Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 25

“Ke Tla Batla Linku Tsa Ka”

“Ke Tla Batla Linku Tsa Ka”

“Ke tla batla linku tsa ka ’me ke li hlokomele.”​—EZEK. 34:11.

PINA EA 105 “Molimo ke Lerato”

SELELEKELA *

1. Jehova o tšoana le ’mè ea anyesang joang?

“NA MOSALI a ka lebala ngoana oa hae ea anyang?” Jehova o ile a botsa potso ena mehleng ea moprofeta Esaia. O ile a re: “Esita le basali bana ba ka lebala, leha ho le joalo ’na nke ke ka u lebala.” (Esa. 49:​15) Ha se hangata Jehova a itšoantšang le ’mè empa lekhetlong lena o ile a itšoantša le eena. Jehova o ile a etsa mohlala ka kamano eo ’mè le ngoan’a hae ba bang le eona ho bontša hore na o rata bahlanka ba hae haholo hakae. Bo ’mè ba bangata ba ikutloa ka tsela e tšoanang le ea morali’abo rona Jasmin. O re: “Ha ’mè a nyantša ngoan’a hae, ba ba le kamano e ikhethang e tla lula e le teng bophelo bohle.”

2. Jehova o ikutloa joang ha e mong oa bahlanka ba hae a khaotsa ho mo sebeletsa?

2 Jehova oa hlokomela ha e mong oa bahlanka ba hae a khaotsa ho ea libokeng le tšimong. U se u ka inahanela hore na Jehova o ikutloa joang selemo le selemo ha bahlanka ba hae ba likete ba khaotsa ho kopanela tšebeletsong. *

3. Jehova o batla’ng?

3 Boholo ba bara le barali babo rona ba neng ba khaolitse ho kopanela tšebeletsong ba khutlela ka phuthehong ’me rea thaba ha ba khutla. Jehova o batla hore ba khutlele ho eena ’me le rona ke seo re se batlang. (1 Pet. 2:​25) Re ka ba thusa joang? Pele re araba potso ena re lokela ho utloisisa hantle hore na ke hobane’ng ha ba khaolitse ho ea libokeng le tšimong.

KE HOBANE’NG HA BA BANG BA KHAOTSA HO SEBELETSA JEHOVA?

4. Mosebetsi oa boipheliso o ka re ama joang?

Batho ba bang ba lumella hore mosebetsi e be eona ntho e tlang pele bophelong. Mor’abo rona Hung * oa Asia o re: “Ke ile ka lumella hore mosebetsi oa boipheliso o tle pele bophelong ba ka. Ke ne ke ithetsa ke nka hore ha ke e-na le chelete e ngata ke tla sebeletsa Jehova hamonate kahoo ke ile sebetsa lihora tse ngata. Ke ile ka qala ho lofa liboka hanyane ka hanyane eaba ke qetella ke sa ee ho hang. Ho bonolo hore lintho tsa lefatše la Satane li re foufatse ’me re qetelle re khaolitse ho sebeletsa Jehova.”

5. Morali’abo rona o ile a etsa’ng ha a hlaheloa ke mathata a sa eeng moriting?

5 Bara le barali babo rona ba bang baa nyahama ha ba tobana le mathata. Morali’abo rona Anne oa Britain ea nang le bana ba bahlano o re: “E mong oa bana baka o ile a hlaha a e-na le bokooa. Ka mor’a moo morali oa ka o ile a khaoloa eaba mora oa ka e mong o ba le bokoa ba kelello. Ke ile ka ba le khatello ea maikutlo hoo ke ileng ka tlohella ho ea libokeng le tšimong.” Re utloela morali’bo rona Anne le lelapa la hae bohloko hammoho le ba bang ba nang le mathata a tšoanang le a hae.

6. Motho a ka suthela hole le bahlanka ba Jehova joang haeba a sa sebelise keletso e hlahang ho Bakolose 3:13?

6 Bala Bakolose 3:​13. Bahlanka ba bang ba Jehova ba ile ba utloisoa bohloko ke Bakreste ’moho le bona. Moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore ho ka ba le lebaka le utloahalang le etsang hore re be le “sesosa sa pelaelo khahlanong” le Bakreste ’moho le rona. Mohlomong ha rea ka ra tšoaroa ka toka ’me haeba re sa hlokomele re ka qetella re koetlile lehloeo. Ho halefa ho ka etsa hore motho a suthele hole le batho ba Jehova. A re boneng mohlala paleng ea mor’abo rona Pablo oa Amerika Boroa. Ho na le motho ea ileng a mo qosa ka hore o entse ntho e itseng e mpe empa ho se joalo. Baholo ba ile ba kholoa motho eo eaba mor’abo rona Pablo o khalemelloa ntho eo a sa e etsang. Mor’abo rona o ile a etsa’ng? O re “Ke ile ka utloa bohloko haholo eaba butle-butle ke suthela hole le batho ba Jehova.”

