Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 20

“Morena oa Leboea” ke Mang Mehleng Ee?

“Morena oa Leboea” ke Mang Mehleng Ee?

“O tla lokela ho fihla bofelong ba hae, ’me o tla hloka mothusi.”​—DAN. 11:45.

PINA EA 95 Leseli Lea Eketseha

SELELEKELA *

1-2. Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?

RE NA le bopaki bo bongata haholo mehleng ena bo bontšang hore re phela qetellong ea matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho. Haufinyane Jehova le Jesu ba tla felisa mebuso eohle e khahlanong le ’Muso oa bona. Empa pele ho moo, morena oa leboea le morena oa boroa ba tla tsoela pele ho loantšana ba be ba loantše Lipaki.

2 Sehloohong sena re tl’o hlahloba boprofeta ba Daniele 11:​40–12:1. Re tla boela re bone hore na morena oa leboea ke mang mehleng ena le hore na ke hobane’ng ha re lokela ho lula re khobile matšoafo re bile re tšepa Jehova ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng.

MORENA OA LEBOEA E MOCHA

3-4. Morena oa leboea ke mang mehleng ee? Hlalosa.

3 Ka mor’a hore Soviet Union e oe ka 1991, batho ba Molimo ba ile ba fumana “thuso e nyenyane” e leng tokoloho ea nakoana. (Dan. 11:​34) Ka lebaka leo, Lipaki li ile tsa e-ba le bolokolohi ba ho paka ’me ho e-s’o ee kae, palo ea bahoeletsi ba neng ba phela linaheng tse oelang tlas’a Soviet Union ba ile ba eketseha ka sekhahla. Ka mor’a lilemo tse seng kae, Russia le linaha tse e tšehetsang e ile ea e-ba morena oa leboea. Joalokaha ho hlalositsoe sehloohong se fetileng, e le hore ’muso ebe morena oa leboea le oa boroa, o lokela ho etsa lintho tsena tse tharo: (1) o tlameha ho hlorisa batho ba Molimo, (2) o lokela ho bontša ka liketso hore o hloile Jehova le batho ba hae, le (3) o tlameha ho tseka sekola.

4 A re hlahlobeng mabaka ao ka ’ona re ka reng Russia le bo-mphato ba eona ke morena oa leboea. (1) Ba hlasela batho ba Molimo ka hore ba thibele mosebetsi oa bona oa boboleli le ka ho hlorisa bara le barali babo rona ba likete-kete ba lulang linaheng tse laoloang ke bona. (2) Lintho tseo ba li etsang li bontša hore ba hloile Jehova le batho ba hae. (3) Ba leka ka hohle hore ba be matla ho feta morena oa boroa e leng ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. A re hlahlobeng hore na ke hobane’ng ha re re Russia le linaha tse e tšehetsang ke morena oa leboea le hore na ke hobane’ng ha re cho joalo.

MORENA OA LEBOEA LE OA BOROA BA TSOELA PELE HO LOANTŠANA

5. Daniele 11:​40-43 e bua ka nako efe, hona ho ile ha etsahala’ng ka nako eo?

5 Bala Daniele 11:​40-43. Boprofeta bona bo bua ka liketsahalo tsa mehla ea bofelo. Bo boetse bo bua ka ntoa e pakeng tsa morena oa leboea le oa boroa. Daniele o ile a profeta hore matsatsing a ho qetela morena oa boroa o tla loantšana le morena oa leboea.​—Dan. 11:40.

