Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 18

“Matha Tseleng ea Peiso ho Fihlela Qetellong”

“Matha Tseleng ea Peiso ho Fihlela Qetellong”

“Ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong.”​—2 TIM. 4:7.

PINA EA 129 Re Tla Lula re Mameletse

SELELEKELA *

1. Kaofela ha rona re tlameha ho etsa’ng?

NA U ka rata ho kenela lebelo leo u tsebang hore le boima, haholo-holo haeba u kula kapa u khathetse? Ha re lumele. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a re Bakreste bohle ba ’nete ba peisong. (Baheb. 12:1) Ka hona, kaofela ha rona ebang re baholo kapa re banyane, re na le matla kapa re khathetse, re tlameha ho mamella ho isa qetellong e le hore re tle re fumane moputso oo Jehova a re tšepisang oona.​—Mat. 24:13.

2. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a khona ho fana ka keletso e hlahang ho 2 Timothea 4:​7, 8?

2 Pauluse o ile a khona ho fana ka keletso eo hobane o ile a atleha ho matha “tseleng ea peiso ho fihlela qetellong.” (Bala 2 Timothea 4:​7, 8) Empa ha e le hantle, Pauluse o ne a bua ka peiso efe moo?

PEISO KE’NG?

3. Pauluse o ile a bua ka peiso efe?

3 Ka linako tse ling, Pauluse o ne a bua ka lintho tse neng li etsahala lipapaling tsa mehleng ea Greece ea boholo-holo ho ruta lithuto tsa bohlokoa. (1 Bakor. 9:​25-27; 2 Tim. 2:5) Maemong a mangata o ile a bapisa bophelo ba Bakreste le ho ba peisong. (1 Bakor. 9:​24; Bagal. 2:2; Bafil. 2:​16) Motho o kenela peiso ena ha a inehela ho Jehova le ha a kolobetsoa. (1 Pet. 3:​21) O fihla moleng oa tlholo ha Jehova a mo fa moputso oa bophelo bo sa feleng.​—Mat. 25:​31-34, 46; 2 Tim. 4:8.

4. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

4 Lebelo la ’marathone le ka tšoana joang le bophelo ba Bakreste? Ho na le lintho tse ’maloa tseo li tšoanang ka tsona. A re ke re bueng ka tse tharo. Ea pele, re lokela ho matha tseleng e nepahetseng, ea bobeli, re tlameha ho lula re nahana ka ho fihla moleng oa tlholo, ha ea boraro e le ho hlola liphephetso tseo re thulanang le tsona ha re ntse re matha.

MATHA TSELENG E NEPAHETSENG

Kaofela ha rona re lokela ho matha tseleng eo Jehova a batlang hore Bakreste ba mathe ho eona (Sheba serapa sa 5 ho ea ho sa 7) *

5. Re lokela ho matha tseleng efe, hona hobane’ng?

5 E le hore limathi tse kenetseng mabelo a tlholisano li fumane moputso, li lokela ho matha tseleng eo ho lebeletsoeng hore li mathe ho eona. Ka tsela e tšoanang, haeba re batla ho fumana moputso oa bophelo bo sa feleng, re lokela ho matha tseleng eo Jehova a batlang hore re mathe ho eona. (Lik. 20:​24; 1 Pet. 2:​21) Leha ho le joalo, Satane le batho bohle ba mo latelang ba batla hore re etse khetho e fapaneng ea hore re “tsoele pele ho matha le bona.” (1 Pet. 4:4) Ba soma tsela eo re e khethileng hape ba bolela hore tsela eo bona ba e khethileng e fana ka bolokolohi bo bongata. Empa taba ena ha se ’nete.​—2 Pet. 2:19.

