Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 22

Ananela Dimpho Tseo o sa di Boneng

Ananela Dimpho Tseo o sa di Boneng

‘Beha mahlo [a hao] dinthong tse sa bonweng. Etswe dintho tse bonwang ke tsa nakwana, empa dintho tse sa bonweng ke tsa ka ho sa feleng.’​—2 BAKOR. 4:18.

PINA YA 45 Ho Thuisa ha Pelo ya Ka

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Jesu o ile a reng ha a bua ka matlotlo a lehodimong?

HA SE dimpho tsohle tseo re ka di bonang. Ha e le hantle dimpho tsa bohlokwa haholo ke tseo re sa di boneng. Thutong ya Thabeng, Jesu o ile a bua ka matlotlo a lehodimong a molemo ho feta tjhelete. O ile a eketsa ka hore: “Moo letlotlo la hao le leng teng, le pelo ya hao e tla ba hona teng.” (Mat. 6:19-21) Ha re nka ntho e itseng e le ya bohlokwa re tla leka ka matla hore re be le yona. Re ba le “matlotlo lehodimong” ka hore re be le botumo bo botle ho Modimo. Matlotlo ana ao Jesu a a hlalositseng ha ho mohla a tla fediswa kapa a utsuwe.

2. (a)Ho ya ka 2 Bakorinthe 4:​17, 18, Pauluse o re kgothalletsa hore re etseng? (b) Re tlo bua ka eng sehloohong see?

2 Moapostola Pauluse o ile a re kgothalletsa hore re ‘behe mahlo a rona dinthong tse sa bonweng.’ (Bala 2 Bakorinthe 4:17, 18.) Dintho tsena tse sa bonahaleng di akarelletsa dimpho tseo re tla di fumana lefatsheng le letjha. Sehloohong sena re tlo bua ka dimpho tse nne tseo re sa di boneng tseo re nang le tsona hona jwale, e leng ho ba motswalle wa Modimo, ho rapela, thuso ya moya o halalelang le tshehetso ya Jehova, Jesu le mangeloi ha re le tshimong. Re tla boela re bone hore na re ka etsang e le hore re bontshe hore re ananela dimpho tsena.

EBA MOTSWALLE WA JEHOVA

3. Mpho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re sa e boneng ke efe, hona ke eng e etsang hore re kgone ho ba le yona?

3 Mpho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re sa e boneng ke hoba metswalle ya Jehova Modimo. (Pes. 25:14) Ke jwang Modimo a ka dulang a halalela le hoja e le motswalle wa batho ba sa phethahalang? Lebaka ke hore sehlabelo sa Jesu sa thekollo se ‘tlosa sebe sa [batho.]’ (Joh. 1:29) Jehova o ne a tseba hore morero wa hae wa ho fa batho Mopholosi o tla atleha, ke ka hoo e ileng ya eba motswalle wa batho ba phetseng pele Jesu a shwa.​—Bar. 3:25.

4. Fana ka mehlala ya batho ba phetseng pele Jesu a tla lefatsheng bao e ileng ya eba metswalle ya Modimo.

4 Nahana ka batho ba bang ba phetseng pele Jesu a tla lefatsheng bao e ileng ya eba metswalle ya Modimo. Abrahama o ne a ena le tumelo e matla. Ka mora dilemo tse 1 000 Abrahama a se a hlokahetse, Jehova o ile a re ke ‘motswalle wa hae.’ (Esa. 41:⁠8) Ka hoo sena se bolela hore le ha batho ba ka hlokahala, Jehova o tla dula a ba nka e le metswalle ya hae. Le hoja Abrahama a se a hlokahetse, ho Jehova ho tshwana le ha a ntse a phela. (Luka 20:37, 38) Mohlala o mong ke wa Jobo. Ha mangeloi a ne a bokane lehodimong Jehova o ile a bontsha hore o tshepa Jobo ka seo a ileng a se bua. O ile a re Jobo ke “monna ya sa tshwauweng phoso le ya lokileng, ya tshabang Modimo le ya kgelohang bobe.” (Jobo 1:6-8) Jehova o ile a ikutlwa jwang ka Daniele ya ileng a mo sebeletsa a tshepahala ka dilemo tse ka bang 80 le hoja a ne a dula naheng ya batho ba neng ba rapela medimo ya bohata? Ka makgetlo a mararo mangeloi a ile a tiisetsa monna eo ya seng a tsofetse hore ke motho ya “kgahlehang haholo” ho Modimo. (Dan. 9:23; 10:11, 19) Re kgodisehile hore Jehova o batla ho tsosa metswalle ya hae e hlokahetseng.​—Jobo 14:15.

