Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 24

“Momahanya Pelo ea ka Hore e Tšabe Lebitso la Hao”

“Momahanya Pelo ea ka Hore e Tšabe Lebitso la Hao”

“Momahanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao. Kea u roka, Jehova Molimo oa ka, ka pelo ea ka eohle.”​—PES. 86:​11, 12.

PINA EA 7 Jehova ke Matla a Rona

SELELEKELA *

1. Ho tšaba Molimo ho bolela’ng, hona ke hobane’ng ha ho loketse hore batho ba ratang Jehova ba mo tšabe?

BAKRESTE ba rata Jehova empa hape baa mo tšaba. Batho ba bang ba ka ’na utloa eka taba ena ha e utloahale. Empa boemong bona ha re bue ka tšabo e etsang hore motho a harohe letsoalo. Re tl’o bua ka mofuta o ikhethang oa tšabo. Batho ba nang le mofuta ona oa tšabo ba hlompha Jehova ka tsela e tebileng haholo. Ha ba batle ho utloisa ntate oa bona bohloko hobane ha ba batle ha setsoalle sa bona le eena se fela.​—Pes. 111:​10; Liprov. 8:13.

2. Re nahanne ka mantsoe a Davida a hlahang ho Pesaleme ea 86:​11, re tl’o bua ka lintho life tse peli?

2 Bala Pesaleme ea 86:​11. Ha u nahana ka mantsoe ana u tla hlokomela hore Morena Davida ea tšepahalang o ne a tseba bohlokoa ba ho hlompha Jehova. A re ke re boneng hore na re ka latela mantsoe ao a bululetsoeng a Davida joang. Ntho ea pele eo re tl’o e hlahloba ke mabaka ao ka ’ona re lokelang ho ba le tlhompho e tebileng bakeng sa lebitso la Molimo. Ea bobeli, re tla hlahloba hore na re ka bontša joang hore re hlompha lebitso la Molimo letsatsi le letsatsi.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO HLOMPHA LEBITSO LA JEHOVA KA HO TEBILENG?

3. E ka ’na eaba Moshe o ile a hlaheloa ke eng e ileng ea mo thusa hore a lule a hlompha lebitso la Molimo ka ho tebileng?

3 U nahana hore Moshe o ile a ikutloa joang nakong eo a neng a le ka lehaheng ’me a bona khanya ea Jehova e feta? Buka ea Insight on the Scriptures ha e bua ka taba ena e re: “Ho ka etsahala hore ebe e ne e le ntho e hlollang ka ho fetisisa e ileng ea etsahala pele Jesu Kreste a tla lefatšeng.” Moshe o ile a utloa mantsoe ana a neng a buuoa ke lengeloi: “Jehova, Jehova, Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete, ea bolokelang ba likete mosa o lerato, ea tšoarelang phoso le tlolo le sebe.” (Ex. 33:​17-23; 34:​5-7) Ho ka etsahala hore ebe Moshe o ne a lula a hopola ketsahalo eo ha a ne a bua ka lebitso la Molimo. Ha ho makatse hore ebe hamorao Moshe o ile a lemosa Baiseraele hore ba lokela hlompha le ho tšaba lebitso le khanyang la Jehova.​—Deut. 28:58.

4. Re ka nahanisisa ka makhabane afe a ka re thusang hore re hlomphe Jehova ka ho tebileng?

4 Ha re nahana ka lebitso Jehova, e ka ba hantle hore re nahanisise ka hore na motho ea jereng lebitso leo ke oa mofuta ofe. Re lokela ho hopola makhabane a hae a kang, matla, bohlale, toka le lerato. Ha re nahana ka makhabane ao le a mang, re ka susumeletseha hore re hlomphe Jehova le ho feta.​—Pes. 77:​11-15.

5-6. (a) Lebitso la Molimo le bolela’ng? (b) Ho ea ka Exoda 3:​13, 14 le Esaia 64:​8, ke ka litsela life Jehova a etsang hore lintho li phethahale?

