Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 23

“Lebitso la Hao le ke le Halaletsoe”

“Lebitso la Hao le ke le Halaletsoe”

“Jehova, lebitso la hao le teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”​—PES. 135:13.

PINA EA 10 Rorisang Jehova

SELELEKELA *

1-2. Ke lintho life tseo e leng tsa bohlokoa haholo ho Lipaki Tsa Jehova?

HO NA le lintho tse peli tsa bohlokoa tse re amang mehleng ena, e leng bobusi ba Jehova le ho tlosa qoso lebitsong la hae. Rona Lipaki Tsa Jehova re rata ho bua ka lintho tsena. Leha ho le joalo, taba ena ha e bolele hore re lokela ho nka bobusi ba Jehova le ho tlosa qoso lebitsong la hae kapa ho le halaletsa e le lintho tse peli tse fapaneng.

2 Kaofela ha re na le mabaka a ho lumela hore lebitso la Molimo le lokela ho halaletsoa. Re boetse re ithutile hore re lokela ho paka hore bobusi ba Jehova kapa tsela eo a busang ka eona ke e molemo ka ho fetisisa. Lintho tsena ka bobeli ke tsa bohlokoa.

3. Lebitso Jehova le akareletsa’ng?

3 Ha e le hantle, lebitso Jehova le bolela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e tsebang ka Molimo ho akareletsa le tsela eo a busang ka eona. Kahoo, haeba re re ho tlosa qoso lebitsong la Jehova ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa,e boetse ke ntho e utloahalang ho paka hore bobusi ba Jehova bo molemo ka ho fetisisa. Lebitso la Jehova le amahanngoa haufi-ufi le tsela eo a busang ka eona joaloka ’Musi oa bokahohle.​—Sheba lebokose le reng “ Lintho Tse Amehang Tabeng ea Bohlokoa Haholo.”

4. Pesaleme ea 135:​13 e hlalosa lebitso la Molimo joang, hona re tl’o hlahloba lipotso life sehloohong see?

4 Lebitso Jehova ke lebitso har’a mabitso. (Bala Pesaleme ea 135:​13.) Ke hobane’ng ha le le bohlokoa hakaale? Le ile la senngoa joang ka lekhetlo la pele? Molimo o le halaletsa joang? Hona re ka kenya letsoho joang ho sireletsa lebitso la hae? A re hlahlobeng likarabo tsa lipotso tsena.

LEBITSO LE BOHLOKOA HAKAE?

5. Re ka ’na ra ipotsa lipotso life ha re nahana ka ho halaletsoa ha lebitso la Molimo?

5 “Lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Mat. 6:9) Jesu o ile a re taba ena e lokela ho ba e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo re li rapellang. Empa ha e le hantle Jesu o ne a bolela’ng? Ho halaletsa ntho ho bolela ho etsa hore e hloeke kapa e hloke sekoli. Empa batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Na lebitso la Jehova le se le ntse le sa hloeka hape le se na sekoli?’ E le ho araba potso ena, re lokela ho nahana haholoanyane ka hore na lebitso la Jehova le akareletsa’ng.

6. Ke’ng e etsang hore lebitso e be la bohlokoa?

6 Lebitso ha se pokello feela ea litlhaku tse ka ngoloang holim’a leqephe kapa ntho feela e ka bitsoang. Bibele e re: “Lebitso le lokela ho khethoa ho e-na le maruo a mangata.” (Liprov. 22:1; Moek. 7:1) Ke hobane’ng ha lebitso le le bohlokoa hakaale? Ke hobane le akareletsa botumo ba motho le lintho tseo batho ba li nahanang ha ba utloa lebitso la hae. Kahoo, tsela eo lebitso le ngoloang kapa le bitsoang ka eona ha se ea bohlokoa hakaalo empa ntho ea bohlokoa ke hore na batho ba bang ba nahanang ha ba bona kapa ba utloa lebitso leo.

7. Batho ba ’nile ba hlasela lebitso la Molimo joang?

7 Ha batho ba bua mashano ka Jehova ba senya botumo ba hae. Ha ba senya botumo ba hae, ba leka ho mo senya lebitso. Lekhetlo la pele leo ka lona lebitso la Molimo le botumo ba hae li ileng tsa senngoa e bile khale koana qalong ea moloko oa batho. Ak’u nahanisise ka hore na re ithuta’ng ketsahalong eo.

