Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 20

“Morena wa Leboya” ke Mang Kajeno?

“Morena wa Leboya” ke Mang Kajeno?

“O tla lokela ho fihla bofelong ba hae, mme o tla hloka mothusi.”​—DAN. 11:45.

PINA YA 95 Lesedi le Kganya ka ho Eketsehileng

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Re tlo ithutang sehloohong see?

RE NA le bopaki bo bongata bo bontshang hore re phela qetellong ya matsatsi a ho qetela. Haufinyane Jehova le Jesu Kreste ba tla fedisa mebuso yohle e kgahlanong le Mmuso wa Modimo. Pele sena se etsahala, morena wa leboya le morena wa borwa ba tla lwantshana le ho lwantsha bahlanka ba Modimo.

2 Sehloohong sena re tlo hlahloba boprofeta bo ho Daniele 11:40–12:1. Re tla boela re ithute hore na morena wa leboya ke mang kajeno le hore na ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore Jehova o tla re pholosa ho sa tsotellehe se tla re hlahela.

MORENA E MOTJHA WA LEBOYA

3, 4. Morena wa leboya ke mang kajeno? Hlalosa.

3 Ka mora hore Soviet Union e fellwe ke matla ka 1991, bahlanka ba Modimo ba neng ba le tlasa puso ya yona ba ile ba fumana tokoloho ka nako e itseng eo Daniele a reng ke “thuso e nyenyane.” (Dan. 11:​34) Ka lebaka la sena, ba ne ba se ba kgona ho bolela ditaba tse molemo ka bolokolohi mme ho ile ha ba le bahweletsi ba bangata dibakeng tse neng di buswa ke Soviet Union. Empa ka mora dilemo tse mmalwa Russia le dinaha tse e tshehetsang e ile yaba morena wa leboya. Jwalo ka ha re se re ithutile sehloohong se fetileng, hore mmuso e be morena wa leboya kapa morena wa borwa o tlameha ho etsa dintho tsena tse tharo: (1) o hlorise bahlanka ba Modimo, (2) o bontshe ka diketso hore o hloile Jehova le batho ba hae le (3) o lwantshane le mmuso o matla ho o feta.

4 Hlokomela hore na ke hobaneng kajeno ha re ka re morena wa leboya ke Russia le dinaha tse e tshehetsang. (1) Di ile tsa hlasela bahlanka ba Modimo ka hore di thibele mosebetsi wa bona le ho hlorisa bara le baradibabo rona ba bangata ba phelang dinaheng tseo e di busang. (2) Dintho tseo Russia le dinaha tse e tshehetsang di neng di di etsa, di ne di bontsha hore di hloile Jehova le bahlanka ba hae. (3) Russia le dinaha tse e tshehetsang di leka ho ba matla ho feta morena wa borwa, e leng Britain le United States. A re boneng hore na keng seo Russia le dinaha tse e tshehetsang di se entseng ho bontsha hore ke morena wa leboya.

MORENA WA LEBOYA LE MORENA WA BORWA BA TSWELA PELE HO LWANTSHANA

5. Daniele 11:​40-43 e bua ka eng, hona ho tla etsahalang ka nako eo?

5 Bala Daniele 11:40-43. Boprofeta bona bo bua ka dintho tse neng di tla etsahala matsatsing a ho qetela. Bo hlalosa ka moo morena wa leboya le morena wa borwa ba lwantshanang ka teng. Daniele o ile a profeta hore matsatsing a ho qetela, morena wa borwa le morena wa leboya ba tla ‘sututsana’ kapa ba tla lwantshana.​—Dan. 11:40.

