Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 21

Na o Ananela Dimpho Tseo Modimo a o Fileng Tsona?

Na o Ananela Dimpho Tseo Modimo a o Fileng Tsona?

“O entse dintho tse ngata, Jehova Modimo wa ka, esita le mesebetsi ya hao e hlollang le menahano ya hao ho rona.”​PES. 40:5.

PINA YA 5 Mesebetsi e Hlollang ya Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Ho ya ka Pesaleme ya 40:5, ke dimpho dife tseo Jehova a re fileng tsona, hona ke hobaneng ha re tlo bua ka tsona sehloohong see?

JEHOVA ke Modimo ya ratang ho fana. Nahana ka tse ding tsa dimpho tseo a re fileng tsona, e leng lefatshe, boko ba rona bo entsweng ka tsela e ikgethang le Lentswe la hae Bibele. Ka ha Jehova o re file dimpho tsena tse tharo, re na le sebaka seo re ka phelang ho sona, bokgoni ba ho nahana le ho buisana le batho ba bang le dikarabo tsa dipotso tsa bohlokwa tseo re ka ipotsang tsona.​—Bala Pesaleme ya 40:5.

2 Sehloohong sena re tla bua ka dimpho tsena tse tharo. Ha re nahanisisa ka tsona, re tla ba batho ba ananelang mme re tla batla ho thabisa Mmopi wa rona ya lerato Jehova. (Tšen. 4:11) Re tla boela re kgone ho thusa batho ba nahanang hore dintho di ikentse.

POLANETE YA RONA E IKGETHANG

3. Ke hobaneng ha lefatshe le fapane le dipolanete tse ding?

3 Ha re hlokomela tsela eo Modimo a entseng lefatshe ka yona, re a bona hore o bohlale. (Bar. 1:20; Baheb. 3:4) Ho na le dipolanete tse ding tse potolohang letsatsi, empa lefatshe le a ikgetha hobane le entswe ka tsela eo batho ba ka kgonang ho phela ho lona.

4. Re bona jwang hore Modimo o bohlale tseleng eo a entseng lefatshe ka yona? Hlalosa.

4 Re ka bapisa lefatshe le sekepe se ka lewatleng. Empa ho na le phapang pakeng tsa lefatshe le sekepe se tletseng batho. Ka mohlala, batho ba ka sekepeng ba tla nka nako e kae ba phela haeba ba tlameha ho iketsetsa oksijene ya bona, dijo, metsi ebile ba sa kgone ho ntsha ditshila ka sekepeng? Batho ba ka sekepeng seo ba ke ke ba nka nako e telele ba ntse ba phela. Ho fapana le hoo, lefatsheng ho phela batho le diphoofolo tse dibilione. Le kgona ho hlahisa oksijene, dijo le metsi ao re a hlokang mme ha ho mohla dintho tsena tsa bohlokwa di felang. Le hoja ho ntse ho ena le ditshila lefatsheng empa e ntse e le sebaka se setle le seo motho a ka thabelang ho dula ho sona. Seo se kgoneha jwang? Jehova o entse hore lefatshe le kgone ho itlhwekisa. Ka hoo, re tla bua ka dintho tse pedi tse ikgethang e leng potoloho ya oksijene le potoloho ya metsi.

5. Potoloho ya oksijene ke eng, hona e dumellana leng?

5 Oksijene ke moya oo batho le diphoofolo di o hlokang e le hore di tswele pele ho phela. Dipatlisiso di bontsha hore batho le diphoofolo di sebedisa dibilione tse makgolo tsa oksijene ka selemo. Ha ka lehlakoreng le leng di ntsha moya o sa hlwekang o bitswang carbon dioxide. Le ha ho le jwalo, ha ho mohla oksijene e felang kapa tikoloho e tlalang ka moya o “ditshila” e leng carbon dioxide. Ke hobaneng ha ho le jwalo? Hobane Jehova o bopile dimela tse ngata tse sa tshwaneng tse nkang carbon dioxide ebe di ntsha oksijene. Ka ha potoloho ena e etsa hore re be le moya oo re o hemang, re ka dumellana le mantswe a ho Liketso 17:24, 25 a reng: “Modimo . . . o fa batho bohle bophelo le phefumoloho.”