KAMOO LEBITSO LE ILENG LA SENNGOA KA LEKHETLO LA PELE

8. Adama le Eva ba ne ba tseba’ng, hona re ka ipotsa lipotso life?

8 Adama le Eva ba ne ba tseba hore lebitso la Molimo ke Jehova hape ba ne ba tseba le lintho tse ling tsa bohlokoa ka motho ea jereng lebitso leo. Ba ne ba tseba hore Jehova ke ’Mopi oa bona, ke eena ea ba fileng bophelo, lehae la bona le letle la Paradeise le lenyalo le phethahetseng. (Gen. 1:​26-28; 2:​18) Empa, na ba ne ba ka lula ba nahanisisa ka lintho tsohle tseo Jehova a ba etselitseng tsona? Na ba ne ba tla lula ba ananela le ho tsoela pele ba rata Jehova? Likarabo tsa lipotso tseo li ile tsa hlaka hantle ha sera sa Molimo se ne se ba leka.

9. Ho ea ka Genese 2:​16, 17; le 3:​1-5, Jehova o ile a bolella banyalani ba pele eng, hona Satane o ile a fetola litaba tseo joang?

9 Bala Genese 2:​16, 17; le 3:​1-5. Satane o ile a sebelisa noha eaba o botsa Eva potso ena: “Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” Potso ena e ne e bua leshano ka Jehova ’me e ile ea etsa hore Eva a qale ho nahana lintho tse fosahetseng ka Jehova. Ha e le hantle, Molimo o ne a itse ba ka ja litholoana tsa lifate tsohle ntle le sefate se le seng feela. Ho ka etsahala hore ebe Adama le Eva ba ne ba e-na le matletse-tletse a litholoana. (Gen. 2:9) Kannete Jehova o seatla se bulehileng. Leha ho le joalo, Molimo o ile a re ho na le sefate se le seng feela seo Adama le Eva ba neng ba sa lokela ho se thetsa. Kahoo, potso ea Satane e ile ea etsa hore taba ena e be leshano. Satane o ile a etsa hore ba nke hore Molimo ha a fane. E ka ’na eaba Eva o ile a ipotsa, ‘E le hore ho na le ntho e molemo eo Molimo a sa re fang eona?’

10. Satane o ile a senya Molimo lebitso joang, hona liphello e bile life?

10 Ka nako ena, Eva o ne a ntse a nka Jehova e le ’Musi oa hae. O ile a araba Satane ka ho mo bolella litaelo tse hlakileng tseo Jehova a ba fileng tsona. O ile a phaella ka hore ba ne ba sa lokela le ho tšoara sefate seo feela. O ne a tseba hore ha ba ke ke ba mamela, Molimo o ne a itse ba tla shoa. Empa Satane o ile a re: “Ka sebele le ke ke la shoa.” (Gen. 3:​2-4) Ka ho toba Satane o ile a re Molimo o leshano. Lekhetlong lena o ile a senya Molimo lebitso, ka mantsoe a mang o ile a re Jehova ke raleshano. Kahoo, Satane e ile ea e-ba diabolose kapa moetselletsi. Eva o ile a itumella ho thetseha eaba o kholoa Satane. (1 Tim. 2:​14) O ile a tšepa Satane haholo ho feta Jehova. Taba ena e ile ea etsa hore Eva a etse qeto e soto ka ho fetisisa. O ile a etsa qeto ea ho se mamele Jehova. Eva o ile a ja tholoana eo Jehova a neng a itse ba se ke ba e ja. Ka mor’a moo, o ile a fa le Adama.​—Gen. 3:6.

11. Adama le Eva ba ka be ba ile ba etsa’ng, empa ba ile ba hloleha ho etsa’ng?

11 Ak’u nahane hore na Eva a ka be a ile a araba Satane joang. A re re mohlomong o ile a bua ntho e kang ena: “Ha ke tsebe hore na u mang empa ke tseba ntate oa ka Jehova eo ke mo ratang le ho mo tšepa. O re file lintho tsohle tseo re li hlokang. U mang uena hore u bue lintho tsee tse mpe ka eena? Tsamaea u tlohe mona!” Nahana hore na Jehova o ne a tla thaba hakaakang ha a bona morali oa hae eo a mo ratang a bontša botšepehi ka tsela ena! (Liprov. 27:​11) Empa Adama le Eva ba ne ba sa rate Jehova le ho mo tšepahalla. Kaha ba ne ba sa rate Jehova, ba ile ba hloleha ho sireletsa lebitso la Jehova nakong eo le neng le senngoa.

12. Satane o ile a etsa hore Eva a be le lipelaelo joang, hona Adama le Eva ba ile ba hloleha ho etsa’ng?

12 Joalokaha re bone, Satane o ile a qala pele ka ho etsa hore Eva a be le lipelaelo. Satane o ile a siea Eva a e-na le lipelaelo tsa hore na motho ea jereng lebitso Jehova ke motho ea joang. Taba ena e ile ea etsa hore Adama le Eva ba hlolehe ho sireletsa lebitso le botumo ba Jehova khahlanong le mashano a Satane. Ho ile ha e-ba bonolo feela ho bona hore ba mamele maikutlo a Satane eaba ba fetohela Jehova. Satane o sebelisa maraba a tšoanang le mehleng ena. O hlasela Jehova ka hore a senye lebitso la hae. Ho ba bonolo hore batho ba mamelang mashano a Satane ba se ke ba rata bobusi ba Jehova bo nang le toka.