6. Ke eng e bontshang hore marena ana a mabedi a a lwantshana?

6 Morena wa leboya le morena wa borwa ba tswela pele ho lwantshana ka ha ka bobedi ba lwanela ho ba mmuso o matla lefatsheng lohle. Ka mohlala hlokomela se ileng sa etsahala ka mora Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, Soviet Union le dinaha tse e tshehetsang di ile tsa qala ho busa karolo e kgolo ya Europe. Ka hoo, morena wa borwa o ile a buisana le dinaha tse ding hore ba kopanye masole a bona e le hore ba lwantshe morena wa leboya. Mokgatlo oo wa masole o bitswa NATO. Morena wa leboya le morena wa borwa ba sebedisa tjhelete e ngata e le ho leka ho ba le sesole se matla. Marena ana a ne a boetse a lwantshana ka hore e mong a tshehetse dira tsa e mong ha di mo lwantsha. Dintwa tsena di ne di le Africa, Asia le Latin America. Morao tjena Russia le dinaha tse e tshehetsang di se di le matla haholo lefatsheng lohle. Di boetse di sebedisa dikhomphieutha e le hore di lwantshe morena wa borwa. Marena ana a ile a qosana ka hore e mong o sebedisa dikhomphieutha ho diha mmuso wa e mong. Hape jwalo ka ha Daniele a profetile, morena wa leboya o tswela pele ho hlorisa bahlanka ba Modimo.​—Dan. 11:41.

MORENA WA LEBOYA O KENA “NAHENG YA MOKGABISO”

7. ‘Naha ya Mokgabiso’ ke eng?

7 Daniele 11:41 e re morena wa leboya o tla kena “naheng ya Mokgabiso.” Naha eo ke efe? Mehleng ya Bibele, naha ya Iseraele e ne e nkwa e le “Mokgabiso wa dinaha tsohle.” (Ezek. 20:6) Le ha ho le jwalo, naha ya Iseraele e ne e le ya bohlokwa hobane ke hona moo batho ba neng ba rapela Jehova teng. Ho tloha ka Pentekonta ya 33, ‘naha ya Mokgabiso’ e ne e se e se sebaka sa sebele mona lefatsheng. Sena se a utlwahala hobane bahlanka ba Modimo ba lefatsheng lohle. Ho e na le hoo, kajeno ‘naha ya Mokgabiso’ ke tsela eo bahlanka ba Modimo ba phelang ka yona e akarelletsang ho sebeletsa Jehova ka hore ba ye dibokeng le tshebeletsong ya tshimo.

8. Ke jwang morena wa leboya a ileng a kena “naheng ya Mokgabiso”?

8 Matsatsing a ho qetela, morena wa leboya o ile a kena “naheng ya Mokgabiso” ka makgetlo a mangata. Ka mohlala, ha Manazi Germany e ne e le yona morena wa leboya haholoholo nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, morena eo o ile a kena “naheng ya Mokgabiso” ka hore a hlorise le ho bolaya bahlanka ba Modimo. Ka mora Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe ha Soviet Union e ne e le morena wa leboya, morena eo ile a kena “naheng ya Mokgabiso” ka hore a hlorise bahlanka ba Modimo le ho ba isa botlamuweng.

9. Morao tjena ke jwang Russia le dinaha tse e tshehetsang di ileng tsa kena “naheng ya Mokgabiso”?

9 Morao tjena Russia le dinaha tse e tshehetsang le tsona di ile tsa kena “naheng ya Mokgabiso.” Jwang? Ka 2017 Russia e ile ya thibela mosebetsi wa bahlanka ba Jehova mme ya kwalla ba bang ba bara le baradibabo rona teronkong. E ile yaba ya thibela dingolwa tsa rona tse akarelletsang Bibele ya Phetolelo ya Lefatše le Lecha. Ho feta moo, e ile ya re nkela ofisi ya lekala e Russia, Diholo Tsa Mmuso le tsa Kopano. Ka mora ho re e etse dintho tsena, ka 2018 Sehlopha se Busang se ile sa etsa qeto ya hore Russia le dinaha tse e tshehetsang ke morena wa leboya. Le ha ho le jwalo, bahlanka ba Modimo ba ke ke ba leka ho lwantsha mmuso kapa ho o fetola le haeba o ba hlorisa. Ho e na le hoo, ba mamela keletso ya Bibele e reng re lokela ho rapella “bohle ba boemong bo phahameng,” haholoholo ha ba etsa qeto ya hore na re tla sebeletsa Modimo ka bolokolohi kapa tjhe.​—1 Tim. 2:1, 2.

NA MORENA WA LEBOYA O TLA HLOLA MORENA WA BORWA?

