Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 23

“Lebitso la Hao le ke le Halaletswe”

“Lebitso la Hao le ke le Halaletswe”

“Jehova, lebitso la hao le teng ho isa nakong e sa lekanyetswang.”​—PES. 135:13.

PINA YA 10 Rorisang Jehova, Modimo wa Rona!

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Ke dintho dife tseo e leng tsa bohlokwa ho Dipaki Tsa Jehova?

HO NA le taba ya bohlokwa e re amang kajeno e leng bobusi ba Jehova le ho halaletswa ha lebitso la hae. Re le Dipaki Tsa Jehova re rata ho bua ka dintho tsena tsa bohlokwa. Empa na bobusi ba Modimo le ho halaletswa ha lebitso la hae ke dintho tse pedi tse fapaneng? Tjhe.

2 Kaofela ha rona re a hlokomela hore lebitso la Modimo le tlameha ho halaletswa. Re boetse re ithutile hore re bontshe ho re Mmuso wa Modimo ke ona o molemo. Ka hoo kaofela dintho tsena ke tsa bohlokwa.

3. Lebitso Jehova le akarelletsang?

3 Haele hantle lebitso Jehova le akarelletsa ntho e nngwe le e nngwe ka Modimo wa rona le tsela eo a busang ka yona. Ka hoo haeba re re ho halaletswa ha lebitso la Modimo ke taba ya bohlokwa, re boetse re bolela hore re tlameha ho bontsha hore tsela eo Modimo a busang ka yona e molemo. Lebitso la Jehova le tsamaisana le tsela eo a busang ka yona e le Mmusi ya matla ohle.​—Sheba lebokose le reng, “ Taba Ena ya Bohlokwa e Akarelletsang?

4. Pesaleme ya 135:13 e reng ka lebitso la Modimo, hona re tlo araba dipotso dife sehloohong see?

4 Lebitso Jehova le a ikgetha. (Bala Pesaleme ya 135:13.) Ke hobaneng ha lebitso la Modimo e le la bohlokwa? Le ile la senngwa jwang? Modimo o le halaletsa jwang? Hona ke jwang re ka thusang ho le halaletsa? Ka hoo re tla araba dipotso tsena.

BOHLOKWA BA LEBITSO

5. Batho ba bang ba ka nna ba ipotsa potso efe ha ba utlwa hore lebitso la Modimo le lokela ho halaletswa?

5 “Lebitso la hao le ke le halaletswe.” (Mat. 6:9) Jesu o ile a re ho halaletswa ha lebitso la Modimo ke e nngwe ya dintho tsa bohlokwa tseo re lokelang ho di rapella. Empa Jesu o ne a bolelang? Ho halaletsa ntho e itseng ho bolela ho e hlwekisa. Batho ba bang ba ka nna ba ipotsa: ‘Na lebitso la Jehova le se ntse le sa hlweka?’ E le ho araba potso ena re lokela ho ipotsa hore na lebitso le akarelletsang.

6. Ke eng e etsang hore lebitso e be la bohlokwa?

6 Lebitso ha se lentswe feela leo o ka le ngolang pampiring kapa wa le bitsa. Hlokomela seo Bibele e se buang, e re: “Lebitso le lokela ho kgethwa ho ena le maruo a mangata.” (Liprov. 22:1; Moek. 7:1) Ke hobaneng ha lebitso le le bohlokwa? Hobane le ama botumo le seo batho ba bang ba se nahanang ka lebitso leo. Ka hoo tsela eo lebitso le ngolwang le ho bitswa ka yona, ha se yona ntho ya bohlokwa empa ntho ya bohlokwa ke seo batho ba se nahanang ha ba bona kapa ba utlwa lebitso leo.

7. Batho ba sentse lebitso la Modimo jwang?

7 Ha batho ba bua mashano ka Jehova ba senya botumo ba hae. Ka hoo sena se etsa hore ha batho ba bona dintho tse mpe di etsahala ba re ke Modimo. Lekgetlo la pele ha ho ne ho senngwa lebitso la Modimo le botumo ba hae ke tshimong ya Edene. Hlokomela seo re ka ithutang sona tabeng ena.

LEBITSO LA MODIMO LE ILE LA SENNGWA JWANG KA LEKGETLO LA PELE?