6. U ithuta’ng mohlaleng oa Mor’abo rona Brian?

6 Ha nako e ntse e-ea, motho ea khethileng ho matha le batho ba susumetsoang ke Satane, oa hlokomela hore tsela eo ha e mo fe bolokolohi empa e mo etsa lekhoba. (Bar. 6:​16) Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Brian. Batsoali ba hae ba ile ba mo khothaletsa hore a mathe tseleng eo Jehova a batlang hore Bakreste ba mathe ho eona. Empa ha a le lilemong tsa bocha, o ile a qala ho belaela hore na ehlile tsela eo e tla mo thabisa. Mor’abo rona Brian o ile a etsa qeto ea ho matha le batho ba susumetsoang ke Satane. O re: “Ke sa hlokomele, bolokolohi boo ke neng ke bo batla bo ne bo ntse bo nkenya tebetebeng ea lintho tse kotsi tseo ke ileng ka li lemalla. Butle-butle ke ile ka qala ho sebelisa lithethefatsi le joala hampe le ho phela ka tsela e se nang boitšoaro. Lilemo tse seng kae hamorao, ke ile ka qala ho sebelisa lithethefatsi tse kotsi haholo eaba ke ba lekhoba la tsona. . . . Ke ile ka qala ho li rekisa e le hore ke tsoele pele ke phela ka oona mokhoa ona.” Qetellong Mor’abo rona Brian o ile a etsa qeto ea ho phela ka melao ea Jehova. O ile a fetola bophelo ba hae eaba o kolobetsoa ka 2001. Hona joale o thabile hobane o se a matha tseleng eo Jehova a batlang hore re mathe ho eona. *

7. Ho ea ka Matheu 7:​13, 14, re lokela ho khetha lipakeng tsa litsela life tse peli?

7 Ke habohlokoa hore re khethe tsela e nepahetseng. Satane o batla hore kaofela ha rona re khaotse ho matha tseleng e patisaneng “e isang bophelong” ’me re tšelele ho e pharaletseng eo batho ba bangata ba lefatše lena ba mathang ho eona. Batho ba bangata ba rata tsela ena hape ke bolacha feela ho tsamaea ho eona. Empa bohloko ba eona ke hore ‘e isa timetsong.’ (Bala Matheu 7:​13, 14.) E le hore re lule re matha tseleng e nepahetseng le hore re se ke ra khelosoa, re lokela ho tšepa Jehova le ho mo mamela.

TALIMA MOPUTSONG ’ME U QOBE HO KHOPTJOA

Re tlameha ho lula re talimile moputsong ’me re qobe ho khopisa batho ba bang (Sheba serapa sa 8 ho ea ho sa 12) *

8. Haeba semathi se ka khoptjoa, se etsa’ng?

8 Limathi tsa lebelo la ’marathone li tsepamisa mahlo a tsona tseleng e le hore li se ke tsa khoptjoa. Leha ho le joalo, ho ntse ho ka etsahala hore ka phoso li sutumetsane kapa li khetšemele ka likoting. Haeba li oa, ha li mamelle lefatše empa lia ema ebe li tsoela pele ho matha. Ntho eo li nahanang ka eona ha se hore na li sitisoa ke’ng empa ke hore li fihle moleng oa tlholo le ho fumana moputso oo li nang le tšepo ea ho o hapa.

9. Haeba peisong ea rona re khoptjoa, re lokela ho etsa’ng?

Peisong ea rona, re ka ’na ra khoptjoa hangata, ra etsa liphoso ka lintho tseo re li etsang le ho li bua. Limathi-’moho le rona li ka ’na tsa etsa liphoso tse ka re utloisang bohloko. Ha rea lokela ho makala ha lintho tse joalo li etsahala. Kaofela ho rona ha rea phethahala hape re matha tseleng e patisaneng. Kahoo ka linako tse ling, re ka ’na ra sitisana. Pauluse o ile a lumela hore ka linako tse ling re ka ’na ra ba le “sesosa sa pelaelo” khahlanong le ba bang. (Bakol. 3:​13) Empa ho e-na le hore re nahane ka lintho tse entseng hore re khoptjoe, a re nahaneng ka moputso oo re o lebeletseng. Haeba re ka khoptjoa, a re ikemisetseng ho ema ’me re tsoele pele ho matha. Haeba re koata ebile re jara batho ba bang ka pelo, re ka ’na ra se ke ra phahama ’me re ke ke ra fihla moleng oa tlholo le ho fumana moputso. Ntle ho moo, haeba re sa phahame, re ka sitisa batho ba ntseng ba leka ho matha tseleng ena e patisaneng ea bophelo.