JEHOVA O HALALETSA LEBITSO LA HAE

13. Ezekiele 36:​23 e re molaetsa oa Bibele o ka sehloohong ke ofe?

13 Na Jehova o amohetse hore lebitso la hae le senngoe ka tsela ee ebe ha a etse letho? Le letho, a ke ke thola feela ebe o phutha matsoho! Bibele ea re bolella hore na Jehova o ile a etsa’ng ho paka hore lintho tsohle tse mpe tseo Satane a li buileng ka eena serapeng sa Edene e ne e le mashano. (Gen. 3:​15) Ha re toba taba, re ka re molaetsa o ka sehloohong oa Bibele ke ona: Jehova o halaletsa lebitso la hae ka ho sebelisa ’Muso oa hae oo morena oa oona e leng Kreste ho etsa hore ho be le khotso le ho loka lefatšeng. Bibele ea re bolella hore na Jehova o etsa’ng e le hore a halaletse lebitso la hae.​—Bala Ezekiele 36:23.

14. Tsela eo Jehova a ileng a etsa lintho ka eona ka mor’a hore a fetoheloe Edene e ile ea halaletsa lebitso la hae joang?

14 Satane o lekile kahohle hore a sitise Jehova ho phethahatsa thato ea hae. Empa ha ho le ka le baliloeng a ileng a atleha. Bibele ea re bolella hore na Jehova o ile a etsa’ng ’me taba ena ea re bontša hore ha ho na motho ea tšoanang le Jehova. Ho bua ’nete taba ea hore ebe Satane le mahlahana a hae ba fetohetse Jehova e mo utloisitse bohloko haholo. (Pes. 78:​40) Leha ho le joalo, o ile a sebetsa litaba ka bohlale, mamello le toka. Jehova o boetse o bontšitse ka litsela tse ngata hore o matla ’ohle. Empa ka holimo ho tsohle, o bontšitse hore o lerato linthong tsohle tseo a li etsang. (1 Joh. 4:8) Ha ho mohla Jehova a kileng a emisa ho halaletsa lebitso la hae.

Satane o ile a bolella Eva leshano ka Jehova ’me ho theosa le lilemo o ’nile a tsoela pele ho senya Molimo lebitso (Sheba serapa sa 9 le 10, 15) *

15. Satane o senya Molimo lebitso joang mehleng ee, hona taba ee e bile le liphello life?

15 Satane o ntse a senya Molimo lebitso le mehleng ena. O etsa hore batho ba belaele hore Molimo o matla, o na le toka, o bohlale hape o lerato. Mohlala, Satane o leka ho kholisa batho hore Jehova ha se ’Mopi. Ntle ho moo, haeba batho ba lumela hore Molimo o teng, Satane o leka ho etsa hore ba lumele hore Molimo o thata hape melao ea hae ha e na toka. O boetse o ruta batho hore Jehova ke Molimo ea se nang kutloelo-bohloko le ea khopo kaha o chesa batho liheleng. Ha batho ba se ba lumela mashano ana, ho ba bonolo hore ba se ke ba amohela Jehova le puso ea hae e lokileng. Ho fihlela ha Satane a felisitsoe, o tla tsoela pele ho senya Jehova lebitso ’me o tla leka ho etsa hore le uena u fetohele Jehova. Na o tla atleha?

U AMEHA JOANG TABENG EE EA BOHLOKOA?

16. U ka etsa’ng eo Adama le Eva ba hlolehileng ho e etsa?

16 Jehova o file batho ba sa phethahalang monyetla oa hore ba halaletse lebitso la hae. Kahoo, u ka etsa ntho eo Adama le Eva ba hlolehileng ho e etsa. Ho sa tsotellehe hore na u phela har’a batho ba senyang Jehova lebitso, u na le monyetla oa hore u sireletse lebitso la hae ’me u bolelle batho hore Jehova oa halalela, o lokile, o molemo hape o lerato. (Esa. 29:​23) U ka tšehetsa bobusi ba hae. U ka thusa batho ho utloisisa hore ke puso ea Jehova feela e lokileng le e tla tlisa khotso le thabo lefatšeng lohle.​—Pes. 37:​9, 37; 146:​5, 6, 10.