6. Potoloho ya metsi ke eng, hona e re bontshang? (Sheba lebokose le reng, “ Jehova o re File Mpho ya Potoloho ya Metsi.”)

6 Ka ha polanete ya lefatshe e sebakeng se nepahetseng, seo se etsa hore re be le metsi. Haeba lefatshe le ne le ka atamela hanyane feela pela letsatsi, metsi a ne a tla tjha, ho tjhese haholo hape ho se ke ha ba le motho ya phelang. Ka lehlakoreng le leng, haeba lefatshe le ne le ka ya hole hanyane le letsatsi, metsi e ne e tla ba leqhwa mme lefatshe le ne le tla tlala ka lehlwa. Ka ha Jehova o behile lefatshe sebakeng se nepahetseng, potoloho ya metsi e kgona ho etsa hore batho ba phele. Letsatsi le futhumatsa metsi a mawatleng mme a fetoha mohodi o etsang hore ho be le maru. Selemo le selemo letsatsi le futhumatsa metsi a mawatleng a ka bang 500 000 cu km e le hore ebe mohodi. Metsi ana a dula sepakapakeng ka matsatsi a ka bang leshome, pele a ka fetoha pula kapa lehlwa. Ka tsela eo metsi a boela a kgutlela mawatleng mme potoloho ena e boela e ipheta hape. Jehova o entse hore ho be le potoloho ya metsi e le hore ho dule ho ena le metsi lefatsheng. Sena se bontsha hore Jehova o bohlale ebile o matla.​—Jobo 36:27, 28; Moek. 1:7.

7. Re ka bontsha jwang hore re ananela mpho e hlahang Lengolong la Pesaleme ya 115:16?

7 Ke eng e ka re thusang hore re ananela polanete ya rona le dintho tse ho yona? (Bala Pesaleme ya 115:16.) E nngwe ya dintho tse ka re thusang ke ho nahanisisa ka dintho tseo Jehova a di entseng. Sena se ka re susumelletsa hore re lebohe Jehova letsatsi le letsatsi ka dintho tse molemo tseo a re fileng tsona. Hape re ka bontsha hore re ananela lefatshe ka hore re hlwekise sebaka seo re dulang ho sona.

BOKO BA RONA BO ENTSWENG KA TSELA E IKGETHANG

8. Ke hobaneng ha re ka re boko ba rona bo entswe ka tsela e babatsehang?

8 Boko ba rona bo entswe ka tsela e babatsehang. Ha o ne o le ka mpeng ya Mme wa hao, boko ba hao bo ile ba eba ka tsela eo bo neng bo reretswe hore bo be ka yona mme ho ile ha eba le disele tsa boko tse makgolo. Batho ba etsang dipatlisiso ba nahana hore boko ba motho ya hodileng bo ka ba le disele tse ikgethang tse ka bang dibilione tse 100 tse bitswang neurons. Disele tsena di etsa boko ba rona bo boima ba khilokramo tse 1, 5. A re hlahlobeng tse ding tsa dintho tseo boko ba rona bo nang le bokgoni ba ho di etsa.

9. O kgodiswa ke eng hore bokgoni ba rona ba ho bua ke mpho e tswang ho Modimo?

9 Bokgoni ba rona ba ho bua bo a ikgetha. Ka mohlala, nahana ka se etsahalang ha o bua. Lentswe le leng le le leng leo o le buang, boko ba hao bo lokela ho tsamaisa mesifa e ka bang 100 ya leleme, mmetso, molomo, mohlahare le sefuba sa hao. E le hore o kgone ho bitsa mantswe ka tsela e hlakileng, mesifa ena e lokela ho tsamaya ka tsela e hlophisehileng. Mabapi le ho ithuta dipuo tse ding teng, buka e ileng ya phatlalatswa ka 2019 e ile ya bontsha hore bana ba qetang ho hlaha ba kgona ho hlokomela le ho bontsha hore ba utlwa mantswe a itseng. Buka ena e dumellana le seo batho ba etsang dipatlisiso ba se dumelang, e leng hore re hlaha re ena le bokgoni ba ho hlokomela le ho ithuta dipuo tse ding. Ho hlakile hore bokgoni ba rona ba ho bua ke mpho e tswang ho Modimo.​—⁠Ex. 4:⁠11.