10. Re ka qoba ho ba lisosa tsa khopiso joang ho batho ba bang?

10 Tsela e ’ngoe eo re ka qobang ho ba lisosa tsa khopiso ho limathi-’moho le rona ke ka hore, re li lumelle ho etsa lintho tseo li ratang hore re li etse ho e-na le ho tsitlella hore lintho li etsoe ka tsela ea rona. (Bar. 14:​13, 19-21; 1 Bakor. 8:​9, 13) Ntho ena ke eona e etsang hore re fapane le limathi tse tlholisanong. Tsona lia hlolisana hape semathi ka seng se loanela ho ba sona se hapang khau. Limathi tseo li inahana botsona feela. Kahoo, li ka leka ho sutumetsa tse ling e le hore li be ka pele. Empa rona ha re tlholisanong. (Bagal. 5:​26; 6:4) Ntho eo re e batlang ke ho thusa batho ba bangata kahohle kamoo ho ka khonehang hore le bona ba fihle moleng oa tlholo le hore ba fumane moputso oa bophelo. Kahoo, re leka ho mamela keletso ea Pauluse ea hore re se “hlokomele lithahasello tsa litaba tsa [rona] feela, empa hape [re hlokomele] lithahasello tsa ba bang.”​—Bafil. 2:4.

11. Semathi se lula se nahana ka’ng, hona hobane’ng?

11 Ho phaella tabeng ea ho tsepamisa mahlo a tsona tseleng, limathi li boetse li nahana ka ho fihla moleng oa tlholo. Esita le haeba li sa bone moo mola oo o leng hona teng, li ipona li o fetile ’me li amohela moputso. Li khothatsoa ke ho lula li nahana ka moputso oo.

12. Ka mosa, Jehova o re file’ng?

12 Ka mosa Jehova o file batho ba peisong ena eo re leng ho eona moputso oa bophelo bo sa feleng, oo ba kholisehileng hore ba tla o fumana ebang ke leholimong kapa paradeiseng lefatšeng. Mangolo aa re tsitsilela hore na likateng tsa moputso ona ke life e le hore re ka lula re nahana ka hore na re tl’o thabela bophelo ho le hokae. Ha re lula re nahana ka bokamoso boo Jehova a re tšepisang bona re tla ikemisetsa ho mamella.

TSOELA PELE U MATHA HO SA TSOTELLEHE LIPHEPHETSO

Re lokela ho ikemisetsa ho matha peisong ena ea bophelo ho sa tsotellehe mathata ao re thulanang le ’ona (Sheba serapa sa 13 ho ea ho sa 20) *

13. Ke ntho efe eo re nang le eona eo limathi tse tlholisanong li se nang eona?

13 Limathi tsa mehleng ea Pauluse tsa Bagerike li ne li tlameha ho mamella mathata a kang mokhathala le ho opeloa. Empa ntho eo li neng li e tšepile ke matla a tsona le ho ikoetlisa. Joaloka limathi tseo, le rona re fumana koetliso ea hore na re lokela etsa’ng e le hore re mathe peisong ena eo re keneng ho eona. Empa ho na le moo re fapanang teng le limathi tseo. Rona re fuoa matla ke Jehova ’me ha ho na moeli oa hore na o tla re thusa ho fella kae. Haeba re itšetleha ka Jehova, o re tšepisa hore o tla re koetlisa le hore thusa ho ba matla.​—1 Pet. 5:10.

14. 2 Bakorinthe 12:​9, 10, e re thusa ho tobana le liphephetso joang?

14 Pauluse o ile a tlameha ho tobana le liphephetso tse ngata haholo. Ntle le ho rohakoa le ho hlorisoa ke batho ba bang, ka linako tse ling o ne a hloka matla hape o ile a tlameha ho mamella bothata boo a ileng a re ke “moutloa nameng.” (2 Bakor. 12:7) Empa ho e-na le hore a nke liphephetso tseo e le mabaka a hore a ka tela, o ile a li nka e le menyetla ea hore a tšepe Jehova. (Bala 2 Bakorinthe 12:​9, 10.) Kaha Pauluse o ne a ikutloa ka tsela ena, Jehova o ile a mo thusa hore a mamelle liphephetso tseo.

15. Haeba re etsisa Pauluse, re tla etsa’ng?

15 Le rona re ka ’na ra rohakoa kapa ra hlorisoa ka lebaka la tumelo ea rona. Re ka ’na ra boela ra tlameha ho mamella ho kula kapa mokhathala. Empa haeba re etsisa Pauluse, liqholotso tseo re tobanang le tsona re ka li bona e le menyetla ea ho bona hore Jehova o re tšehelitse.