5 Re tseba eng ka moelelo oa lebitso la Molimo? Litsebi tse ngata tsa Bibele li lumela hore e ka ’na eaba lebitso la Jehova le bolela ho re “O Etsa Hore ho be.” Moelelo oo oa re hopotsa hore Jehova a ke ke a thijoa ke eng kapa eng hore a phethahatse thato ea hae, kapa hona hore a etse hore lintho li phethahale. Ka tsela efe?

6 Jehova o etsa hore lintho li etsahale ka hore e be eng kapa eng e hlokahalang e le hore a phethahatse merero ea hae. (Bala Exoda 3:​13, 14.) Nako le nako lingoliloeng tsa rona li ’nile tsa re hopotsa hore re nahanisise ka taba ena ea hore Jehova e ka ba eng kapa eng eo a e hlokang ho phetha merero ea hae. Jehova o boetse a ka etsa hore bahlanka ba hae ba sa phethahalang e be eng kapa eng e hlokehang e le hore ba mo sebeletse le hore ba phethahatse morero oa hae. (Bala Esaia 64:8.) Ka litsela tsena, Jehova o etsa hore thato ea hae e phethoe. Ha ho letho le ka mo sitisang hore a phethahatse merero ea hae.​—Esa. 46:​10, 11.

7. Re ka etsa’ng e le hore re rate Jehova le ho mo hlompha haholoanyane?

7 Re ka tsoela pele re rata Jehova le ho mo hlompha ka hore re nahanisise ka lintho tseo a li entseng le tseo a re thusitseng ho li etsa. Mohlala, ha re nahanisisa ka lihloliloeng, re susumetseha ho ba le kananelo linthong tseo Jehova a li entseng. (Pes. 8:​3, 4) Hape ha re thuisa ka hore na Jehova o re thusitse hore re khone ho etsa’ng e le hore re phethahatse thato ea hae, re susumeletseha ho mo hlompha le ho feta. Kannete lebitso la Jehova lea hlompheha! Lebitso la hae le akareletsa hore na ke motho ea joang, o entseng le hore na o tla etsa’ng nakong e tlang.​—Pes. 89:​7, 8.

“KE TLA BOLELA LEBITSO LA JEHOVA”

Lintho tseo Moshe a neng a li ruta li ne li khatholla. Li ne li bua haholo ka motho ea jereng lebitso Jehova (Sheba serapa sa 8) *

8. Ho ea ka Deuteronoma 32:​2, 3, Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba etse’ng ka lebitso la hae?

8 Nakoana pele Baiseraele ba ka kena Naheng e Tšepisitsoeng, Jehova o ile a ruta Moshe pina. (Deut. 31:​19) Ka mora moo, Moshe le eena o ile a tlameha ho ruta sechaba pina eo. (Bala Deuteronoma 32:​2, 3.) Ha re thuisa ka temana ea bobeli le ea boraro, rea hlokomela hore Jehova ha a batle hore lebitso la hae e be patiloe ebe le nkuoa joalokaha eka le halalela hoo le sa lokeloang ho ’na le ntse le bitsolloa feela tjena. O batla hore motho e mong le e mong a tsebe lebitso la hae. E ne e le tlotla ho Baiseraele ho utloa ha Moshe a ba ruta ka Jehova le ka lebitso la hae le halalelang. Lintho tseo Moshe a ileng a ba ruta tsona li ile tsa ba hlatsoa lipelo le ho ba khatholla joaloka lipula tsa melupe ha li nosetsa lijalo e le hore li tlokome. Re ka etsa’ng e le hore tsela eo re rutang ka eona e be ka tsela eo?

9. Re ka halaletsa lebitso la Jehova joang?

9 Ha re le tšimong kapa bopaking ba phatlalatsa, re ka sebelisa Bibele ho bontša batho lebitso la Molimo e leng Jehova. Re ka ba fa lingoliloeng, re ba bontša livideo le lintho tse hlahang websaeteng ea rona tse hlomphang Jehova. Ha u le mosebetsing, sekolong kapa leetong, u ka ba le monyetla oa hore u bue ka ntate oa rona ea lerato le hore na ke motho ea joang. Ha re bolella batho bao re kopanang le bona morero oo Jehova a nang le oona ka batho le lefatše, re ba thusa hore ba tsebe lintho tseo ba neng ba sa li tsebe ka Jehova ’me ba ka ’na ba hlokomela kamoo Jehova a ba ratang kateng. Ha re bolella batho linnete ka ntate oa rona, re kenya letsoho ho halaletseng lebitso la hae. Re thusa batho hore ba bone hore ba ’nile ba rutoa mashano ka Jehova Molimo oa rona. Molaetsa oa Bibele oo re ba bolellang oona oa ba khatholla kannete.​—Esa. 65:​13, 14.

