilemo tse ngata mme ba se ba tlwaetse bara le baradibabo rona moo. Empa jwale ba kopuwa hore ba ye phuthehong e nngwe. Jesu o a thaba ha a bona bahweletsi bana ba tshepahalang ba mamela ditaelo tseo.

EBA MOTSWALLE WA JESU KA HO SA FELENG

15. Ke jwang setswalle sa rona le Jesu se ka matlafalang nakong e tlang?

15 Batlotsuwa ba na le tshepo ya ho ba le Jesu ka ho sa feleng lehodimong ba busa le yena Mmusong wa Modimo. Ba tla mo bona, ba bue le ho qeta nako le yena. (Joh. 14:​2, 3) Batho ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng le bona Jesu o tla ba rata le ho ba hlokomela. Le hoja ba sa tlo bona Jesu, e tla ba metswalle ya hae ha ba ntse ba thabela bophelo boo Jehova le Mora wa hae ba ba lokiseditseng bona.​—Esa. 9:​6, 7.

16. Ho ba metswalle ya Jesu ho re thusa jwang?

16 Re fumana ditlhohonolofatso tse ngata ha re ba metswalle ya Jesu. Ka mohlala, kajeno re fumana molemo tseleng eo a re ratang le ho re tshehetsa ka yona. Re na le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. Ha bohlokwa le ho feta, ha re ba metswalle ya Jesu sena se etsa hore re be metswalle ya Ntate wa hae, Jehova. Ka nnete ena ke mpho e ikgethang hore ebe re bitswa metswalle ya Jesu.

PINA YA 17 “Ke a Batla”

^ par. 5 Baapostola ba qetile dilemo tse itseng ba bua ebile ba sebetsa le Jesu, ka hoo e ile ya eba metswalle. Jesu o batla hore le rona re be metswalle ya hae empa ha ho bonolo hore re be metswalle ya hae jwalo ka baapostola. Sehlooho sena se tla bontsha hore na ke hobaneng ha ho le thata hore re be metswalle ya hae, se tla boela se fane ka dintho tseo re ka di etsang hore re be metswalle ya Jesu le ho dula re le yona.

^ par. 55 SETSHWANTSHO SE A HLALOSWA: (1) Nakong ya borapedi ba lelapa re ka ithuta ka bophelo ba Jesu le tshebeletso ya hae. (2) Ka phuthehong re ka bopa kgotso le Bakrestemmoho. (3) Re tshehetsa barababo Kreste ka hore re etse sohle seo re ka se kgonang tshebeletsong ya tshimo. (4) Ha diphutheho di kopanngwa re lokela ho mamela diqeto tseo baholo ba di etsang.