Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 22

Ananela Limpho Tseo re sa li Boneng Tse Tsoang ho Jehova

Ananela Limpho Tseo re sa li Boneng Tse Tsoang ho Jehova

“Re behile mahlo a rona linthong tse sa bonoeng. . . . Etsoe lintho tse bonoang ke tsa nakoana, empa lintho tse sa bonoeng ke tsa ka ho sa feleng.”​—2 BAKOR. 4:18.

PINA EA 45 Lintho Tseo ke li Nahanisisang

SELELEKELA *

1. Jesu o ile a reng ka matlotlo a leholimong?

HA SE matlotlo ’ohle ao re ka a bonang. Ha e le hantle, matlotlo a bohlokoa ke ao re sa a boneng. Ho Matheu khaolo ea 5 ho ea ho ea 7 Jesu o ile a bua ka matlotlo a leholimong a leng bohlokoa ho feta maruo kapa chelete. O ile a phaella ka hore: “Moo letlotlo la hao le leng teng, le pelo ea hao e tla ba hona teng.” (Mat. 6:​19-21) Ha re nka ntho e itseng e le ea bohlokoa haholo ho rona, re tla etsa sohle se matleng a rona hore re e fumane. Lipelo tsa rona li ka re susumeletsa hore re phehelle lintho tseo re nkang e le tsa bohlokoa. Re ipolokela matlotlo leholimong ka hore re iketsetse lebitso le letle kapa ka hore re be ka lehlakoreng la Molimo. Joalokaha Jesu a ile a hlalosa, matlotlo a mofuta oo a ke ke a senngoa kapa a utsuoa.

2. (a) Ho ea ka 2 Bakorinthe 4:​17, 18 Pauluse o re khothaletsa hore re amehe ka’ng? (b) Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?

2 Moapostola Pauluse o ile a re khothaletsa hore re behe “mahlo a rona linthong tse sa bonoeng.” (Bala 2 Bakorinthe 4:​17, 18.) Lintho tsena tseo re sa li boneng ke matlotlo a akareletsang melemo eo re tla e fumana lefatšeng le lecha. Sehloohong sena, re tl’o bua ka matlotlo a mane ao re sa bonahaleng ao re ruang molemo oa ’ona hona joale, e leng ho ba metsoalle ea Molimo, mpho eo re nang le eona ea thapelo, ho thusoa ke moea o halalelang le tšehetso eo re e fuoang ke Jehova, Jesu le mangeloi mosebetsing oa rona oa boboleli. Re tla boela re ithute hore na re ka etsa’ng ho bontša hore re leboha Jehova ka limpho tsena tseo re sa li boneng tseo a re fileng tsona.

SETSOALLE LE JEHOVA

3. Letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa leo re sa le boneng ke lefe, hona re ka khona ho ba le lona joang?

3 Mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re sa e boneng eo re ka bang le eona ke ho ba metsoalle ea Jehova Molimo. (Pes. 25:​14) Ke ntho e khonehang joang hore Molimo ebe motsoalle oa batho ba sa phethahalang ebe ho ntse ho le joalo o lula a ntse a halalela? A ka khona ka lebaka la sehlabelo sa Jesu ea ‘tlositseng sebe sa lefatše’ ho moloko oa batho. (Joh. 1:​29) Le pele Jesu a shoa, Jehova o ne a tseba hore mora eo oa hae o tla lula a tšepahala ho fihlela lefung e le hore a pholose batho. Ke ka lebaka leo Molimo e ileng ea e-ba motsoalle oa batho esita le pele Jesu a e-shoa.​—Bar. 3:25.