8. Adama le Eva ba ne ba tsebang, hona ke dipotso dife tseo re ka ipotsang tsona?

8 Adama le Eva ba ne ba tseba hore lebitso la Modimo ke Jehova hape ba ne ba tseba dintho tse ngata tsa bohlokwa ka yena. Ka mohlala ba ne ba tseba hore ke yena Mmopi wa bona, ya ba fileng bophelo, sebaka se setle seo ba neng ba dula ho sona le molekane ya phethahetseng. (Gen. 1:26-28; 2:18) Empa na ba ne ba tla dula ba nahanisisa ka dintho tsohle tseo Jehova a ba fileng tsona? Na ba ne ba tla dula ba rata Jehova le ho ananela dintho tseo a ba etseditseng tsona? Dikarabo tsa dipotso tsena di ile tsa hlaka ha sera sa Modimo se ba leka.

9. Ho ya ka Genese 2:16, 17 le 3:1-5 ke eng eo Jehova a ileng a e bolella banyalani ba pele, hona Satane o ile a fetola nnete eo jwang?

9 Bala Genese 2:16, 17 le 3:1-5. Satane o ile a sebedisa noha ho bua le Eva mme a mo botsa potso a re: “Na ehlile Modimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” Potso eo e ne e na le leshano le ileng la etsa hore Eva a qale ho belaella Modimo. Haele hantle Modimo o ne a itse ba je ditholwana tsohle tse serapeng ntle le ditholwana tsa sefate se le seng. Adama le Eva ba ne ba ka ja ditholwana tsa difate tse ngata tse fapaneng. (Gen. 2:9) Ka nnete Jehova ke Modimo ya fanang. Empa ke sefate se le seng feela seo Modimo a neng a itse Adama le Eva ba se ke ba ja ditholwana tsa sona. Ka hoo potso eo Satane a ileng a e botsa e ile ya fetola seo e leng nnete. Potso eo e ile ya etsa hore ba nahane hore Modimo ha a fane. Eva o ne a ka nna a nahana hore ho na le ntho e molemo eo Modimo a sa batleng ho ba fa yona.

10. Ke jwang ka ho toba Satane a ileng a senya lebitso la Modimo, hona ditlamorao e bile dife?

10 Ha Satane a ne a botsa potso ena, Eva o ne a ntse a mamela Jehova. O ile a bolella Satane seo Modimo a mo laetseng sona. O ile a ba a eketsa ka hore ha ba a lokela ho se tshwara. O ne a tseba keletso ya Modimo ya hore ha ba sa mamele ba ne ba tla shwa. Empa Satane o ile a re: “Ka sebele le ke ke la shwa.” (Gen. 3:​2-⁠4) Haele hantle Satane o ne a sa re feela Jehova o leshano empa o ne a mo senya lebitso. Ka tsela ena Satane o ile a fetoha Diabolose kapa moetselletsi. Eva o ile a thetswa ke Satane mme a mo kgolwa. (1 Tim. 2:14) Eva ile a tshepa Satane ho feta Jehova. Sena se ile sa etsa hore Eva a etse qeto e fosahetseng ya hore a se ke a mamela Jehova. O ile a ja tholwana eo Jehova a neng a itse a se ke a e ja ha morao a e fa le Adama.​—Gen. 3:6.

11. Ke eng seo batswadi ba rona ba neng ba tlameha ho se etsa, hona ba ile ba hloleha ho etsang?

11 A ko nahane hore na Eva a ka be a ile a reng ho Satane. Mohlomong a ka be a ile a re: “Ha ke o tsebe empa ke tseba Ntate wa ka Jehova, ke a mo rata ebile ke a mo tshepa. O re file ntho e nngwe le e nngwe nna le Adama. O mang wena hore o bue dintho tse mpe tjee ka Jehova? Tloha mona!” E tlameha ebe Jehova o ne a tla thaba hakaakang ha a utlwa mantswe a bontshang hore moradi wa hae o a tshepahala ebile o a mo rata. (Liprov. 27:11) Empa Adama le Eva ha ba a ka ba bontsha hore ba rata Ntate wa bona. Ka hoo seo se ile sa etsa hore ba hlolehe ho halaletsa lebitso la hae.

12. Ke jwang Satane a ileng a etsa hore Eva a be le dipelaelo, hona Adama le Eva ba ile ba hloleha ho etsang?

12 Jwalo ka ha re se re hlokometse, Satane o ile a etsa hore Eva a qale ho belaela hore na ebe Jehova ke Ntate ya molemo. Ka hoo Adama le Eva ba ile ba hloleha ho emela lebitso la Jehova. Sena se ile sa etsa ho be bonolo hore ba mamele Satane mme ba fetohele Ntate wa bona. Le kajeno Satane o ntse a sebedisa maraba a tshwanang ho senya Jehova lebitso. Ho bonolo hore batho ba dumelang mashano a Satane ba se ke ba mamela Jehova.