16. U ka etsa’ng le haeba u kula?

16 Na u liphateng tse chesang kapa u lutse setulong sa batho ba phelang le bokooa? Na u tšoeroe ke mangole kapa pono ea hao e se e haella? Haeba ho joalo, na u ka khona ho matha le batho ba bacha le ba phetseng hantle? Hantle haholo! Batho ba bangata ba kulang le ba holileng ba ntse ba matha tseleng ena ea bophelo. Ba ke ke ba khona ho matha ka matla a bona feela. Ho e-na le hoo, ba kha matla ho Jehova ka hore ba mamele liboka ka fono kapa ba li shebelle ba le hae. Ba boetse ba kenya letsoho mosebetsing oa ho etsa barutuoa ka ho pakela lingaka, baoki le beng ka bona.

17. Jehova o ikutloa joang ka batho ba haelloang ke bophelo?

17 Le ka mohla u se ke oa nyahamisoa ke maemo a hao a bophelo a etsang hore mohlomong u ikutloe u se na matla a ho matha tseleng ena ea bophelo. Jehova oa u rata ka lebaka la tumelo ea hao le mesebetsi eo u ileng oa e etsa bakeng sa hae lilemong tsena tsohle. Hona joale ho feta leha e le neng pele, u hloka thuso ea hae ’me a ke ke a u lahla. (Pes. 9:​10) Empa o tla atamela haufi le uena le ho feta. Ak’u utloe hore na morali’abo rona e mong ea haelloang ke bophelo o reng, o re: “Kaha ke kula khafetsa, menyetla ea hore ke buisane le batho ba Bibele e fokola haholo. Empa kea tseba hore esita le boiteko bo fokolang boo ke bo etsang bo thabisa Jehova ’me le ’na kea thaba.” Ha u ikutloa u tšoenyehile, u hopole hore ha u mong. U nahane ka Pauluse ebe u hopola mantsoe ana a hae a khothatsang: “Ke khahlisoa ke mefokolo, . . . etsoe ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.”​—2 Bakor. 12:10.

18. Ke bothata bofe boo batho ba bang ka ho khetheha ba tobanang le bona?

18 Batho ba bang ba ntseng ba matha peisong ena ea bophelo ba thulana le bothata ba mofuta o mong. Ba tobana le mathata ao batho ba bang ba ke keng ba a bona kapa ho a utloisisa. Mohlala, ba tlameha ho mamella bothata ba ho tšoenyeha kapa ho ba le khatello e matla ea maikutlo. Ke hobane’ng ha re ka re bothata boo ba bahlanka ba ratehang ba Jehova bo boima ka tsela e ikhethang? Ke hobane motho ea robehileng letsoho kapa ea lutseng setulong sa batho ba nang le bokooa, a ka bonoa ke batho bohle ’me ba ka ’na ba susumeletseha ho mo thusa. Empa batho ba mameletseng bothata ba ho imeloa kelellong kapa ba tšoenyehileng, bona ba ka ’na ba se ke ba bonahala hore ba na le bothata. Bothata ba bona bo tšoana hantle le ba motho ea robehileng empa bona ba ka ’na ba se utloeloe bohloko ke batho ba bang hobane ba sa bonoe hore ba na le bothata.

19. Re ithuta’ng mohlaleng oa Mefiboshethe?

19 Haeba oa kula ’me u utloa eka batho ba bang ha ba u utloisise, u ka ’na oa khothatsoa ke mohlala oa Mefiboshethe. (2 Sam. 4:4) O ne a tlameha ho mamella bothata ba ho kula hape Morena Davida o ile a mo tšoara ka ho hloka toka. E ne se molato oa hae hore ebe o ile a hlaheloa ke lintho tsena. Ho ntse ho le joalo, ha a ka a itumella ho nkoa ke maikutlo, ho e-na le hoo, o ile a ananela lintho tse ntle tseo a nang le tsona. O ile ananela taba ea hore ebe Davida o ile a mo tšoara ka mosa nakong e fetileng. (2 Sam. 9:​6-10) Kahoo, ha Davida a mo tšoara ka ho hloka toka, o ile a sheba mahlakore a taba kaofela. Ha a ka a lumella hore phoso ea Davida e lule e mo koatisitse. Hape ha a ka a beha Jehova molato ka ntho eo Davida a e entseng. Mefiboshethe o ile a nahana ka hore na a ka tšehetsa morena ea tlotsitsoeng ke Jehova joang. (2 Sam. 16:​1-4; 19:​24-30) Jehova o tlalehile pale ea Mefiboshethe ka Bibeleng molemong oa rona.​—Bar. 15:4.