10. Ha re khanna lithuto tsa Bibele, ke hobane’ng ha re sa lokela ho li ruta melao ea Molimo feela?

10 Ha re khanna lithuto tsa Bibele, re batla ho thusa liithuti tsa rona hore li tsebe lebitso la Jehova li be li le sebelise. Re boetse re batla ho ba thusa hore ba tsebe hore na lebitso la Jehova le li emela’ng. Na re tla khona ho etsa joalo haeba feela re ba ruta melao e phahameng ea Jehova esita le ea boitšoaro feela? Seithuti se hatelang pele se ka ithuta melao ea Jehova sa ba sa e rata. Empa na se tla mamela Jehova hobane se mo rata? Hopola hore Adama le Eva ba ne ba tseba melao ea Molimo empa, na ba ne ba hlile ba rata mofani oa melao eo e leng Jehova? (Gen. 3:​1-6) Kahoo, sena se bolela hore ha rea lokela ho fella feela tabeng ea ho ruta liithuti tsa rona melao ea Jehova le hore na Jehova o lebeletse eng ho rona.

11. Ha re ruta liithuti tsa rona melao ea Molimo, re ka li thusa joang hore li rate mofani oa melao eo?

11 Melao ea Jehova e re tsoela molemo kamehla. (Pes. 119:​97, 111, 112) Empa liithuti tsa rona li ke ke tsa nahana joalo haeba li sa utloisise hore Jehova o entse melao ena hobane a re rata. Kahoo, re ka ’na ra botsa liithuti tsa rona potso ena: “U nahana ke hobane’ng ha Jehova a re bahlanka ba hae ba etse lintho tse itseng kapa ba se ke ba etsa tse itseng? Taba ee e re bolela’ng eng ka Jehova?” Haeba re thusa liithuti tsa rona hore li nahanisise ka Jehova le hore li ithute ho rata lebitso la hae, re tla khona ho li finyella lipelo. Taba ena e tla etsa hore ba se ke ba rata melao ea Jehova feela empa le eena ba mo rate. (Pes. 119:​68) Ba tla lula ba e-na le tumelo hape ba tla khona ho mamella liteko tse boima tse larileng ka pel’a bona.​—1 Bakor. 3:​12-15.

“RE TLA TSAMAEA KA LEBITSO LA JEHOVA”

Davida o ile a itumella hore a etse lintho tseo Jehova a sa li rateng (Sheba serapa sa 12)

12. Davida o ile a hloleha ho mamela melao ea Jehova joang, hona phello e ile ea e-ba efe?

12 Mantsoe a bohlokoa a hlahang ho Pesaleme ea 86:​11 ke a reng: “Momahanya pelo ea ka.” Morena Davida o ile a bululeloa hore a ngole mantsoe ana. Bophelong ba hae o ile a bona hore na ke ntho e bonolo hakae hore motho a se ke a mamela melao ea Jehova. Ka lekhetlo le leng o ne a le marulelong a ntlo ea hae eaba o bona mosali oa monna e mong a ntse a hlapa. Ka nako eo, na pelo ea Davida e ne e feletse ho Jehova kapa o ne a nahanne ka litakatso tsa hae? O ne a tseba molao ona oa Jehova: “U se ke ua lakatsa mosali oa oa heno.” (Ex. 20:​17) Ho ntse ho le joalo, o ile a ba lehala eaba o tsoela pele ho sheba mosali eo. Pelo e ’ngoe ea Davida e ile ea lakatsa mosali eo, e leng, Bathe-sheba, ha e ’ngoe eona e ne e lakatsa ho khahlisa Jehova. Le hoja ka nako e telele Davida a ne a rata Jehova le ho mo hlompha, Davida o ile a itumella hore a phethe litakatso tsa hae. Ka lebaka leo, Davida o ile a etsa lintho tse ngata tse mpe. O ile a etsa hore lebitso la Jehova le rohakoe. O ile a tlisetsa le batho ba se nang molato mathata, ho akareletsa le lelapa la hae.​—2 Sam. 11:​1-5, 14-17; 12:​7-12.