10. Na morena wa leboya o tla hlola morena wa borwa? Hlalosa.

10 Boprofeta bo ho Daniele 11:40-45 bo bua haholo ka morena wa leboya. Na see se bolela hore o tla hlola morena wa borwa? Tjhe. Morena wa borwa o tla be a ntse a “phela” ha Jehova le Jesu ba fedisa mebuso yohle ya lefatshe ka ntwa ya Armagedone. (Tšen. 19:​20) Ke hobaneng ha re ka kgodiseha ka taba ee? Hlokomela seo boprofeta ba Daniele le ba Tšenolo bo buang ka sona.

Ka ntwa ya Armagedone Mmuso wa Modimo o tshwantshwang le lejwe o tla fedisa mebuso ya batho eo mona e emelwang ke setshwantsho se seholo (Sheba serapa sa 11)

11. Ke eng seo Daniele 2:43-45 e se hlalosang? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

11 Bala Daniele 2:43-45. Moprofeta Daniele o bua ka dintho tseo mebuso ya batho e neng e tla di etsa ho bahlanka ba Modimo. Mebuso ena e hlaloswa e le dikarolo tse fapaneng tsa seemahale sa tshepa. Mmuso wa ho qetela seemahaleng sena o hlaloswa e le maoto a sona a entsweng ka tshepe le letsopa. Maoto ana a emela Britain le United States. Boprofeta bona bo hlalosa hore Britain le United States di tla be di ntse busa ha Modimo a fedisa mebuso yohle ya batho.

12. Hlooho ya bosupa ya sebata e emelang, hona ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re tsebe see?

12 Moapostola Johanne le yena o bua ka mebuso e neng e tla hlorisa bahlanka ba Jehova. Boprofeteng ba Johanne, mebuso ena e emelwa ke sebata se nang le dihlooho tse supileng. Hlooho ya bosupa ya sebata sena e emela Britain le United States. Taba ena ke ya bohlokwa hobane ha ho na moo ho thweng sebata sena se tla ba le dihlooho tse ding. Ka hoo hlooho ena ya bosupa ya sebata e tla be e ntse e busa ha Kreste le lebotho la hae la lehodimo ba tlo fedisa sebata sena. *​—Tšen. 13:1, 2; 17:13, 14.

MORENA WA LEBOYA O TLA ETSANG NAKONG E TLANG?

13, 14. “Gogo wa naha ya Magogo” ke mang, hona ke eng e tla etsa hore a hlasele bahlanka ba Modimo?

13 Boprofeta bo ho Ezekiele bo re bolella ka se ka nnang sa etsahala pele morena wa leboya le morena wa borwa ba fediswa. Ho bonahala eka boprofeta bo ho Ezekiele 38:10-23; Daniele 2:43-45; 11:44–12:1 le Tšenolo 16:13-16, 21, bo bua ka ntho e le nngwe mme dintho tse hlahang mona ke tsona tseo re nahanang hore di tla etsahala.

14 Nakwana ka mora hore matshwenyeho a maholo a qale, “marena a lefatshe lohle leo ho ahilweng ho lona” e tla ba ditjhaba tse ikopantseng. (Tšen. 16:13, 14; 19:19) Bibele e re ditjhaba tsena tse ikopantseng ke “Gogo wa naha ya Magogo.” (Ezek. 38:2) Ditjhaba tsena di tla hlasela bahlanka ba Modimo mme di leke ho ba fedisa. Ke eng e tla etsa hore di ba hlasele? Ha moprofeta Johanne a profeta ka nako ena, o re sefako se seholo se tla otla dira tsa Modimo. Sefako sena e ka nna ya eba molaetsa o matla wa kahlolo oo bahlanka ba Jehova ba tla o bolela. Molaetsa ona o ka nna wa etsa hore Gogo wa Magogo a hlasele bahlanka ba Modimo ka sepheo sa ho ba fedisa.​—Tšen. 16:21.

15, 16. (a) Ke diketsahalo dife tseo Daniele 11:​44, 45 e buang ka tsona? (b) Ho tla etsahalang ka morena wa leboya le ba bang ba Gogo wa Magogo?

15 Molaetsa ona o matla le tlhaselo ya ho qetela ho dira tsa Modimo, e ka nna yaba ke diketsahalo tse tshwanang le tse ho Daniele 11:​44, 45 (E bale.) Boprofeteng bona Daniele o re “ditlaleho . . . tse tswang botjhabatsatsi le tse tswang leboya” di halefisa morena wa leboya haholo. Ka hoo, morena wa leboya o “nehela ba bangata timetsong.” Batho ba “bangata” bao ho buuwang ka bona e ka nna yaba ke bahlanka ba Jehova. * E ka nna yaba mona Daniele o hlalosa tlhaselo ya ho qetela ho bahlanka ba Modimo.