4. Fana ka mehlala ea batho bao e ileng ea e-ba metsoalle ea Molimo pele Jesu a tla lefatšeng.

4 Nahana ka batho bao e ileng ea e-ba metsoalle ea Molimo pele Jesu a tla lefatšeng. Abrahama e ne e le monna ea neng a e-na le tumelo e matla. Lilemo tse ka holimo ho sekete ka mor’a hore Abrahama a hlokahale, Jehova o ile a mo bitsa “motsoalle oa ka.” (Esa. 41:8) Esita le lefu le ke le la arohanya Jehova le metsoalle ea hae e haufi. Abrahama o ntse a le mohopolong oa Jehova. (Luka 20:​37, 38) Mohlala o mong ke oa Jobo. Nakong eo mangeloi a neng a bokane leholimong, Jehova o ile a ikotla sefuba ha a bua ka Jobo. O ile a re Jobo ke “monna ea sa tšoauoeng phoso le ea lokileng, ea tšabang Molimo le ea khelohang bobe.” (Jobo 1:​6-8) U nahana hore Jehova o ile a ikutloa joang ka Daniele, ea mo sebelelitseng ka botšepehi le hoja a qetile lilemo tse 80 naheng eo batho ba teng ba neng ba sa sebeletse Molimo? Ka makhetlo a mararo, mangeloi a ile a tiisetsa monna eo ea holileng hore e ne e le motho ea “khahlehang haholo” ho Molimo. (Dan. 9:​23; 10:​11, 19) Re ka kholiseha hore Jehova o letetse nako eo ka eona a tla tsosa metsoalle ea hae.​—Jobo 14:15.

Ke ka litsela life re ka bontšang hore re ananela matlotlo a sa bonahaleng? (Sheba serapa sa 5) *

5. Ho hlokahala hore re etse’ng e le hore re be metsoalle e haufi ea Jehova?

5 Ke batho ba bakae mehleng ee ba thabelang ho ba metsoalle e haufi ea Jehova? Ke batho ba baloang ka limilione. Re tseba taba ena hobane banna ba bangata, basali le bana lefatšeng ho pota ba leka ho phela ka tsela e bontšang hore ba batla ho ba metsoalle ea Molimo. Jehova o na le “kamano e haufi-ufi le ba lokileng.” (Liprov. 3:​32) Setsoalle sena se khonahala ka lebaka la tumelo eo ba nang le eona sehlabelong sa Jesu sa thekollo. Ka lebaka la sehlabelo sa thekollo sa Jesu, re ka khona ho ba metsoalle ea Jehova ra ba ra inehela ho eena le ho kolobetsoa. Ha re etsa joalo, re khema le batho ba limilione ba inehetseng, ba kolobelitsoeng ebile ba thabela ho ba le kamano e haufi le motho ea phahameng ka ho fetisisa bokahohleng!

6. Re ka bontša joang hore re ananela ho ba metsoalle ea Molimo?

6 Re ka bontša joang hore re ananela ho ba metsoalle e haufi ea Jehova? Feela joalokaha Abrahama le Jobo ba ile ba lula ba tšepahalla Molimo ka lilemo tse ka holimo ho lekholo, le rona re lokela ho lula re tšepahala ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re sebeletsa Jehova. Joaloka Daniele, re lokela ho nka setsoalle sa rona le Jehova se le bohlokoa le ho feta bophelo ba rona. (Dan. 6:​7, 10, 16, 22) Ha Jehova a re tšehelitse re ka khona ho mamella liteko tseo re thulang le tsona e le hore re lule re le metsoalle ea hae.​—Bafil. 4:13.

MPHO EA THAPELO

7. (a) Ho ea ka Liproverbia 15:​8, Jehova o ikutloa joang ka lithapelo tsa rona? (b) Jehova o arabela lithapelo tsa rona joang?

7 Letlotlo le leng leo re sa le boneng ke thapelo. Metsoalle ea hlooho ea khomo ea bolellana hore na e nahana’ng le hore na e ikutloa joang. Na ho joalo le ka setsoalle sa rona le Jehova? Kannete! Jehova o bua le rona a sebelisa Lentsoe la hae ’me ka ho lona o re senoletse menahano ea hae le maikutlo a hae. Re bua le eena ka thapelo ’me re mo bolella maikutlo a rona le menahano ea rona e tebileng. Jehova o rata ho mamela lithapelo tsa rona. (Bala Liproverbia 15:8.) Kaha Jehova ke ntate ea lerato, o mamela lithapelo tsa rona ebile oa li araba. Ka linako tse ling o re araba kapele. Empa ka linako tse ling, re ka ’na ra lokela ho lula re rapella taba e itseng ka makhetlo. Re ka kholiseha hore o tla araba ka nako e nepahetseng ebile e le ka tsela e loketseng. Empa ho ka etsahala hore ka linako tse ling Jehova a re arabe ka tsela eo re sa e lebellang. Mohlala, ho e-na le hore a re ntše mathateng, a ka re fa bohlale le matla a hore re a mamelle.​—1 Bakor. 10:13.

