Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Boitshwaro​—Bo a Hlokahala e le Hore re Thabise Jehova

Boitshwaro​—Bo a Hlokahala e le Hore re Thabise Jehova

Paul o re: “Ha motswala wa ka a ne a ntwantsha, ke ile ka mo kgama mme ke batla ho mo bolaya.”

Marco o re: “Ha ke le lapeng ke ne ke kwata ka pele ntle ho mabaka. Ke ne ke senya fenetjhara, dintho tseo bana ba bapalang ka tsona le ntho e nngwe le e nngwe eo ke neng ke e tshwara.”

Bongata ba rona ha re mabifi jwalo ka batho bao re seng re buile ka bona. Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding kaofela ha rona re ka nna ra hloleha ho itshwara. Lebaka ke hore re futsitse sebe sa Adama. (Bar. 5:12) Batho ba bang ba kwata ka pele jwalo ka Paul le Marco. Ba bang ho ka nna ha ba thata hore ba laole menahano ya bona. Ka mohlala, ba dula ba nahana ka dintho tse ba tshosang le tse ba nyahamisang. Ho ntse ho le jwalo, ba bang ho ka ba thata hore ba hanele ditakatso tsa ho etsa boitshwaro bo bobe ba thobalano, ho nwa jwala haholo le ho sebedisa dithethefatsi.

Batho ba dumellang menahano, ditakatso le diketso tsa bona hore di ba laole, ba ka senya bophelo ba bona. Empa re ka qoba ditlamorao tse ka bakwang ke seo. Ka tsela e jwang? Ka hore re be le boitshwaro. E le hore thusa ho etsa seo, a re ke re bueng ka dipotso tsena tse tharo: (1) Ho ba le boitshwaro ho bolelang? (2) Ke hobaneng ha e le ba bohlokwa? (3) Ke jwang re ka bontshang boitshwaro e leng e nngwe ya ditholwana tsa moya? (Bagal. 5:22, 23) Hape re tla hlahloba hore na keng eo ka dinako tse ding re ka e etsang haeba re sena boitshwaro.

HO BA LE BOITSHWARO HO BOLELANG?

Motho ya nang le boitshwaro ha a kwatiswe ke ntho e nngwe le e nngwe. Ho ena le hoo, o kgona ho itshwara hore a se ke a bua le ho etsa dintho tse sa thabiseng Modimo.

Jesu o ile a bontsha ka ho hlaka hore na ho bolelang ho ba le boitshwaro

Jesu o re bontshitse hore na ho bolelang ho ba le boitshwaro. Bibele e re: “Ha a ne a ntse a hlapaolwa, ha a a ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola. Ha a ne a utlwa bohloko, ha a a ka a qala ho soka, empa a tswela pele ho nna a ipeha ho ya ahlolang ka ho loka.” (1 Pet. 2:23) Jesu o ile a bontsha boitshwaro ha dira tsa hae di ne di mo soma ha a le thupeng ya tlhokofatso. (Mat. 27:39-44) O ile a boela a bontsha boitshwaro ha baetapele ba bodumedi ba mmotsa dipotso tse neng di ka etsa hore a bue dintho tse fosahetseng. (Mat. 22:15-22) Hape o re behetse mohlala o motle ha Bajuda ba neng ba kwatile ba mo betsa ka majwe. Ho e na le hore a ba tshware hampe, “Jesu [o ile] a ipata mme a tswa ka tempeleng.”​—Joh. 8:57-59.

Na re ka kgona ho etsisa mohlala wa Jesu? Re ka kgona ho mo etsisa ho ya boholeng bo itseng. Moapostola Petrose o ile a re: “Kreste o ile a utlwa bohloko bakeng sa lona, a le siela mohlala hore le latele mehato ya hae haufiufi.” (1 Pet. 2:21) Le hoja re sa phethahala, re ka kgona ho etsisa mohlala wa Jesu wa ho bontsha boitshwaro. Ke hobaneng haele ha bohlokwa hore re mo etsise?

KE HOBANENG HAELE HA BOHLOKWA HORE RE BE LE BOITSHWARO?

Haeba re batla ho thabisa Jehova, re lokela ho ba le boitshwaro. Ho sa tsotellehe hore na re sebeleditse Jehova ka botshepehi nako e kae, re ka senya setswalle sa rona le yena haeba re sa laole tsela eo re buang le ho etsa dintho ka yona.

Nahana ka Moshe ya neng a “le bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le hodima lefatshe” ka nako eo. (Num. 12:3) Ka dilemo tse ngata, Moshe o ile a mamella ha Baiseraele ba tletleba. Empa ka letsatsi le leng, o ile a hloleha ho bontsha boitshwaro. O ile a halefa ha ba tletleba ka hore ha bana metsi a lekaneng. O ile a ba halefela a re: “Utlwang jwale, lona marabele! Na re tla le ntshetsa metsi lefikeng lee?”​—Num. 20:2-11.