10. Re ka bontsha jwang hore re ananela mpho eo Modimo a re fileng yona ya ho bua?

10 Tsela e nngwe eo re ka bontshang ka yona hore re ananela mpho ena, ke ka hore re bolelle batho ba dumelang hore dintho di iphetotse hore na ke hobaneng ha re dumela hore Modimo o bopile dintho tsohle. (Pes. 9:⁠1; 1 Pet. 3:​15) Batho bao ba dumela hore lefatshe le dintho tsohle tse phelang ho lona ha di a bopuwa. Ka hoo, haeba re sebedisa Bibele le dintlha tse ding tseo ho buuweng ka tsona sehloohong sena, re ka emela Ntate wa rona ya lehodimong. Hape re ka hlalosetsa batho ba batlang ho mamela hore na ke hobaneng ha re kgodisehile hore Jehova ke Mmopi wa lehodimo le lefatshe.​—Pes. 102:25; Esa. 40:25, 26.

11. Ke hobaneng ha re ka re boko ba rona bo entswe ka tsela e babatsehang?

11 Tsela eo re kgonang ho hopola dintho ka yona e ya babatseha. Nakong e fetileng mongodi e mong o ile a re boko ba motho bo kgona ho hopola dintho tse ngotsweng dibukeng tse ka bang dimilione tse 20. Empa hona jwale ho bontshwa hore boko ba motho bo ka kgona ho hopola dintho tse fetang tseo. Ka hoo ke bokgoni bofe boo motho a nang le bona?

12. Batho ba fapana jwang le diphoofolo mabapi le hore na ba phele jwang?

12 Ke batho feela ba nang le bokgoni ba ho ithuta dinthong tse fetileng tse ileng tsa ba etsahalla. Ka lebaka leo re ka kgona ho ithuta mekgwa e metle mme ra fetola tsela eo re nahanang le ho phela ka yona. (1 Bakor. 6:9-11; Bakol. 3:9, 10) Ha e le hantle re ka kgona ho kwetlisa matswalo a rona hore a kgetholle se nepahetseng le se fosahetseng. (Baheb. 5:14) Re ka boela ra ithuta ho hauhela batho ba bang, ho ba bontsha lerato le mosa. Hape re ka ithuta ho sebe le kgethollo jwalo ka Jehova.

13. Ho ya ka Pesaleme ya 77:​11, 12 re ka sebedisa mpho ya rona ya ho hopola jwang?

13 Tsela eo re ka ananelang mpho ya ho hopola ka yona, ke ka hore re hopole ka moo Jehova a ileng a re thusa le ho re kgothatsa. Sena se tla etsa re kgodisehe hore o tla boela a re thuse le nakong e tlang. (Bala Pesaleme ya 77:11, 12; 78:4, 7) Tsela e nngwe ke ka hore re hopole dintho tse ntle tseo batho ba bang ba ileng ba re etsetsa tsona mme re di ananele. Batho ba etsang dipatlisiso ba fumane hore hangata batho ba nang le kananelo ba thaba ho feta ba se nang yona. Re boetse re ka etsisa Jehova ka hore re kgethe ho lebala dintho tse ding. Ka mohlala, Jehova o kgona ho hopola ntho e nngwe le e nngwe empa ha re baka o kgetha ho re tshwarela le ho lebala diphoso tsa rona. (Pes. 25:7; 130:3, 4) Ka hoo o batla hore re etse se tshwanang ha ba bang ba kopa tshwarelo ha ba re foseditse.​—Mat. 6:14; Luka 17:3, 4.