(Sheba serapa sa 8) *

8. Re ka bontša joang hore re ananela mpho eo re nang le eona ea thapelo?

8 Re ka bontša joang hore re ananela mpho ea bohlokoa eo re nang le eona ea thapelo? Tsela e ’ngoe ke ka hore re mamele taelo ea Jehova ea hore re rapele re “sa phetse.” (1 Bathes. 5:​17) Jehova ha a re qobelle hore re mo rapele. Ho e-na le hoo, o hlompha bolokolohi ba rona ’me o re khothaletsa hore re “phehelle thapelong.” (Bar. 12:​12) Kahoo re ka bontša kananelo ka hore re rapele hangata letsatsi ka leng. Empa ha rea lokela ho lebala ho leboha Jehova le ho mo rorisa lithapelong tsa rona.​—Pes. 145:​2, 3.

9. Mor’abo rona e mong o ikutloa joang ka thapelo, hona uena u ikutloa joang?

9 Ha re ntse re tsoela pele ho sebeletsa Jehova le ho bona kamoo a arabelang lithapelo tsa rona kateng, re tla ananela mpho ena ea thapelo le ho feta. Ak’u nahane ka mohlala oa Mor’abo rona Chris ea bileng tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse 47. O re: “Ke rata ho tsoha hoseng haholo ebe ke rapela Jehova Molimo oa ka. Ha ke e-s’o utloe monate o makaalo, oa bua le Jehova phoka li sa rotha! Taba ena e etsa hore ke mo lebohe ka limpho tsohle tseo a mphileng tsona ho akareletsa le mpho ea thapelo. Joale esita le ka mor’a hore ke mo rapele mantsiboea, ke robala ka letsoalo le hloekileng.”

MPHO EA MOEA O HALALELANG

10. Ke hobane’ng ha re re moea o halalelang ke letlotlo?

10 Moea o halalelang ke mpho e ’ngoe eo re sa e boneng eo re lokelang ho e nka e le letlotlo. Jesu o ile a re khothaletsa hore re lule re rapella moea o halalelang. (Luka 11:​9, 13) Jehova o sebelisa moea o halalelang ho re fa “matla a fetang se tloaelehileng.” (2 Bakor. 4:7) Ka thuso ea moea o halalelang, re ka mamella mathata leha e le afe ao re tobanang le ’ona.

(Sheba serapa sa 11) *

11. Moea o halalelang o ka re thusa ka litsela life?

11 Moea o halalelang o ka re thusa hore re khone ho phetha likabelo tseo re nang le tsona tšebeletsong ea Jehova. O boetse o ka re thusa hore re ntlafatse bokhoni boo re nang le bona. Moea o halalelang o boetse o re thusa ho phetha likabelo tsa rona. Rea tseba hore maphomela a matle ao re bang le ’ona tšebeletsong ea Jehova a khoneha feela hobane moea o halalelang o re thusa.

12. Ho ea ka Pesaleme ea 139:​23, 24, re ka rapella moea o halalelang hore o re thuse ho etsa’ng?

12 Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka bontšang hore re nka moea o halalelang e le letlotlo ke ka ho kopa Jehova hore a re thuse ho itlhahloba ’me re bone hore na re na le menahano kapa litakatso tse fosahetseng ka lipelong tsa rona. (Bala Pesaleme ea 139:​23, 24.) Ha re etsa joalo, Jehova a ka sebelisa moea o halalelang ho re thusa ho elelloa menahano kapa litakatso tse fosahetseng tseo re nang le tsona. Kahoo, haeba re elelloa hore re na le monahano kapa takatso e fosahetseng, re lokela ho rapella moea o halalelang hore o re fe matla a ho loantša monahano oo kapa takatso eo e fosahetseng. Ha re etsa joalo, re tla bontša hore re ikemiselitse ho qoba ntho leha e le efe e ka etsang hore Jehova a khaotse ho re thusa ka moea oa hae o halalelang.​—Baef. 4:30.

