Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 26

“Khutlelang ho ’Na”

“Khutlelang ho ’Na”

“Khutlelang ho ’na, ’me ke tla khutlela ho lona.”​—MAL. 3:7.

PINA EA 102 “Le Thuse ba Fokolang”

SELELEKELA *

1. Jehova o ikutloa joang ha motho ea neng a khaolitse ho mo sebeletsa a khutlela ho eena?

JOALOKAHA re bone sehloohong se fetileng, Jehova o itšoantša le molisa ea khabane ea hlokomelang linku tsa hae ’me o batla e ’ngoe le e ’ngoe e lahlehileng. Jehova o ile a re ho Baiseraele ba neng ba mo lahlile: “Khutlelang ho ’na, ’me ke tla khutlela ho lona.” Rea tseba hore Molimo o ntse a ikutloa ka tsela e tšoanang hobane o re: “Ha kea fetoha” (Mal. 3:​6, 7) Jesu o itse Jehova le mangeloi ba thaba haholo ha nku ea Jehova e neng e lahlehile e khutlela ho eena.​—Luka 15:​10, 32.

2. Re tl’o ithutang sehloohong see?

2 Re tl’o ithuta lipapisong tse tharo tsa Jesu hore na re ka thusa linku tsa Jehova tse lahlehileng joang. Re tla boela re bone hore na ke makhabane afe ao re lokelang ho ba le ’ona e le hore re thuse linku tsa Jehova tse lahlehileng hore li khutlele ho eena. Hape re tla bona hore na ho thabisa hakaakang ho thusa batho ba Jehova hore ba khutlele ho eena.

ETSISA MOSALI EA BATLANG DRAKEMA

3-4. Ke hobane’ng ha mosali ea tlalehiloeng ho Luka 15:​8-10, a ile a etsa boiteko ba ho batla drakema ea hae e lahlehileng?

3 Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re fumane linku tsa Jehova tse lahlehileng. Papiso e Kosepeleng ea Luka, Jesu o bua ka mosali ea batlang drakema ea hae ea bohlokoa e lahlehileng. Ntho ea bohlokoa papisong ena ke boiteko ba mosali enoa ba ho batla chelete ea hae e lahlehileng.​—Bala Luka 15:​8-10.

4 Jesu o hlalosa tsela eo mosali enoa a neng a ikutloa ka eona ha a fumana drakema ea hae e neng e lahlehile. Mehleng ea Jesu, ha moroetsana a ne a nyaloa, ’mè oa hae o ne a ka mo fa lidrakema tse leshome. Mohlomong chelete ena e ne e le ea bohlokoa ho mosali enoa hobane a ile a e fuoa ke ’mè oa hae. Mosali eo o nahana hore chelete ea hae e oele fatše kahoo o nka lebone oa e batla empa ha a fumane letho. Mohlomong khanya ea lebone la hae e lerootho hoo a ke keng a bona chelete e nyane ea silevera. Mosali enoa ha a tele, o fiela ntlo eohle ka hloko ’me ha a re heli! o bona drakema ea hae har’a lithole e ntse e phatsima. Hoa ba ha re kokololo! Joale o bitsa metsoalle ea hae le baahisane e le hore a ka ba joetsa litaba tse monate.

5. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebetsa ka thata ho fumana batho ba seng ba sa tle libokeng?

Joalokaha re bone papisong ea Jesu, ha re lahlehetsoe ke ntho e itseng, re sebetsa ka thata hore re e fumane. Ka tsela e tšoanang re lokela ho sebetsa ka thata hore re fumane batho ba seng ba sa tle libokeng. Mohlomong ho se ho fetile lilemo tse ngata ba sa tle libokeng kapa ba falleletse sebakeng seo bara le barali babo rona ba sa ba tsebeng. Empa re ka kholiseha hore ho na le batho ba bang ba seng ba sa tle libokeng ba labalabelang ho khutlela ho Jehova. Ba batla ho sebeletsa Jehova hape ba e-na le Bakreste-’moho le bona. Empa ho tla ba thata haeba ba sa fumane thuso ea rona.