7. Ho ka etsahala’ng haeba motho a jeoa ke letsoalo le molato?

7 Letsoalo le ka lula le tšetšetha motho ea kileng a etsa sebe se tebileng hobane a nahana hore Jehova ha a sa mo rata. Le haeba a ile a bakela sebe sa hae eaba Jehova oa mo tšoarela a ka ’na a ikutloa a sa tšoanelehe hore e be e mong oa barapeli ba hae. Mor’abo rona Francisco o ne a ikutloa ka tsela eo, o re: “Ke ile ka khalemeloa hobane ke entse boitšoaro bo bobe. Le hoja qalong ke ne ke ntse ke ea libokeng ke ile ka ba le khatello ea maikutlo, ’me ke ne ke se ke utloa ke sa tšoanelehe hore ke be har’a barapeli ba Jehova. Letsoalo la ka le ne le ntšetšetha hobane ke ne ke lumela hore Jehova ha aa ntšoarela eaba ke khaotsa ho ea libokeng le tšimong.” U ikutloa joang ka bara le barali babo rona baa ba tobanang le mathata ao ho buuoeng ka ’ona? Na u ba utloela bohloko? Jehova eena o ikutloa joang?

JEHOVA O RATA LINKU TSA HAE

Molisa oa Moiseraele o tsotella nku e neng e lahlehile (Sheba serapa sa 8 le 9) *

8. Na Jehova a ka lebala bahlanka ba hae ba kileng ba mo sebeletsa? Hlalosa u sebelisa mohlala o serapeng.

8 Jehova ha a lebale bahlanka ba hae ba kileng ba mo sebeletsa eaba hamorao ba khaotsa ka nakoana kapa hona ho lebala mosebetsi oo ba mo etselitseng oona. Hape ha a lebale mosebetsi oo ba o entseng. (Baheb. 6:​10) Moprofeta Esaia o ile a etsa papiso e bontšang hore na Jehova o rata bahlanka ba hae hakae. O ile a re: “O tla alosa mohlape oa hae joaloka molisa. O tla bokella likonyana ka letsoho la hae, o tla li beha sefubeng.” (Esa. 40:​11) Jehova eleng Molisa e Moholo ka ho fetisisa o ikutloa joang ha e ’ngoe ea linku tsa hae e lahleha? Jesu o ile a bontša hore na Jehova o ikutloa joang ha a ne a bua le barutuoa ba hae, o ile a re ho bona: “Le nahana joang? Haeba motho ea itseng a e-ba le linku tse lekholo ’me e ’ngoe ea tsona e hlahlathela, na a ke ke a tlohela tse mashome a robong a metso e robong lithabeng ’me a tsoe ho ea batla e hlahlathelang? Haeba ho etsahala hore a e fumane, ka sebele kea le bolella, o e thabela haholo ho feta tse mashome a robong a metso e robong tse sa hlahlathelang.”​—Mat. 18:​12, 13.

9. Balisa ba mehleng ea Bibele ba ne ba tšoara linku joang? (Sheba setšoantšo se sekoahelong)

9 Ke hobane’ng ha re ka tšoantša Jehova le molisa? Ke hobane balisa ba mehleng ea Bibele ba ne ba tsotella linku tsa bona haholo. Mohlala, Davida o ile a loana le tau le bere hobane a ne a sireletsa mohlape. (1 Sam. 17:​34, 35) Molisa ea khabane oa hlokomela leha ho ka nyamela nku e le ’ngoe feela. (Joh. 10:​3, 14) O ne a ka siea linku tse 99 ka lesakeng kapa a kopa molisa e mong ho li hlokomela e le hore a khone ho batla e le ’ngoe e lahlehileng. Jesu o ile a etsa papiso ena ho re ruta thuto ea bohlokoa: “Ha se ntho e lakatsehang ho Ntate ea leholimong hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.”​—Mat. 18:14.