13. Re ka etsa’ng e le hore re ananele mpho ea moea o halalelang haholoanyane?

13 Re ananela moea o halalelang le ho feta ha re nahana ka hore na o etsang mehleng ena. Pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lona, ’me le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hole-hole ea lefatše.” (Lik. 1:8) Mantsoe ao a phethahala hantle mehleng ena. Moea o halalelang o thusitse batho ba ka bang limilione tse 8.5 hore ebe barapeli ba Jehova lefatšeng lohle. Hape bahlanka ba Molimo ba momahane hobane moea o halalelang o ba thusa hore ba be le makhabane a kang lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro. Makhabane ana ke “litholoana tsa moea.” (Bagal. 5:​22, 23) Kannete moea o halalelang ke mpho e babatsehang!

RE FUMANA THUSO E TSOANG LEHOLIMONG HA RE LE BOBOLELING

14. Re tšehetsoa joang ka tsela eo re sa e boneng ha re le mosebetsing oa boboleli?

14 Re na le mpho e babatsehang eo re sa e boneng ea ho sebetsa hammoho le Jehova, Jesu le mangeloi. (2 Bakor. 6:1) Re sebetsa le bona nako le nako ha re le mosebetsing oa ho etsa batho barutuoa. Pauluse o ile a re eena le batho ba etsang mosebetsi ona ke “basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9)) Ha re nka karolo mosebetsing oa boboleli re boetse re ba basebetsi-’moho le Jesu. Na u sa hopola hore ka mor’a hore Jesu a fe balateli ba hae taelo ea hore ba etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, o ile a re: “Ke na le lona”? (Mat. 28:​19, 20) Mangeloi ’ona a re thusa joang? Ke tlhohonolofatso hore ebe mangeloi a re tataisa ha re ntse re phatlalatsa litaba tse molemo ho batho ba lulang lefatšeng.​—Tšen. 14:6.

15. Fana ka mohlala o tsoang ka Bibeleng o bontšang hore na Jehova o re thusa joang ka tsela e ikhethang mosebetsing oa boboleli.

15 Ka lebaka la thuso eo re e fumanang e tsoang leholimong, re khona ho finyella’ng? Ha re ntse re jala peo ea ’Muso, peo e ’ngoe e oela lipelong tse mamelang ebe ea hola. (Mat. 13:​18, 23) Ke mang a etsang hore peo eo e hole ’me e behe litholoana? Jesu o ile a hlalosa hore ha ho na motho eo e tla ba molateli oa hae ntle “leha a huloa ke Ntate.” (Joh. 6:​44) Bibele e na le mohlala o buang ka taba ena hantle. Na u sa hopola ketsahalong e ’ngoe eo ho eona Pauluse a neng a ntse a bolella basali ba bang molaetsa oa Bibele ka ntle ho motse oa Filipi? Ela hloko hore na Bibele e re’ng ka e mong oa bona e leng Lydia. E re: “Jehova a bula pelo ea hae haholo hore a ele hloko lintho tse ntseng li buuoa ke Pauluse.” (Lik. 16:​13-15) Joaloka Lydia, batho ba bang ba limilione ba ’nile ba huloa ke Jehova.

16. Ke mang eo re lokelang ho isa thoriso ho eena ha re atlehile mosebetsing oa boboleli?

16 Ha re atleha mosebetsing oa boboleli, ke mang ea lokelang ho fuoa tlotla? Pauluse o ile a araba potso eo ha a ne a ngolla phutheho ea Korinthe. O ile a re: “Ke ile ka lema, Apolose a nosetsa, empa Molimo a ’na a holisa; e leng hore ea lemang hase letho kapa ea nosetsang, haese Molimo ea holisang.” (1 Bakor. 3:​6, 7) Joaloka Pauluse, re lokela hore kamehla re ise thoriso ho Jehova ha re ba le litholoana tse ntle boboleling.

17. Re ka bontša joang hore re ananela ho ba basebetsi-’moho le Jehova, Jesu le mangeloi?

17 Re ka bontša joang hore re ananela tokelo eo re nang le eona ea ho sebetsa le Jehova, Jesu le mangeloi? Re ka etsa joalo ka hore ka cheseho re bolelle batho ba bang molaetsa oa ’Muso. Ho na le litsela tse ’maloa tseo re ka etsang joalo ka tsona tse kang ho ruta “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” (Lik. 20:​20) Batho ba bangata ba boetse ba thabela ho paka ka tsela e sa reroang. Ha ba kopana le motho eo ba sa mo tsebeng, ba mo lumelisa ka mofuthu ebe ba batla mokhoa oa ho buisana le eena. Haeba motho eo a thabela ho bua le bona, ba leka matsapa a ho bua le motho eo ka molaetsa oa ’Muso.