17. Jesu o ile a tsebahatsa lebitso la ntate oa hae joang?

17 Ha re sireletsa lebitso la Jehova re latela mohlala oa Jesu Kreste. (Joh. 17:​26) Jesu o ile a tsebahatsa lebitso la ntate oa hae ka hore a le rute batho le hore na Jehova ke motho ea joang. Ka mohlala, o ne a hanyetsana le Bafarisi bao ka makhetlo ba neng ba re Jehova o khopo, o melao e mengata, ha a atamelehe le hore ha a na mohau. Jesu o ile a thusa batho hore ba bone hore ntate oa hae o na le toka, mamello, lerato le hore oa tšoarela. O ile a boela a thusa batho hore ba tsebe Jehova ka hore a etsise makhabane a Jehova bophelong ba hae.​—Joh. 14:9.

18. Re ka bontša joang hore mashano ’ohle a builoeng ka Jehova ha se ’nete?

18 Joaloka Jesu, le rona re ka bolella ba bang hore na re tseba’ng ka Jehova, ra ba ruta hore Jehova o lerato hape o mosa ho le hokae. Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore mashano ’ohle a builoeng ka Jehova ha se ’nete. Re halaletsa lebitso la Jehova ka hore re thuse batho ba bang hore le bona ba le nke le halalela. Le rona re ka etsisa Jehova. Taba ena e ka khoneha le hoja re sa phethahala. (Baef. 5:​1, 2) Ha mantsoe le liketso tsa rona li bontša batho hore na Jehova ke motho ea joang, re kenya letsoho ho halaletseng lebitso la hae. Re boetse re halaletsa lebitso la Molimo ka hore re rute batho ’nete ka eena. * Re boetse re ka paka hore batho ba sa phethahalang ba ka lula ba tšepahalla Molimo.​—Jobo 27:5

Re batla ho thusa lithuto tsa rona ho utloisisa makhabane a Jehova a kang hore o mosa le lerato (Sheba serapa sa 18 le 19) *

19. Esaia 63:7 e re thusa joang ho bona hore na sepheo sa rona se ka sehloohong e lokela ho ba sefe ha re ruta Bibele?

19 Ho na le ntho e ’ngoe hape eo re ka e etsang ho halaletsa lebitso la Jehova. Hangata ha re ruta batho molaetsa oa Bibele, re bua haholo ka bobusi ba Jehova le hore ke eena feela ea nang le tokelo ea ho busa bokahohleng bohle ’me taba ena ke ’nete. Le hoja ho le bohlokoa hore re rute batho melao ea Jehova, sepheo sa rona se ka sehloohong ke ho ba thusa ho rata Jehova le ho lula ba mo tšepahalla. Kahoo, re lokela ho bua haholo ka makhabane a Jehova, re hatise hore na ke motho oa mofuta ofe le hore na lebitso Jehova le jeroe ke motho ea joang. (Bala Esaia 63:7.) Ha re ruta batho ka tsela eo, re tla ba thusa ho rata Jehova le ho mo mamela hobane ba batla ho mo tšepahalla.

20. Re tl’o hlahloba’ng sehloohong se latelang?

20 Empa re ka etsa’ng e le hore boitšoaro ba rona le tsela eo re ruta’ng ka eona li hlahise Jehova hantle ka pel’a batho ba be ba batle ho atamela haufi le eena? Sehlooho se latelang se tla araba potso eo.

PINA EA 2 Lebitso la Hao ke Jehova

^ ser. 5 Ke taba efe ea bohlokoa e amang batho le mangeloi? Ke hobane’ng ha taba eo e le ea bohlokoa, hona e re ama joang? Ho utloisisa likarabo tsa lipotso tseo le tse ling tse amanang le tsona ho tla re thusa hore re matlafatse setsoalle sa rona le Jehova.

^ ser. 18 Ka linako tse ling, lingoliloeng tsa rona li ’nile tsa re lebitso la Jehova ha le hloke ho halaletsoa hobane ha ho motho ea kileng a re Molimo ha a na tokelo ea hore ebe o bitsoa Jehova. Leha ho le joalo, taba ena e ile ea hlakisoa sebokeng sa selemo le selemo sa 2017. Molula-setulo o ile a re: “Ka mantsoe a bonolo ha hoa fosahala hore re rapelle hore lebitso la Jehova le halaletsoe hobane botumo ba hae le bona ho bo lokela halaletsoa.”​—Sheba lenaneo la broadcasting la January 2018 ho jw.org®.

^ ser. 62 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Diabolose o ile a senya Molimo lebitso a bolella Eva hore Molimo ke raleshano. Haesale ho theosa le lilemo Satane a ntse a ruta mashano ka Jehova a akareletsang a hore Molimo o khopo le hore ha se eena ea bopileng batho.

^ ser. 64 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o hatisa makhabane a Jehova nakong eo a ntseng a khanna thuto ea Bibele.