Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 21

Na U Ananela Limpho Tseo Jehova a U Fileng Tsona?

Na U Ananela Limpho Tseo Jehova a U Fileng Tsona?

“U entse lintho tse ngata, Jehova Molimo oa ka, esita le mesebetsi ea hao e hlollang le menahano ea hao ho rona.” ​—PES. 40:5.

PINA EA 5 Mesebetsi ea Molimo e Meholo

SELELEKELA *

1-2. Ho ea ka Pesaleme ea 40:​5, Jehova o re file limpho life, hona ke hobane’ng ha re tl’o bua ka tsona sehloohong see?

JEHOVA ke Molimo ea fanang. Nahana ka tse ling tsa limpho tseo a re fileng tsona, e leng lefatše lehae la rona le letle, boko ba rona bo entsoeng ka tsela e hlollang le Lentsoe la hae Bibele. Ka lebaka la limpho tsena tse tharo, Jehova o re file moo re lulang teng, o re file bokhoni ba ho nahana le ho bua le batho ba bang hape o re file likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa tseo re ka ipotsang tsona.​—Bala Pesaleme ea 40:5.

2 Sehloohong sena, re tl’o bua ho se hokae ka limpho tseo tse tharo. Ha re nahanisisa ka limpho tsena, re tla li ananela le ho feta re be re labalabele ho thabisa ’Mopi oa rona ea lerato Jehova. (Tšen. 4:​11) Hape re tla khona ho behelana mabaka le batho ba boleletsoeng mashano a hore lintho li ikentse.

LEHAE LA RONA LE IKHETHANG

3. Ke hobane’ng ha lefatše le ikhetha?

3 Ha re sheba tsela eo Molimo a entseng lefatše ka eona, rea hlokomela hore o bohlale. (Bar. 1:​20; Baheb. 3:4) Ho na le lipolanete tse ling tse potolohang letsatsi joaloka lefatše empa lefatše lona lea ikhetha hobane le na le lintho tsohle tse etsang hore bophelo bo be teng.

4. Ke hobane’ng ha re ka re Molimo o bohlale ha re sheba tsela eo a entseng lefatše ka eona? Hlalosa.

4 Re ka bapisa lefatše le ntlo e notletsoeng e hole koana hlatheng. Leha ho le joalo, ho na le lintho tsa bohlokoa tseo lefatše le fapanang ka tsona le ntlo e hlatheng e tletseng batho. Mohlala, u nahana hore batho ba ka ntlong eo ba ne ba tla phela nako e kae haeba ba ne ba tlameha ho iketsetsa lijo, metsi le moea o hloekileng (oxygen) hape ba sa khone ho lahlela litšila tsohle ka ntle? Ho e-s’o ee kae, batho bao ba ne ba tla shoa. Empa ho fapana le hoo, batho ba libilione ba khona ho phela lefatšeng. Lefatše le khona ho ba fa moea o hloekileng, lijo le metsi ’me ha ho mohla lintho tsena li felang. Le hoja litšila tse li lula li le teng lefatšeng, le lula le letle hape le e-na le bophelo. Hoo ho khoneha joang? Jehova o entse lefatše ka tsela eo le khonang ho etsa hore lintho tseo re sa li hlokeng li fetohe hore ebe lintho tseo re ka li sebelisang hape. Re tl’o bua hanyane ka lipotoloho tse peli tse ikhethang e leng ea moea o hloekileng le ea metsi.

5. U ka hlalosa potoloho ea moea o hloekileng joang, hona e paka taba efe?

Batho le liphoofolo ba hloka moea o hloekileng e le hore ba phele. Ho hakanngoa hore ka selemo batho le liphoofolo ba hema moea o mongata haholo hoo o ka thibang letsatsi. Ebe ba ntša moea o litšila o bitsoang carbon dioxide. Empa ha ho le ka mohla moea o litšila o bang mongata ho feta o hloekileng. Taba ee e khonahala joang? Jehova o entse limela tse sa tšoaneng le tse sa lekaneng ka boholo tse nkang carbon dioxide ebe li re fa oxygen. Ha re sheba potoloho ena, re ka lumellana le mantsoe a hlahang ho Liketso 17:​24, 25 a reng: “Molimo . . . o fa batho bohle bophelo le phefumoloho.”