Re ka bontsha jwang hore re ananela dimpho tseo re sa di boneng? (Sheba serapa sa 5) *

5. Ke eng seo re se hlokang e le hore re be metswalle ya Jehova?

5 Ke batho ba bakae ba sa phethahalang kajeno bao e leng metswalle ya Jehova? Ke batho ba dimilione. Re tseba sena hobane batho ba bangata ba akarelletsang banna, basadi le bana lefatsheng ka bophara, ba phela ka tsela e bontshang hore ke metswalle ya Modimo. Jehova o na le “kamano e haufiufi le ba lokileng.” (Liprov. 3:32) Ka ha re na le tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo, re kgona ho ba metswalle ya Jehova. Re boetse re kgona ho inehela ho yena le ho kolobetswa. Ha re etsa sena re ba karolo ya Bakreste ba dimilione ba inehetseng le ho kolobetswa, ba thabelang ho ba le “kamano e haufiufi” le Motho ya moholo ka ho fetisisa lehodimong le lefatsheng.

6. Re ka bontsha jwang hore re ananela ho ba metswalle ya Modimo?

6 Re ka bontsha jwang hore re ananela ho ba metswalle ya Modimo? Jwalo ka Abrahama le Jobo ba ileng ba tshepahalla Modimo ka dilemo tse ka bang 100, re tlameha ho dula re tshepahala ho sa tsotellehe hore na re sebeleditse Jehova ka dilemo tse kae. Hape re tlameha ho tshwana le Daniele ka hore re nke ho ba metswalle ya Modimo e le ntho ya bohlokwa ho feta bophelo ba rona. (Dan. 6:7, 10, 16, 22) Ka hoo Jehova a ka re thusa ho mamella diteko le ha e le dife tseo re ka bang le tsona.​—Bafil. 4:13.

MPHO YA HO RAPELA JEHOVA

7. (a) Ho ya ka Liproverbia 15:8, Jehova o ikutlwa jwang ka dithapelo tsa rona? (b) Jehova o araba dithapelo tsa rona jwang?

7 Mpho e nngwe eo re sa e boneng ke ya ho rapela. Metswalle e thabela ho bolellana ka moo e ikutlwang ka teng. Na le rona re kgona ho ba metswalle e jwalo le Jehova? Ho jwalo. Jehova o bua le rona a sebedisa Lentswe la hae Bibele mme o re bolella ka moo a nahanang le ho ikutlwa ka teng. Re bua le yena ka thapelo mme re ka mo bolella mathata a rona le ka moo re ikutlwang ka teng. Jehova o rata ho mamela dithapelo tsa rona. (Bala Liproverbia 15:8.) Ka ha Jehova ke motswalle wa rona ya re ratang, o boetse o arabela dithapelo tsa rona. A ka di araba ka pele, ha ka dinako tse ding re lokela ho tswela pele ho rapela ka taba e itseng. Ho ntse ho le jwalo re ka kgodiseha hore o tla di araba ka nako e loketseng le ka tsela e molemo. Ke nnete hore Modimo a ka re araba ka tsela eo re neng re sa e lebella. Ka mohlala ho e na le hore a tlose teko eo re nang le yona, a ka nna a re fa bohlale le matla a ‘ho e mamella.’​—1 Bakor. 10:13.