JEHOVA O HALALETSA LEBITSO LA HAE

13. Ezekiele 36:23 e bontsha hore molaetsa o ka sehloohong wa Bibele ke ofe?

13 Na Jehova o tlohetse feela hore a senngwe lebitso? Tjhe ha ho jwalo! Bibele e re bolella ka dintho tseo Jehova a di entseng ho bontsha hore dintho tse mpe tse buuweng ka yena tshimong ya Edene ha se nnete. (Gen. 3:15) Haele hantle re ka akaretsa molaetsa o ka sehloohong wa Bibele ka tsela ena: Jehova o halaletsa lebitso la hae ka Mmuso o buswang ke Mora wa hae mme o tla boela o tlise ho loka le kgotso lefatsheng. Bibele e re bolella ka dintho tse ka re thusang ho utlwisisa hore na Jehova o halaletsa lebitso la hae jwang.​—Bala Ezekiele 36:23.

14. Seo Jehova a ileng a se etsa ha batho ba ne ba mo fetohela tshimong ya Edene, se ile sa halaletsa lebitso la hae jwang?

14 Satane o etsa sohle seo a ka se kgonang ho leka ho thibela Jehova hore a phethahatse merero ya hae. Empa o dula a hloleha. Bibele e re bolella ka dintho tseo Jehova a di entseng tse bontshang hore ke Ntate ya lerato le hore ke Mmusi ya molemo. Ka nnete Jehova o ile a utlwa bohloko haholo ha Satane le batho ba mo tshehetsang ba mo fetohela. (Pes. 78:40) Ho ntse ho le jwalo, o ile a sebetsana le ho senngwa ha lebitso la hae ka bohlale, mamello le toka. Hape o ile a bontsha ka ditsela tse ngata hore o matla ohle. Ha bohlokwa le ho feta o ile a bontsha lerato nthong e nngwe le e nngwe eo a e etsang. (1 Joh. 4:8) Ka hoo Jehova o ntse a tswela pele ho halaletsa lebitso la hae.

Satane o ile a bua leshano ka Jehova ho Eva mme le kajeno o ntse a tswela pele ho senya lebitso la Modimo (Sheba serapa sa 9, 10 le 15) *

15. Kajeno Satane o senya lebitso la Modimo jwang, hona ditlamorao ke dife?

15 Kajeno Satane o ntse a senya lebitso la Modimo. O leka ho etsa hore batho ba belaele hore Modimo o matla, ha a na kgethollo, o bohlale ebile o lerato. Ka mohlala Satane o leka ho etsa hore batho ba nahane hore Jehova ha se Mmopi. Ka lehlakoreng le leng ha batho ba dumela hore Modimo o teng, Satane o etsa hore ba dumele hore melao ya Modimo e thata. O boetse o ruta batho hore Jehova ke Modimo ya sehloho ya tjhesang batho diheleng. Ha batho ba kgolwa leshano lena la Satane ho ba bonolo hore ba se ke ba mamela Jehova. Ha feela Satane a ntse a le teng o tla tswela pele ho senya lebitso la Jehova le ho leka ho etsa hore o mo fetohele. Na o tla atleha?

O AMEHA JWANG?

16. O ka etsang eo Adama le Eva ba hlolehileng ho e etsa?

16 Jehova o dumella batho hore ba halaletse lebitso la hae. Haele hantle o ka kgona ho etsa seo Adama le Eva ba ileng ba hloleha ho se etsa. Le ha o phela lefatsheng lena le nang le batho ba senyang lebitso la Modimo, o na le monyetla wa ho mo emela ka hore o ba bolelle hore Jehova o a halalela, o lokile, o molemo ebile o lerato. (Esa. 29:23) O ka bontsha hore o batla Jehova e be Mmusi wa hao. Ka hoo o ka etsa sena ka hore o thuse batho ho utlwisisa hore Mmuso wa Modimo ke ona feela o lokileng o ka etsang hore ho be le kgotso le thabo lefatsheng.​—Pes. 37:9, 37; 146:5, 6, 10.