6. U ka hlalosa potoloho ea metsi joang, hona e pakahatsa’ng? (Sheba lebokose le reng “ Potoloho ea Metsi ke Mpho e Tsoang ho Jehova.”)

6 Kaha lefatše le lutse sebakeng se nepahetseng hole le letsatsi, le khona ho boloka metsi e le mokelikeli. Haeba le le haufi haholo le letsatsi, metsi a ne a tla bela ebe a siea lefatše le omme khere! hape le se na bophelo. Athe haeba teng le ne le le hole haholo le letsatsi, metsi e ne e tla ba qhoqhoane ebe lefatše le ba le lehloa le leqhoa le lengata. Empa kaha Jehova o behile lefatše moo ho loketseng, potoloho ea lona ea metsi e etsa hore ho be le bophelo. Mocheso oa letsatsi o etsa hore metsi a maoatleng le matamong a etse mouoane ebe a etsa maru. Selemo le selemo, mocheso oa letsatsi o fetola lilithara tsa metsi tse limilione-milione mouoane. Metsi ana a lula sepakapakeng matsatsi a ka bang leshome pele a ka theoha e le pula kapa lehloa. Ka tsela ena metsi a phallela maoatleng, matamong le linokeng ebe potoloho ena e ntse e ipheta joalo-joalo. Jehova o entse potoloho ea metsi e le hore lefatše le se ke la felloa ke metsi ’me taba ena e pakahatsa hore Jehova o bohlale hape o matla.​—Jobo 36:​27, 28; Moek. 1:7.

7. Re ka bontša joang hore re ananela mpho eo re nang le eona e hlahang ho Pesaleme ea 115:16?

7 Re ka thusoa ke’ng hore re ananele lehae la rona le lintho tsohle tse ho lona? (Bala Pesaleme ea 115:​16.) Tsela e ’ngoe e ka ba ka ho nahanisisa ka lintho tseo Jehova a li entseng. Ho etsa joalo ho tla re susumeletsa hore re ananele Jehova le lintho tse ntle tseo a re fang tsona. Hape, re bontša hore re ananela lefatše ka hore re le boloke le hloekile kahohle kamoo re ka khonang.

BOKO BA RONA BO HLOLLANG

8. Ke hobane’ng ha re ka re boko ba rona boa hlolla?

8 Boko ba motho bo entsoe ka tsela e hlollang. Ha lesea le ntse le le ka popelong ea ’mè oa lona, boko ba lona bo haheha ka tsela eo Jehova a e rerileng, ebe motsotso o mong le o mong ho ba le lisele tse ncha tsa boko tse hlahang. Bo-ralipatlisiso ba hakanya hore boko ba motho e moholo bo na le lisele tse ikhethang tse 100 bilione tse bitsoang li-neuron. Lisele tsena li etsa boko ba rona bo ka bang boima ba 1.5 kg. Nahana ka lintho tse seng kae tseo boko bo hlollang ka tsona.

9. U tiisetsoa ke’ng hore bokhoni ba rona ba ho bua ke mpho e tsoang ho Jehova?

9 Bokhoni ba rona ba ho bua ke mohlolo kannete. Ak’u nahane ka hore na ho etsahala’ng ha re bua. Lentsoe ka leng leo u le buang, boko ba hao bo lokela ho tsamaisa mesifa e ka bang lekholo lelemeng, qoqothong, molomong, mehlareng le ka sefubeng sa hao. E le hore u bitse mantsoe hantle, mesifa ena e lokela ho tsamaea ka tsela e itseng. Ha re tla tabeng ea ho ba le bokhoni ba ho bua lipuo tse fapaneng, lipatlisiso tse entsoeng ka 2019 li bontša hore ngoana oa lesea a ka khona ho utloa mantsoe a itseng le ho arabela a itseng. Taba ena e lumellana le bo-ralipatlisiso ba bang ba lumelang hore re hlaha re e-na le bokhoni ba ho utloa le ho ithuta lipuo tse ling. Kannete bokhoni ba ho bua ke mpho e tsoang ho Jehova.​—Ex. 4:11.