(Sheba serapa sa 18) *

18-19. (a) Re nosetsa peo ea ’nete joang? (b) Fana ka mohlala o bontšang hore na Jehova o ile a thusa seithuti se seng joang.

18 Joaloka basebetsi-’moho le Molimo, ha rea lokela ho lema peo feela empa re boetse re lokela ho e nosetsa. Ha motho a bontša hore o rata molaetsa oa rona, re leka ka hohle ho etsa hore re khutlele ho eena kapa re batle motho e mong ea ka mo thusang e le hore ho ka qalisoa thuto ea Bibele. Ha thuto e ntse e tsoela pele, rea thaba ha re bona kamoo Jehova a thusang thuto eo hore e fetole tsela eo e nahanang le ho etsa lintho ka eona.

19 Ak’u nahane ka mohlala oa ntate Raphalalani ea lulang Afrika Boroa eo e neng e le ngaka ea setso. O ile a rata lintho tseo a neng a ithuta tsona ka Bibeleng. Empa ho ile ha e-ba thata haholo nakong eo a neng a tlameha ho mamela hore na Lentsoe la Molimo le reng ka ho buisana le bafu. (Deut. 18:​10-12) Butle-butle o ile a lumella Molimo hore a fetole tsela eo a nahanang ka eona. Ha nako e ntse e-ea, o ile a khaotsa ho ba ngaka ea setso, le hoja ntho eo e ne e le eona feela mokhoa oa hae oa boipheliso. Hona joale Mor’abo rona Raphalalani o lilemo li 60. O re: “Ke leboha Lipaki Tsa Jehova tse ileng tsa nthusa ka litsela tse ngata, tse akarelletsang ho nthusa ho fumana mosebetsi. Ka holimo ho tsohle, ke rata ho leboha Jehova hobane o nthusitse ho etsa liphetoho bophelong ba ka e le hore nka kenya letsoho mosebetsing oa boboleli ke le e mong oa Lipaki tsa hae.”

20. U ikemiselitse ho etsa’ng?

20 Sehloohong sena re buile ka matlotlo a mane a sa bonahaleng. Letlotlo le ka holimo-limo ke tokelo ea ho ba metsoalle ea Jehova e haufi-ufi. Letlotlo lena le re thusa hore re rue melemo ea matlotlo a mang a sa bonahaleng e leng, ho bua le Jehova ka thapelo, ho thusoa ke moea o halalelang le ho sebetsa hammoho le Jehova, Jesu le mangeloi ha re le tšimong. E se eka re ka ikemisetsa ka ho teba ho ananela matlotlo ana a sa bonahaleng. Hape re batla hore kamehla re lebohe Jehova ka hore ebe ke motsoalle oa rona ea ratehang hakana.

PINA EA 145 Molimo o re Tšepisitse Paradeise

^ ser. 5 Sehloohong se fetileng, re buile ka limpho tse ’maloa tseo re khonang ho li bona tseo Jehova a re fileng tsona. Sehloohong sena re tl’o bua ka limpho tseo re ke keng ra li bona le hore na re ka bontša joang hore rea li ananela. Se tla boela se re thuse ho leboha Jehova ka limpho tseo a re fileng tsona.

^ ser. 58 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: (1) Ha morali’abo rona a ntse a boha popo ea Jehova, o thuisa ka setsoalle sa hae le eena.

^ ser. 60 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: (2) Morali’abo rona eo o kopa Jehova hore a mo fe matla a ho paka.

^ ser. 62 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: (3) Moea o halalelang o thusa morali’abo rona eo hore a be le sebete sa ho bua ka ’Muso oa Molimo ka tsela e sa reroang.

^ ser. 64 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: (4) Morali’abo rona o khannela motho eo a ileng a mo pakela tsa tsela e sa reroang thuto ea Bibele. O etsa mosebetsi ona a tšehelitsoe ke mangeloi.