13. Re tseba joang hore pelo ea Davida e ile ea boela ea fella ho Jehova?

13 Jehova o ile a khalemela Davida eaba Davida o boela e-ba motsoalle oa hae hape. (2 Sam. 12:​13; Pes. 51:​2-4, 17) Davida o ile a hopola mathata le mahlomola ao a bileng le ’ona nakong eo a neng a itumella hore pelo ea hae e se ke ea fella ho Jehova. Mantsoe a hae a hlahang ho Pesaleme ea 86:​11 a ka boetse a behoa tjena: “Mphe pelo e feletseng.” Na Jehova o ile a boela a thusa Davida hore a be le pelo e feletseng kapa e ikemiselitseng ho mo sebeletsa? E! o ile a mo thusa hobane Lentsoe la Jehova le hlalosa Davida e le monna eo pelo ea hae e neng e feletse ho Jehova Molimo oa hae.​—1 Mar. 11:4; 15:3.

14. Re lokela ho ipotsa eng hona hobane’ng?

14 Mohlala oa Davida oa re khothatsa hape oa re lemosa. Sebe seo a ileng a se etsa ke temoso ho bahlanka ba Jehova mehleng ena. Ebang re sa tsoa sebeletsa Jehova kapa ke khale re mo sebeletsa, re lokela ho ipotsa potso ena, ‘Na ke lumella liteko tsa Satane li ntšitise hore pelo ea ka e felle ho Jehova ka botlalo?’

Satane o tla leka matsapa ’ohle e le hore a etse hore pelo ea hao e se ke ea fella ho Jehova. U se ke oa mo lumella! (Sheba serapa sa 15 le 16) *

15. Re ka bontša hore re hlompha Jehova joang haeba re bona litšoantšo tse litšila?

15 Mohlala, u ee u etse’ng ha u bona setšoantšo se litšila thelevisheneng kapa Inthaneteng se ka etsang hore u be le litakatso? Ho ka ’na haeba bonolo feela ho nahana hore setšoantšo seo kapa filimi eo ha se porn. Empa na ntho eo e ka ba selope seo Satane a ka se sebelisang hore a etse hore u se ke oa hlompha Jehova? (2 Bakor. 2:​11) Setšoantšo seo se ka tšoana le chesele eo motho a e sebelisang ho petsola seqoko se seholo sa patsi. Motho eo o qala ka hore a kenye chesele letlereng le lenyenyane la seqoko seo. Ha a ntse a otlella chesele eo seqokong moo, e qetella e petsotse patsi eo. Na setšoantšo se litšila se ka tšoana le chesele eo? Ho sheba lintho tsena tse bonahalang li se kotsi ho ka etsa hore ha nako e ntse e-ea motho a etse sebe ebe o siteloa Jehova. Kahoo u se ke oa lumella eng kapa eng e fosahetseng hore e lule ka pelong eo hao. U lule u ikemiselitse ho hlompha lebitso la Jehova.