10. Re ka bontša joang hore re ananela mpho eo Jehova a re fileng eona ea ho bua?

10 Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka bontšang hore re ananela mpho eo Jehova a re fileng eona ea ho bua, ke ka hore re hlalosetse batho ba lumelang hore lintho li ikentse hore na ke hobane’ng ha re lumela hore Molimo o bopile lintho tsohle. (Pes. 9:1; 1 Pet. 3:​15) Batho ba lumelang thuto ena ba re lefatše le lintho tse ho lona li ikentse. Ha re sebelisa Bibele le lintho tseo re ithutileng tsona sehloohong sena, re ka khona ho emela ntate oa rona Jehova le ho hlalosetsa batho ba batlang ho re mamela hore na re kholisoa ke’ng hore Jehova ke ’Mopi oa leholimo le lefatše.​—Pes. 102:​25; Esa. 40:​25, 26.

11. Lebaka leo ka lona re ka reng boko ba rona boa hlolla ke lefe?

11 Bokhoni boo re nang le bona ba ho hopola ke semaka. Nakong e fetileng, mongoli e mong o ile a hakanya hore boko ba motho bo khona ho hopola lintho tse ngata tse ka lekanang le boitsebiso bo ka libukeng tse 20 milione. Empa hona joale ho lumeloa hore re ka khona ho hopola lintho tse ngata haholo ho feta tseo. Kaha batho ba na le bokhoni ba ho hopola, ke ntho efe e ikhethang eo ba nang le eona?

12. Bokhoni ba rona ba ho ithuta melao ea boitšoaro bo re khetholla joang ho liphoofolo?

12 Linthong tsohle tseo Jehova a li bopileng, ke batho feela ba nang le bokhoni ba ho ithuta melao ea boitšoaro ka hore ba hopole lintho tse ileng tsa etsahala nakong e fetileng. Ka lebaka leo, re ka khona ho ithuta melao e nepahetseng ’me ra fetola tsela eo re nahanang le ho phela ka eona. (1 Bakor. 6:​9-11; Bakol. 3:​9, 10) Ha e le hantle, re ka khona ho koetlisa matsoalo a rona hore a tsebe phapang ea ntho e nepahetseng le e fosahetseng. (Baheb. 5:​14) Re boetse re ka ithuta ho ba lerato, ho ba mosa le ho ba mohau. Hape re ka etsisa Jehova ka hore re be le toka.

13. Ho ea ka Pesaleme ea 77:​11, 12, re lokela ho sebelisa mpho eo Jehova a re fileng eona ea ho hopola joang?

13 Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka bontšang hore re ananela mpho eo Jehova a re fileng eona ea ho hopola, ke ka hore ka linako tsohle re leke ho hopola maemo ao ho ’ona Jehova a ileng a re thusa le ho re tšelisa nakong e fetileng. Ho etsa joalo ho tla etsa hore re kholisehe hore o tla re thusa le ka moso. (Bala Pesaleme ea 77:​11, 12; 78:​4, 7) Ntho e ’ngoe eo re ka e etsang ke hore re hopole lintho tse ntle tseo batho ba bang ba ileng ba re etsetsa tsona le ho ananela lintho tseo ba re etsetsang tsona. Bo-ralipatlisiso ba fumane hore batho ba lulang ba leboha ba na le monyetla o moholo oa ho lula ba thabile. Re ka boela ra etsisa Jehova ka hore ho be le lintho tseo re khethang ho li lebala. Ka mohlala, le hoja Jehova a sa lebale, o khetha ho re tšoarela le ho lebala liphoso tseo re li etsang hafeela re baka. (Pes. 25:7; 130:​3, 4) O batla hore le rona re etse ntho e tšoanang ha batho ba bang ba soabetse lintho tseo ba re entseng tsona tse re utloisitseng bohloko kapa tse re koatisitseng.​—Mat. 6:​14; Luka 17:​3, 4.