Re bontsha hore re ananela boko boo Jehova a re fileng bona ka hore re bo sebedisetse ho mo hlompha (Sheba serapa sa 14) *

14. Re ka bontsha jwang hore re ananela boko boo Modimo a re fileng bona?

14 Re ka bontsha hore re ananela boko boo Modimo a re fileng bona ka hore re bo sebedise ka tsela e bontshang hore re a mo hlompha. Batho ba bang ba sebedisa boko ba bona ho ikgethela hore na ke se fe se nepahetseng le se fosahetseng. Empa ka ha Jehova ke yena ya re bopileng, ho a utlwahala hore ebe melao ya hae e molemo ho feta eo re ipehelang yona. (Bar. 12:1, 2) Ha re phela ka melao ya Jehova re ba le kgotso bophelong ba rona. (Esa. 48:17, 18) Hape re ithuta tsela e molemo ya ho phela, e leng ho tlisa tlhompho ho Mmopi wa rona le ho mo thabisa.​—Liprov. 27:11.

BIBELE KE MPHO YA BOHLOKWA

15. Ke jwang mpho ya Bibele eo Jehova a re fileng yona e bontshang hore o a re rata?

15 Bibele ke mpho e bontshang hore Jehova o a re rata. Ntate wa rona ya lehodimong o ile a sebedisa batho hore ba ngole Bibele hobane a re rata. Jehova o sebedisa Bibele ho arabela dipotso tsa bohlokwa tseo re ka ipotsang tsona, tse kang: Re tswa hokae?, Re phelelang? le lefatshe le tla ba jwang nakong e tlang? Jehova o batla hore bana ba hae kaofela ba tsebe dikarabo tsa dipotso tsena. Ka hoo o entse hore batho ba fetolele Bibele ka dipuo tse ngata. Kajeno Bibele e felletseng kapa dikarolo tse itseng tsa yona, e fumaneha ka dipuo tse fetang 3 000. Bibele ke buka e fetolelwang le ho ajwa ka ho fetisisa historing. Ho sa tsotellehe hore na batho ba phela hokae kapa ba bua puo efe, bongata ba bona ba fumana monyetla wa ho bala Bibele ka puo ya bona.​—Sheba lebokose le reng, “ Re Etsa Hore Bibele e Fumanehe ka Dipuo Tsa Africa.”

16. Ho ya ka Matheu 28:​19, 20, ke jwang re ka bontshang hore re ananela Bibele?

16 Re ka bontsha hore e ananela Bibele ka hore re e bale letsatsi le letsatsi, re nahanisise ka seo e se rutang le ho leka ka hohle ho etsa seo re ithutileng sona. Ho feta moo, re ka bontsha hore re ananela Modimo ka hore re etse sohle seo re ka se kgonang ho ruta batho ba bangata ka moo ho ka kgonehang molaetsa wa Bibele.​—Pes. 1:1-3; Mat. 24:14; bala Matheu 28:19, 20.

17. Ke dimpho dife tseo re buileng ka tsona sehloohong see?

17 Sehloohong sena re ithutile ka dimpho tseo Modimo a re fileng tsona, tse kang lefatshe, boko ba rona bo entsweng ka tsela e babatsehang le Lentswe la hae e leng Bibele. Empa ho na le dimpho tseo Modimo a re fileng tsona tseo re ke keng ra di bona ka mahlo. Sehloohong se latelang re tla bona hore na dimpho tseo ke dife.

PINA YA 12 Jehova, Modimo e Moholo

^ par. 5 Sehlooho sena se tla re thusa hore re ananele Jehova ka dimpho tse tharo tse molemo tseo a re fileng tsona. Se tla boela se re thuse hore na ke jwang re ka thusang batho ba sa dumeleng hore Modimo o teng.

^ par. 64 SETSHWANTSHO SE A HLALOSWA: Moradiwabo rona o ithuta puo e nngwe e le hore a bolelle batho ba hlahang dinaheng tse ding molaetsa wa Bibele.