Molisana oa Moiseraele o hlokomela nku e neng e lahlehile (Sheba serapa sa 9)

JEHOVA O BATLA LINKU TSA HAE

10. Ho Ezekiele 34:​11-16 Jehova o tšepisitse hore o tla etsa’ng ha linku tsa hae li lahlehile?

10 Jehova o rata e mong le e mong oa rona ho akarelletsa le batho bana “ba banyenyane” ba khaolitseng ho mo sebeletsa. Jehova o ile a sebelisa moprofeta Ezekiele ho re tiisetsa hore ha linku tsa hae li ka lahleha o tla li batla ’me a li thuse ho ba le kamano e ntle le eena. O bontšitse mehato eo a neng a tla e nka haeba nku ea hae e ne e ka lahleha. O ne a tla etsa se tšoanang le seo molisa oa Moiseraele a neng a ka se etsa. (Bala Ezekiele 34:​11-16.) Mohato oa pele oo molisa a o nkang ke ho batla nku e lahlehileng, e leng se hlokang nako le boitelo. Ha molisa a thola nku e lahlehileng o ne a e khutlisetsa mohlapeng. Haeba nku e ne e lapile kapa e lemetse, ka lerato molisa o ne a e tlamisa, a e jara a be a e fepe. Ka tsela e tšoanang baholo ba “lisang mohlape oa Molimo” ba lokela ho latela mehato ena haeba ho e-na le nku ea Molimo e lahlehileng. (1 Pet. 5:​2, 3) Baholo ba lokela ho batla linku ’me ba li thuse hore li khutlele ho Jehova. Ba bontša hore baa li rata ha ba li thusa hore li boele li be le kamano e ntle le Jehova. *

11. Molisa ea khabane o ne a lokela ho utloisisa’ng?

11 Molisa ea khabane o ne a utloisisa hore nku e ka lahleha. Haeba nku e neng e lahlehile e khutlela mohlapeng, molisa o ne a sa e tšoare hampe. Bona mohlala o bontšang hore na Jehova o ile a thusa bahlanka ba hae joang ba ileng ba khaotsa ho mo sebeletsa ka nakoana.

12. Jehova o ile a tšoara Jonase joang?

12 Moprofeta Jonase o ile a baleha eaba ha ee moo Jehova a mo romileng. Leha ho le joalo Jehova ha aa ka mo lahla, o ile a mo pholosa feela joalokaha molisa ea ratang linku tsa hae a ne a ka etsa. O ile a mo fa matla ao a neng aa hloka hore a ee moo a neng a mo romile teng. (Jon. 2:7; 3:​1, 2) Ka mor’a moo Jehova o ile a sebelisa semela sa mohope ho thusa Jonase ho bona hore bophelo bo bohlokoa. (Jon. 4:​10, 11) Re ithuta’ng mohlaleng oo? Baholo ha baa lokela ho tela ha e mong oa bahlanka ba Jehova a khaolitse ho ea libokeng le tšimong. Ba lokela ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha nku e lahlehile. Hape, ha nku e lahlehileng e khutlela ho Jehova, baholo ba lokela ho e tšoara ka mosa ba be ba e bontše hore baa e rata.

13. Jehova o ile a tšoara mongoli oa Pesaleme ea 73 joang?

13 Mongoli oa Pesaleme ea 73 o ile a nyahama ha a bona batho ba khopo ba atleha. O ne a bona eka ha ho na molemo oo a o fumanang ha a sebeletsa Jehova. (Pes. 73:​12, 13, 16) Jehova o ile a mo tšoara joang? Ha aa ka mo halefela. Ho e-na le hoo, o ile a etsa hore mantsoe a hae a hlahe ka Bibeleng. Qetellong mopesaleme o ile a hlokomela hore ho ba motsoalle oa Jehova ho bohlokoa ho feta ntho leha e le efe bophelong. (Pes. 73:​23, 24, 26, 28) Re ithuta’ng mohlaleng oo? Baholo ha baa lokela ho tatela ho ahlola batho ba seng ba e-na le lipelaelo ka ho sebeletsa Jehova. Ho e-na le hore ba ba nyatse ba lokela ho leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba bua le ho etsa lintho ka tsela eo. Baholo ba boetse ba lokela ho sebelisa Bibele ho khothatsa batho bao ba nyahameng.