Moshe o ile a hloleha ho itshwara. Ha a a ka a isa thoriso ho Jehova ka hore ebe o ile a ba fa metsi ka mohlolo. (Pes. 106:32, 33) Ka lebaka la seo, Jehova ha a a ka a mo dumella hore a kene Naheng e Tshepisitsweng. (Num. 20:12) Ho ka etsahala hore ebe Moshe o ile a ikwahlaya bophelo bohle ba hae ka hore ebe ha a a ka a bontsha boitshwaro.​—Deut. 3:23-27.

Re ithutang ho see? Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re le ka phuthehong, ha re a lokela ho tella motho ya re tenang kapa ya hlokang keletso. (Baef. 4:32; Bakol. 3:12) Ke nnete hore ha re ntse re hola ho ba thata le ho feta hore re bontshe mamello. Empa nahana ka Moshe. Ha re batle ho senya setswalle sa rona le Jehova hobane re sa ka ra bontsha boitshwaro. Empa ke jwang re ka bontshang boitshwaro?

KE JWANG RE KA BANG LE BOITSHWARO?

Rapella moya o halalelang. Hobaneng? Hobane boitshwaro ke karolo ya tholwana ya moya mme Jehova o fana ka moya o halalelang ho batho ba mo kopang ona. (Luka 11:13) Ka thuso ya moya o halalelang Jehova a ka re fa matla ao re a hlokang, e le hore re bontshe boitshwaro. (Bafil. 4:13) A ka boela a re thusa hore re be le karolo e nngwe ya ditholwana tsa moya e leng lerato le tla re thusa hore ho be bonolo hore re be le boitshwaro.​—1 Bakor. 13:5.

Qoba ntho le ha e le efe e ka etsang hore o se ke wa ba le boitshwaro

Qoba dintho tsohle tse ka etsang hore ho be thata hore o be le boitshwaro. Ka mohlala, qoba boithabiso le dintho tse hlahang inthaneteng tse hlahisang boitshwaro bo bobe. (Baef. 5:3, 4) Haele hantle re tlameha ho qoba ntho e nngwe le e nngwe e ka etsang hore re etse boitshwaro bo bobe. (Liprov. 22:3; 1 Bakor. 6:12) Ka mohlala, motho eo ho bang bonolo hore a etse boitshwaro bo bobe, ho ka ba molemo hore a qobe dibuka le dimuvi tsa marato.

Re ka nna ra utlwa eka ho thata hore re mamele keletso ena. Le ha ho le jwalo, haeba re etsa boiteko Jehova o tla re fa matla ao re a hlokang e le hore re be le boitshwaro. (2 Pet. 1:5-8) O tla re thusa ho laola monahano, dipuo le diketso tsa rona. Sena ke sona se ileng sa etsahalla Paul le Marco ba ileng ba tlohela ho ba mabifi. Nahana ka morabo rona eo ha a ne a kganna a neng a halefela bakganni ba bang ebile a phehisana kgang le bona. O ile a etsang ka bothata ba hae? O re: “Ke ne ke dula ke rapela. Ke ile ka ithuta dihlooho tsa Bibele tse buang ka boitshwaro mme ka tshwarella ditemana tsa Bibele tse ka nthusang. Le hoja ke ile ka sebetsana le bothata bona ka dilemo tse ngata, hoseng ho hong le ho hong ke ntse ke leka ho ikgopotsa hore ke lokela ho dula ke kgobile matshwafo. Hape ke se ke tloha hoseng e le hore ke fihle ka nako moo ke yang.”

HAEBA RE HLOLEHA HO BA LE BOITSHWARO

Ka dinako tse ding kaofela ha rona re ka hloleha ho ba le boitshwaro. Ha seo se etsahala, re ka nna ra swabela ho rapela Jehova. Empa e ka nna yaba ke nako eo re hlokang Jehova le ho feta hore a re thuse. Ka hoo, hanghang bua le Jehova ka thapelo. Mo kope hore a o tshwarele, a o thuse hape o se ke wa pheta phoso eo. (Pes. 51:9-11) O se ke wa nahana hore Jehova a ke ke a o mamela ha o kopa hore a o tshwarele. (Pes. 102:17) Moapostola Johanne o re hopotsa hore madi a Mora wa Modimo, “a re hlwekisa sebeng sohle.” (1 Joh. 1:7; 2:1; Pes. 86:5) Hopola hore Jehova o bolella bahlanka ba hae hore ba dule ba tshwarela batho ba bang. Ka hoo re ka kgodiseha hore o tla etsa se tshwanang ho rona.​—Mat. 18:21, 22; Bakol. 3:13.

Jehova ha a a ka a thaba ha Moshe a ne a sa bontshe boitshwaro ha a ne a le lefelleng. Ho sa tsotellehe seo, Jehova o ile a mo tshwarela. Lentswe la Modimo le bontsha hore Moshe ke monna ya neng a na le tumelo eo re lokelang ho mo etsisa. (Deut. 34:10; Baheb. 11:24-28) Jehova ha a a ka a dumella Moshe hore a kene Naheng e Tshepisitsweng empa o tla mo dumella hore a kene Paradeiseng lefatsheng le hore a be le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng. Ka hoo le rona re ka thabela ho ba le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng haeba re tswela pele ho ba le boitshwaro.​—1 Bakor. 9:25.