6. Re na le bopaki bofe bo bontšang hore marena a mabeli a ’nile a loantšana?

6 Morena oa leboea le morena oa boroa ba tsoela pele ho loantšana hobane ba tseka bompoli. Mohlala, nahana ka hore na ile ha etsahala’ng ka mor’a Ntoa ea Bobeli ea Lefatše ha Soviet Union le bo-mphato oa eona ba qala ho busa karolo e kholo ea Europe. Morena oa leboea o ile a etsa lintho tse ileng tsa susumetsa morena oa boroa hore a thehe mokhatlo le linaha tse ling hore ba loantše morena oa leboea. Mokhatlo oo o ile oa bitsoa NATO. Morena oa leboea le morena oa boroa ba tsoela pele ho sebelisa chelete e ngata e le hore ba be le mabotho a matla a sesole. Morena oa leboea o ile a loantša morena oa boroa ka hore a tšehetse linaha tse khahlanong le morena oa boroa tse Afrika, Asia le Latin America. Morao tjena Russia le linaha tse e tšehetsang li ile tsa e-ba matla lefatšeng. Li ile tsa boela tsa sebelisa lik’homphieutha kapa marang-rang e le ho loantša morena oa boroa. Marena ana a ile a qosana ka hore a sebelisa lik’homphieutha ka tsela e kotsi e etsang hore meruo ea bona e oe le hore mebuso e felloe ke matla. Joalokaha Daniele a boletse, morena oa leboea o tsoela pele ho hlorisa batho ba Molimo.​—Dan. 11:41.

MORENA OA LEBOEA O KENA “NAHENG EA MOKHABISO”

7. Naha ea mokhabiso ke eng?

7 Daniele 11:​41 e re morena oa leboea o tla kena “naheng ea mokhabiso.” Naha eo ke efe? Mehleng ea Bibele, naha eo e ne e le ea Iseraele. Naha ea Iseraele e ne e le naha e ntle ka ho fetisisa lefatšeng. (Ezek. 20:6) Naha eo e ne e ikhetha hobane e ne e le moo Jehova a sebeletsoang teng. Ho tloha selemong sa 33, naha ea mokhabiso ha ea ka ea hlola e e-ba sebaka se teng lefatšeng mona hobane batho ba Jehova ba tletse hohle lefatšeng. Ho e-na le hoo, naha ea mokhabiso ke mosebetsi oo bahlanka ba Jehova ba mo etsetsang oona o akareletsang ho mo rorisa libokeng le ho etsa mosebetsi oa boboleli.

8. Morena oa leboea o ile a kena “naheng ea mokhabiso” joang?

8 Matsatsing ana a ho qetela, morena oa leboea o kene “naheng ea mokhabiso” ka makhetlo a mangata. Ka mohlala, nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, ha morena oa leboea e le puso ea Manazi, o ile a kena naheng ea mokhabiso ka hore a hlorise le ho bolaea bahlanka ba Molimo. Ka mor’a Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, Soviet Union e ile ea e-ba morena oa leboea ’me le eona ea kena naheng ea mokhabiso ka hore e sotle batho ba Molimo le ho ba qobella ho tloha linaheng tsa habo bona.

9. Russia le linaha tse e tšehetsang li ile tsa kena “naheng ea mokhabiso” joang morao tjee?

9 Lilemong tsa morao tjena, Russia le linaha tse e tšehetsang li ile tsa kena “naheng ea mokhabiso.” Joang? Ka 2017, Russia e ile ea thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova ea ba ea kenya bara le barali babo rona lichankaneng. E ile ea boela ea thibela lingoliloeng tsa rona ho akareletsa le Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Hape e ile ea nka ofisi ea lekala e Russia, Liholo Tsa ’Muso le Liholo Tsa Likopano. Ka mor’a hore ho etsahale lintho tsena, ka 2018 Sehlopha se Busang se ile sa re Russia le linaha tse e tšehetsang ke morena oa leboea. Ho sa tsotellehe hore na ba hlorisoa hakae, bahlanka ba Molimo ba ke ke ba loantša ’muso kapa hona ho leka ho liha ’muso. Empa leha ho le joalo, ba latela keletso ea Bibele e reng ba rapelle bohle ba “boemong bo phahameng,” haholo-holo ha mebuso eo e etsa qeto ea hore na re tla sebeletsa Molimo ka bolokolohi kapa che.​—1 Tim. 2:​1, 2.

NA MORENA OA LEBOEA O TLA HLOLA MORENA OA BOROA?

10. Na morena oa leboea o tla hlola morena oa boroa? Hlalosa.

10 Daniele 11:​40-45 e bua haholo-holo ka morena oa leboea. Na see se bolela hore o tla hlola morena oa boroa? Qha! Ka ntoa ea Armagedone ha Jehova le Jesu ba felisa mebuso ea lefatše, morena oa boroa o tla be a ntse a busa. (Tšen. 19:​20) Ke hobane’ng ha re kholisehile ka taba eo? A re boneng hore na boprofeta ba Daniele le ba Tšenolo bo bua ka’ng.