(Sheba serapa sa 8) *

8. Re ka bontsha jwang hore re ananela mpho ya ho rapela?

8 Re ka bontsha jwang hore re ananela mpho ya ho rapela? Re ka bontsha ka hore re mamele taelo ya Jehova ya hore re ‘rapele re sa phetse.’ (1 Bathes. 5:17) Jehova ha a re qobelle hore re mo rapele. Ho e na le hoo, o hlompha bolokolohi ba rona ba ho ikgethela mme o re kgothalletsa hore re ‘phehelle thapelong.’ (Bar. 12:12) Ka hoo re ka bontsha hore re ananela thapelo ka hore re rapele ka mehla. Ke nnete hore ha re a lokela ho lebala ho leboha le ho rorisa Jehova dithapelong tsa rona.​—Pes. 145:2, 3.

9. Morabo rona e mong o ikutlwa jwang ka ho rapela, hona wena o ikutlwa jwang ka thapelo?

9 Ha re ntse re sebeletsa Jehova mme re bona ka moo a arabelang dithapelo tsa rona ka teng, re tla ananela mpho ya ho rapela le ho feta. Nahana ka mohlala wa morabo rona Chris ya neng a le tshebeletsong ya nako e tletseng ka dilemo tse 47. O re: “Ke thabela ho tsoha hoseng e le hore ke rapele Jehova. Ho a thabisa ho bua le Jehova ha letsatsi le tjhaba hoseng mme ntho e nngwe le e nngwe e le ntle. Sena se etsa hore ke mo lebohe ka mpho e nngwe le e nngwe eo a mphileng yona ho akarelletsa le mpho ya ho rapela. Ka mora hore ke rapele, qetellong ya letsatsi ke robala ka letswalo le thotseng.”

MPHO YA MOYA O HALALELANG

10. Ke hobaneng ha re lokela ho ananela moya o halalelang?

10 Mpho e nngwe eo re sa e boneng eo re lokelang ho e ananela ke moya o halalelang. Jesu o re kgothalleditse hore re tswele pele ho rapella moya o halalelang. (Luka 11:9, 13) Jehova o sebedisa moya o halalelang ho re fa “matla a fetang se tlwaelehileng.” (2 Bakor. 4:7; Lik. 1:8) Ka hoo moya o halalelang o ka re thusa ho mamella teko le ha e le efe eo re ka bang le yona.

(Sheba serapa sa 11) *

11. Moya o halalelang o re thusa jwang?

11 Moya o halalelang o tla re thusa ho phetha mosebetsi oo Modimo a re fileng ona. O ka boela wa re thusa ho ntlafatsa bokgoni boo re nang le bona. Ka hoo re a tseba hore re kgona ho etsa mosebetsi oo Modimo a re fileng ona ka thuso ya moya o halalelang.

12. Ho ya ka Pesaleme ya 139:​23, 24, re ka rapella moya o halalelang hore o re thuse ho etsang?

12 Tsela e nngwe eo ka yona re ka bontshang hore re ananela moya o halalelang, ke ka ho kopa Jehova hore a re thuse hore re tsebe haeba re ena le menahano le ditakatso tse fosahetseng. (Bala Pesaleme ya 139:23, 24.) Ha re rapella sena, moya o halalelang o tla re thusa hore re hlokomele ha re qala ho ba le menahano le ditakatso tse fosahetseng. Ka hoo ha re se re hlokometse hore re ba le menahano le ditakatso tse fosahetseng, re boetse re lokela ho rapela Jehova hore a re thuse ho di hanela. Haeba re etsa sena Jehova o tla bona hore ha re batle ho etsa dintho tse tla etsa hore a se ke a re thusa.​—Baef. 4:30.