14. Elia o ne a hloka thuso efe, hona Jehova o ile a mo thusa joang?

14 Moprofeta Elia o ile a baleha Mofumahali Jezebele. (1 Mar. 19:​1-3) O ne a nahana hore ha ho sa na baprofeta ba tšepahalang ’me a utloa eka mosebetsi oa hae ke oa lefeela. Elia o ile a nyahama hoo a neng a batla ho shoa. (1 Mar. 19:​4, 10) Ho e-na le hore Jehova a halefele Elia o ile a mo tiisetsa hore ha a mong le hore ho ntse ho e-na le mosebetsi o mongata oo a lokelang ho etsa. O ne a boetse a lokela ho tšepa matla a Molimo. Jehova o ile a mamela Elia ka mosa ha a mo phetlela sefuba, eaba o mo fa mosebetsi o mocha.(1 Mar. 19:​11-16, 18) Re ithuta’ng? Kaofela ha rona, haholo-holo baholo, re lokela ho tšoara linku tsa Jehova ka mosa. Ho sa tsotellehe hore na motho o halefile kapa o lumela hore Jehova a ke ke a mo tšoarela, baholo ba lokela ho mo mamela ka hloko ha a ba phetlela sefuba. Hape ba lokela ho mo tiisetsa hore Jehova oa mo rata.

RE LOKELA HO IKUTLOA JOANG KA LINKU TSA JEHOVA TSE LAHLEHILENG?

15. Ho latela Johanne 6:​39, Jesu o ne a ikutloa joang ka linku tsa ntate oa hae?

15 Jehova o batla re ikutloe joang ka linku tsa hae tse lahlehileng? Re lokela ho latela mohlala oa Jesu. O ne a tseba hore linku tsohle tsa Jehova li bohlokoa ho eena, kahoo o ile a etsa sohle se matleng a hae ho thusa “linku tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele” ho khutlela ho Jehova. (Mat. 15:​24; Luka 19:​9, 10) Jesu ke molisa ea khabane, ke kahoo a entseng sohle ho sireletsa linku tsa Jehova.​—Bala Johanne 6:39.

16-17. Baholo ba lokela ho ikutloa joang ka ho thusa linku tse lahlehileng? (Sheba lebokose le reng “ Nku e Lahlehileng e ka Ikutloa Joang?”)

16 Moapostola Pauluse o ile a eletsa baholo ba phutheho ea Efese hore ba etsise mohlala oa Jesu. O ile a re: “Le thuse ba fokolang, ’me le hopole mantsoe a Morena Jesu, ha a re, ‘Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.’ ” (Lik. 20:​17, 35) Ho hlakile hore le mehleng ena baholo ba ntse ba e-na le boikarabello ba bohlokoa ba ho thusa linku tsa Jehova. Mor’abo rona Salvador oa moholo ea lulang Spain o re: “Kamehla ha ke nahana ka hore na Jehova o tsotella linku tsa hae tse lahlehile hakae, ke ee ke utloe ke batla ho etsa sohle se matleng a ka ho li thusa. Kaha ke molisa oa linku tsa Jehova ke kholisehile hore o batla ke li hlokomele.”

17 Batho bohle bao ho buuoeng ka bona sehloohong sena ba neng ba khaolitse ho sebeletsa Jehova, ba ile ba thusoa ho khutlela ho eena. Ho ntse ho e-na le ba bang ba bangata ba batlang ho khutlela ho eena. Sehloohong se latelang re tla bua ka lintlha tse tla re thusa ho bona hore na re lokela ho etsa’ng ho ba thusa ho khutlela ho Jehova.

PINA EA 139 Ipone U le Teng Lefatšeng le Lecha

^ ser. 5 Ke hobane’ng ha batho ba bang ba sebelelitseng Jehova ka lilemo tse ngata ba khaotsa ho mo sebeletsa? Jehova o ikutloa joang ka bona? Sehlooho sena se tl’o araba lipotso tsena. Se boetse se bua ka lintho tseo re ka ithutang tsona ho Jehova ha a ne a thusa bahlanka ba hae ba nako e fetileng ha ba ne ba khaolitse ho mo sebeletsa ka nakoana.

^ ser. 2 TLHALOSO: Mohoeletsi ea sa kopaneleng tšebeletsong ke motho ea khaolitseng ho ea tšimong ka likhoeli tse tšeletseng kapa ho feta. Leha ho le joalo, batho bana e ntse e le bara le barali babo rona ’me re ntse re ba rata.

^ ser. 4 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 10 Sehloohong se latelang re tla bua ka hore na baholo ba ka latela mehato ena e meraro joang.

^ ser. 60 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Molisa ea neng a tsotella linku tsa hae, o ne a batlana le e le ’ngoe e lahlehileng ho fihlela a e fumana ’me a e khutlisetsa ho tse ling. Ka tsela e tšoanang, le mehleng ena balisa ba Bakreste ba etsa joalo.

^ ser. 64 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Morali’abo rona ea seng a sa tle libokeng le tšimong o lutse ka beseng e setopong o shebile Lipaki tse thabileng tse bopaking ba phatlalatsa.