Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Boitšoaro​—Re Tlameha ho ba le Bona e le Hore Jehova a re Amohele

Boitšoaro​—Re Tlameha ho ba le Bona e le Hore Jehova a re Amohele

“Ka letsatsi le leng ’na le mochana oa ka re ile ra qhoelisana ka mantsoe, eaba ke mo tšoara koenya lebeleng mona ka mo khama. Ke ne ke batla ho mo bolaea.”​—Paul.

“Ha ke le hae, ke ne ke atisa ho koata habonolo feela, esita le ha ntsintsi e fofa. Ke ne ke pshatla thepa, lintho tseo ke bapalang ka tsona kapa ntho le ha e le efe eo ke neng ke e fumana pel’a ka.”​—Marco.

E ka ’na eaba ha re nkoe ke maikutlo ka tsela e feteletseng joaloka batho bana. Empa kaofela ha rona ho na le nako eo ka eona re hlolehang ho itšoara. Lebaka le ka sehloohong ke hobane re futsitse sebe ho motho oa pele e leng Adama. (Bar. 5:​12) Joaloka Paul le Marco, batho ba bang ba ba le bothata ba ho laola bohale ba bona. Ba bang bona ba thulana le bothata ba ho laola tsela eo ba nahanang ka eona. Mohlala, ba lula ba nahana ka lintho tse ba tšosang kapa tse etsang hore ba tšoenyehe. Athe ba bang bona ba ka ’na ba thatafalloa ke ho hlola bothata ba ho laola tsela eo ba noang ka eona, ho etsa boitšoaro bo bobe, le tsela eo ba sebelisang lithethefatsi ka eona.

Batho ba lumellang hore menahano ea bona, litakatso le liketso tsa bona li se ke tsa laoleha, ba ka senya bophelo ba bona. Empa re ka qoba ho ba le phello eo. Joang? Ka ho loanela ho ba le boitšoaro. E le hore re khone ho etsa joalo, re tl’o araba lipotso tsena tse tharo: (1) Boitšoaro ke eng? (2) Ke hobane’ng ha bo le bohlokoa? (3) Re ka etsa’ ng e le hore re be le boitšoaro, e leng e ’ngoe ea “litholoana tsa moea”? (Bagal. 5:​22, 23) Ka mor’a moo, re tla hlokomela hore na rona re ka etsa’ng ha re hlokomela hore re hloleha ho ba le boitšoaro.

BOITŠOARO KE ENG?

Motho ea nang le boitšoaro ha a etse lintho a sa nahana. Ho e-na le hoo, oa ikhula hore a se ke a bua kapa a etsa lintho tse ka etsang hore a utloise Molimo bohloko.

Jesu o ile a ipabola ntlheng ea ho ba le boitšoaro

Jesu o ile a bontša hore na boitšoaro bo akareletsa’ng. Bibele e re: “Ha a ne a ntse a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola. Ha a ne a utloa bohloko, ha aa ka a qala ho soka, empa a tsoela pele ho ’na a ipeha ho ea ahlolang ka ho loka.” (1 Pet. 2:​23) Jesu o ile a khona ho itšoara nakong eo bahanyetsi ba hae ba neng ba mo tlepa litšeho ha a le thupeng ea tlhokofatso. (Mat. 27:​39-44) Pelenyana o ile a bontša hore o na le boitšoaro bo ikhethang nakong eo baeta-pele ba bolumeli ba neng ba leka ho mo kenya tšotso linaleng e le hore a ka bua ntho e fosahetseng. (Mat. 22:​15-22) Hape e ile ea e-ba mohlala o motle oa boitšoaro nakong eo Bajuda ba halefileng ba neng ba mo betsa ka majoe. Ho e-na le hore a khutlisetse molamu sefateng, Jesu o ile “a ipata ’me a tsoa ka tempeleng.”​—Joh. 8:​57-59.

Na re ka khona ho etsisa Jesu? Ho isa boholeng bo itseng re ka khona. Moapostola Petrose o ile a re: “Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lona, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Pet. 2:​21) Le hoja re sa phethahala, re ka latela mohlala oa Jesu oa ho ba le boitšoaro haufi-ufi. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re etse joalo?

HO BA LE BOITŠOARO HO BOHLOKOA HAKAE?

Re hloka ho ba le boitšoaro e le hore Jehova a re amohele. Esita le haeba re ’nile ra sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ngata, re ka senya setsoalle sa rona le eena haeba re sa khone ho itšoara liketsong tsa rona le ha re bua.

Ak’u nahane ka Moshe, ea neng “a le bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše” mehleng ea hae. (Num. 12:3) Ka mor’a lilemo tse mashome-shome a mameletse litletlebo tsa Baiseraele, Moshe o ile a hloleha ho itšoara. O ile a koata nakong eo Baiseraele ba neng ba tletleba hape ka hore ha ba na metsi. O ile a halefela sechaba seo eaba o re: “Utloang joale, lona marabele! Na re tla le ntšetsa metsi lefikeng lee?”​—Num. 20:​2-11.

Moshe o ile a hloleha ho itšoara. O ile a hloleha ho fa Jehova thoriso ea hore ebe o fanne ka metsi ka mohlolo. (Pes. 106:​32, 33) Ka lebaka leo, Jehova ha aa ka a mo lumella ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. (Num. 20:​12) Ho ka etsahala hore ebe Moshe o ile a ikoahlaea hore ebe o ile a sita ho itšoara.​—Deut. 3:​23-27.