16 Ha morena wa leboya le mebuso e meng di hlasela bahlanka ba Modimo, sena se tla etsa hore Modimo ya Matla Ohle a halefe haholo mme ntwa ya Armagedone e tla qala. (Tšen. 16:14, 16) Ka nako eo morena wa leboya le ditjhaba tse ding tseo e leng karolo ya Gogo wa Magogo di tla fediswa mme di “tla hloka mothusi.”​—Dan. 11:45.

Ka ntwa ya Armagedone Jesu Kreste le lebotho la hae la lehodimo ba tla fedisa lefatshe le kgopo la Satane mme ba pholose bahlanka ba Modimo (Sheba serapa sa 17)

17. Ke mang Mikaele “kgosana e kgolo” eo Daniele 12:⁠1 e buang ka yena, hona o etsang?

17 Temana e latelang tlalehong ena ya Daniele, e re fa dintlha tse eketsehileng ka hore na morena wa leboya le mebuso e meng e tla fediswa jwang le ka moo re tla pholoswa ka teng. (Bala Daniele 12:⁠1.) Temana ena e bolelang? Mikaele ke lebitso la Morena wa rona ya busang, Kreste Jesu. Haesale a ‘eme molemong’ wa bahlanka ba Modimo ho tloha ka 1914 ha e ne e eba morena wa Mmuso wa Modimo lehodimong. Haufinyane o tla ema kapa a fedise dira tsa hae ka ntwa ya Armagedone. Ntwa ena e tla ba ketsahalo ya ho qetela eo Daniele a e bitsang ka hore ke “nako ya mahlomola” a maholo historing. Boprofeta ba Johanne bo ho Tšenolo, bo bua ka nako e lebisang ho Armagedone le ntwa ya Armagedone e le ‘matshwenyeho a maholo.’​—Tšen. 6:2; 7:14.

NA LEBITSO LA HAO LE TLA BE LE “NGOTSWE BUKENG”?

18. Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshwenyeha ka se tla etsahala?

18 Daniele le Johanne ba itse Jehova le Jesu ba tla pholosa bahlanka ba bona nakong ya matshwenyeho a maholo. Ka hoo ha re a lokela ho tshwenyeha ho sa tsotellehe hore na ho etsahalang. Daniele o ile a re batho ba pholohileng mabitso a bona a tla be a “ngotswe bukeng.” (Dan. 12:⁠1) Ke eng seo re ka se etsang e le hore mabitso a rona a ngolwe bukeng eo? Re lokela ho bontsha hore re na le tumelo ho Jesu Konyana ya Modimo. (Joh. 1:​29) Hape re lokela ho inehela ho Modimo mme re kolobetswe. (1 Pet. 3:​21) Re boetse re tlameha ho tshehetsa Mmuso wa Modimo ka hore re etse sohle seo re ka se kgonang ho thusa batho ba bang ho ithuta ka yena.

19. Ke eng seo hona jwale re lokelang ho se etsa, hona hobaneng?

19 Ena ke nako ya hore re tshepe Jehova le mokgatlo wa hae le ho feta hape re tshehetse Mmuso wa hae. Haeba re etsa jwalo, re tla pholoha ha Mmuso wa Modimo o fedisa morena wa leboya le morena wa borwa.

PINA YA 149 Pina ya Tlholo

^ par. 5 “Morena wa leboya” ke mang kajeno, hona o tla fediswa jwang? Dikarabo tsa dipotso tsena di tla matlafatsa tumelo ya rona le ho re thusa hore re itokisetse se tla etsahala nakong e tlang.

^ par. 12 Ho fumana dintlha tse eketsehileng ka boprofeta bo ho Daniele 2:36-45 le Tšenolo 13:1, 2 sheba Molula-Qhooa wa June 15 2012, leq. 7-19.

^ par. 15 Ho fumana dintlha tse eketsehileng sheba Molula-Qhooa wa May 15, 2015 leq. 27-28.