16. Ha re lekeha hore re etse ntho e fosahetseng, re lokela ho ipotsa lipotso life?

16 Satane ha a sebelise litšoantšo tse litšila feela ho re kenya molekong empa ho boetse ho na le lintho tse ngata tseo a li sebelisang. Re ka etsa joang boemong boo? Ho ka ba bobebe feela hore re etse qeto ea hore lintho tseo ha li kotsi hakaalo. Ka mohlala, re ka ’na ra ipehela mabaka ra re: ‘Ha se hore ke tla khaoloa ha ke entse ntho ena kahoo, e ka ’na eaba ha se ntho e tebileng hakaalo.’ Empa ho fosahetse ho nahana ka tsena ena. Re tla be re etsa hantle ha re ka ipotsa lipotso tsena: ‘Na Satane o leka ho sebelisa teko ee ho etsa hore ke se ke ka hlompha Jehova? Haeba ke itumella ho etsa ntho e fosahetseng, na ke tla be ke etsa hore lebitso la Jehova le halalele? Na ke tla ba le kamano e ntle le Molimo ha ke etsa ntho ee kapa e tla etsa hore ho be le lekhalo pakeng tsa rona?’ Thuisa ka lipotso tsena. Kopa Jehova hore a u fe bohlale e le hore u se ke oa ithetsa ha u araba lipotso tseo. (Jak. 1:5) Ho etsa joalo ho ka u sireletsa. Ho ka u thusa hore u hanele liteko u sa cheche joalokaha Jesu a ile a re ho Satane: “Tloha, Satane!”​—Mat. 4:10.

17. Ke hobane’ng ha e ke ke ea e-ba ntho e ntle hore re be le pelo e sa fellang ho Jehova? Etsa mohlala.

17 Ke ntho e ntle haeba lipelo tsa rona li feletse ho Jehova. A re re mohlomong ho na le sehlopha se seng sa papali seo libapali tsa sona li sa isaneng ho hang. Libapali tse ling li ipatlela botumo feela, tse ling ha li latele melao ea papali ha tse ling tsona li sa hlomphe mokoetlisi oa tsona. E ka ba ka mohlolo sehlopha se joalo se ka hlolang papali. Ka lehlakoreng le leng, sehlopha se momahaneng se na le monyetla o moholo oa hore se ka hlola papali. U ka tšoana le sehlopha seo haeba menahano ea hao, litakatso le tsela eo u ikutloang ka eona li etsa hore u ikemisetse ho sebeletsa Jehova. U hopole hore Satane o ikemiselitse hore u se ke oa tsoela pele u sebeletsa Jehova. O batla hore menahano ea hao, litakatso le tsela eo u ikutloang ka eona li be khahlanong le melao ea Jehova. Leha ho le joalo, uena u lokela ho etsa hore pelo ea hao e felle ho Jehova e le hore u mo sebeletse. (Mat. 22:​36-38) U se ke oa lumella Satane hore a etse hore pelo ea hao e se ke ea fella ho Jehova.

18. U nahanne ka Mikea 4:​5, u ikemiselitse ho etsa’ng?

18 Joaloka Davida, rapela Jehova o re: “Momahanya pelo ea ka e le hore e tšabe lebitso la hao.” Etsa sohle seo u ka se khonang e le hore u etse lintho tumellanong le thapelo eo. Letsatsi le letsatsi u ikemisetse hore liqeto tsa hao, ebang likholo kapa linyane li bontše hore u nka lebitso la Jehova le halalelang le hlompheha. Ha u etsa joalo, uena joaloka Paki ea Jehova, u tla etsa hore lebitso la Molimo le tsoele pele le hlompheha. (Liprov. 27:​11) Hape kaofela ha rona re tla tšoana le moprofeta Mikea ha a re: “Re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rona ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”​—Mik. 4:5.

PINA EA 41 Ka Kopo, Utloa Thapelo ea ka

^ ser. 5 Sehloohong sena re tl’o bua haholo ka karolo ea thapelo eo Davida a ileng a e etsa e tlalehiloeng ho Pesaleme ea 86:​11, 12. Ho tšaba lebitso la Jehova ho bolela’ng? Re na le mabaka afe a hore re hlomphe lebitso leo le leholo? Ho tšaba Jehova ho ka re thusa joang hore re se ke ra lekeha ho kena molekong?

^ ser. 53 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Moshe o ruta sechaba pina e hlomphang Jehova.

^ ser. 57 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Eva o ile a itumella hore a etse lintho tse fosahetseng. Empa rona re hana ho sheba litšoantšo kapa melaetsa e ka etsang hore re etse lintho tse fosahetseng tse ka etsang hore lebitso la Jehova le se ke la halalela.