17. Jesu o ile a tsebahatsa lebitso la Ntate wa hae jwang?

17 Ha re emela lebitso la Jehova re etsisa mohlala wa Jesu Kreste. (Joh. 17:26) Jesu o ile a ruta batho lebitso la Ntate wa hae le hore na Jehova ke Modimo ya jwang. Ka mohlala, o ne a etsa dintho tse fapaneng le tseo Bafarisi ba neng ba di etsa ba neng ba etsa e ka Jehova o bohale, o batla dintho di etswe ka tsela ya hae, o hole le batho ebile ha a na mohau. Jesu o ile a thusa batho hore ba bone hore Ntate wa hae o a utlwisisa, o na le mamello, o lerato ebile o a tshwarela. Hape o ile a ba thusa ho tseba Jehova tseleng eo a neng a etsisa makgabane a hae bophelong ba letsatsi le letsatsi.​—Joh. 14:9.

18. Re ka etsang ho bontsha hore dintho tse mpe tseo bahanyetsi ba Jehova ba di buileng ka yena ha se nnete?

18 Jwalo ka Jesu re ka bolella batho ka seo re se tsebang ka Jehova le ho ba ruta hore ke Modimo ya lerato le ya mosa. Ha re etsa jwalo re tla be re bontsha hore dintho tseo ho ntseng ho buuwa ka tsona ka Jehova ke mashano. Ka hoo re tla be re halaletsa lebitso la Modimo ho batho bao. Re ka kgona ho etsisa Jehova le hoja re sa phethahala. (Baef. 5:1, 2) Haeba tsela eo re buang le ho etsa dintho ka yona e bontsha batho hore na Jehova o jwang, seo se halaletsa lebitso la hae. Re boetse re halaletsa lebitso la Jehova ka hore re rute batho nnete ka yena. * Hape re bontsha hore batho ba sa phethahalang ba ka kgona ho tshepahalla Modimo.​—Jobo 27:5.

Re batla ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba utlwisise hore Jehova ke Modimo ya lerato le ya mosa (Sheba serapa sa  18 le 19) *

19. Esaia 63:7 e re thusa jwang ho bona seo re lokelang ho ameha ka sona ha re ruta?

19 Ho na le ntho e nngwe hape eo re ka e etsang ho halaletsa lebitso la Jehova. Ha re ruta batho Bibele, hangata re hatisa hore Modimo ke Mmusi le hore o na le tokelo ya ho busa lehodimo le lefatshe mme sena ke nnete. Ho ntse ho le jwalo, ha re ntse re ba ruta melao ya Modimo re lokela ho ameha haholo ka ho ba thusa hore ba rate Jehova Ntate wa rona le ho mo tshepahalla. Ka hoo re lokela ho ba bolella ka makgabane a Jehova le ho hatisa hore na monga lebitso leo o jwang. (Bala Esaia 63:7.) Ha re ntse re ba ruta ka tsela ena, re tla ba thusa ho rata Jehova mme ba mo mamele hobane ba batla ho mo tshepahalla.

20. Re tlo ithutang sehloohong se latelang?

20 Re ka etsang hore boitshwaro ba rona le tsela eo re rutang batho ba bang ka yona, e ba thuse hore ba nahane dintho tse molemo ha ba utlwa lebitso la Jehova le hore ba batle ho mo sebeletsa? Sehlooho se latelang se tla araba potso ena.

PINA YA 2 Lebitso la Hao ke Jehova

^ par. 5 Taba ya bohlokwa e amang batho le mangeloi ke efe? Ke hobaneng ha taba eo e le ya bohlokwa, hona e re ama jwang? Ho utlwisisa dikarabo tsa dipotso tsena ho tla re thusa hore re be le setswalle se matla le Jehova.

^ par. 18 Ka dinako tse ding, dingolwa tsa rona di ile tsa re ha re a lokela hore “lebitso la Jehova le hloka ho halaletswa.” Hobaneng? Hobane ha ho na motho ya kileng a re Modimo ha a lokela ho ba le lebitso Jehova. Empa sebokeng sa selemo le selemo sa 2017 ho ile ha hlakiswa nnete ena. Modulasetulo o ile a re: “Ka tsela e bonolo feela ha ho phoso ho rapella hore ho halaletswe lebitso la Jehova hobane nnete ke hore ho tlameha ho halaletswe botumo ba hae.”​—⁠Sheba lenaneo la January 2018 ho jw.org®. Sheba tlasa LIEBRARI > JW BROADCASTING®.

^ par. 62 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Diabolose o ile a senya lebitso la Modimo ka hore a bolelle Eva hore Modimo o leshano. Le kajeno Satane o ntse a ruta mashano ka Modimo a kang hore o kgopo le hore ha se yena ya bopileng batho.

^ par. 64 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ha morabo rona a ntse a kganna thuto ya Bibele o hatisa makgabane a Modimo.