Ka ntoa ea Armagedone, ’Muso oa Molimo o tšoantšetsoang le lejoe, o tla felisa mebuso ea batho e emeloang ke setšoantšo se seholo se hlahang ponong ea Daniele (Sheba serapa sa 11)

11. Daniele 2:​43-45 e bua ka’ng? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

11 Bala Daniele 2:​43-45. Boprofeta ba Daniele bo bua ka mebuso ka ho latellana e ileng ea hlorisa batho ba Molimo. Mebuso eo e hlalosoa e le likarolo tse sa tšoaneng tsa setšoantšo se ileng sa hlaha ponong ea Daniele. ’Muso oa ho qetela o hlahang letotong leo o hlalosoa e le maoto a entsoeng ka tšepe le letsopa. Maoto a emela ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Boprofeta bona bo bontša hore ’muso oo o tla be o ntse o busa ha ’Muso oa Molimo o felisa mebuso e teng.

12. Hlooho ea bosupa ea sebata e emela’ng, hona ke hobane’ng ha re lokela ho tseba?

12 Moapostola Johanne le eena o bua ka letoto la mebuso e matla ea lefatše e ileng ea ba le tšusumetso ho batho ba Jehova. Ho ea ka boprofeta ba Johanne, sebata se lihlooho li supileng se emela mebuso eo. Hlooho ea bosupa ea sebata seo e emela ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Taba ena kea bohlokoa hobane ha ho na moo ho bontšoang hore sebata seo se hlaha hlooho e ’ngoe ka mor’a ea bosupa. Hlooho ena ea sebata e tla be e ntse e busa ha Kreste le makhotla a hae a leholimo ba felisa sebata hammoho le eona hlooho eo. *​—Tšen. 13:​1, 2; 17:​13, 14.

MORENA OA LEBOEA O TLA ETSA’NG HAUFINYANE?

13-14. “Gogo oa naha ea Magogo” ke mang hona o tla susumetsoa ke eng hore a batle ho hlasela batho ba Molimo?

13 Ezekiele o tlalehile boprofeta bo re bolellang hore na ho tla etsahala’ng pele morena oa leboea le oa boroa ba felisoa. Ho bonahala eka boprofeta bo hlahang ho Ezekiele 38:​10-23; Daniele 2:​43-45; 11:​44–12:1 le Tšenolo 16:​13-16, 21 bo bua ka lintho tse tšoanang ’me taba ena e etsa hore re utloisise hore lintho tse latelang li ka ’na tsa etsahala.

14 Nakoana ka mor’a hore matšoenyeho a maholo a qale, marena a lefatše a tla ikopanya hore ebe linaha tse ikopantseng. (Tšen. 16:​13, 14; 19:​19) Bibele e hlalosa linaha tse ikopantseng e le “Gogo oa naha ea Magogo.” (Ezek. 38:2) Linaha tseo tse ikopantseng li tla hlasela batho ba Molimo ’me li leke ho ba felisa. Li tla susumetsoa ke eng hore li hlasele bahlanka ba Molimo? Boprofeteng bo buang ka nako ena, moapostola Johanne o ile a re sefako se seholo ka tsela e sa tloaelehang se ne se tla kakata lira tsa Molimo. Sefako seo se emela molaetsa oa kahlolo o matla oo bahlanka ba Molimo ba tla o phatlalatsa. Ho ka etsahala hore ebe molaetsa oo e tla ba oona o etsang hore linaha tse ikopantseng li halefe hoo li tla batla ho hlasela batho ba Molimo ka sepheo sa ho ba hloibila ka ho feletseng lefatšeng.​—Tšen. 16:21.

15-16. (a) E ka ’na eaba Daniele 11:​44, 45 e bua ka liketsahalo life? (b) Ho tla etsahala’ng ka morena oa leboea le Gogo oa Magogo?

15 Molaetsa ona o matla le ho hlaseloa ha batho ba Molimo ke lira tsa bona ho ka etsahala hore ebe ho tšoana le liketsahalo tse hlahang ho Daniele 11:​44, 45. (E bale.) Tlalehong eo, Daniele o re ho tla ba le litlaleho “tse tsoang bochaba-tsatsi le tse tsoang leboea” tse tla ferekanya morena oa leboea ’me “o tla tsoa ka khalefo e kholo.” Sepheo sa morena oa leboea ke hore “a felise le ho nehela ba bangata timetsong.” E ka ’na eaba “ba bangata” ke batho ba Jehova. * Ho ka ’na ha etsahala hore ebe tlalehong ena Daniele o ne a bua ka tlhaselo ea ho qetela e tla ba khahlanong le batho ba Molimo.