13. Ke jwang re ka ananelang moya o halalelang le ho feta?

13 Re tla ananela moya o halalelang le ho feta haeba re hlokomela ka moo o re thusang ka teng. Pele Jesu a ya lehodimong o ile a re ho barutuwa ba hae: “Le tla amohela matla ha moya o halalelang o fihla hodima lona, mme le tla ba dipaki tsa ka . . . karolong e holehole ya lefatshe.” (Lik. 1:8) Sena ke sona se etsahalang kajeno. Moya o halalelang o thusitse batho ba ka bang dimilione tse 8,5 lefatsheng lohle hore ebe barapedi ba Jehova. Hape re thabela kgotso eo re bang le yona le bara le baradibabo rona ka ha moya o halalelang o re thusa ho ba le makgabane a kang lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitshwaro. Makgabane ana ke “ditholwana tsa moya.” (Bagal. 5:22, 23) Ka nnete moya o halalelang ke mpho ya bohlokwa!

RE FUMANA TSHEHETSO YA JEHOVA, JESU LE MANGELOI HA RE LE TSHIMONG

14. Re fumana tshehetso efe ha re le tshimong?

14 Re na le mpho eo re sa e boneng ya ho “sebetsa ha mmoho” le Jehova, Jesu le mangeloi. (2 Bakor. 6:1) Re sebetsa le bona ka mehla ha re le tshebeletsong ya tshimo. Ha Pauluse a bua ka yena le batho ba etsang mosebetsi ona o ile a re: “Re basebetsimmoho le Modimo.” (1 Bakor. 3:9) Le rona ha re ya tshimong re ba basebetsimmoho le Jesu. Hopola hore ka mora hore Jesu a laele balatedi ba hae hore ba “etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa,” o ile a re: “Ke na le lona.” (Mat. 28:19, 20) Jwale mangeloi ona a re thusa jwang? Re thaba haholo hore ebe mangeloi a a re tataisa ha re bolela “ditaba tse molemo tse sa feleng . . . ho ba dulang lefatsheng.”​—Tšen. 14:6.

15. Fana ka mohlala o bontshang karolo ya bohlokwa eo Jehova a e phethang ha re le tshimong.

15 Tshehetso e tswang lehodimong eo re e fumanang e re thusa ho etsang? Ha re ntse re jala peo ya molaetsa wa Mmuso, e nngwe e wela dipelong tse amohelang ebile e a hola. (Mat. 13:18, 23) Ke mang ya etsang hore peo ena ya nnete e hole le ho beha ditholwana? Jesu o ile a hlalosa hore ha ho motho eo e tla ba molatedi wa hae ntle le ha a “hulwa ke Ntate.” (Joh. 6:44) Bibele e fana ka mohlala tabeng ena. Hopola ka se ileng sa etsahala ha Pauluse a ne a pakela sehlopha sa basadi ka ntle ho motse wa Filipi. Hlokomela seo Bibele e se buang ka e mong wa basadi bao e leng Lydia, e re: “Jehova a bula pelo ya hae haholo hore a ele hloko dintho tse ntseng di buuwa ke Pauluse.” (Lik. 16:13-15) Jwalo ka Lydia, Jehova o hutse batho ba bang ba dimilione.

16. Ke mang eo re lokelang ho mo rorisa ha re atleha tshimong?

16 Ke mang eo re tlamehang ho mo rorisa haeba re atleha tshimong? Pauluse o ile a arabela potso ena ha a ne a ngolla phutheho ya Korinthe, o ile a re: “Ke ile ka lema, Apolose a nosetsa, empa Modimo a nna a hodisa, e leng hore ya lemang hase letho kapa ya nosetsang, haese Modimo ya hodisang.” (1 Bakor. 3:6, 7) Jwalo ka Pauluse le rona re lokela ho rorisa Jehova ha re atleha tshimong.

17. Re ka bontsha jwang hore re ananela ho “sebetsa ha mmoho” le Modimo, Kreste le mangeloi?

17 Re ka bontsha jwang hore re ananela monyetla wa ho “sebetsa ha mmoho” le Modimo, Kreste le mangeloi? Re ka etsa sena ka hore re etse sohle seo re ka se kgonang ho bolella batho ka molaetsa wa Bibele. Ho na le ditsela tse ngata tseo re ka etsang sena ka tsona, jwalo ka ho etsa bopaki ba “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” (Lik. 20:20) Bakreste ba bang ba bangata ba thabela ho paka ha monyetla o hlaha. Ha ba kopana le motho eo ba sa mo tsebeng, ba mo dumedisa ka mosa mme ba leka ho qala moqoqo. Haeba motho eo a thabela ho bua le bona, ka bohlale ba qala ho bua le yena ka Bibele.