Re ithuta’ng mohlaleng oo? Esita le haeba re sebelelitse Jehova ka nako e telele, ha rea lokela ho bua ka tsela e se nang tlhompho ho batho ba re halefisitseng kapa ba hlokang ho khalemeloa. (Baef. 4:​32; Bakol. 3:​12) ’Nete ke hore, ha re ntse re hola re ka ’na ra hloleha ho ba le mamello. Empa re lokela ho hopola Moshe. Ha re batle ho senya tlaleho e ntle ea botšepehi eo re nang le eona ka lebaka la ho hloleha ho ba le boitšoaro. Re ka etsa’ng e le hore re lule re e-na le boitšoaro?

RE KA ETSA’NG E LE HORE RE BE LE BOITŠOARO?

Rapella moea o halalelang. Hobane’ng? Hobane boitšoaro ke e ’ngoe ea litholoana tsa moea ’me Jehova o fana ka bona ho ba mo kopang. (Luka 11:​13) A sebelisa moea o halalelang, Jehova a ka re fa matla ao re a hlokang. (Bafil. 4:​13) Jehova a ka boetse a re thusa ho ba le litholoana tse ling tsa moea tse kang lerato, tse tla re thusa hore re nolofalloe ho ba le boitšoaro.​—1 Bakor. 13:5.

Qoba ntho leha e le efe e ka etsang hore u hlolehe ho ba le boitšoaro

Qoba eng kapa eng a ka u sitisang hore u be le boitšoaro. Ka mohlala, u se ke oa sebelisa liwebsaete kapa boithabiso ba mofuta le ha e le ofe bo nang le boitšoaro bo bobe. (Baef. 5:​3, 4) Ha e le hantle, re lokela ho qoba eng kapa eng e ka etsang hore re etse ntho e fosahetseng. (Liprov. 22:3; 1 Bakor. 6:​12) Mohlala, motho ea lekehang habonolo feela hore a etse boitšoaro bo bobe, o lokela ho qoba ho bala libuka tsa marato le ho shebella lifilimi tsa marato.

Ho ka ’na ha e-ba thata hore re mamele keletso ena. Empa haeba re etsa boiteko, Jehova o tla re fa matla ao re a hlokang e le hore re khone ho itšoara. (2 Pet. 1:​5-8) O tla re thusa hore re laole menahano ea rona, lipuo tsa rona le liketso tsa rona. E le ho fana ka bopaki ba taba eo, Paul le Marco bao re buileng ka bona pejana ba ile ba ithuta hore ba be le boitšoaro le ho laola bohale. Nahana hape ka mohlala oa mor’abo rona eo hangata a bang bohale ha a ntse a khanna hoo a eeng a qetelle a tjolietsana le bakhanni ba bang. O ile a etsa joang ka taba ee? O re: “Ke ne ke etsa thapelo e tsoang boteng ba pelo letsatsi le letsatsi. Ke ile ka bala lihlooho tse buang ka boitšoaro ka ba ka tšoara ka hlooho litemana tsa Bibele tse ka nthusang. Le hoja e se le nako ke sebetsana le bothata bona, ke ntse ke fumana ho le bohlokoa hore letsatsi le letsatsi ke be le sepheo sa ho lula ke khobile matšoafo. Hape ke phetha mabaka a ka e sa le hoseng e le hore ke se ke ka iphumana ke tlameha ho potlaka.”

HAEBA RE HLOLEHA HO BA LE BOITŠOARO

Ho na le nako eo kaofela ha rona re ka hlolehang ho ba le boitšoaro. Ha seo se etsahala, re ka ’na ra soabela ho bua le Jehova ka thapelo. Empa eo ke nako eo re lokelang ho rapela ho feta leha e le neng pele. Kahoo, rapela Jehova hang-hang. U kope tšoarelo, u mo kope hore a u thuse u be u ikemisetse ho se hlole u pheta phoso e tšoanang hape. (Pes. 51:​9-11) Jehova a ke ke a ikoala litsebe ebe ha a mamele thapelo ea hao e tsoang boteng ba pelo ha u kopa mohau ho eena. (Pes. 102:​17) Moapostola Johanne oa re hopotsa hore mali a Mora oa Molimo “a re hloekisa sebeng sohle.” (1 Joh. 1:7; 2:1; Pes. 86:5) U hopole hore Jehova o re bahlanka ba hae ba tšoarelane khafetsa le khafetsa. Kahoo, re ka kholiseha hore le rona o tla etsa se tšoanang ka rona.​—Mat. 18:​21, 22; Bakol. 3:13.

Jehova o ile a koatela Moshe nakong eo Moshe a neng a hloleha ho itšoara ha a le lefeelleng. Leha ho le joalo, Jehova o ile a mo tšoarela. Ha Bibele e bua ka Moshe, e mo hlalosa e le mohlala o ikhethang oa tumelo. (Deut. 34:​10; Baheb. 11:​24-28) Jehova ha aa ka a lumella Moshe hore a kene Naheng e Tšepisitsoeng empa o tla mo fa monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise. Le rona re ka ba le tšepo e tšoanang haeba re lula re loanela ho ba le boitšoaro.​—1 Bakor. 9:25.