6. Kaofela ha rona re ka thusa joang hore ho fumanoe batho ba seng ba sa tle libokeng?

6 Ke bo mang ba ka thusang batho ba seng ba sa tle libokeng? E mong le e mong oa rona a ka thusa, ho sa tsotellehe hore na u moholo, u pula-maliboho, u mohoeletsi kapa motho ea seng a sa tle libokeng ke mong ka uena. Na ho na le mong ka uena kapa motsoalle ea seng a sa tle libokeng? Na u kile oa kopana le motho ea seng a sa tle libokeng ha u le tšimong? Haeba motho eo a se na bothata ba ho u fa linomoro tsa fono kapa liaterese tsa hae, u ka li nka ebe u li fa e mong oa baholo.

7. Re ka etsisa mor’abo rona Thomas joang?

7 Baholo ba na le boikarabello ba ho thusa batho ba seng ba sa tle libokeng hore ba khutlele ho Jehova. Ba ka ba thusa joang? Mor’abo rona Thomas * oa moholo ea lulang Spain, o se a thusitse batho ba fetang 40 hore ba boele ba tle libokeng. O re: “Ke qala ka ho botsa bara le barali babo rona hore na ba tseba batho ba seng ba sa tle libokeng kapa ba sa ee tšimong le hore na ba tseba moo ba lulang teng. Kamehla ba thabela ho nthusa hobane ba rata ho kenya letsoho letšolong lena. Joale ha ke chaketse batho bana ba seng ba khaolitse ho tla libokeng, kea ba botsa hore na bana ba bona le beng ka bona ba ntse ba e-ea joang. Ba bang ba ne ba tloaetse ho tla le bana ba bona libokeng, ’me ho ka etsahala hore ebe bana bao e ne e se e le bahoeletsi. Le bona re ka ba thusa hore ba khutlele ka phuthehong.

THUSANG BANA BA JEHOVA HORE BA KHUTLELE HO EENA

8. Papisong ea mora ea lehlasoa e ho Luka 15:​17-24, ntate o ile a tšoara mor’a hae ea bakileng joang?

8 Re lokela ho ba le makhabane afe e le hore re thuse batho ba seng ba sa tle libokeng hore ba khutlele ho Jehova? Ho na le lintho tseo re ka ithutang tsona papisong ea Jesu ea mora ea lehlasoa ea ileng a khutlela hae. (Bala Luka 15:​17-24.) Jesu o re mora ea lehlasoa o ile a hlokomela hore e bile leoatla eaba o khutlela hae. Ha ntate oa hae a mo bona o ile a mo mathela eaba oa mo aka, a mo bontša hore oa mo rata. Empa mora enoa o ne a jeoa ke letsoalo le molato a bile a ikutloa a se a sa tšoanelehe hore ntate oa hae a ka mo tšoara joaloka mora. Ha a hlalosetsa ntate oa hae hore na o ikutloa joang, ntate o ile a ameha pelo eaba oa mo tiisetsa hore o ntse a mo rata. O ile a boela a mo tiisetsa hore o ntse a mo nka e le mor’a hae ’me a ke ke a mo tšoara joaloka motho ea hiriloeng. E le ho mo kholisa hore ehlile o mo amohetse ka liatla tse peli, o ile a mo etsetsa mokete a ba a mo fa liphahlo tse ntle.

9. Re lokela ho ba le makhabane afe e le hore re thuse batho ba seng ba sa tle libokeng hore ba khutlele ho Jehova? (Sheba lebokose le reng “ Re ka Thusa Batho ba Batlang ho Khutlela ho Jehova Joang?”)

9 Jehova o tšoana le ntate eane oa papisong ea Jesu. O rata bahlanka ba hae ba seng ba sa tle libokeng ebile o batla hore ba khutlele ho eena. Re ka khona ho ba thusa haeba re etsisa Jehova. Re lokela ho ba le mamello, kutloelo-bohloko le lerato e le hore re khone ho ba thusa. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le makhabane aa, hona re ka a bontša joang?

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le mamello ha re thusa motho ea seng a sa tle libokeng?

10 Re lokela ho ba le mamello hobane ho nka nako hore motho a lokise setsoalle sa hae le Jehova. Batho ba bangata ba neng ba khaolitse ho tla libokeng le tšimong ba re ba ile ba qalella hape ka mor’a hore baholo le bahoeletsi ba bang ba ba etele ka makhetlo-khetlo. Morali’abo rona Nancy oa Asia o re: “Motsoalle e mong oa ka o ile a nthusa haholo hore ke khutlele ho Jehova. O ne nthata joalokaha eka ke ngoan’abo. O ile a nkhopotsa kamoo re neng re le metsoalle kateng nakong e fetileng. Kamehla ha ke mo phetlela sefuba o ne a ’mamela ka hloko a bile a sa tsila-tsile ha a lokela ho mpha keletso. O ile a bontša hore ke motsoalle oa ’nete ebile o ikemiselitse ho nthusa.”

11. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le kutloelo-bohloko ha re thusa batho ba utloileng bohloko?

11 Batho ba bang ba khaolitse ho tla libokeng hobane ba ile ba utloisoa bohloko ke Bakreste-’moho le bona. Kaha ba ntse ba ba jere ka pelo, ha ba sa na tabatabelo ea ho tla libokeng hape. E ka ’na eaba ba lumela hore ha baa tšoaroa ka toka. Ha re ba utloeloa bohloko, ho joalokaha eka re ba thoba maqeba. Kahoo, ho ka ’na ha hlokahala hore re ba mamele ka hloko re be re bontše hore re utloisisa tsela eo ba ikutloang ka eona. (Jak. 1:​19) Morali’abo rona Maria ea kileng a khaotsa ho tla libokeng o re: “Ke ne ke hloka motho ea tla ’mamela ka hloko, ea ntšelisang le ea tla mpha likeletso tsa bohlokoa.”

12. Lerato la Jehova le tšoana le ropo joang?

12 Bibele e re lerato leo Jehova a re ratang ka lona le tšoana le ropo. Hobane’ng? Nahana ka mohlala ona: A re nke hore oa teba leoatleng kapa u nkoa ke noka ebe motho e mong ea haufi le uena o u akhella ntho e tla u thusa hore u se ke oa qoela. U tla thaba hobane joale u tla khona ho phaphamala ka holim’a metsi. Empa u ntse u tlameha ho tsoa ka metsing ana a batang, kahoo u hloka motho ea ka u akhellang ropo ebe o u hulela ka thoko. Jehova o ile a re ka Baiseraele ba neng ba khaolitse ho mo sebeletsa: “Ke ’nile ka ba hula ka liropo . . . tsa lerato.” (Hos. 11:4) Le mehleng ena Jehova o ntse a ikutloa ka tsela e tšoanang ka batho ba khaolitseng ho mo sebeletsa, ba qoetseng ka har’a mathata le ba nang le khatello ea maikutlo. O batla ba tsebe hore oa ba rata ebile o batla ba khutlele ho eena. Jehova a ka u sebelisa ho bontša bahlanka bao ba hae hore oa ba rata.

13. Pale ea Mor’abo rona Pablo e bontša joang hore lerato le ka thusa batho ba bang hore ba khutlele ho Jehova?

13 Re etsa hantle ha re bolella batho ba seng ba sa tle libokeng hore Jehova oa ba rata le hore le rona rea ba rata. Mor’abo rona Pablo eo re buileng ka eena sehloohong se fetileng ea qetileng lilemo tse fetang 30 a sa tle libokeng o re: “Ka le leng ha ke tloha hae, ke ile ka kopana le nkhono e mong ea mosa ea ileng bua le ’na ka tsela e lerato e ileng ea nkama pelo hoo ke ileng ka lla habohloko. Ke ile ka bolella morali enoa oa bo rona hore e tlameha ebe ke Jehova ea mo rometseng ho ’na. Ka eona nako eo, ke ile ka etsa qeto ea hore ke khutlela ho Jehova.”

THUSANG BA FOKOLANG

14. Papisong e hlahang ho Luka 15:​4, 5 molisa o ile a etsa’ng ha a fumana nku e neng e lahlehile?

14 Ka mor’a hore re fumane batho ba khaolitseng ho tla libokeng, re lokela ho tsoela pele ka ho ba thusa le ho ba khothatsa. Ho ka ’na ha nka nako hore ba fole feela joaloka mora ea lehlasoa oa papisong ea Jesu. Kaha ba ne ba sa tle libokeng, ho ka etsahala hore ebe setsoalle sa bona le Jehova ha se sa le matla joaloka pele. Re lokela ho ba thusa hore tumelo ea bona ho Jehova e boele e be matla. Papisong ea nku e lahlehileng, Jesu o re ha molisa a fumana nku e neng e lahlehile, o ne a e jara ebe o e khutlisetsa mohlapeng. Le hoja a se a ntse a tetse nako ea hae ka hore a etse boiteko ba ho batla nku e lahlehileng, oa bona hore nku ena ha e na matla a ho itsamaisa kahoo oa e jara o e khutlisetsa mohlapeng.​—Bala Luka 15:​4, 5.