16 Nakong eo morena oa leboea le mebuso e meng ea lefatše ba hlaselang batho ba Molimo, ba tla halefisa Molimo ea matla ’ohle ’me taba eo e tla etsa hore ntoa ea Armagedone e qhome. (Tšen. 16:​14, 16) Ka nako eo, morena oa leboea a e-na le lichaba tsohle tse etsang Gogo oa naha ea Magogo ba tla felisoa ’me ha ho na motho ea tla ba thusa.​—Dan. 11:45.

Ka ntoa ea Armagedone,Jesu Kreste le mabotho a leholimo, ba tla felisa tsamaiso e khopo ea Satane ’me ba sireletse batho ba Molimo (Sheba serapa sa 17)

17. Mikaele eo e leng khosana e kholo ea tlalehiloeng ho Daniele 12:1 ke mang, hona o etsa’ng?

17 Temana e hlahlamang hang ka mor’a moo ea hlalosa hore na morena oa leboea le bohle ba mo tšehetsang ba tla felisoa joang le hore na rona re tla pholoha joang. (Bala Daniele 12:1.) Temana ee e bolela’ng? Lebitso le leng la Jesu morena oa rona ke Mikaele. Haesale a eme molemong oa bahlanka ba Molimo ho tloha ka 1914 ha ’Muso oa Molimo o ne o thehoa leholimong. Haufinyane o tla ema, ka mantsoe a mang o tla loantša lira tsa Molimo ka Armagedone. Ntoa ena ke ea makhaola-khang e leng ketsahalo eo Daniele a ileng a e bitsa nako e bohloko ka ho fetisisa ea mahlomola. Boprofeta ba Johanne bo hlahang ho Tšenolo bo bua ka nako ena ea pele ho ntoa ea Armagedone e le nako ea matšoenyeho a maholo.​—Tšen. 6:2; 7:14.

NA LEBITSO LA HAO LE TLA NGOLOA KA BUKENG?

18. Ke hobane’ng ha re ka lula re khobile matšoafo ho sa tsotellehe hore na ho tl’o etsahala’ng nakong e tlang?

18 Daniele le Johanne ba bontšitse hore Jehova le Jesu ba tla sireletsa batho ba ba mamelang nakong ea matšoenyeho a maholo. Kahoo, re ka lula re khobile matšoafo ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng. Daniele o bontša hore batho ba tla pholoha mabitso a bona a tla ngoloa ka bukeng. (Dan. 12:1) Re ka etsa’ng hore mabitso a rona a ngoloe ka bukeng eo? Re lokela ho bontša hore re na le tumelo ho Jesu, Konyana ea Molimo. (Joh. 1:​29) Re lokela ho inehela ho Molimo re be re kolobetsoe. (1 Pet. 3:​21) Hape re lokela ho tšehetsa ’Muso oa Molimo ka hore re etse ka hohle kamoo re ka khonang ho thusa batho ba bang ho ithuta ka Jehova.

19. Hona joale re lokela ho etsa’ng hona hobane’ng?

19 Hona joale ho feta leha e le neng pele, ke nako ea hore re tšepe Jehova le mokhatlo oa hae o entsoeng ka bahlanka ba hae ba tšepahalang. E boetse ke nako ea hore re tšehetse ’Muso oa Molimo. Haeba re etsa joalo, re tla sireletsoa ha morena oa leboea le morena oa boroa ba felisoa ke ’Muso oa Molimo.

PINA EA 149 Pina ea Tlholo

^ ser. 5 “Morena oa Leboea” ke mang mehleng ee ’me o tla felisoa joang? Ho tseba karabo ea potso ena ho tla matlafatsa tumelo ea rona hape ho tla re thusa hore re itokisetse ho tobana le mathata ao re tla tobana le ’ona nakong e tlang.

^ ser. 15 E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng, sheba Molula-Qhooa oa May 15, 2015, leq. 29-30.