(Sheba serapa sa 18) *

18, 19. (a) Ke jwang re ka nosetsang peo ya nnete? (b) Fana ka mohlala o bontshang ka moo Jehova a ileng a thusa motho ya neng a ithuta Bibele.

18 Ka ha re “basebetsimmoho le Modimo” ha re a lokela ho jala peo feela empa re tlameha ho e nosetsa. Ha motho a bontsha hore o thabela molaetsa wa rona, re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang hore re kgutlele ho yena kapa re kope motho e mong hore a kgutlele ho yena. Ha re ntse re tswela pele ho ithuta le motho, re thabela ho bona ha Jehova a mo thusa ho fetola tsela eo a nahanang le ho etsa dintho ka yona.

19 Nahana ka mohlala wa Raphalalani eo e neng e le ngaka ya setso e dulang South Africa. Ha a ne a qala ho ithuta Bibele, o ile a rata seo a neng a ithuta sona. Empa o ile a ba le bothata ha a ithuta ka seo Lentswe la Modimo le se buang ka ho buisana le bafu. (Deut. 18:10-12) Hanyane hanyane o ile a dumella Modimo hore a fetole tsela eo a nahanang ka yona. Ha nako e ntse eya o ile a tlohella ho ba ngaka ya setso le hoja e ne e le yona feela tsela eo a iphedisang ka yona. Raphalalani eo hona jwale a leng dilemo tse 60, o re: “Ke leboha haholo hore ebe Dipaki Tsa Jehova di ile tsa nthusa ka ditsela tse ngata ho akarelletsa ho fumana mosebetsi. Ha bohlokwa le ho feta, ke leboha Jehova hore o nthusitse hore ke fetole bophelo ba ka e le hore ke kolobetswe mme ke bolele ditaba tse molemo.”

20. O ikemiseditse ho etsang?

20 Sehloohong sena re ithutile ka dimpho tse nne tseo re sa di boneng. Mpho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke ho ba le monyetla wa hoba metswalle ya Jehova. Sena se re fa monyetla wa hore re fumane dimpho tse ding tseo re sa di boneng, tse kang ho mo rapela, ho fumana thuso ya moya o halalelang le ho fumana tshehetso ya Jehova, Jesu le mangeloi ha re le tshimong. E se eka re ka ananela dimpho tsena tseo re sa di boneng. Hape re tswele pele ho leboha Jehova hore ebe ke motswalle ya molemo.

PINA YA 145 Tshepiso ya Modimo ya Paradeise

^ par. 5 Sehloohong se fetileng re buile ka dimpho tse tswang ho Modimo tseo re di bonang. Sehloohong sena re tla bua ka dimpho tseo re sa di boneng le hore na re ka bontsha jwang hore re a di ananela. Re tla boela re bone hore na ke jwang re ka ananelang mofani wa tsona e leng Jehova Modimo.

^ par. 58 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: (1) Ha moradiwabo rona a ntse a shebile popo o nahanisisa ka setswalle sa hae le Jehova.

^ par. 60 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: (2) Moradi eo wabo rona o kopa Jehova hore a mo fe matla a ho tshwarela.

^ par. 62 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: (3) Moya o halalelang o fa moradi eo wabo rona sebete sa hore a bolele ka molaetsa wa Mmuso ha monyetla o hlaha.

^ par. 64 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: (4) Moradiwabo rona o ithuta Bibele le motho eo a ileng a mo bolella molaetsa wa Bibele ha monyetla o hlaha. Moradiwabo rona o tswela pele a etsa barutuwa ka thuso ya mangeloi.