15. Re ka tšehetsa ba fokolang joang e le hore ba khutlele ka phuthehong? (Sheba lebokose le reng “ Thulusi ea Bohlokoa.”)

15 Re ka ’na ra hloka matla le nako e ngata e le hore re thuse batho seng ba sa tle libokeng hore ba hlole bothata bo ba sitisang hore ba khutlele ho Jehova. Empa ka thuso ea moea o halalelang, ka Bibele le ka lingoliloeng tsa mokhatlo, re ka ba thusa hore ba matlafatse setsoalle sa bona le Jehova. (Bar. 15:1) Empa re ka etsa seo joang? Moholo e mong eo e leng khale a li bona o re: “Boholo ba batho ba neng ba khaolitse ho tla libokeng ba hloka motho ea ka ithutang Bibele le bona ha ba se ba entse qeto ea ho khutlela ho Jehova. Motho ea khannang thuto ena e lokela ho ba motho ea botsoalle le ea ka tšeptjoang.” * Haeba re kopuoa hore re ithute Bibele le bona, re lokela ho thabela ho ba thusa.

HO BA LE THABO LEHOLIMONG LE LEFATŠENG

16. Re tseba joang hore mangeloi aa re thusa?

16 Ho na le lipale tse ngata tse bontšang hore mangeloi a re thusa hore re fumane batho ba seng ba sa tle libokeng ba batlang ho khutlela ho Jehova. (Tšen. 14:6) Mor’abo rona Silvio oa Ecuador o ile a rapela Jehova, a mo kopa hore a romele motho ea tla mo thusa hore a khutlele ho eena. Ha a ntse a rapela, ho ile ha kokotoa monyako. Baholo ba babeli ba ne ba mo etetse. Baholo bao ba ne ba thabile ’me ba ile ba qala ho mo thusa.

17. Re tla ikutloa joang ha re thusa batho ba khaolitseng ho tla libokeng?

17 Rea thaba ha re thusa batho ba khaolitseng ho tla libokeng hore ba khutlele ho Jehova. Mor’abo rona Salvador oa pula-maliboho o leka ka matla ho thusa batho ba khaolitseng ho tla libokeng. O re: “Ka linako tse ling ha ke nahana ka batho ba khutletseng ho Jehova ke thaba hoo ke llang. Ke thabisoa ke hore ke sebelitse le Jehova ho thusa nku ea hae e neng e hlahlathetse hore e khutlele ho eena.”​—Lik. 20:35.

18. U lokela ho kholiseha ka eng haeba u khaolitse ho ea libokeng kapa tšimong?

18 Haeba u khaolitse ho ea libokeng kapa tšimong, u lokela ho kholiseha hore Jehova o ntse a u rata ebile o batla hore u khutlele ho eena. U lokela ho etsa boiteko ba hore u khutlele ho eena. Joaloka ntate eane eo ho builoeng ka eena papisong ea Jesu, Jehova o emetse hore u khutlele ho eena ’me ha u khutla o tla u amohela ka liatla tse peli.

PINA EA 103 Molimo o re File Balisa

^ ser. 5 Jehova o batla hore batho ba seng ba sa tle libokeng kapa tšimong ba khutlele ho eena. Ho na le lintho tse ngata tseo re ka li etsang ho khothatsa batho ba batlang ho amohela memo ea Jehova e reng: “Khutlelang ho ’na.” Sehloohong sena re tl’o bona hore na re ka ba thusa joang.

^ ser. 7 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 15 Batho ba bang ba neng ba khaolitse ho tla libokeng ba ka thusoa ka hore ba ithute likarolo tse itseng tsa buka ea Le Ipoloke Leratong la Molimo ha ba bang bona ba lokela ho bala buka ea Atamela ho Jehova. Komiti ea tšebeletso ke eona e lokelang ho khetha mohoeletsi ea ka khannang thuto eo.

^ ser. 68 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Bara babo rona ba bararo ba thusa mor’abo rona ea batlang ho khutlela ho Jehova. Ba etsa joalo ka ho bua le eena khafetsa le ho mo tiisetsa hore Jehova oa mo rata. Ba boetse ba mo mamela ka hloko ha a ntša maikutlo a hae.