20. Ho tšoenyeha ho ka ama batho ba bang joang, empa ba ka kholiseha ka eng?

20 Ka lebaka la ho tšoenyeha haholo, bara le barali babo rona ba bang ba ikutloa ba sa tsitsa ba bile ba sa phutholoha ha ba e-na le batho ba bang. Le hoja ba ka thatafalloa ke ho ba har’a batho ba bangata, ba ntse ba e-ea libokeng le likopanong tse kholo le tse nyane. Ha ho bonolo ho bona hore ba bue le batho bao ba sa ba tsebeng empa ho ntse ho le joalo, ba khona ho bua le batho ha ba le tšimong. Haeba u na le bothata bo tšoanang, kholiseha hore ha u mong. Ho na le batho ba bangata ba ikutloang joaloka uena. U lule u hopola hore Jehova oa thaba ka lebaka la boiteko bohle boo u bo etsang ba ho mo sebeletsa. Taba ea hore u ntse u tsoela pele ho mo sebeletsa ke bopaki ba hore oa u hlohonolofatsa hape o u fa matla ao u a hlokang. * (Bafil. 4:​6, 7; 1 Pet. 5:7) Haeba u ntse u tsoela pele ho sebeletsa Jehova le haeba u mameletse mathata ao batho ba a bonang kapa ba sa a boneng, u ka kholiseha hore Jehova o thaba haholo.

21. Haeba Jehova a re thusa, re tla khona ho etsa’ng?

21 Kannete rea thaba hore ebe ho na le phapang pakeng tsa lebelo leo Pauluse a buang ka lona le le tloaelehileng la batho ba kenetseng tlholisano. Mehleng ea Bibele, lebelong le tloaelehileng mohloli ke eena ea neng a fumana moputso a le mong. Empa motho e mong le e mong ea mamellang ka botšepehi peisong ena ea Bakreste, o fumana moputso oa bophelo bo sa feleng. (Joh. 3:​16) Hape, lebelong le tloaelehileng limathi li ne li lokela ho phela hantle, ho seng joalo li ne li ke ke tsa hlola. Ka lehlakoreng le leng, kaofela ha rona re na le mathata a itseng, mohlomong rea kula empa ho ntse ho le joalo, re ntse re mameletse. (2 Bakor. 4:​16) Kaofela ha rona re tla matha ho fihlela moleng oa tlholo ka thuso ea Jehova!

PINA EA 144 A re Luleng re E-na le Tšepo

^ ser. 5 Bahlanka ba bangata ba Jehova mehleng ena ba thulana le mathata a mangata a kang a ho kula le ho tsofala. Hape, ka linako tse ling kaofela ha rona re ikutloa re khathetse. Kahoo, re ka bona eka ho kena peisong ke ntho eo re ke keng ra khona ho e etsa. Sehloohong sena, re tl’o bua ka hore na re ka etsa’ng e le hore re mamelle le ho hlola peisong ena eo moapostola Pauluse a ileng a bua ka eona.

^ ser. 6 Sheba sehlooho se reng, “Bibele e Fetola Batho” se hlahang ho Molula-Qhooa oa January 1, 2013.

^ ser. 20 E le hore u fumane lintlha tse ka u thusang hammoho le lipale tse batho ba ileng ba hlola bothata ba ho tšoenyeha, re kopa u shebelle lenaneo la JW Broadcasting® la May 2019.

^ ser. 63 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ho phathahana mosebetsing oa boboleli ho thusa mor’abo rona enoa ea holileng hore a mamelle tseleng ena ea bophelo.

^ ser. 65 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Re ka khopisa batho ba bang ka ho ba phehella hore ba noe joala bo bongata kapa ka hore rona re hlolehe ho lekanyetsa tsela eo re noang ka eona.

^ ser. 67 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Esita leha a se a le liphateng tse chesang koana sepetlele, mor’abo rona o lula a ntse a matha peisong ena ea bophelo ka ho pakela bahlokomeli ba hae.