Re bontša hore re ananela mpho eo Jehova a re fileng eona ea boko ka hore re bo sebelisetse ho mo tlotlisa (Sheba serapa sa 14) *

14. Re ka bontša joang hore re ananela mpho e hlollang eo Jehova a re fileng eona ea boko?

14 Re ka bontša hore re ananela mpho eo re e filoeng ea boko ka hore re bo sebelisetse ho tlotlisa ea re fileng bona. Batho ba bang bona ba sebelisa boko ba bona ka mabaka a boithati ka ho iketsetsa melao ea hore na ntho e nepahetseng le e fosahetseng ke efe. Kaha Jehova ke eena ea re bopileng, hoa utloahala hore ebe melao ea hae ea boitšoaro e molemo ho feta melao eo rona re ka ipehelang eona. (Bar. 12:​1, 2) Re ba le khotso ha re mamela melao ea Jehova. (Esa. 48:​17, 18) Re boetse rea ithuta hore na Jehova o batla hore re etse’ng ha re sa phela e le hore re mo tlotlise le ho etsa hore a be motlotlo ka rona.​—Liprov. 27:11.

MPHO EA BOHLOKOA E LENG BIBELE

15. Mpho ea Bibele eo Jehova a re fileng eona e bontša joang hore oa re rata?

15 Bibele ke mpho ea bohlokoa eo Jehova a re fileng eona ka lerato. Jehova o ile a bululela batho hore ba ngole Bibele hobane a re rata haholo. O sebelisa Bibele ho araba lipotso tsa bohlokoa tseo re ka ipotsang tsona tse kang: Re tsoa hokae? Re phelela’ng? Bokamoso bo re tšoaretse’ng? Jehova o batla hore bana ba hae ba ithute likarabo tsa lipotso tsena, ke kahoo ho theosa le lilemo a ileng a etsa hore Bibele e fetoleloe ka lipuo tse ngata. Hona joale, Bibele e fumaneha ka lipuo tse ka holimo ho 3 000 e feletse kapa e sa fella! Ha ho e-s’o be le buka le ha e le efe e fetoletsoeng ka bongata joaloka Bibele ho tloha khale. Ho sa tsotellehe hore batho ba lula hokae kapa ba bua puo efe, boholo ba bona ba na le monyetla oa ho ithuta molaetsa oa Bibele ka puo ea bona.​—Sheba lebokose le reng, “ Ho Etsoa Hore Bibele e Fumanehe ka Lipuo Tsa Afrika.”

16. Ho ea ka Matheu 28:​19, 20, re ka bontša joang hore re ananela Bibele?

16 Re ka bontša hore re ananela mpho ea Bibele ka ho e bala letsatsi le leng le le leng, re thuise ka lintho tseo re ithutang tsona hape re leke kahohle kamoo re ka khonang ho etsa lintho tseo e re rutang tsona. Ho ekeletsa moo, re bontša hore re ananela Jehova ka hore re bolelle batho ba bangata kamoo ho ka khonehang molaetsa oa Bibele.​—Pes. 1:​1-3; Mat. 24:​14; bala Matheu 28:​19, 20.

17. Re buile ka limpho life sehloohong see, hona re tl’o bua ka life ho se latelang?

17 Sehloohong sena re buile ka limpho tseo Molimo a re fileng tsona e leng lefatše, boko ba rona bo hlollang le Lentsoe la hae Bibele. Empa ho boetse ho na le limpho tseo Jehova a re fileng tsona tseo re sa li boneng. Re tl’o bua ka limpho tseo sehloohong se latelang.

PINA EA 12 Jehova ke Molimo e Moholo

^ ser. 5 Sehlooho sena se tl’o re thusa ho ananela Jehova le limpho tse tharo tseo a re fileng tsona. Se tl’o boela se re thuse ho behelana mabaka le batho ba belaelang hore Molimo o teng.

^ ser. 64 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Morali’abo rona e mong o ithuta puo e ’ngoe e le hore a ka ruta bajaki Lentsoe la Molimo.